Na Leihlo la Hao “le Lokile”?
“Ka baka leo, ha leihlo la hao le lokile, ’mele oohle oa hao o tla ba le leseli.”—MATTHEU 6:22.
1. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore leihlo ke limakatso tsa pōpo e bohlale?
KA KAKARETSO pono e nkoa e le ea bohlokoahali ho feta likutlo tse ling—haholo-holo ke ba seng ba se na eona. Bo-ramahlale ba re bolella hore ka motsotsoana o mong le o mong likaroloana tsa khanya tse litrillione tse leshome li feta har’a lithaka tsa mahlo a rōna. Ha li fihla karolong e ka hare-hare ea leihlo, li amoheloa ke lisele tse limillione tse makholo tse sebetsanang le ho laola matla a khanya. Li susumelitsoe ke khanya, lisele tsena li qala ho romela melaetsa bokong. Bokong, karolo e khōlō ea methatsoana ea boko e libillione tse lekholo e-ea sebetsa ho khetholla se sa tsoa amoheloa le ho etsa qeto ea hore na ho ka nkoa bohato bofe. Hona hohle ho nka feela karoloana ea motsotsoana. Ruri leihlo ke mohlala o hlollang oa limakatso tsa pōpo e bohlale.—Pesaleme ea 139:14.
2. Ke ntlha efe ea pōpo e ntseng e le qaka ho bo-ramahlale?
2 Le hoja bo-ramahlale ba tseba hamolemo ka ho sebetsa hoa leihlo le boko, ba tseba hanyenyane ka hore na ke hobane’ng hona ke joang re arabelang ka mokhoa oo re etsang ho seo re se bonang. Ka mohlala, ha ho utloisisoe ka botlalo hore na ke hobane’ng ha motho e mong a rata bofubelu ho feta boputsoa ha e mong a ka ’na a rata boputsoa ho feta bofubelu, kapa hore na ke hobane’ng ha mebala e sa tšoaneng e re ama ka litsela tse sa tšoaneng. Hore na pono e amana kae le tsela eo re itšoarang ka eona e sa ntse e le qaka. Empa Jehova, Moetsi oa leihlo, le Mora oa hae ebile e le mosebetsi-’moho le eena, Jesu Kreste, ba tsebisisa ho rarahana ha leihlo la sebele le kamoo leihlo le susumetsang liketso tsa rōna le bophelo ba rōna kateng.
“Lebone la ’Mele”
3. Leihlo ke “lebone la ’mele” joang?
3 Jesu o ile a bolela hore “lebone la ’mele ke leihlo.” (Mattheu 6:22) Lebone le sebelisetsoa ho bonesa sebaka se lefifi e le hore re ka tseba moo re leng teng, hore na re lokela ho itšoara joang, le moo re eang, le tse ling tse joalo. Ka ho amohela leseli ’meleng ea rōna, mahlo a rōna a sebetsa mosebetsi o tšoanang le oa lebone. A re thusa ho amana le lefatše le re pota-potileng le ho arabela ka bohlale le ka ho toba ho e-na le ho phopholetsa, ho khothometseha ’me mohlomong re be re intše kotsi.
4. Boemo ba leihlo bo re ama joang?
4 Leha ho le joalo, tekanyo eo leihlo le ka sebeletsang e le lebone la ’mele e itšetlehile haholo ka boemo ba leihlo. Ka lebaka lena, Jesu o ile a tsoelapele hore: “Ka baka leo, ha leihlo la hao le lokile, ’mele oohle oa hao o tla ba le leseli. Empa ekare ha leihlo la hao le le lebe, ’mele oohle oa hao o tla ba lefifing. ’Me joale, ha leseli le leng ho uena e le lefifi, lefifi leo e tla ba le lekakang!” (Mattheu 6:22, 23) Ho sena re ka bona tšusumetso e khōlō eo leihlo le e beang holim’a tsela eohle ea bophelo ba rōna, bakeng sa se molemo kapa se sebe.
Tšusumetso ea Leihlo
5. Ke ka tekanyo e kae leihlo le ileng la ameha ha Satane a leka Eva?
5 Nahana ka taba ea mosali oa pele, Eva. Tekanyo eo leihlo le ileng la susumetsa liketso tsa hae e ka bonoa tlalehong ea Bibele ea ha a tobane le Mothetsi, Satane Diabolose. (2 Ba-Korinthe 11:3; 1 Timothea 2:14) Satane a etsa tlhahiso ea hore ‘mahlo a hae a tla tutuboloha’ haeba a ne a ka hlokomoloha taelo ea Molimo ’me a nka le ho ja tholoana ea “sefate sa ho tseba botle le bobe.” O ile a arabela joang? Bibele e-ea re bolella: “Mosali . . . a bona hobane sefate se monate ho jeoa, ’me se khahlisa mahlo, ’me se lakatseha ke ho hlalefisa.” A lumella mahlo a hae hore a lule nthong eo a e hanetsoeng. Eo e ne e le tšebeliso e mpe ea ka boomo ea leihlo. Phello e bile efe? “A nka litholoana tsa sona, a li ja.”—Genese 2:17; 3:4-6.
6. Mahlo a susumetsa liketso tsa rōna joang?
6 Ha ho pelaelo hore lena e ne e se lekhetlo la pele Eva a bona “sefate sa ho tseba botle le bobe” kapa litholoana tsa sona. Empa ho ne ho etsahala ntho e ’ngoe e fapaneng. Lekhetlong lena se ile sa hlaha se “khahlisa mahlo” ’me “se lakatseha.” Ho labalabela le takatso ka tloaelo hase litšobotsi tsa leihlo empa ke tsa pelo. Empa seo leihlo le se bonang se susumetsa tabatabelo le takatso ea pelo, haholo hoo ho ka ’nang hoa fella ka ketso. Tabeng ea Eva, ketso e joalo e isitse maemong a kotsi bakeng sa hae le bakeng sa monna oa hae Adama, hammoho le bana bohle ba bona ba kamoso, ho akarelletsa le rōna kajeno.—Ba-Roma 5:12; Jakobo 1:14, 15.
7. Leihlo le ne le ameha joang boitekong ba boraro ba Satane ba ho khelosa Jesu, hona phello e bile efe?
7 Leha ho le joalo, ho bontša hore ho bonolo ho thibela tšusumetso leha e le efe bakeng sa bobe e ka ’nang ea tla ka leihlo, re ka ’na ra nahana ka mohlala oa Jesu Kreste. Hape, Moleki ea tšoanang, Satane, o ne a ameha. Boitekong ba hae ba boraro ba ho tlosa Jesu hore a se ke a etsa thato ea Molimo, “Diabolose a boela a mo nkela thabeng e telele haholo, a ’montša mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona.” Hlokomela hore Satane ha a ka a fa Jesu mebuso eohle le khanya eohle ea lefatše ka molomo feela phapanyetsanong ea ketso ea borapeli. O ile a “’montša” lintho tsena, a sebelisa tšusumetso e matla ea leihlo. Empa, kaha leihlo la Jesu le ne le sa khelosoe ke mpho e lekang empa le ne le tsepamisitsoe kamanong ea hae le Ntate oa hae oa leholimo, Jehova, o ile a atleha ho thibela leraba le mano la Satane.—Mattheu 4:8-10.
8. Re ka ithutang eng mehlaleng ea Eva le Jesu?
8 Re ka ithuta eng mehlaleng ee e fetileng? Pele, hore seo re tsepamisang mahlo a rōna ho sona se ka matlafatsa litakatso tse molemo kapa tse mpe tsa lipelo tsa rōna. Hona ho ka ’na hoa isa ketsong e tla re tlisetsa tlhohonolofatso kapa koluoa hammoho le ba bang. Ntlha ea bobeli, ho hlakile hore leihlo ke ntho eo Satane a ratang ho e sebelisetsa ho thetsa bao a ba hlaselang. ‘Mererong’ eohle eo Satane a e sebelisang ho khelosa batho, boipiletso bona ba leihlo bo hlaha e le o mong oa e matlahali.—2 Ba-Korinthe 2:11.
9. Satane o phahamisa “takatso ea mahlo” joang kajeno?
9 Kajeno, Satane o ntse a sebelisa bohlale bo tšoanang mererong ea hae ea ho hulela batho thōko le ho etsa thato ea Molimo. Ka lintho tse khanyang le tse khahlang tsa lefatše lena, Satane o phahamisa “takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo.” (1 Johanne 2:16) Hona ho bonoa ka ho hlaka mekhoeng ea ho phatlalatsa e sebelisoang ke lefatše la khoebo. Na hase ’nete hore liphatlalatso tsa khoebo tse atlehang haholo ke tse ipiletsang haholo ka ponahalo ea tsona? Mamatjana a liphatlalatso a likete-kete a mebala-bala le lipontšo tse panya-panyang, litšoantšo tse phatsimang tse limakasineng le likoranteng, lipapali tse masene tsa TV—le lidolara tse libillione tse sengoang ho li etsa—tsohle li paka ’nete ea hore khopolo eohle ea ho phatlalatsa ke ho susumetsa “takatso ea mahlo” ea moreki.
10. Ha e le hantle ke eng e hlileng e phahamisoang ke lefatše la khoebo?
10 Ha tse ngata tsa liphatlalatso tsena li ka ’na tsa siea ho honyenyane kelellong, ho bohlale le ho feta ke hore liphatlalatso tsena ha li buelle feela lintho tse sebelisoang ke moreki empa le tsela ea bophelo. Hangata haholo lintho tse sebelisoang li bontšoa e le tse sebelisoang ke batho ba phahameng, ba nang le tšusumetso, ba thabileng le ba batle. Molaetsa ke hore haeba moreki a sebelisa ntho eo, ‘mokhoa oa hae oa bophelo’ o tla be o se o oela ho le leng la mafapha ao. Baphatlalatsi baa tseba hore hang ha motho a amohela mokhoa o itseng oa bophelo ho se ho le bonolo ho mo susumeletsa ho amohela thepa kapa lintho tsa bohlokoa tse tsamaeang le mokhoa oo. Leseling lena, ke bohlale hakakang ho Bakreste ba inehetseng hore ba mamele keletso e fumanoang ho Ba-Heberu 13:5! Moo rea bala: “Ketso tsa lōna li hloke takatso ea ho rua; le kholoe ke tseo le nang le tsona.”
Ho Boloka Leihlo le “Lokile,” le se “Lebe”
11. Hlalosa mantsoe ‘ho loka’ le ‘bobe’ polelong ea Jesu ka leihlo.
11 Ha re tobane le letoto le joalo la lintho tse hapang mahlo letsatsi le letsatsi, re ka ananela haholo hore na ke hobane’ng ha Jesu Kreste a ile a re eletsa hore re boloke mahlo a rōna a “lokile” a se ‘mabe.’ (Mattheu 6:22, 23) Hoo ho bolela eng? ‘Ho loka’ mona ho fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike ha·plousʹ, leo ha e le hantle le bolelang bonngoe ba kelello kapa boinehelo morerong o le mong. Ka lehlakoreng le leng, ‘bobe’ Segerikeng sa pele ke po·ne·rosʹ ’me le na le moelelo oa bobe, ho se tšoanelehe, bokhopo. Kahoo, ‘leihlo le lokileng,’ ho e-na le hore le khelosoe ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoelang pele, le tsepama nthong e le ’ngoe feela. Ha ho bapisoa, ‘leihlo le lebe’ le bolotsana, le masene, hape lea lakatsa, ’me le hulehela linthong tse lerootho le tse lefifi.
12. Hlahloba le ho hlalosa moelelo oa puisano ea Jesu.
12 Empa leihlo le lokela ho tsepama ho eng e le hore ‘’mele oohle o ka ba leseling’? Ho nahana ka moelelo oa taba ho tla re thusa ho fumana karabelo. Litemaneng tse tlang pele ho ena, Jesu o ne a bua ka “matlotlo lefatšeng” le “matlotlo leholimong.” O boletse hore “moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo le pelo ea hao e tla ba teng.” Joale, hoba a bue ka leihlo, o boetse a hatisa hore hoa hlokahala ho bontša bonngoe ba morero, o re: “Ha ho motho ea ka tsebang ho sebeletsa marena a mabeli,” Molimo le Maruo. Litemaneng tse latelang, o ile a fana ka keletso ponong ea motho ea litlhoko tsa letsatsi ka leng ’me a qetella ka keletso ena: “Le mpe le batle ’Muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.”—Mattheu 6:19-34.
13. Re lokela ho tsepamisa mahlo a rōna ho eng e le hore ‘’mele oohle oa rōna o ka ba leseling’? Hobane’ng?
13 Re ka ithuta eng ho see sohle? Mona Jesu o bua ka lipakane bophelong, a totobatsa lefeela la ho phehella lintho tse bonahalang le mahlohonolo a ho hlaolela thahasello litabeng tsa moea. Ka ho hlakileng, o ne a re bolella hore ka ho tsepamisa mahlo a rōna lithahasellong tsa ’Muso feela, ‘’mele oohle oa rōna o tla ba leseling.’ Hobane’ng? Hobane haeba re nka ho etsa thato ea Molimo e le pakane ea rōna bophelong, re tla rata ho bontša litaba tse molemo tse khanyang ntlheng e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna. Re ke ke ra lebella feela bokamoso bo khanyang empa hape re tla lebella ho lokolloa lefifing le linthong tsa lekunutu tse hlahisoang ke bophelo ba ho inehela ho phehelleng lintho tsa boithati.—2 Ba-Korinthe 4:1-6.
14. Ho tsepamisa mahlo hoa motho maruong a bonahalang ho fella ka “lefifi” joang?
14 Moapostola Pauluse o ile a tiisa mantsoe a Jesu ha a hlalosa: “Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.” (1 Timothea 6:9) Ka sebele ho na le ntho ea bohlokoa mantsoeng ana! Litaba li tletse ka lipale tse buang ka litho tsa senate, bo-rametse, baahloli, bo-ralibanka, le batsamaisi ba likoporasi le ba bang ba ’nileng ba tšoaroa litlōlong tsa molao tsa mafasa-thae hoo, ho latela tlaleho e ’ngoe, “bonyane ba hoholang liranta tse libillione tse 400 ka selemo” United States feela. ‘Teko le leraba’ tsa ho rua li fetotse batho ba bangata ba kileng ba hlompheha ho ba likebekoa le likoeta. Ka sebele, re rata ho qoba ho ‘oela timelong le tahlehong,’ ho latsoa “lefifi” leo Jesu a lemositseng ka lona.—Bona Liproverbia 23:4, 5.
15, 16. (a) Ke ‘takatso efe e ’ngoe ea mahlo’ eo re tlamehang ho e qoba? (b) U ne u ka sebelisa keletso e ho Liproverbia 27:20 puisanong ea rōna joang?
15 Leha ho le joalo, na ke feela ba tsepamisitseng mahlo a bona tabeng ea ho rua ba tobaneng le kotsi ea ho tsamaea lefifing? Che, hobane “takatso ea mahlo” e boetse e akarelletsa lintho tse ling tse ngata. Hopola mantsoe a Jesu ho Mattheu 5:28: “Motho, leha e ka ba mang le mang, ea talimang mosali ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ea hae.” Ka sebele, temoso eo e ka boetse ea sebelisoa ho lumella mahlo a motho ho lula linthong tse reretsoeng ho tsosa litakatso tse feteletseng.
16 Joale ho na le lipelaelo ka lijo, lino le liaparo tseo Jesu a buileng ka tsona. (Mattheu 6:25-32) Le hoja lintho tsena li hlokahala, hangata takatso e sa kholoeng ea ho ba le tsa morao-rao, ho ba ea ruileng ka ho fetisisa, ea batloang ka ho fetisisa, li ka etsa likelello tsa rōna le lipelo tsa rōna makhoba. (Ba-Roma 16:18; Ba-Filippi 3:19) Esita le boikhathollong, mesebetsing e thahaselloang, lipapaling, boikoetlisong, le tse ling, re tlameha ho boloka ho leka-lekana ho nepahetseng le ho itebela khahlanong le ho tšoaseha lifesheneng le linthong tse ratoang tsa lefatše lena. Libakeng tsena tsohle, e ne e tla ba ho hotle ho rōna ho hopola mantsoe a bohlale a fumanoang ho Liproverbia 27:20: “Nģalo ea bafu le lihele ha li na ho khora, mahlo a motho le ’ona ha a khore.” Ruri ho hlokahala re sebelise boitšoaro e le hore ho leka ho khotsofatsa mahlo a rōna ho se ke ha re ntša kotsi moeeng.
Mahlohonolo a ho Boloka Leihlo le “Lokile”
17. Ho boloka leihlo le “lokile” ho thusitse ba bang ho phehella lithahasello tsa ’Muso joang?
17 Ba bolokileng mahlo a bona a “lokile” ’me ba a tsepamisitse feela litšepisong tsa ’Muso oa Molimo ba amohetse mahlohonolo a mangata a tsoang ho Jehova. Hona ho bontšoa ke liphihlelo tsa batho ba tsoang lefatšeng lohle le mekhoeng e mengata ea bophelo. Ak’u nahane ka mehlala ena:
“Ha ke ntse ke sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōlō Colombia, Amerika e ka Boroa, ke ile ka tlameha ho phela ka chelete e ka bang R200 ka khoeli. Ke ne ke sa tsoa qala ho bula maliboho, empa mathomong a khoeli, ke ile ka oa ’me ka robeha leqaqailaneng. Litšenyehelo tsa meriana li ile tsa khokhotha chelete eohle ea ka, ’me nke ke ka fumana chelete e ’ngoe ho fihlela khoeli e fela. Nako ea monehelo oa ka bakeng sa Holo ea ’Muso e ne e fihlile, empa haeba ke etsa monehelo ka chelete ena, ke ne ke tla hloka chelete eo ke tla reka lijo ka eona bakeng sa beke e hlahlamang. Hoba ke nahane taba eo ka matsatsi a se makae, ke ile ka etsa qeto ea hore re tlameha ho lefella holo, kahoo ka tšela chelete ka lebokoseng la monehelo. Hoseng ho hlahlamang feela, ke ile ka amohela lengolo le tsoang ho khaitseli e mong United States ea neng a ile a nketela Colombia. Ka lengolong la hae o ne a tšetse chelete ea Colombia e ileng ea sala leetong la hae. E ne e le chelete e lekanang hantle le eo ke e tšetseng ka lebokoseng.”
Mantsiboeeng a Labobeli le leng le chesang, Ki, eo e leng mong’a motebo oa litlhare Taechun, Korea, o ile a mengoa ke bao a sebetsang le bona ba bararo ho ea hlola mantsiboea ao lebopong la leoatle. Le hoja khopolo eo e ne e le e hohelang, Ki o ne a tseba hore haeba a e-ea, a ke ke a khutla ka nako bakeng sa ho ea Thutong ea Buka ea Phutheho mantsiboeeng ao. Kahoo a hana memo eo. Metsotsonyana hamorao, ba bararo bao ba ile ba tlisoa motebong oa litlhare—ba shoele! Ba ile ba ba le kotsi ea koloi e mpehali hang hoba ba tlohe motebong oa litlhare. Ki o ile a utloa bohloko ke kotsi ena empa o ne a thabile hore ebe bophelo ba hae bo ile ba bolokeha ka lebaka la ho khomarela mekhoeng e metle eo a e hlaoletseng ka lilemo.—Ba-Heberu 10:24, 25.
18. Bana ba ka rutoa ho boloka mahlo a bona a “lokile” joang?
18 Esita le ba banyenyane ba ka rutoa ho boloka mahlo a bona a tsepamisitsoe lithahasellong tsa ’Muso, joalokaha ho bontšitsoe ke phihlelo e latelang:
“Eitse ha re utloa ka baeti ba babeli hore baena liphuthehong tse tharo Philippines ba ne ba tlameha ho ba le R2 000 phutheho ka ’ngoe—e leng chelete e ngata haholo bakeng sa bona—ho tsosa Holo ea ’Muso ea bona e cheleng, ’na le monna oa ka ra etsa qeto ea hore re rata ho etsa monehelo. Ho thoe’ng ka bana ba rōna ba bane, ba likhoeli tse ’nè ho ea ho lilemo tse tšeletseng? Beke e ’ngoe le e ’ngoe ha monna oa ka a ne a lefshoa, o ne a ee a rekele ngoana e mong le e mong dolara ea silevera. Monna oa ka o ne a arola leoana lena e le hore ngoana e mong le e mong a bone hore na o na le bokae. Re boetse ra bolela le lintho tse ling tseo ba neng ba beile lipelo tsa bona ho tsona e le hore ba ka li reka ka chelete eo. Empa kamehla karabelo e ne e le e tšoanang—ba ne ba rata ho fa baena chelete.” Hammoho le R200 ea bona, bana bana ba boetse ba romela le lengolo le bonolo. Baena Philippines ba ile ba susumetsoa haholo ke lerato la ho fana hoa bona hoo ba bangata ba bona ba ileng ba lla ha ba balloa lengolo leo.
19. Re ka tiisetsoa bokamoso bo khanyang haeba re tsepamisa mahlo a rōna ho eng?
19 “Mahlo a hao a shalime, a tsepame, lintši tsa hao le tsona li ribolohe ka ho loka.” (Liproverbia 4:25) Ke ho bohlale hakaakang ho rōna hore re ele hloko keletso eo ’me re se lumelle mahlo a rōna ho lelera, ’me re khelosoe! Pauluse o elelitse, “Iponeleng hore le tsamaee ka kelello, e seng joale ka maoatla, e mpe e be joale ka ba bohlale. Lopollang linako, hobane mehla e se e le mebe.” O boetse a khothaletsa: “Le mpe le tsebisise hantle ho ratoang ke Morena.” (Ba-Efese 5:15-17) Ka ho etsa joalo, re ka lula re kholisehile hore re tla atleha ho boloka mahlo a rōna a “lokile” ’me ka tšepo re ka lebella bokamoso bo khanyang—bophelo bo sa feleng tsamaisong e ncha ea lintho ea Molimo e tšepisitsoeng.—Bapisa 2 Ba-Korinthe 4:17, 18.
Na U ka Hlalosa?
◻ Leihlo ke “lebone la ’mele” joang?
◻ Mahlo a susumetsa liketso tsa rōna joang, joalokaha ho bontšitsoe ka mehlala ea Eva le Jesu?
◻ Ke ka litsela life Satane a ipiletsang ‘takatsong ea mahlo’ kajeno?
◻ Re tlameha ho etsa eng ho boloka mahlo a rōna a “lokile”?
◻ Re lokela ho tsepamisa mahlo a rōna ho eng hona joale?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Seo re tsepamisang mahlo a rōna ho sona se ka matlafatsa takatso ea pelo