Na Makhotla a Bolumeli a Amoheloa ke Molimo?
LENTSOE “lekhotla” le hopotsa ka tšobotsi e tsebahalang ea puso ea sebaka ka seng. Mantsoe a kang “lekhotla la motse” kapa “lekhotla la motsana” a utloisisoa habonolo. Leha ho le joalo, mantsoe ana “lekhotla la bolumeli” kapa “lekhotla la kereke” e ka ’na eaba ha a tloaeleha haholo. Lekhotla le joalo la kereke le hlalositsoe e le “kopano e emelang kereke e nang le matla a ho etsa liqeto ’me hangata le melao tabeng ea tumelo, boitšoaro le taeo ea kereke.”
Ho makhotla a mangata a bolumeli a ’nileng a tšoaroa ho theosa le makholo a lilemo, Kereke ea Roma e K’hatholike e nka a 21 e le a akaretsang, ’me hona ke ho tloha Lekhotleng la Nicaea ka 325 C.E. ho ea Lekhotleng la Bobeli la Vatican la 1962-65. Ho latela The Encyclopedia Americana, “makhotla a akaretsang a bitsoa ke mopapa, ea a okamelang, ea rerang se tla tšohloa, ea koalang lekhotla le ea phatlalatsang melao ea lona. . . . Hammoho le mopapa, lekhotla le akaretsang ke sehlopha se rutang sa eona ’me le ntse le momahane le mopapa, le emela matla a thuto a sa foseng a kereke litabeng tsa tumelo le boitšoaro.”—Moqolo 8, leqephe 85.
Phuphutso ea Qaleho ea Oona
Baetapele ba bangata ba likereke ba lumela hore makhotla a bolumeli a Bokreste-’mōtoana a tšoana le seboka sa lekholo la pele la lilemo sa baapostola le baholo Jerusalema. Kahoo, makhotla a morao-rao a kereke ho boleloa a e-na le matla a tšoanang bakeng sa ho etsa liqeto litabeng tsa tumelo le boitšoaro. (Liketso 15:2, 6, 22) Empa na makhotla a joalo a bolumeli a filoe matla ke Molimo? Na o-oa a amohela?
Ka ho thahasellisang, ho Mareka 3:6 polelo “ba etsa morero” [“lekhotla la lula,” NW] le tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang ‘seboka sa batho ba hlahisang maikutlo le likeletso tsa bona.’ Hona temaneng eo, re bala hore Bafarisi le balateli ba Heroda ba ile ‘ba rera’ ho bolaea Jesu. Ka sebele Molimo ha o-oa ka oa amohela lekhotla le joalo! ’Me Jesu o ile a lemosa balateli ba hae hore ba se ke ba tšepa batho ba joalo. (Mareka 8:15) Na makhotla a bolumeli a Bokreste-’mōtoana le oona a lokeloa ke ho se tšeptjoa ho joalo?
Jesu o boetse a re: “Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.” (Mattheu 7:20) Kahoo, a re ke re hlahlobeng litholoana tsa makhotla a sa tšoaneng a likereke.
A Busoa Ke’ng?
Ho latela The Encyclopedia Americana, makhotla a sebaka a sebelisoang ho hlophisa likereke tsa K’hatholike Spain, Britain, le libakeng tse ling “hangata a ne a bitsoa le ho laoloa ke mebuso ea lefatše.” Makhotla a akaretsang a baetapele ba bolumeli ba tsoang ’musong ’ohle oa Roma “a ne a sa tsebahale pele ho Lekhotla la Nicaea (325 A.D.),” le neng le bitsitsoe ke ’Musisi Constantine. Ra-histori oa lenyesemane H. G. Wells o ile a hlahisa hore Constantine o tlisitse lipolotiki le puso ea motho a le mong ho Bokreste-’mōtoana bo neng bo se ntse bo arohane ka ho tebileng. Wells o ngotse: “Hase feela hore lekhotla la Nicaea le ile la bitsoa ke Constantine e Moholo, empa makhotla ’ohle a maholo, a mabeli Constantinople (381 le 553), Efese (431), le Chalcedon (451) a ile a bitsoa ke puso ea bohatelli.” Empa Molimo o ne o ka amohela hoo joang, kaha Bakreste ba ’nete ha ba leke ho tsoakanya bolumeli ba bona le lipolotiki, empa ho e-na le hoo, ba boloka ho se nke lehlakore ho tebileng?—Johanne 17:16; Jakobo 1:27.
The Encyclopedia Americana e-ea phaella: “Hamorao makhotla a akaretsang a ne a atisa ho laoloa ke lipolotiki tsa kereke tsa bompoli le tlholisano ea libaka tse khōlō tse laoloang ke bishopo kapa moarekabishopo.” Kaha makhotla a joalo a kereke a ne a tšoauoa ka lipolotiki tsa kereke le tsa litlholisano, a ne a sa behe litholoana tsa moea oa Molimo tse kang lerato le khotso. Ho e-na le hoo, a ne a silafalitsoe ke mesebetsi ea nama e akarelletsang “bōra, liqabang, mohōnō, . . . likhang, liphapang, likhaohano.” Ha a bua ka mesebetsi ea nama, moapostola Pauluse o lemositse: “Ba etsang tse joalo e ke ke ea e-ba majalefa a ’muso oa Molimo.” (Bagalata 5:19-23, TLP) Kahoo, ke joang ho ka boleloa hore makhotla a likereke tsa Bokreste-’mōtoana a ile a amoheloa ke Molimo?
Lihlōhō tse Tšosang!
H. G. Wells o bile le maikutlo a hore moea oa Constantine o ne o laola litaba tsa kereke, ’me o hlokometse: “Khopolo ea ho tlosa likhanyetsano le likhaohano tsohle, ho tlosa monahano ’ohle, ka ho sebelisa molao o le mong oa thuto holim’a balumeli bohle, . . . ke khopolo ea motho a le mong ea ikutloang hore, hore e tle e be o sebelitse o tlameha hore e be ea sa hanyetsoeng. Ka lebaka leo, histori ea Kereke tlas’a tšusumetso [ea Constantine] hona joale ke histori ea lintoa tse mabifi tse neng li lokela ho latela lipitso tsa hae tsa tšohanyetso le tse khahlapetsang hore bohle ba be ntsoe-leng. Kereke e ile ea fumana ho eena matla a hore e be e hatellang le e sa nyatsuoeng, ho theha mokhatlo o setsing le o sebetsang ka tsela e tšoanang le ’muso.”
Liqoso tsa bokhelohi li ile tsa ipaka e le leano le sehlōhō la ho felisa bahanyetsi ba lekang ho nyelisa makhotla a likereke a Bokreste-’mōtoana. Mang kapa mang ea neng a fana ka maikutlo a fapaneng kapa a leka ho fana ka bopaki ba Mangolo bo nyatsang lithuto le melao ea kereke tsa makhotla ao ba ne ba tšoauoa e le bakhelohi.
Boikemisetso ba ho felisa khanyetso bo ile ba isa lihlōhōng tse tšabehang. Boholo ba ba neng ba nkoa ba le molato oa bokhelohi khahlanong le thuto e ratoang ea lekhotla leo ba ne ba chesetsoa thupeng, ’me ba eshoa lefu le sehlōhō ba shebelletsoe pontšeng—ho nkoa hore ke ka lebitso la Kreste!
Ka mohlala, Lekhotla la Constance (1414-18 C.E.) le ile la laeloa hore le khaotse ho ngangisana ka hore na mopapa ea tšoanelehang ke mang ’me le sebetsane le bokhelohi ba Wycliffe le Hus. Ho boleloa hore lipere tse mashome a mararo a likete li ne li nkile batho ho ea Constance bakeng sa ketsahalo ena e khōlō. Ha lekhotla le lutse, John Hus o ile a qosoa ’me a nyatsoa, eaba o fetisetsoa ho babusi ba lefatše ’me a chesetsoa thupeng.
Ho Thoe’ng Ka Thuto?
Ke ’nete hore Bakreste bohle ba ’nete ba ‘bolela taba e le ’ngoe.’ Empa hona hase ka lebaka la ho inehela khatellong ea likereke. Ho e-na le hoo, ke ka lebaka la hobane litumelo tsa bona le mekhoa ea bona li theiloe Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng ka ho utloahalang. (1 Ba-Korinthe 1:10; Liketso 17:10, 11; 2 Timothea 3:16, 17) Empa, makhotla a likereke a itšireletsa joang ha re nahana ka liqeto tsa oona tsa thuto?
Le hoja makhotla a likereke a ka ’na a bolelisoa e le khatelo pele ea thuto ea bolumeli, likelellong tsa ba bangata ebile majoe a mabitla a tšoaeang ho timetsa lithuto tse hloekileng tsa Bokreste. Mohlala: Ka 325 C.E. lekhotla la Nicaea le ile la kenya thuto ea Kreste ea Apereng ’Mele oa Nama, kapa Molimo motho. Ho latola hore Jesu e ne e hlile e le motho e bile e ’ngoe ea lithuto tse khelosang ka ho fetisisa tsa Bokreste-’mōtoana. (Bapisa 2 Johanne 7.) E entse hore ba limillione ba furalle Jehova Molimo ’me ba ee ho Boraro-bo-bong bo ferekanyang! Ha ho le le leng la makhotla ana le ileng la lula kamorao ho moo ho leka ho lokisa phoso ena. Empa thuto ea Boraro-bo-bong ho hlakile hore hase ea Mangolo, hobane Jesu o itse: “Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:28) Na Molimo o ne o ka amohela lekhotla leha e le lefe le patang ’nete ka hore na ke mang le hore na Mora oa oona ke mang?
Thuto e hlomiloeng ke lekhotla le leng e ka ’na ea fetoloa ke le leng. Ka mohlala, joalokaha ho bontšitsoe chateng e latelang, tšebeliso ea litšoantšo borapeling e ile ea hanoa lekhotleng le neng le le Constantinople ka 730 C.E. Empa ho sebelisoa hoa tsona ho ile hoa boetse hoa hlahisoa ke bohato ba lekhotla la morao. Ha e le hantle, Bibele e bontša hore ho etsa le ho sebelisa litšoantšo tsa bolumeli ke borapeli ba litšoantšo ’me ha se hoa Bokreste.—Exoda 20:4-6; 1 Johanne 5:21.
Joalokaha ho bontšitsoe hape chateng ena, har’a lithuto tse lumelletsoeng makhotleng a likereke a Bokreste-’mōtoana e bile ho kolobetsoa hoa masea, ho se nyale hoa baruti ho sebelisoang, le ho hlokahalang, pelekatori le mollo oa lihele. Leha ho le joalo, Mangolo ha a tšehetse kolobetso ea masea, ho se nyale ho joalo hoa baruti le mollo oa lihele, leha e le hore a bua ka pelekatori. (Mattheu 28:19, 20; 1 Timothea 4:1-3; Jobo 14:13) Kaha ba batlang mohau oa Jehova ba tlameha ho mo rapela “ka moea le ka ’nete,” o ne a ka amohela makhotla a khothaletsang lithuto tsa bohata joang?—Johanne 4:23, 24.
Seboka Sa Jerusalema
Mabapi le makhotla a bolumeli, Otto Karrer o ngotse: “Ntle ho ho neng ho bitsoa Lekhotla la Baapostola [la hoo e ka bang ka 49 C.E.], leo qeto ea lona e leng karolo ea neano ea phatlalatso ea bomolimo le boapostola, makhotla ’ohle ke litholoana tsa kereke ea kamorao ho mehla ea baapostola. Hase a nakong ea ho theoa hoa kereke.”—The Councils of the Church.
Ha ho pelaelo hore makhotla ’ohle a likereke tsa Bokreste-’motoana a fapane haholo le seboka sa lekholong la pele la lilemo sa baapostola le baholo Jerusalema. Ka nako eo ho ne ho se baruti ba lapetseng matla bakeng sa ho jarisa ba bang lijoko tse boima kapa ho bokella ho rotetsa malakabe a lithupa tsa tlhokofatso. Ho e-na le hoo, ho ile hoa bonahatsoa tholoana ea moea oa Molimo. Seo ba neng ba se habile se ne se tataisoa ka moea ’me se le tumellanong le Lentsoe la Molimo. ’Me mohlala oo oa ho arabela lipotso tsa Mangolo o lateloa ke Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova kajeno.
Lengolo leo baapostola le baholo ba Jerusalema ba ileng ba le romella balumeli ba bang, karolo ea lona e ne e re: “Ho hopotsoe ke Moea o Halalelang le ke rōna, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, ha e se ba litaba tsena tse tšoanelang, e leng ho tela tse hlabetsoeng melimo, le mali, le tse fenethiloeng, le bofebe.” (Liketso 15:22-29) Ena e ne e se melao eo batho feela ba iqallang eona empa e ne e le litlhoko tse theiloeng melaong ea pejana ea Mofani e moholo oa Molao.—Genese 9:3, 4; Deuteronoma 5:8-10, 18; Esaia 33:22.
Seboka seo sa lekholong la pele la lilemo sa baapostola le baholo Jerusalema se ne se amoheloa ke Jehova Molimo, hobane liqeto tsa sona o ile a li hlohonolofatsa, ’me se ile sa ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ileng oa tlisa Balichaba ba bangata phuthehong ea Bokreste. Leha ho le joalo, linnete tsa histori li fana ka bopaki bo hlakileng ba hore ha ho mohla makhotla a likereke a Bokreste-’mōtoana a kileng a amoheloa ke Molimo.
[Chate e leqepheng la 26]
KAMOHELO EA THUTO LEKHOTLA LETSATSI
Kolobetso ea Masea Carthage 253 C.E.
Ho se Nyale Hoa Baruti Trent 1545 C.E.
Tlhalo ka Lebaka la Bofebea Arles 314 C.E.
Tlhalo e Thibetsoe Trent 1545 C.E.
Mollo oa lihele Lyons 1274 C.E.
Florence 1573 C.E.
Litšoantšo Li ea Hanoab Constantinople 730 C.E.
Litšoantšo Li Boetse Lia Constantinople 842 C.E
Khutlisoa
Nicaea 787 C.E.
Kemolo Ntle ho Sebe Avignon 1457 C.E.
Ho Ikapesa ka ’Mele oa Nicaea 325 C.E.
Nama hoa Kreste
Chalcedon 451 C.E
Phutheho E ke ke Constantinople 681 C.E.
Ea Ruta Sethaleng
Pelekatori Florence 1573 C.E.
Trent 1545 C.E.
Boraro-bo-bong Nicaea 325 C.E.
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ke lithuto tsena feela tse lumellanang le Bibele
b Ke lithuto tsena feela tse lumellanang le Bibele