Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 8/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bongata bo Boholo ba Barapeli ba ’Nete—Bo Tsoile Hokae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bongata bo Boholo ka Pel’a Terone ea Jehova
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Ho Lula ba Hlophiselitsoe ho Pholohela ho Millennium
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 8/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

◼ Na ho ka buuoa ka Mokreste ea nang le tšepo ea lefatšeng e le karolo ea “bongata bo boholo ba batho” hona joale, ha ho talingoa ’nete ea hore ha a e-s’o phonyohe “mahlomola a maholo”?—Tšenolo 7:9, 14

E, hoo ho nepahetse ka baka la litebello tsa hae.

Tšenolo khaolo ea 7 e bolela lihlopha tse peli. Pele ba 144 000 “ba tšoailoeng melokong eohle ea bana ba Iseraele.’’ (Tšenolo 7:4) Ho bapisa Tšenolo 14:1-5 ho bontša hore ba 144 000 “ke ba lopolotsoeng lefatšeng,” hore “e be lithakangoaha ho Molimo.” Ka lebaka lena, bana ke ba tla busa leholimong le Kreste. (Ba-Galata 6:16; 2 Timothea 4:16) Sehlopha sa bobeli ke “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala,” ba “tsoang mahlomoleng a maholo.”

Ka mokhoa oo e beuoeng ka oona, Tšenolo 7:9-17 e bontša baphonyohi ba lefatšeng ba mahlomola a maholo a tlang. Ka hona motho ea batlang ho nepisisa haholo o ne a ka ’na a lekanyetsa lentsoe “bongata bo boholo ba batho” ho batho ba phonyohileng mahlomola ao a maholo. Empa na ho’a hlokahala ho lekanyetsa hakaalo? Ha re lumele joalo. Ka ho totobetseng, bao ba tla pholoha ba tlamehile ba be ba ile ba bokelloa pele ho “mahlomola a maholo” e le hore ba ka tšoaneleha bakeng sa pholoho. Ka hona, re sebelisitse lentsoe “bongata bo boholo ba batho” ho Bakreste ba tšepahalang bao nakong ea joale ba sebeletsang Jehova Molimo ka tebello ea ho pholoha ’me ba ‘isoa lilibeng tsa metsi a bophelo’ lefatšeng. (Tšenolo 7:17) Haeba e mong oa “bongata bo boholo ba batho” a ka shoa hona joale, pele feela ho “mahlomola a maholo,” ho teng mabaka ’ohle a ho lebella ho tsosetsoa ha hae bophelong lefatšeng.

Lintlha tse tšoanang li ka etsoa ka tšebeliso “linku tse ling.” Ho Johanne 10:7-16, Jesu o buile pele ka “linku” tsa hae, tseo re utloisisang hore ke “mohlatsoana” o reretsoeng bophelo ba leholimong. Jesu o boetse a re: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.” Re hlahisitse hangata bopaki ba Mangolo bo khethollang “linku tse ling” e le bao ba nang le tšepo ea bophelo ba lefatšeng.—Luka 12:32.

E mong a ka ’na a bea mabaka: Jesu o ne a supa pokello ea nako e tlang ea “linku tse ling,” ka hona tšebeliso eo e sebetsa feela ho bao, kamor’a hore Jesu a bue, ba neng ba tla amohela tšepo ea Bibele ea bophelo bo sa feleng lefatšeng. Leha ho le joalo, ho bonahala ho sa hlokahale ho lekanyetsa tšebeliso eo ka tsela eo, joalokaha e ka Jesu o ne a hlalosa litaba ho ea ka tlhahlamano ea nako kapa ka tatellano. Re lumela hore o ne a hatisa hore e ne e le molisa oa linku tse kopaneng. Batho ba bang ba kang linku ba kena ka lesakeng ho ea leholimong. Ho boetse ho teng linku tse ling tse tla mo amohela e le molisa; tsena li tla ba ntsoe le le leng le tseo tse seng li boletsoe pele. Re na le pono ena, tšebeliso “linku tse ling” e akarelletsa banna ba tumelo ba shoeleng pele Jesu a bula tsela e eang leholimong, joaloka Noe, Abrahama, Jobo, Davida le Johanne Mokolobetsi. (Mattheu 11:11; Liketso 2:29; Ba-Heberu 10:19, 20) Ha bana ba tsosoa tsamaisong e ncha ea lintho, ba ka amohela Molisa ea Molemo ’me ba ba le tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng ’moho le “linku tse ling” tsa Jesu.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela