Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 12/1 maq. 3-7
  • Ho Hlaseloa Tokoloho ea Bolumeli Greece

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlaseloa Tokoloho ea Bolumeli Greece
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Nyelisa Tokoloho le Botumo
  • Litlhaselo le Tšoaro
  • Maikutlo a Mehleng ea Lefifi
  • “Oa Sekhukhu”?
  • Bakreste ke Bafe?
  • Na ke “Bo-antikreste”
  • ‘Na Ke Ho Ntšetsa Pele Puso ea Sejode ea Lefatšeng’?
  • Lithuto Tseo e Seng Tsa Bibele
  • Phahamisa Puso ea Lentsoe la Sechaba Greece
  • “Ba Hloiloeng ke Lichaba Tsohle”
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso Li Tla Boleloa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • ‘Ho Sireletsa le ho Theha Litaba tse Molemo ka Molao’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Puso ea Baruti—Na ke Eona Karabelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 12/1 maq. 3-7

Ho Hlaseloa Tokoloho ea Bolumeli Greece

NA U nka tokoloho e le ntho ea bohlokoa? Batho ba bangata ba e nka joalo. Ba batla bolokolohi ba ho ba le maikutlo a fapa-fapaneng linthong tse kang lipolotiki, moruo le bolumeli, empa le teng e le ka hare ho meeli ea molao le taolo. Ka lehlakoreng le leng, hore motho a hlorisetsoe maikutlo a hae ho hopotsa ka makhotla a Mak’hatholike a neng a ahlola bakhelohi a Mehleng e Hare.

Hoo ho amana kae le Greece, naha e ntle e ka lehlakoreng le ka bochabela la Mediterranean? Sechabeng seo, ho na le boemo bo ikhethang bo sa lumellaneng le tokoloho ea puso ea lentsoe la sechaba.

Ho Nyelisa Tokoloho le Botumo

Ho nako joale Greece e bitsoa hore ke “sebaka seo puso ea lentsoe la sechaba e qalileng ho sona.” Ka sebele, ka 1975 Greece e ile ea iketsetsa Molao oa Motheo oa puso ea lentsoe la sechaba ho tiisa hore batho ba fumana tokoloho eo ba e nkang e le ea bohlokoa. ’Me ’muso oa Greece o sebeletsa ho phahamisa tiiso eo.

Leha ho le joalo, ho na le ba bang Greece ba lekang ho nyelisa tokoloho ea eona le ba senyang ka botebo botumo ba Greece lefatseng ka bophara. Bana ba tsoileng tseleng ba susumelitse le ho etella pele mahoo-hoo a kotsi hore a hlasele baahi ba Greece ba nang le khotso, ba qobella babusi hore ba ba tšoare le ho ba hlahlela chankaneng, ’me ba sebelelitse ho amoha baahi bana ba Magerike ba utloang molao tokoloho ea bona. Hona ho etsahetse ka lilemo tse ngata joale, ho sa tsotellehe tiiso ea molao oa motheo.

Ke hobane’ng ha hoo hohle ho etsahetse? Ba tsietsing ke bo-mang? Bahlohleletsi ke bo-mang? Ha lipampiri tsa litaba tsa Greece li u bolelle ho hong ka boemo bona.

Litlhaselo le Tšoaro

Molao oa motheo oa Greece o bolela hore “Bagerike ba tla ba le tokelo ea ho bokana ka khotso ba sa hlomela.” O boetse o bolela hore “ha ho ea tla tšoenngoa ka letsoalo la hae la bolumeli,” ’me oa eketsa: “Malumeli ’ohle a tsejoang a tla lokoloha ’me litokelo tsa oona tsa ho rapela li tla etsoa ntle ho tšitiso le tlas’a tšireletso ea molao.”

Kahoo, ka Sontaha sa la 15 Phuptjane monongoaha, Lipaki tsa Jehova tse makholo-kholo li ile tsa kopana ka khotso holong ea boithabiso ea Larisa, Greece. Li ne li le moo ho ea ithuta Bibele le ho buisana ka litsela tsa ho ntlafatsa tšebeliso ea melao-metheo ea eona ea Bokreste bophelong ba tsona ba letsatsi le letsatsi.

Leha ho le joalo, hlokomela se ileng sa etsahala. Koranta ea moo I Larisa ea tlaleha: “Makholo-kholo a batho, haholo-holo litho tsa [Kereke e Orthodox ea Bagerike] mekhatlo e hlophisitsoeng ea motse oa rōna, ka pele-pele e le baprista ba ’maloa, ba qala ho khobokana, ’me ba qala ho bontša nyatso ea bona bakeng sa ba bokaneng ka holong—Lipaki tsa Jehova tse fetang 700, letšoele lena le bonahala joalokaha eka le tla tloha le kena ka holong ho ea emisa kopano.”

Hona ho ile ha tsoela pele ka nako e ka etsang lihora tse tharo. Mokhopi o qeteletse o qhaliloe ke mapolesa a mangata. Moea oa baruti ba neng ba hlohleletsa mahoo-hoo o ile oa hlokomeloa ke koranta ea Larisa Eleftheria ha e qotsa mantsoe ana a moprista oa [Kereke e] Orthodox ea Bagerike: “Ka lekhetlo le latelang ha ramotse a bulela [Lipaki] holo, re tla nka likharafu tsa rōna ’me re pshatlakanye ntho e ’ngoe le e ’ngoe!” ’Me mobishopo a bolela phatlalatsa hore o ananela ketso ea mahoo-hoo ao.

Koranteng ea Larisa I Alithia, sengoli Sarantos Vounatsos o bontšitse ho tenehela ketso ea baprista. O ile a hlokomela hore mahoo-hoo a ne a ikutloa joaloka letšoele le ileng la tleroha le re Jesu a bolaoe, le hooa: “A thakhisoe!” Ka mahoo-hoo a Larisa o ngotse tjena: “‘Moeta-pele’ oa bona e ne e le . . . moprista ea itlatlarietsang! O ne a sokela, a nyefola, a bolela ka boikhantšo, ’me ka nako e ’ngoe . . . a nea ba ka hare metsotso e mehlano hore ba tsoe ka holong . . . ‘ho seng joalo re tla kena re tl’o ba pshatla lihlooho.’”

Sehlooho sa koranta sa tobisa litaba ho moprista ’me sa re: “Na u rata ho ikimetsa ka liketso tsa bafarisi? U hlokomele, hobane haeba u ka tsoela pele u ke ke ua hlola u hauheloa [ke Molimo], kapa rōna.”

Tlhoriso e joalo ha ea ikhetha. Lilemong tse seng kae tse fetileng ho ’nile ha tšoaroa makholo a balumeli bao e seng ba Orthodox, “ho akarelletsa Lipaki tsa Jehova tse 890 ka 1983 feela,” kamoo ho boletseng The Wall Street Journal. ’Me monongoaha, ho tlaleha koranta ea Athens Eleftherotipia, e ile ea tlaleha hore moprista o ile a hlasela Paki e lilemo li 76, Vasili Kapeleri, ho ileng ha qetella ka lefu la Kapeleri.

Maikutlo a Mehleng ea Lefifi

Sesosa sa bothata se ho baruti ba Kereke e Orthodox ea Bagerike. Kaha ke bona bolumeli bo laolang Greece, baruti ba ikutloa hore Lipaki tsa Jehova ha li na tokelo ea ho ba teng. Ka hona ba leka ho hanela Lipaki ka tokoloho ea tsona ka ho li saeletsa ka mahoo-hoo, ho li hlasela, ho li kenya litlamong, le ka ho susumetsa makhotla. Mathoasong a selemo sena khanyetso ea baruti e ile ea fella ka hore lekhotla le leng la Crete le hanele Lipaki ka tokelo ea molao.

Tlalehong e khutšoaane ea lekhotla, Kereke e Orthodox ea bolela hore Lipaki tsa Jehova hase “bolumeli bo tsebisahalang le bo ‘nkeloang hloohong,’” ’me “ka nepo li ke ke tsa bitsoa Bakreste.” Ka hona Kereke e fana ka maikutlo a hore Lipaki ha lia lokela ho ba le tokelo mehahong ea tsona bakeng sa borapeli kapa tokelo leha e le efe ea ho bua le ba bang ka bolumeli. Empa maikutlo a joalo ke a fetiloeng ke linako. A bontša moea oa makhotla a Mak’hatholike a neng a ahlola bakhelohi, e seng a ‘sebaka seo puso ea lentsoe la sechaba e qalileng ho sona.’

Lipaki tsa Jehova ha li leke ho hanela Kereke e Orthodox tokelo ea hore e be le likereke tsa eona le ho bolela seo e batlang ho se bolela. Empa mehleng ena ea kajeno, na Kereke eo e lokela ho imetsa e mong le e mong ka maikutlo a eona a bolumeli? ’Me hona e ho etsa haholo-holo mokhatlong oa batho oa puso ea lentsoe la sechaba moo ho nang le maikutlo a mangata a sa tšoaneng? Ha ho kae kapa kae pusong ea lentsoe la sechaba ka bophirima moo ho etsoang sena.

Lefatšeng lohle, Lipaki tsa Jehova li hlokomeloa ka molao e le bolumeli ba Bokreste. Mebuso e fapanang ka maikutlo a bopolotiki e ’nile ea li nea tokelo ea molao ea ho haha libaka tsa borapeli le ea ho tšoarella ho seo li se lumelang. Hore e be ke bolumeli ba Bokreste bo tsebisahalang machabeng ho ka bonoa ka ’nete ea hore li na le basebeletsi ba mafolo-folo ba fetang limillione tse tharo, ka ba bang ba limillione tse hlano ba bang teng libokeng tsa tsona. ’Me li hlophisitsoe ka liphutheho tse 50 000 linaheng tse fetang 200.

Ka hona hore baruti ba bolele hore Lipaki tsa Jehova hase ‘bolumeli bo tsebisahalang ba Bokreste’ ke leshano le se nang litsoako. Boikutlo ba baruti ke tlontlollo botumong ba ’muso oa lentsoe la sechaba oa Greece. Hape ke tlhapa ho Lipaki tse lefatšeng ka bophara tseo e leng Bakreste ba ineetseng le ba tsebang hore balumeli bahabo tsona ba bangata ba ’nile ba bolaeloa tumelo ea bona.

“Oa Sekhukhu”?

Leshano le leng le se nang litsoako ke polelo ea Kereke ka lekhotleng la Crete hore Lipaki tsa Jehova ke mokhatlo o hlophisitsoeng “oa sekhukhu.” Kereke ea re: “Se hlileng se lumeloang ke Lipaki tsa Jehova ha se tsebahale hantle kapa hona hore se senotsoe pepeneneng . . . Ha li na ‘matlo a thapelo’ kapa tsona libaka tse ling tsa borapeli ba pontšeng moo mang le mang a lokolohileng ho kena. Leha e le hore litšebeletso tsa tsona tsa borapeli li kile tsa senoloa ka botlalo.”

Mang le mang ea tloaelaneng le hanyenyane feela le Lipaki tsa Jehova oa tseba hore liqoso tse joalo ke leshano la ho tsotoa. Lithuto tsa tsona li ngotsoe hore mang le mang a li hlahlobe, ’me liboka tsa tsona li bulehetse batho bohle ba itlhomphang, ha li lefelloe. Ha e le hantle, Lipaki li ruta batho ba limillione Bibele ka malapeng a bona lefatšeng lohle ho ba tloaetsa seo li se lumelang! ’Me liofisi tsa makala tsa Watch Tower lefatšeng lohle li amohela baeti ba likete-kete beke le beke.

Empa boikhanyetso ke bona. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Greece li sitoa ho kopana ‘matlong a thapelo’? Hobane li hanetsoe ka tokelo ea ho a haha! Kaha li haneloa ka liholo tsena, li tlameha ho kopanela malapeng a batho. Joale ke moo Kereke e reng li na le liboka tsa sekhukhu! Empa, lefatšeng lohle Lipaki tsa Jehova li hahile mehaho e meholo e likete-kete bakeng sa borapeli. Empa li ke ke tsa etsa joalo Greece.

Kahoo, u ka utloisisa hamolemo hore na ke hobane’ng ha lipolelo tsa Kereke, joalokaha John Manoledakis, Moprofesara oa Molao oa Kotlo Univesithing ea Thessalonika Greece, a bolelang, “e seng tsa bohata ho hang morerong oa ka boomo oa Kereke [e Orthodox ea Bagerike] kapa likelellong tsa mohlape oa eona.”

Bakreste ke Bafe?

Lekholong la pele la lilemo, Jesu le balateli ba hae ba ne ba hlaseloa ka mahloriso, liketso tsa mahoo-hoo, litlamo, le lefu. Bahlorisi ba bona ba ka sehloohong e ne e le bo-mang? Baruti ba mehleng eo.

Ka mohlala, hlokomela se ileng sa etsahala ha Jesu a tsosa Lazaro bafung: “Baprista ba baholo le bafarisi . . . ba rera hammoho hore ba tle ba ’molaee [Jesu].” Ba sa khotsofala ke hoo, “baprista ba baholo ba mpa ba rera hammoho ho bolaea le eena Lazaro. Hobane ba-Jode ba bangata ba ne ba ba tlohela ka baka la hae, ’me ba ne ba lumela ho Jesu.” ’Me qetellong, “baprista ba baholo le baholo [ba bolumeli] ba hlohlelletsa bongata hore ba kōpe Barabbase, Jesu eena a bolaoe.”—Johanne 11:47, 53; 12:10, 11; Mattheu 27:20.

Ha ho makatse hore e be Jesu o ile a re ho bona: “Ho malimabe lōna, bangoli le bafarisi, baikaketsi! hobane le joale ka mabitla a koetlisitsoeng, a nang le ponahalo e ntle kantle, kanthebo, kahare, a tletse masapo a bafu le ho bola hohle. Le lōna, ho batho ba le talimang kantle, ho joale ka eka le lokile, athe ka hare ho lōna le tletse boikaketsi le bokhopo.” (Mattheu 23:27, 28) Hape, ke hangata baruti ba neng ba susumetsa ba bang khahlanong le barutuoa ba Jesu.

Ha ho kae kapa kae moo Jesu a ileng a laela Bakreste hore ba hlorise, ba tlame, ba hlasele kapa ba futuhele ka mahoo-hoo ba sa lumellaneng le bona. Kahoo, lekholong la pele la lilemo Bakreste ba ’nete ke bona ba neng ba hlorisoa, e se bahlorisi. Bahlorisi e ne e le baruti le ba susumelitsoeng ke bona. Ho joalo kajeno Greece.

Na ke “Bo-antikreste”

Kereke e Orthodox ea Bagerike e boetse e bolela hore: “Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa latoloa feela ka nepo hore hase Bakreste, ke hore, barutuoa ba Kreste, empa ho fapana le moo, ke . . . bo-antikreste.”

Bibele e re’ng ka “bo-antikreste”? Ho 1 Johanne 2:22 e re: “Ea leshano ke mang, ha e se ea latolang hore Jesu ke Kreste? Ea latolang Ntate le Mora ke eena e leng antikreste.”

Kahoo, ’nete e hlakileng ea Lentsoe le bululetsoeng la Molimo ke hore antikreste ha a amohele Jesu. Empa Lipaki tsa Jehova lia mo amohela! Li lumela ho Jesu ka matla ’me li latela lithuto tsa hae! Ha e le hantle, ha ho ea ka fetohang e mong oa Lipaki tsa Jehova ntle ho ho amohela Jesu e le Mora ea halalelang oa Molimo, ea theohileng leholimong, a khokhotheloa thupeng ’me a tsosoa, le ea ileng a khutlela leholimong.

Ka hona mang le mang ea reng Lipaki tsa Jehova ke “bo-antikreste” o neiloe letsoho ka ntle habohloko, o foufalitsoe ke khethollo kapa o na le sepheo se sebe.

‘Na Ke Ho Ntšetsa Pele Puso ea Sejode ea Lefatšeng’?

Polelo e ’ngoe ea Kereke e Orthodox ke hore Lipaki tsa Jehova li ntšetsa pele puso ea Sejode lefatšeng. Kereke e re: “Morero oa tsona o patiloeng, o patetsoeng boholo ba bakhomareli ba tsona ka ho feletseng, ke ho theoa ha ‘’Muso oa Lefatše ka Bophara oa Sejode oa Puso ea Molimo’ ka ntlo-khōlō ea oona e le Jerusalema.”

Botsa Lipaki tse limillione hore na li lumela hoo! Ha ho le e ’ngoe ho tsona e ho lumelang. Ha ba bang ka nako e ’ngoe ba ne ba nahana hore boprofeta bo bong bo itseng bo ka ’na ba sebetsa Palestina ea sebele lekholong lena la lilemo, maikutlo ao a ile a lahloa lilemong tse fetileng tse fetang 50!

Liproverbia 4:18 e bolela hore “tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo.” Leseli lena le ntseng le eketseha, le matlafatsoang ke phethahalo ea boprofeta ba Bibele, le bontša ka ho hlakileng hore Riphabliki ea kajeno ea Iseraele le kamohla e ke ke ea amohela Jesu Kreste e le Messia. Kahoo, ho bolela hore Lipaki tsa Bakreste li ntšetsa pele ’muso oa lefatšeng oa Sejode oo ntlo-khōlō ea oona e leng Jerusalema, ke leshano le leng le se nang litsoako. Ho e-na le hoo, li ntšetsa pele puso ea leholimo ea ’Muso oa Molimo, joalokaha Jesu a ile a ruta.—Mattheu 4:17; 6:10.

Lithuto Tseo e Seng Tsa Bibele

Har’a lintho tse ling tse sebelisoang ke baruti ho susumetsa ba bang khahlanong le Lipaki tsa Jehova ke taba ea hore Lipaki ha li amohele lithuto tse itseng tsa Kereke. E ka sehloohong ho tsona ke Boraro-bo-bong. Empa ke hobane’ng ha hoo ho ka ba le matla tšebelisong ea puso ea lentsoe la sechaba Greece? Ke hobane’ng ha e mong le e mong a tlameha ho lumela Boraro-bo-bong e le hore a thabele tokoloho ea sechaba moo?

Lipaki tsa Jehova ha li latole bomolimo ba Jesu. Li amohela seo Johanne 1:1, NW e se buang ka eena, hore ke “molimo.” Leha ho le joalo, Kereke e bolela hore Jesu hase “molimo” feela tjee empa ke Molimo o Matla ’Ohle, karolo ea batho ba bararo ba ka ho sa feleng, ba lekanang ka matla.

Bibele, Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, ha e rute seo. Ho e-na le hoo, ka ho hlakileng e re: “Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši.” (Johanne 3:16) Ha ho mohla Jesu a kileng a re ke Molimo o Matla ’Ohle. O itse ke “Mor’a Molimo ea tsoetsoeng a ’notši.” Mangolo ha a sa baloe ka leeme aa ho hlakisa.—Johanne 3:18; 10:34-36.

Nako le nako Jesu o itse: “Mora o sitoa ho etsa letho a ’notši, ha a sa ka a le bona le etsoa ke Ntat’ae.” “Ke theohile leholimong, e seng ho etsa ho ratoang ke ’na, empa e le ho etsa ho ratoang ke ea nthomileng.” “Thuto ea ka hase ea ka, empa e le ea ea nthomileng.” “Ntate o moholo ho ’na.” ’Me Lentsoe la Molimo lea eketsa: “Mora le eena [o] tla beoa ka tlas’a [Molimo].”—Johanne 5:19; 6:38; 7:16; 14:28; 1 Ba-Korinthe 15:28.

Ka baka lena Boraro-bo-bong ha bo lumellane le Mangolo. E be joale bo qalehile kae? Bo ile ba hapelloa ke Lekhotla la Nicea ka 325 C.E. ha bakoenehi ba kenya maikutlo a bohetene a neng a qalile Egepeta le Babilona tsa boholo-holo. Joalokaha rahistori Will Durant a ile a hlokomela ho The Story of Civilization: Part III: “Bokreste ha boa ka ba senya bohetene; bo ile ba bo hapella ho bona. . . . Maikutlo a boraro-bo-bong bo halalelang a hlahile Egepeta.” ’Me The New Encyclopædia Britannica e re: “Leha e le lentsoe Boraro-bo-bong kapa eona thuto e hlakileng ha li eo ka Testamenteng e Ncha . . . Thuto e ’nile ea ntlafala butle-butle ka makholo-kholo a lilemo le ka likhang tse ngata.”

Leha ho le joalo, haeba Kereke e Orthodox e batla ho lumela Boraro-bo-bong, eo ke tokelo ea eona. Empa ha e na tokelo naheng ea puso ea lentsoe la sechaba hore e hlorise, e susumeletse mahoo-hoo le tšoaro, le ho hanela Lipaki tsa Jehova tokoloho ea tsona hobane ha li lumele Boraro-bo-bong.

Phahamisa Puso ea Lentsoe la Sechaba Greece

Molao oa Motheo oa Greece o hlakile: “Ha ho ea tla tšoenngoa ka letsoalo la hae la bolumeli. . . . Malumeli ’ohle a tsejoang a tla lokoloha ’me litokelo tsa oona tsa ho rapela li tla etsoa ntle ho tšitiso le tlas’a tšireletso ea molao.”

Lipaki tsa Jehova, tse tsebahalang le tse filoeng tokelo ea molao machabeng, li phahamisa melao-metheo eo ea puso ea lentsoe la sechaba. Li batla hore Greece le eona, e li phahamise, le hore e se ke ea lumella kereke leha e le efe hore e imetse ba bang ka maikutlo a eona a makhotla a Mak’hatholike a neng a ahlola bakhelohi ka hore e hlorise ba sa lumellaneng le pono ea eona.

Ke hantle ha baruti ba Kereke e Orthodox ea Bagerike ba ka ela hloko keletso ea moruti e mong oa molao oa lekholong la pele la lilemo, Gamaliele. O ile a bolella baruti ba neng ba hlorisa balateli ba Kreste, hore: “Ke re ho lōna: Khaohanang le batho bao, le ba tlohele; (hobane ha ekaba morero oo, kapa mosebetsi oo ke o tsoang ho batho, o tla fela. Empa ha eba o tsoa ho Molimo, le ke ke la ba la o felisa;) ’me le iponele, e se re mohlomong la fumanoa le loantšitse Molimo.”—Liketso 5:34-39.

Ka lekhetlo lona leo, balateli ba Bakreste ba Jesu Kreste ba ile ba re: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.” Ke kamoo Lipaki tsa Bakreste tsa Jehova tsa kajeno le tsona li talimang litaba. Ke sona seo li tla tsoela pele ho se etsa Greece ho sa tsotelehe seo baruti ba se batlang.—Liketso 5:29.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Petrose le baapostola ba bang ba ile ba bolella baruti ba mehleng ea bona hore: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela