Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 1/1 leq. 30
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Jehova o Etsa Hore re be le Tokoloho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Jubile ea Jehova—Nako ea Hore re Thabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Jubile ea Bokreste E Fihla Tlhorong Lilemong tse Sekete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 1/1 leq. 30

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Iseraeleng ea boholo-holo lilemo tse 49 li ne li lateloa ke selemo sa Jubile (selemo sa bo50). Na Jubile eo e lumellana le nako ea kamorao ho lilemo tse 49 000 tsa beke ea pōpo ea Molimo?

Kaha palo 49 e hlaha mabakeng ka bobeli, ho ka ’na ha bonahala eka Jubile e ne e tla tšoantšetsa nako ea kamorao ho beke ea pōpo ea lilemo tse 49 000. Empa bakeng sa batho ka kakaretso ba amohetsoeng ke Molimo, ho etsahetseng Jubileng ea Iseraele ho lumellana haholoanyane le ho tla etsahala nakong ea Lilemo tse Sekete, lilemo tse sekete tsa ho qetela tsa beke e joalo ea pōpo, e seng se tlang ho latela beke eo. Nahana ka motheo oa sena:

Oa pele, Molao oa Moshe o ne o hloka hore ka selemo se seng le se seng sa bosupa naha e phomole; lijalo li ne li sa lokela ho jaloa, ho sa hlaoloe kapa ho sa kotuloe. Kamorao ho selemo sa bosupa sa Sabbatha (selemo sa bo49), ho ne ho e-tla selemo se khethehileng sa Jubile, selemo sa bo50. E ne e le Sabbatha eo ka eona naha e neng e boetse e lokela ho phomola ka eona. Habohlokoa haholoanyane, ho ne ho tumisoa tokoloho. Baheberu ba neng ba ithekisitse bohlankeng ba ne ba lokolloa molatong oa bona le bohlankeng ba bona. Hape, masimo a lefa a ne a khutlisetsoa malapeng a neng a ile a tlameha hore a a rekise. Ka hona Jubile e ne e le nako ea tokoloho le tsosoloso bakeng sa Baiseraele.—Levitike 25:1-46.

Oa bobeli, ho ithuta phethahatso ea boprofeta ba Bibele le hore na re hokae nakong ho bontša ka matla hore matsatsi a pōpo (Genese, khaolo ea 1) le leng le le leng ke lilemo tse 7 000. Hoa utloahala hore puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete e tla phetha ‘letsatsi la phomolo’ la Molimo la lilemo tse 7 000, “letsatsi” la ho qetela la beke ea pōpo. (Tšenolo 20:6; Genese 2:2, 3) Motheong oa mabaka ana, beke eohle ea pōpo e ne e tla ba lilemo tse 49 000.

Ba hlokomela ho tšoana lipalong, batho ba bang ba ’nile ba tšoantša lilemo tse 49 tsa potoloho ea Jubile ea boholo-holo le lilemo tseo tse 49 000 tsa beke ea pōpo. Ba nahana ka tsela ena, ba ’nile ba nahana hore selemo (sa bo50) sa Jubile ea Iseraele se lokela ho tšoantšetsa se neng se tla tla kamor’a hore ho fele beke ea pōpo.

Leha ho le joalo, hopola hore Jubile ena ka ho khethehileng e ne e le selemo sa teselo le sa tsosoloso bakeng sa batho. Beke ea pōpo haholo-holo e amana le naletsana Lefatše le ntlafatso ea lona. Empa mabapi le ho phethahala ha morero oa Molimo bakeng sa motho lefatšeng, lefatše ka bolona ha lea rekisoa bohlankeng ’me kahoo ha ho hlokahale hore le lokolloe. Ke batho ba hlokang ho lokolloa, ’me batho ba bile teng ka lilemo tse ka bang 6 000, e seng tse 49 000. Bibele e bontša hore nakoana hoba Adama le Eva ba bōptjoe, ba ile ba fetohela Molimo, kahoo ba kena bohlankeng ba sebe, ho se phethahale le lefu. Ho latela Ba-Roma 8:20, 21, Jehova Molimo o rerile ho lokolla batho ba lumelang bohlankeng bona. Ka baka leo, barapeli ba ’nete ba lefatšeng ‘ba tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, ba tle ba be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.’—Bona le Ba-Roma 6:23.

Ha sehlotšoana se khethiloeng hore se nkeloe leholimong se tšoaretsoe libe tsa sona ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E., ’me kahoo se se se thabela Jubile, Mangolo a bontša hore tokoloho ea batho ba lumelang e tla etsahala nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete. Hoo ho tla etsahala ha a sebelisetsa batho melemo ea sehlabelo sa hae sa topollo. Qetellong ea Lilemo tse Sekete, batho ba tla be ba phahamiselitsoe phethehong, ba lokolohile ka ho feletseng sebeng seo ba se futsitseng le lefung leo ba le futsitseng. A felisitse sera sa ho qetela (lefu le neeletsanoeng ho tloha ho Adama) ka tsela eo, Kreste o tla khutlisetsa ’Muso ho Ntat’ae qetellong ea beke ea pōpo ea lilemo tse 49 000.—1 Ba-Korinthe 15:24-26.

Ka baka leo, ho batho ba lumelang ba lebelletseng ho phela lefatšeng, tokoloho le tsosoloso tse ileng tsa tšoaea selemo sa Jubile Iseraeleng ea boholo-holo li tla fumana phethahatso e loketseng nakong ea Sabbatha e tlang ea Lilemo tse Sekete. Joale tokoloho le tsosoloso li tla ba teng. Hoo ho tla etsahala tlas’a puso ea Kreste, “hobane Mor’a motho ke Morena le oa Sabbatha.”—Mattheu 12:8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela