Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
“Kopano e Tsotehang ea Setereke”
SENA e ne e le sehlooho se seholo sa koranta ea Martinez de la Torre, Veracruz, Mexico, ka kopano ea Lipaki tsa Jehova e neng e tšoaretsoe motseng oo. Koranta ea tlaleha: “Batho ba bangata ba neng ba le teng kopanong ea setereke ea [Lipaki tsa Jehova] e neng e tšoaretsoe Mabaleng a Lipontšo a moo ke pontšo e khōlō ka ho fetisisa ea ketsahalo e ikhethang lefatšeng lohle mehleng ea rōna: ho hloka tšepo ho ntseng ho hōla hoo batho ba nang le hona lithutong tsa hoo ho thoe’ng ke likereke tsa ‘Bokreste’ le kholiseho e tiileng ea hore mathata a maholo hoo ka ho tšosang a phahametseng matla a mebuso hore e ka a rarolla.
“Ha ho mohla seboka sa lipolotiki kapa sa boithabiso se kileng sa khobokanya letšoele le lekaalo le bontšang taolo e joalo le bohloeki bo joalo. Ho hang e ne e le ho hlollang ho bona batho ba 5 000 ba latela ka hloko lenaneo le theiloeng feela boitsebisong bo tsoang ka Bibeleng le le sebetsanang le litšobotsi tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi, ho tloha ka ho hōlisa bana le ho phela hammoho joaloka malapa ho isa boitšoarong le bophelong ba moea hammoho le litšoantšiso tsa litaba tsa Bibele le hore na li sebetsa joang mehleng ea rōna.”
Hoba e hlalose ka “pontšo e ke keng ea latoloa ea tšebetso e momahaneng le e hlophisitsoeng,” tlaleho ea litaba ea hlokomela hore: “Bohlokoa ba tšebetso e etsoang ke Lipaki tsa Jehova tsa sebaka seo e ka lekanngoa ka liphello tse finyelletsoeng ka lilemo tse seng kae feela. Kajeno ke mokhatlo o hōlang kahohle, o sa tšoenyeheng ho hang ke lipuo tse mpe tse atisang ho o potoloha. Ntho leha e le efe e mpe e ka tobisoang ho tsona e fetoha lefeela ha motho a hlokomela ho ema ha tsona tsona linthong tse li potolohileng, tsela e laolehileng eo li eketsehang ka eona, tlhompho ea tsona ho ba boholong, le kananelo e matla eo li nang le eona bakeng sa bohloeki le puo e ntle.
“Liithuti tsena tsa Bibele li batla li entsoe ka batho bao kaofela ha bona e neng e le ba mafolofolo malumeling a sa tšoaneng, haholo-holo Mak’hatholike, ba hlokometseng hore bolumeli bo sekamela lipolotiking le hore bo amohela le ho ananela mekhoa eo e seng ea Bibele e kang tumelo e kopanetsoeng, boitšoaro bo bobe le pefo. Ke mohloli oa ho khotsofala ho hoholo ho tsona ho lumellana le melao-metheo ea Bibele ea boitšoaro ntle ho ho balehela borapeling ba litšoantšo kapa lineano tseo ho sa tsebisahaleng hore na li qalehile hokae. Hona ho li etselitse bonngoe ba tumelo bo rorisoang boo ho bonahalang bo li khetholla kae le kae moo li fumanoang teng.”
Litlhaloso tsena li re hopotsa ka molao-motheo oo Jesu a o boletseng: “Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.” (Mattheu 7:16) Batho ba bangata ba lipelo li tšepahalang Mexico ba hlokomela hore lithuto tsa Lipaki tsa Jehova ke tsa Mangolo ’me ba kopanela le tsona ’me Jehova Molimo o ba hlohonolofatsa ka ho enneng moeeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Kopano Mexico