Itokisetse Hona Joale ho ba Teng Kopanong ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho” ea 1991
1 Ha re sheba maemo a lefatše kajeno, ha ho makatse hore ebe linaheng tse ngata batho ba lakatsa ho fumana tokoloho e khōloanyane ho feta eo ba nang le eona. Empa tokoloho ea sebele e ka fumaneha hokae? Jesu Kreste o itse: “Ekare ha le tiisetsa lentsoeng la ka, le tla ba barutuoa ba ka ka ’nete; le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Joh. 8:31, 32) Tokoloho ena hase ea mofuta o lekanyelitsoeng eo batho ba tšepang hore e tla tla ha ba hana ’musi e mong oa lipolotiki kapa mofuta o mong oa puso ’me ba khetha o mong osele. Ho e-na le hoo, e phunyelletsa ho ea fihla mohloling oa mathata a batho. Seo Jesu a neng a bua ka sona e ne e le tokoloho bokhobeng ba sebe. (Bona Johanne 8:24, 34-36.) Kahoo, ha motho a fetoha morutuoa oa ’nete oa Jesu Kreste, sena se fella ka phetoho e bonahalang bophelong ba hae, tokoloho.
2 KOPANO EA MATSATSI A MARARO: Letoto la Likopano tsa Setereke tsa “Barati ba Tokoloho” tsa 1991 le tla qala ka 10:20 hoseng ka Labohlano, ’me kopano e tla fela hoo e ka bang ka hora ea bone motšehare oa mantsiboea ka Sontaha. Ho tla fanoa ka boitsebiso bo khethiloeng ka hloko bo molemo bakeng sa bophelo ba rōna bo botle ba moea lenaneong lohle. Lihlooho tse sa tšoaneng li tla hatisa kamoo re ka fumanang tokoloho eo ho builoeng ka eona ho Ba-Roma 8:21 ka teng. Boitsebiso bo susumetsang bo tla lokisetsoa le ho fanoa ka lipuo, lipontšo, lipuisano, le tšoantšiso.
3 Ikemisetse hore u se ke ua fosoa ke lenaneo leha le le leng. Sena se ka hloka hore u etse sehlabelo sa botho le liphetoho kemisong ea hao. Ho ka ’na ha hlokahala hore u etse litokiso tse khethehileng le mohiri oa hao. Ba bangata ba itima esita le melemo ea chelete e le hore ba ka ba teng lenaneong lohle. Ruri Jehova o tla hlohonolofatsa ba kenyang taba ena lithapelong tsa bona tse tsoang botebong ba pelo ’me ba etsa boiteko bo tlohang botebong ba pelo hore ba be teng moo.—Luka 13:24.
4 FIHLA KA NAKO: Lipaki tsa Jehova li tsebahala ka ho leka ho tšepahala le ho boloka nako. (Luka 16:10) Sena ke sa bohlokoa le ha re ea kopanong ea setereke. Fihla ka nako letsatsi ka leng, ’me u lule setulong sa hao pele lenaneo le qala. Sena se tla hloka hore u behelle ka thōko nako e lekaneng bakeng sa ho hlokomela lintho tse hlokang tlhokomelo, joaloka ho paka koloi ea hao le ho fumana litulo bakeng sa lelapa la hao.
5 Ho ba teng kopanong ea setereke ho re fa monyetla o motle oa ho thabela botsoalle bo molemo. Empa ho qoqa le metsoalle ho fihlela e e-ba bosiu haholo ho ka sitisa boiteko ba rōna ba ho fihla ka nako letsatsing le latelang. Ho qala ho itokisa e se e le morao haholo ho bakang hore re etse lintho ka lehlapha-hlapha hoseng, ho baka matšoenyeho a mangata le pherekano. Ho thibela sena, ho molemo ho beha nako e loketseng bakeng sa ho robala. Ka ho khomarela kemiso e itseng, bohle ba ka fumana phomolo e ntle bosiu ’me ba tsoha ba loketse ho qala ho itokisa esale hoseng letsatsing le latelang. Ka ho etsa joalo re tla be re qoba ho fihla lenaneo le se le ntse le tsoela pele, e leng ho ferekanyang le ho ka ’nang ha utloisa ba seng ba lutse bohloko. Ho fihla ka nako letsatsi ka leng ho tla u lumella ho ba le botsoalle le baena ba hao le likhaitseli. Lerato la Bokreste le ho nahanela, hammoho le tlhompho bakeng sa Jehova le lintho tsa moea tseo a fanang ka tsona, li lokela ho re susumelletsa hore re etse sohle seo re ka se khonang hore re fihle ka nako.
6 MAMELA KA HLOKO: Ho mamela ho hlile ho bolela ho ela hloko seo re se mamelang ka likelello le lipelo tsa rōna, ka litsebe tsa rōna le matla a rōna a kutloisiso. Ho hlokahala hore re mamele re be re ‘utloe lentsoe la Jehova.’ (Jer. 2:4) Ho Esaia 55:2, (NW) Jehova o ile a laela Baiseraele: “’Mameleng ka hloko.” Lentsoe “hloko” le hlalosoa e le “ho tataisoa ke boiteko bo matla kapa thahasello ea ho mamelisisa.” Haeba re mamelisisa nakong ea kopano, re tla thahasella ho ‘mamela, le ho eketsa tsebo.’ (Liprov. 1:5, BPN) Hangata ho mamela le ho ithuta kopanong ea setereke ho hloka boiteko bo eketsehileng le tlhokomelo tse fetang tse hlokahalang Holong ea ’Muso. Hobane’ng? Re lula nako e telele, ’me ho na le litšitiso tse eketsehileng ka baka la palo e khōloanyane ea batho ba leng teng. Haeba re sa mamelisise, re ke ke ra fumana molemo o felletseng oa lijo tse matlafatsang tsa moea tse fanoang. (1 Pet. 2:2) Ke’ng se ka etsoang? Ho thabisa hakaakang ho elelloa hore batho ba bangata ba tlileng kopanong ba ’nile ba hlaolela tloaelo e molemo ea ho ngola lintlha nakong ea lenaneo! Le hoja tse ling tsa lipuo tsa kopano ea setereke li tla hlaha litokollong tse ling ka mor’a nako e itseng, tse ling ha li na ho hlaha. Bohle ba khothalletsoa ho iketsetsa pakane ea ho nka lintlha tse khutšoanyane nakong ea kopano hobane eo ke tsela e ntle ea ho boloka monahano ho se buuoang.
7 Ha ho hlokahale hore lintlha e be tse telele kapa tse lokolisang. Hangata polelo e le ’ngoe kapa tse peli li lekane bakeng sa ntlha ea sehlooho. Esita le bana ba banyenyane ba tla fumana ho eketsehileng lipuong le ho thusoa hore ba mamelisise haeba ba fuoe libuka tseo ba tla ngola lintlha ho tsona le pene kapa pensele e le hore ba ka ngola lintlha tsa sehlooho tsa sebui le mangolo a sehlooho kapa lintlha tse ncha tse ka hlahisoang. Baholo ba ho fumana ho le molemo ho ba le lintlha tse hlophisitsoeng hantle bakeng sa ho etella pele tlhahlobo e thahasellisang ea lenaneo la kopano Sebokeng sa Tšebeletso se latelang kopano ea setereke. Hape, ba ka ’na ba rata ho kenyelletsa lintlha tse ngata tseo ba li fumaneng kopanong mosebetsing oa bona oa ho ruta le oa bolebeli.
8 KOPANELA PINENG LE THAPELONG: Karolo ea borapeli ba rōna e akarelletsa ho hlompha Jehova ka ho bina lithoriso tsa hae, joalokaha Jesu le baapostola ba hae ba ile ba etsa. (Mar. 14:26) Polelo ea Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 14:15 mabapi le ho bina ho bonahala e bontša hore e ne e le tšobotsi ea ka mehla ea borapeli ba Bokreste. (Bona le Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea February 1990, leqephe 4, le March 1991, leqephe 3.) Likopano tsa setereke li re fa monyetla o khethehileng oa ho kopanela le likete tsa baena le likhaitseli ho roriseng Jehova ka pina le thapelo. Leha ho le joalo, ba bang ba bontšitse ho hloka tlhompho bakeng sa likarolo tsena tsa bohlokoa tsa borapeli ba rōna. Ka tsela efe? Ka ho fihla kopanong ka mor’a pina e bulang le thapelo ho sa hlokahale. Qetellong ea lenaneo, ba bang ba tloha litulong tsa bona nakong ea pina kapa pele ho thapelo. Ke maemong a fokolang feela moo e ka ’nang eaba sena se etsoa ka lebaka le utloahalang. Leha ho le joalo, na ho bontšoa tlhompho e loketseng le kananelo bakeng sa tafole ea Jehova haeba ba bang ba lahla monyetla oa ho bina le ho rapela ba kopane le ba bang feela hobane ba batla ho ea fihla pele likoloing tsa bona kapa lijong?—Matt. 6:33.
9 Re tlamehile ho hlokomela hore ha re phehella boiketlo ba botho, ha re lumelle maikutlo a lefatše a hore re be ba pele kapa litšekamelo tseo e seng tsa bomolimo joaloka meharo le boithati hore li re sitise ho tsoela pele moeeng. Lilemong tsa morao tjena, ba bangata ba baena ba rōna le likhaitseli tsa linaheng tsa Europe e ka Bochabela qetellong ba ile ba khona ho thabela tokoloho ea ho bina le ho rapela. Joalokaha ba ne ba thabetse ho bina le ho rapela ka lihlopha tse khōlō, e se eka le rōna re ka bontša moea o tšoanang oa kananelo bakeng sa lintho tse halalelang hona joale ’me le ka mohla re se nke menyetla ea rōna ea ho bina le ho rapela hammoho habobebe.
10 MEKHOA EA RŌNA EA BOKRESTE: Mekhoa ea rōna ea Bokreste le ponahalo likopanong tsa setereke li re etselitse botumo bo botle joaloka Lipaki tsa Jehova. Sena se etsoa ke hobane re nka borapeli ba rōna ho Jehova ka ho teba ’me ha re talime ho ea kopanong joaloka ho ea ’mokeng oa boithabiso. Ha re kopana ’moho bakeng sa liketsahalo tse joalo tse khethehileng, re lokela ho boloka seriti sa rōna sa Bokreste le likelello tse sekametseng bomoeeng ka ho itšoara joaloka basebeletsi ka linako tsohle.—1 Ba-Kor. 10:31-33.
11 Haeba re hlōleha ho etsa sena, re ama thabo ea ba bang, esita le ho khopisa ba bacha. Na re leboha le ho bontša kananelo bakeng sa melemo eo re e etsetsoang leha e ka ba menyenyane? Re lokela ho ela ba bang ba re potolohileng hloko ’me re ba hlomphe le ho ba nahanela. E mong le e mong o lokela ho elelloa hore ha lenaneo le tsoela pele, ke nako ea ho mamela, eseng ea ho tsamaea le ho bua.—Deut. 31:12.
12 Sebaka se seng seo ho sona mekhoa ea rōna ea Bokreste e ka tlotlisang Jehova Molimo ke tšebelisanong ea rōna le ba lokisetsang marobalo. Bohloeki le ho nahanela ha lia lokela ho bonahala feela moaparong oa rōna le boitšoarong empa hape le tseleng eo re tšoarang thepa ea ba bang ka eona. Na ho na le lebaka leha e le lefe leo ka lona ntlo e hiriloeng e sa lokelang ho siuoa e le makhethe ebile e hloekile? Ho se nahanele ho senya botumo ba rōna bo botle. Likopanong tsa setereke tse tlang, kaofela ha rōna re lokela ho ikemisetsa ho itšoara ka tsela e tla ‘etsa hore thuto ea Molimo, Mopholosi oa rōna, e khahlehe linthong tsohle.’—Tite 2:10, BPN.
13 BAKENG SA BATSOALI: Bana ba banyenyane le bacha baa amoheloa ’me ba lebelletsoe ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho.” Tokoloho eo lefatše le e tšepisang e ka ba isa lefung la bona la moea, joalokaha Adama a ile a lahla tokoloho e neng e filoe moloko oa motho tšimolohong. Kaofela ha rōna phutheho e lerato ea Jehova e re file mabaka a nepahetseng tabeng ena. Re khothalletsoa ho lemoha bana ba banyenyane ba ithutileng ho mamelisisa ka hloko libokeng tsohle tsa Bokreste le ba bontšang thahasello e matla lenaneong la kopano. (Lipes. 148:12, 13) Empa ho hongata ho itšetlehile ka mohlala le tataiso ea batsoali. Bana ba bangata ba koetlisitsoe hantle bakeng sa ho nka lintlha. Haeba ha u e-s’o rute bana ba hao hore na ba ka nka lintlha joang, ke hobane’ng ha u sa sebelise nako e setseng pele ho kopano hore u etse seo? Esita le bana ba banyenyane haholo ba ka khothalletsoa ho ngola mangolo le lintlha tsa oona tsa sehlooho tseo ba utloang li hatisoa ke libui. Batsoali ba bang ba lokisetsa ho hlahloba lintlha tse khōlō tsa lenaneo la letsatsi ka leng ha ba fihla moo ba lulang teng kapa ha ba ntse ba le tseleng e eang hae.
14 Ha e le hantle, batsoali ba bangata ba utloisisa hore tšekamelo ea tlhaho ea bana ke ho bapala. Ha ba na phihlelo bophelong, ’me ha baa hōla kelellong. Kahoo, ba lokela ho rutoa hore na ke neng ba lokelang ho mamelisisa le kamoo ba lokelang ho itšoara ka teng libokeng. Sena se hloka tlhokomelo e ntle ea batsoali. Batsoali ba bang ba bile monyebe karolong ena. Ka linako tse ling, le hoja batsoali ba bontša tlhompho e loketseng ho Jehova nakong ea thapelo, bana ba bona baa bapala le ho sitisa ba bang. Batsoali ba lokela ho tseba seo bana ba bona ba se etsang esita le nakong ea thapelo. Hape, ba etsa’ng ha ba tloha litulong tsa bona nakong ea lenaneo? Na bana ba tlohelletsoe ba sa hlokomeloa nakong ea lenaneo la kopano le ka mor’a lona? (Liprov. 29:15) Bana ba bang ba ile ba itšoara ka tsela e bontšang ho se khalemelehe le ka mokhoa o sa laoleheng, ba ba ba bontša ho hloka tlhompho ho baena le bo-khaitseli ba hōlileng ba neng ba leka ho ba khalemela ka tsela e mosa. Ho se laolehe ho joalo le boitšoaro bo sa tšoanelang Bakreste hangata li bakoa ke moea oa ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe le ho se fane ka taeo ka lapeng. Taba ena e lokela ho lokisoa. Batsoali bohle ba Bakreste ba lokela ho hlokomela bana ba bona ka mokhoa o hlokolosi ka linako tsohle ha ba ntse ba ‘ba hōlisa ka khalemelo le ho ba kenya monahano oa Jehova.’—Ba-Ef. 6:4, NW.
15 TŠEBELISANO-’MOHO EA HAO E FELLETSENG EA ANANELOA: Ho entsoe litokisetso tse khōlō le mosebetsi o mongata ho tiisa hore ho ba le litulo tse lekaneng, libuka, lijo, le litokisetso tse ling bakeng sa e mong le e mong ea tlileng kopanong. Ho tiisa hore litokisetso tsena lia atleha, phutheho ka ’ngoe e abetsoe ka ho toba ho ea kopanong e itseng. Tšebelisano-’moho ea hao e bohlokoa haholo e le hore ho qojoe tšubuhlellano ea batho. Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba le maemo a etsang hore ho hlokahale hore ba ’maloa ba ee kopanong sebakeng sesele. Leha ho le joalo, bongata bo lokela ho ea kopanong eo bo abetsoeng ho eona.—1 Ba-Kor. 13:5; Ba-Fil. 2:4.
16 Ho kōptjoa hore u bontše tšebelisano-’moho e felletseng tabeng ea ho boloka litulo. Ka kōpo hopola hore LITULO LI KA BOLOKELOA FEELA LITHO TSE HAUFI TSA LELAPA LA HAO LE MOTHO LEHA E LE OFE EO U TSAMAEANG LE EENA KOLOING EA HAO. Re kōpa hore u se ke ua bolokela ba bang litulo. Ka linako tse ling, litulo tse eketsehileng li ee li bolokoe ho sa hopoloa motho ea itseng ka ho toba. Sena ha se bontše lerato ’me se thetsa bahlokomeli le ba bang ba batlang litulo tse sa luloang. Tumellanong le keletso ea Bibele, re lokela ho loanela ho bontša lerato la boena le ho tšehetsa ka botlalo tokisetso e entsoeng e mabapi le ho boloka litulo. Ha ho ea nang le tokelo ea ho ba le litulo tse eketsehileng ho feta tse hlokoang ke litho tsa lelapa la hae kapa bao a tsamaeang le bona koloing.—2 Pet. 1:7.
17 Ha ho litulo tse lokelang ho bolokoa ka mor’a mananeo bakeng sa letsatsi le latelang. Ha ho sebaka sa kopano se tla buloa pele ho 7:00 hoseng bakeng sa mang kapa mang ntle le baithaopi ba sebetsang pele ho nako eo. Ha ho lea mong ho basebetsi bana ea tla lumelloa ho boloka litulo pele ho 7:00 hoseng, ha ba bang ba lumelloa ho kena ka har’a mohaho. Bahlokomeli ba tla ba libakeng tsa bona tseo ba li abetsoeng pele ho nako eo ho hlokomela se etsahalang, e le hore ho ka qojoa tšebeliso e mpe ea tataiso ea Mokhatlo mabapi le ho boloka litulo. Re kōpa hore u sebelisane ka ho felletseng le bahlokomeli bana ha ba phetha kabelo ea bona molemong oa bohle ba leng teng.
18 Ho etsoa tlhahiso ea hore re sebelise kahlolo e molemo ha re tla le lintho tsa botho sebakeng sa kopano. Nakong e fetileng, ba bang ba ile ba tla le li-cooler tse khōlō kapa lintho tse khōlō tse neng li sa lekane ka tlas’a litulo. Lintho tsena li ile tsa behoa litselaneng tsa holo kapa holim’a litulo. Sena se ile sa sitisa ba bang ho fumana litulo, ’me ka linako tse ling e ne e le ho tlōla melao ea mollo le ea tšireletso. Re lokela ho bontša ho nahanela litabeng tse joalo.
19 Joalokaha ho ile ha etsoa selemong se fetileng, Mokhatlo o tla etsa hore lijo li fumanehe ka theko e loketseng ho ba tlileng kopanong. Tsena ke litokisetso tse molemo hakaakang tse re nolofalletsang ho fumana molemo le ho thabela lenaneo! Ha ho pelaelo hore thuso e joalo ka lehlakoreng la phutheho ea Molimo e tla re susumelletsa hore ka teboho re bontše kananelo ka litsela tse sebetsang. (Liprov. 11:25) Re kōpa hore le hlokomele hore le se ke la senya lijo kapa litokisetso tse ling tsa kopano.
20 Ruri, batho ba Jehova ba ananela ho kopana hammoho sebakeng se setle e le hore ba ka fumana molemo lenaneong la moea le lokiselitsoeng. Re boetse re ananela litšebeletso tse ngata le tse etsang hore re be le boiketlo tse fanoang lipokanong tse joalo. Ka tlhokomelo e khōlō le ka litšenyehelo tse boima ho Mokhatlo, litokisetso li se li entsoe bakeng sa litulo tse lekaneng, ho kenya tsamaiso ea molumo e theko e boima, Lefapha la Tšebeletso ea Lijo le sebetsang hantle, le ho sebetsana le litokisetso tse ling le litšebeletso tse etsang hore ho ba teng kopanong e be ho thabisang le ho khathollang moeeng.
21 Litšenyehelo bakeng sa lintho tsena li koaheloa ka menehelo ea lōna ea boithatelo le tšehetso ea mosebetsi oa lefatše lohle oa Mokhatlo. Ha u nahana ka ho phahama ha theko ea lintho tse ngata tse sebelisoang le litlhokahalo tse ling, u ka ’na ua rata ho romela monehelo pele ho nako motseng oa kopano eo phutheho ea heno e tla ba ho eona. Haeba u nahana ho ngola cheke, u ka bontša hore chelete eo e lefuoe ho “Watch Tower Convention.” Molemong oa hao, mabokose a monehelo a ngotsoeng ka ho hlaka a tla ba teng ho potoloha sebaka sa kopano. Menehelo eohle e ananeloa haholo, ’me Mokhatlo o lakatsa ho le leboha pele ho nako bakeng sa ho fana le ho kopanela ho tšehetseng lithahasello tsa ’Muso ka tsela ena. E mong o ile a bontša kananelo ka baka la ho se beheloe sekepele sa chelete ea monehelo: ‘Ke ho ipiletsang hakaakang ho tseba hore hoo ho siiloe ho rōna—ho latela botebo ba kananelo ea rōna. Ke ka baka la teboho re ikutloang re susumelletseha ho fana ka ho fetang ho tloaelehileng.’ Re kholisehile hore bohle ba tla susumelletseha ho nahana ka boikarabelo ba bona ka bomong mabapi le litšenyehelo tsena ’me ba tla sebelisana le rōna ka ho felletseng ka ho fana ho isa moo maemo a bona a ba lumellang.—Luka 6:38.
22 E-BA TENG KOPANONG EA SETEREKE EA “BARATI BA TOKOLOHO!” Ka ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho” le ho mamela lenaneo ka hloko, re tla hōlisa kananelo ea rōna bakeng sa tokoloho e tlang ka Kreste le bakeng sa tšebeliso e loketseng ea tokoloho ea Bokreste. Lokisetsa hona joale hore u be teng pineng e bulang le ho ba teng mananeong ’ohle ho fihlela thapelong e koalang ka Sontaha motšehare oa mantsiboea.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Likhopotso Bakeng sa Kopano ea Setereke
MAROBALO: Bahoeletsi ba bangata ba tla iketsetsa litokisetso tsa marobalo. Leha ho le joalo, haeba u batla hore lefapha la tlhophiso ea kopano le u lokisetse marobalo u ka ’na ua fumana foromo ea Kōpo ea Kamore ho mongoli oa phutheho. Bangoli ba liphutheho ba lokela ho tiiseha hore ba romela liforomo tsa Kōpo ea Kamore atereseng e nepahetseng ea kopano hang-hang.
LITULO TSA BANA BA ITHUTANG HO TSAMAEA: Libakeng tse ngata, litulo tsa bana ba ithutang ho tsamaea ha lia lokela ho sebelisoa libakeng tsa liboka tsa sechaba. Melao ea mollo e hanela hore li ka behoa libakeng tsa holo tseo batho ba fetang ho tsona, litselaneng tsa holo, kapa pakeng tsa litulo. Kaha batho ba bangata ba ka ’na ba baka tšubuhlellano, litulo tsa bana ba ithutang ho tsamaea li ka ’na tsa ba kotsi eseng feela ho bana empa le ho motho ofe le ofe eo li ka mo khopang. Kahoo re kōpa hore le se ke la tla le tsona sebakeng sa kopano. Leha ho le joalo, litulo tsa masea kapa tseo a behoang ho tsona ka koloing li lumelletsoe, kaha li ka behoa litulong tse pel’a batsoali. Tšebelisano-’moho ea hao tabeng ena e tla ananeloa.
KOLOBETSO: Bakolobetsuoa ba lokela ho etsa boiteko ba ho lula litulong tsa bona sebakeng se khethetsoeng bona pele lenaneo le qala ka Moqebelo hoseng. E mong le e mong ea itokiselitseng ho kolobetsoa o lokela ho tla le liaparo tse hlomphehang tsa ho kena metsing le thaole. Ka mor’a puo ea kolobetso le thapelo e tla etsoa ke sebui, molula-setulo oa lenaneo o tla fana ka litsebiso tse khutšoanyane ho bakolobetsuoa le ho phatlalatsa pina. Ha ho qaloa mōla oa ho qetela, bahlokomeli ba tla lebisa bakolobetsuoa sebakeng sa ho qoelisoa, ha bamameli ba bang kaofela ba qetella pina. Kaha kolobetso e bontšang boinehelo ba motho ke taba ea lekunutu le ea botho pakeng tsa motho ka mong le Jehova, ha ho na tokisetso ea ho bitsoang kolobetso ea balekane eo ho eona bakolobetsuoa ba babeli kapa ba eketsehileng ba hakanang kapa ba tšoaranang ka matsoho nakong eo ba kolobetsoang. Ha ho hlokahale hore bakolobetsuoa ba hlahise lengolo le tsoang ho baholo le bontšang hore baa tšoaneleha bakeng sa kolobetso. Baholo ba phutheho ha baa lokela ho fana ka lethathamo la mabitso a ba tlang ho kolobetsoa.
TŠEBELETSO EA BOITHAOPO: Thuso ea baithaopi ea hlokahala bakeng sa tšebetso e phollatsi ea kopano ea setereke. Esita le haeba u ka tseba ho sebetsa karolong e le ’ngoe ea kopano, mosebetsi oa hao o tla ananeloa haholo. Ka kōpo itlhahise Lefapheng la Tšebeletso ea Boithaopo ha u fihla kopanong haeba u ka khona ho thusa. Bana ba ka tlaase ho lilemo tse 16 le bona ba ka tlatsetsa tšebetsong e atlehileng ea kopano, empa ho hlokahala hore ba sebetse le motsoali kapa motho e mong e moholo ea ikarabellang. Re khothalletsa baithaopi hore ba fihle ka nako likabelong tsa bona tsa mosebetsi. Ke habohlokoa haholo hore balebeli ba mafapha kapa balebeli ba karolo e itseng ea mafapha ba be likabelong tsa bona pele ho nako. Haeba ka mabaka a itseng ba ka lieha ho fihla re kōpa hore ba mpe ba tsebise molebeli oa kopano.
LIPINA: Kaha ho bina ke karolo ea borapeli ba rōna, re khothalletsa bohle ho itloaetsa lipina tse latelang tseo e tlang ho ba karolo ea lenaneo: 19, 34, 172, 85, 136, 117, 121, 13, 155, 113, 105, 215, 174, 10, 53, 191, 212. Nakong eo le itlhakisang bakeng sa lipina tsena, re etsa tlhahiso ea hore le sebelise litheipi tsa k’hasete tsa Mokhatlo.
LINAKO TSA MANANEO: Ho ba litulong tsa rōna ha lenaneo le qala ke taba e bohlale le e bontšang kananelo. Lenaneo le tla qala ka 10:20 hoseng letsatsing la pele. Etsa litokisetso tsa ho lula ho fihlela mananeo a phethoa. Pina e koalang le thapelo li tla ba ka 4:00 motšehare oa mantsiboea letsatsing la ho qetela.
LIBECHE: Ka kōpo qhoaela beche e etselitsoeng kopano ka ho khethehileng ha u le kopanong le ha u ea sebakeng sa kopano kapa u khutla ho sona. Hangata sena se re nolofalletsa ho fana ka bopaki bo botle ha re ntse re tsamaea. U lokela ho iphumanela libeche ka phutheho ea heno, kaha li ke ke tsa fumaneha kopanong.
SEBOKA SA BETHELE: Ho tla ba le seboka letsatsing la bobeli la kopano bakeng sa bahoeletsi leha e le bafe ba inehetseng ba pakeng tsa lilemo tse 19 le 35 ba ka ratang ho kenela tšebeletso ea Bethele. Ho tla etsoa tsebiso kopanong mabapi le nako e tobileng le sebaka seo seboka sena se tla tšoareloa ho sona.
BOIPONAHATSO BA PULA-MALIBOHO: Ho tla hlokahala hore bo-pula-maliboho bohle ba ka mehla le ba khethehileng, balebeli ba tsamaeang, baromuoa, le ba leng tšebeletsong ea Bethele ba tle le likarete tsa bona tsa Boiponahatso ba Tšebeletso ea Bopula-maliboho (S-202) kopanong. Ba bileng lethathamong ka likhoeli tse tšeletseng nakong ea kopano ea setereke eo ba eang ho eona ba ka fumana litekete tse lekanang R20 ka ho hlahisa likarete tsa bona. Hlokomela karete ena joaloka chelete. U ke ke ua nehoa e ’ngoe kopanong. Bo-pula-maliboho ba tla fumana litokollo leha e le life tsa mahala kapa libuka ka theko ea bo-pula-maliboho kamoreng ea libuka feela.
TLHOKOMELISO: Ho sa tsotellehe hore na u paka koloi ea hao hokae, u lokela ho e notlela ka linako tsohle ’me le ka mohla u se tlohele letho le bonahalang ka har’a eona. Notlella lintho tsohle tsa hao sebakeng se bolokang lithoto sa koloi, haeba ho khoneha. Hape, hlokomela masholu le bak’hothotsi ba hoheloang ke liboka tse khōlō. Sena se akarelletsa ho se tlohele letho la bohlokoa le sa hlokomeloa litulong tsa kopano. Ka kōpo e-ba hlokolosi.