Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/96 maq. 3-10
  • Kopano ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” ea 1996

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kopano ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” ea 1996
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kopano ea Setereke ea 1997 ea “Tumelo Lentsoeng la Molimo”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Kopano ea Setereke ea “Barorisi ba Thabileng” ea 1995
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Kopano ea Setereke ea “Tšabo ea Bomolimo” ea 1994
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Bontša Kameho ka Batho ba Thahasellang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 10/96 maq. 3-10

Kopano ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” ea 1996

1 Lenaneo la kopano ea setereke selemong sena ka sebele le tla re thusa ho boloka khotso ea rōna ea bomolimo, ’me le tla hlalosa karolo ea rōna ho thuseng ba bang ho fumana khotso e joalo. Joalokaha ho entsoe tsebiso ho Molula-Qhooa oa May 1, 1996, sehlooho sa eona ke “Manģosa a Khotso ea Bomolimo.” Na u se u entse litokisetso tsa ho se fetoe ke karolo leha e le efe ea lenaneo lee?

2 Lenaneo la Matsatsi a Mararo: Rea tseba hore u tla thabela kopano ea selemo sena haholo ’me u tla khutlela hae u tsohile molota. (2 Likron. 7:10) Le selemong sena re tla ba le lenaneo la matsatsi a mararo. Na u se u entse litokisetso tsa ho ba sieo mosebetsing oa boipheliso e le hore u ka ba teng nako eo eohle?

3 Kenyelletsong ena ho thathamisitsoe matsatsi a ho qetela le libaka bakeng sa likopano tse 45 tšimong ea lekala la Afrika Boroa. Hona joale mongoli oa phutheho ea heno o se a le tsebisitse eo le abetsoeng ho eona. Ho phaella ho ea Senyesemane, ho tla ba le likopano ka Seafrikanse, Sekwanyama, Sepotoketsi, Sepedi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu. Puo ea matsoho e tla ba teng libakeng tse peli.

4 Lenaneo matsatsing ’ohle a mararo le tla qala ka 9:30 hoseng, ’me le fele ka Sontaha hoo e ka bang ka 4:00 thapama. Na re tla bontša mosa ho barab’abo rōna ba hōlileng le ba holofetseng ka ho ba siela litulo libakeng tse loketseng haholoanyane le tse mabotho-botho? Hopola hore “lerato . . . ha le batle lithahasello tsa lona.”—1 Bakor. 13:4, 5; Bafil. 2:4.

5 Na U Tla Leotseha? Ka mor’a ho qotsa Liproverbia 27:17, “Tšepe e leotsa tšepe,” Molula-Qhooa oa August 15, 1993, o ile oa hlokomela: “Re joaloka lisebelisoa tse hlokang hore li leotsoe kamehla. Kaha ho bontša lerato ho Jehova le ho etsa liqeto tse thehiloeng tumelong ea rōna ho bolela ho ba ba fapaneng le lefatše lena, re lokela hore re se khaotse ho etsa lintho ka tsela e fapaneng le ea bongata, kamoo ho leng kateng.” Re ka sebelisa keletso eo joang?

6 Re fapane le lefatše ’me re tlameha ho lula re le joalo. Boiteko bo sa khaotseng ba ho finyella sena bo lokela ho bolokoa hore re tle re be ba chesehang mesebetsing e metle. (Tite 2:14) Ke ka lebaka leo sehlooho sa Molula-Qhooa se qotsitsoeng ka holimo se ileng sa tsoela pele ho re: “Ha re e-na le ba bang ba ratang Jehova, rea leotsana—re khothalletsana leratong le mesebetsing e metle.” Kopano ea setereke ke e ’ngoe ea litokisetso tse tsoang ho Jehova ho re thusa ho lula re leotsehile moeeng. Ha ho kamoo re ka fetoang ke karolo leha e le efe ea lenaneo lena.

7 Motho ea Bohlale o Tla Mamela: Ho mamela ke bohlale bo lokelang ho hlaoleloa. Ho ’nile ha boleloa hore motho ea tloaelehileng o hopola feela halofo ea seo a se utloileng—ho sa tsotellehe hore na o nahana hore o mametse ka hloko hakae. Kaha re phela mehleng ea litšitiso, ka linako tse ling re ka ’na ra ba le bothata ba ho tsepamisa mohopolo tabeng nako e telele. Na re ka leka ho lelefatsa nako ea rōna ea ho tsepamisa mohopolo tabeng, haholo-holo ha re lutse har’a bamameli ba bangata re mametse ha e mong a bua? Haeba u ne u ka kōptjoa ho fana ka kakaretso ea lenaneo la letsatsi ka leng ka mor’a hore u khutlele hae u tsoa kopanong, na u ne u tla khona ho etsa joalo? Kaofela ha rōna re ka ntlafatsa bokhoni ba rōna ba ho mamela le ho tsepamisa mohopolo karolong e ’ngoe le e ’ngoe eo ho nehelanoang ka eona lenaneong la kopano joang?

8 Thahasello e matla ke ea bohlokoa, hobane mpho ea bomolimo ea ho hopola e ke ke ea sebetsa hantle ka ntle ho eona. Ka mohlala, ha motho a bontša thahasello haholoanyane tabeng e itseng, ho bonolo ho hopola lintlha tsa sehlooho tsa puo kapa karolo ea lenaneo. Leha ho le joalo, boholo bo itšetlehile ka ho lebisa tlhokomelo e sa tloaelehang linthong tseo re nang le tokelo ea ho li mamela likopanong tsa setereke. Thahasello ea rōna e matla le ho mamelisisa ha rōna karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea lenaneo la kopano li ama boemo ba rōna ba moea ba hona joale hammoho le litebello tsa rōna tsa ka moso. Likopanong re rutoa litsela tsa Jehova ’me re fuoa litaelo bakeng sa ho phetha mosebetsi o pholosang bophelo. (1 Tim. 4:16) Inahane u le ka sekepeng se tsukutloang ke sefefo leoatleng. Litšepiso tsa Jehova ke ankora e tiileng ea tšepo. Haeba motho a sa mamele mananeong a Bokreste ’me a lumella hore kelello ea hae e lelere, a ka ’na a fetoa ke lintlha tsa bohlokoa tsa keletso le taeo tse ka mo thibelang hore a senyeheloe ke tumelo.—Baheb. 2:1; 6:19.

9 Likarolong tse ngata tsa lefatše, barab’abo rōna ba etsa boiteko bo boholo hore ba be teng libokeng. Ke ntho e babatsehang ho bona ba mametse ka hloko likopanong. Leha ho le joalo, libakeng tse ling, batho ba ’nile ba sitisa ba bang ka ho phethesela mabaleng a kopano nakong ea mananeo. Ba bang ba fihla ka mor’a nako. Likopanong tse ling tse fetileng, ho ne ho le thata ho utloa metsotsong e seng mekae e qalang ea lenaneo hobane ba bangata haholo ba ne ba ntse ba tsamaea liphasejeng le libakeng tse ka morao ho litulo. Hangata bana hase barab’abo rōna ba likabelong tsa mosebetsi kapa bo-’mè ba hlokomelang litlhoko tsa bana ba bona ba banyenyane. Boholo ba tšitiso bo bakoa ke batho ba qoqang le ba bang. Selemong sena Lefapha la Bahlokomeli le tla hlokomela bothata bona haholoanyane, ’me re tšepa hore bohle ba tla be ba lutse fatše ha molula-setulo a re mema hore re etse joalo. Tšebelisano-’moho ea hao tabeng ena e tla ananeloa haholo.

10 Ke litlhahiso life tse sebetsang tse tla re thusa hore re mamele haholoanyane lenaneong la kopano le ho hopola haholoanyane seo ho nehelanoang ka sona? Se ’nileng sa buuoa lilemong tse fetileng ke habohlokoa ho se pheta: (a) Tsepamisa mohopolo lebakeng le ka sehloohong la ho ea motseng oa kopano. Hase ho tšoareha boikhathollong, empa ke ho mamela le ho ithuta. (Deut. 31:12) Leka ho phomola ka ho lekaneng bosiu bo bong le bo bong. Haeba u tla kopanong u khathetse haholo, ho tla ba thata ho tsepamisa mohopolo. (b) Iphe nako e ngata ea ho paka koloi ea hao le ho lula fatše pele lenaneo le qala. Ho potlakela litulong motsotsong oa ho qetela hangata ho tla fella ka ho fetoa ke lintlha tse ling tsa karolo e qalang. (c) Ngola lintlha tse khutšoanyane tsa lintlha tse khōlō. Ho ngola lintlha tse ngata ho tlōla ho ka u sitisa ho mamela hamolemo. Ha u ngola, etsa bonnete ba hore ha u fetoe ke lintlha tse ling ka lebaka la ho tsepamisa mohopolo lintlheng tseo u li ngolang. (d) Ha ho boleloa puo e latelang ea kopano, e talime e le ntho eo u e lebeletseng ka cheseho. Ipotse, ‘Nka ithuta eng karolong ee e tla eketsa kananelo ea ka le lerato la ka ho Jehova? Boitsebiso bo ka nthusa joang ho bonahatsa botho bo bocha ka botlalo haholoanyane? Hoo ho tla nthusa joang ho ntlafatsa tšebeletsong ea ka?’

11 Boitšoaro bo Khabisang Tšebeletso ea Rōna: Pauluse o ile a khothalletsa Tite hore a iponahatse e le “mohlala oa mesebetsi e metle.” Ka ho se bontše tšenyeho thutong ea hae, Tite o ne a tla thusa ba bang ho “khabisa thuto ea Mopholosi oa rōna, Molimo, linthong tsohle.” (Tite 2:7, 10) Selemo le selemo, re amohela likhopotso tse mosa tsa hore na ke hobane’ng ha boitšoaro ba bomolimo e le ba bohlokoa hakana ha re e-ea leha re khutla kopanong, hammoho leha re le lihoteleng le matlong a ho jela le kopanong ka boeona. Selemong se fetileng re ile ra boela ra utloa litlhaloso tse thobang pelo tseo re ratang ho li arolelana le lōna.

12 Motsamaisi oa hotele e ’ngoe o ile a re: “Kamehla hoa thabisa ho amohela Lipaki hobane li na le mamello, li na le tšebelisano-’moho, le hore li lebela bana ba tsona ka thata.” Tlelereke e ’ngoe ea hotele e boletse hore mosebetsi oa eona o ba “bonolo haholoanyane ha ho kena Lipaki leha li e-tsoa hoteleng hobane, ho sa tsotellehe ho ema meleng, kamehla li mosa, li na le mamello ebile lia utloisisa.” Mosali e mong o ile a khahloa haholo ke boitšoaro ba bacha ba Lipaki ba neng ba lula hoteleng e tšoanang hoo a ileng a kōpa lingoliloeng tse ling tse buang ka mokhatlo oa rōna.

13 Ka lehlakoreng le leng, re ntse re ka ntlafatsa libakeng tse itseng. Re lakatsa ho arolelana le lōna tse ling tsa lintho tse hlokometsoeng tse rometsoeng ho Mokhatlo. Molebeli e mong ea tsamaeang o tlalehile hore bana ba Lipaki tsa Jehova ba hloka tlhokomelo e eketsehileng lihoteleng. Ba bang ba bonoe ba matha liphasejeng, ba nyolosa ba theosa ka li-lift, ba etsa lerata le leholo letamong la ho sesa, le ho lula ka letamong esita le ka morao ho nako ea ho koaloa, kahoo ba sitisa baeti ba bang ho robala. Ho hlokahala hore re koetlise bana ba rōna ho utloisisa hore boitšoaro ba Bokreste hase ba nako e itseng. Ha bo fele ha re tsoa mehahong ea kopano. Bo tlameha ho tšoarella lihora tse 24 ka letsatsi. Boitšoaro ba rōna hoteleng, matlong a ho jela, le literateng e lokela ho ba bo hlomphehang joalokaha re lutse fatše nakong ea mananeo le barab’abo rōna, re rutoa ke Jehova.—Esa. 54:13; 1 Pet. 2:12.

14 Re rata hape ho arolelana le lōna khopotso e mosa ka mpho ea chelete. Bafepi, basebeletsi lihoteleng le banna ba nkelang baeti thōtō le ba bang mesebetsing e tšoanang ka linako tse ling ba itšetlehile ka mpho ena ea chelete bakeng sa boipheliso.—Bona Awake! ea June 22, 1986, leqepheng la 24-7.

15 Le hoja ho khaolitsoe tšebeletso ea lijo likopanong tsa rōna, ho sa ntse ho e-na le litšenyehelo tse khōlō tse amehang bakeng sa ho hira mehaho, ho lokisetsa moo ho pakoang makoloi, le ho hlokomela linthoana tse ling. Menehelo ea rōna ea boithatelo e hlokomela litšenyehelo tsena. Morali e mong oabo rōna o ile a tla kopanong le bana ba lilemong tsa bocha a e-na le chelete e fokolang. Leha ho le joalo, eena le bana bao ba ile ba ’na ba thusa ka monehelo o monyenyane. Hore na e mong le e mong o rera ho etsa eng tabeng ena ke taba ea botho, empa rea tseba hore le ananela likhopotso tse joalo.—Lik. 20:35; 2 Bakor. 9:7.

16 Re Hlokomeloa ka Tsela eo re Aparang ka Eona: Tsela eo re aparang ka eona e senola ho hoholo ka rōna le ka maikutlo a rōna ho ba bang. Boholo ba bacha le batho ba baholo ba bangata ba pota-potiloe ke lifeshene, moaparo oa ho se tsotelle sekolong kapa mesebetsing ea bona. Selemo le selemo mekhoa ea liaparo e ba e feteletseng haholoanyane, esita le e tšosang. Haeba re sa hlokomele, re ka susumetsoa habonolo ke lithaka tsa lefatše hore re tene joaloka tsona. Litaele tse ngata ha lia lokela ho aparoa libokeng tsa borapeli. Lengolo le amohetsoeng ka mor’a likopano tsa selemo se fetileng le ile la bontša kananelo bakeng sa lenaneo empa la phaella: “Ke ile ka makala hore na ke hobane’ng ha ho ne ho e-na le banana ba bangata hakaalo ba banyenyane ba tenneng mese e mekhutšoanyane, le likipa tse melala e meholo le likete tse tlhabela e holimo.” Ka sebele kaofela ha rōna re lakatsa ho apara ka mokhoa o tšoanelang basebeletsi ba Bakreste ha re le kopanong leha re thabela botsoalle ka mor’a lenaneo. Ka linako tsohle re etsa hantle ha re nahana ka keletso ea moapostola Pauluse ea hore Bakreste ba khabisoe ka “moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.”—1 Tim. 2:9.

17 Ke mang ea lokelang ho lekanyetsa hore na moaparo o na le boitlhompho le hore ke o “hlophehileng hantle”? Ho ba ea nang le boitlhompho ho bolela ho ba ea “sa iphahamiseng kapa ea sa itšepeng ho tlōla.” Dikishinari e boetse e hlalosa boitlhompho e le “ho se be moikhantši.” Mokhatlo kapa baholo ha ba behe melao ka moaparo kapa boitlhopho. Leha ho le joalo, na ha hoa lokela ho hlaka ho Mokreste hore na ke mekhoa efe ea moaparo eo ho hang e sa hlompheheng kapa e sa tšoaneleng? (Bapisa le Bafilippi 1:10.) Ho itlhopha ha rōna le moaparo oa rōna ha lia lokela ho hapa tlhokomelo e sa lokelang. Ponahalo ea rōna e tlameha ho ba e thabisang, e seng ea bolefatše kapa e sa rateheng. Joaloka basebeletsi ba litaba tse molemo, ho apara le ho itlhopha ha rōna ka tsela e loketseng nakong eo re leng motseng oa kopano ea setereke ho tlisetsa Jehova tlhompho ’me ho hlahisa mokhatlo hantle. Kahoo, batsoali ba tla beha mohlala ebe joale ba etsa bonnete ba hore bana ba bona ba tena ka ho loketseng bakeng sa ketsahalo eo. Baholo ba tla tlameha ho beha mohlala o motle ’me ba lokele ho fana ka keletso e mosa haeba ho hlokahala.

18 Lihotele: Pejana re ile ra qotsa basebetsi ba lihotele ba ileng ba bolela hore ba ne ba khahliloe hobane barab’abo rōna ba ne ba e-na le mamello, ba le mosa ebile ba e-na le tšebelisano-’moho. Re batla ho tsoela pele re bonahatsa litšoaneleho tsena tsa Bokreste haeba re tlameha ho ema meleng ea ho ngolisa. Re ananela lihotele tse ileng tsa sebelisana le Lefapha la Marobalo mabapi le ho lokisetsa likamore ka theko e ka khonehang. Le hoja re ka ’na ra be re khathetse ke ho tsamaea, re lokela ho hopola ho tšoara bahiruoa ba hotele ka mosa. Ha re etsa joalo ho ka ’na ha etsa hore ba bang ba hlahlobe ’nete ka ho teba haholoanyane. Ho phaella moo, ha hoa lokela ho pheheloa ka likamoreng tsa hotele ntle leha ho e-na le kichine bakeng sa morero oo.

19 Lik’hamera, Lik’hamera Tsa Video le Mechine e Rekotang ka Lik’hasete: Hoa lumelleha ho sebelisa lik’hamera le thepa e ’ngoe ea ho rekota, hafeela re bontša ho nahanela ba bang ba teng. Haeba re tsamaea re nka litšoantšo nakong ea mananeo, hase feela hore re tla sitisa ba bang ba lekang ho mamela empa re tla lahleheloa ke karolo e ’ngoe ea lenaneo ka borōna. Hangata re rua molemo haholoanyane kopanong ka ho mamela libui ka hloko le ka ho ngola lintlha ka bokhutšoanyane. E ka ’na eaba re rekotela mor’abo rōna kapa morali’abo rōna ea kulang a le lapeng; empa, molemong oa rōna teng, re ka ’na ra fumana hore ha re khutlela hae ka mor’a lihora tse ngata tsa ho rekota lenaneo, ho ke ke ha e-ba le nako ea hore re hlahlobe boholo ba seo re se rekotileng. Ha ho thepa ea mofuta ofe kapa ofe ea ho rekota e lokelang ho hokelloa tsamaisong ea motlakase kapa ea molumo, leha e le hore thepa e lokela ho koala liphaseje, litselana kapa ho sira ba bang.

20 Litulo: Re tsoela pele ho hlokomela ntlafatso tabeng ea ho boloka litulo. Selemong se fetileng, boholo ba lōna le ile la latela litaelo: LITULO LI KA BOLOKELOA FEELA LITHO TSA LELAPA LA HAO TSE HAUFI-UFI LE BAFE KAPA BAFE BA TSAMAEANG LE UENA KOLOING EA HAO. Mohlomong u ho fumane ho sa sithabetse hobane ba bangata ba ne ba latela litaelo tsena tse hlakileng. Habohlokoa le ho feta, ho iphaphatha ha lōna le sena ho ne ho thabisa Jehova le “lekhoba le tšepahalang,” le fanang ka lijo tsa moea.—Mat. 24:45.

21 Ho na le palo e hōlang ea barab’abo rōna ba nang le litlhoko tse khethehileng tsa bophelo. Ba bang ba tla kopanong ka litulo tsa likooa ’me ho hlokahala hore ba hlokomeloe ke litho tsa malapa. Ba bang ba sebelisa meriana e sa tšoaneng bakeng sa maloetse a sa foleng a kang mathata a pelo kapa sethoathoa. Ka sebele ho re thabisa lipelo ho bona bara le barali bana babo rōna ba ratehang ba le kopanong, ba ikemiselitse hore ba se fetoe ke lijo leha e le life tsa moea. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, ho ’nile ha e-ba le bothata ba batho ba bang ba kulang nakong ea kopano, ho se na litho tsa lelapa kapa tsa phutheho ho ba thusa. Mabakeng a mang ho ile ha hlokahala hore tsamaiso ea kopano e bitse ba tšebeletso ea bongaka ea tšohanyetso ho isa mora kapa morali oabo rōna sepetlele. Boikarabelo ba ho hlokomela bao e leng khale ba kula bo lokela ho ba holim’a litho tsa lelapa le beng ka bona ba haufi. Lefapha la Thuso ea Pele la kopano ha le boemong ba ho fana ka tlhokomelo bakeng sa bao e leng khale ba kula. Haeba setho se seng sa lelapa la hao se hloka tlhokomelo e khethehileng, ka kōpo etsa bonnete ba hore ha se sale se le seng haeba ho hlaha maemo a tšohanyetso. Ho phaella moo, ho ke ke ha e-ba le litokisetso likopanong bakeng sa likamore tse khethehileng ho amohela ba kulisoang ke lintho tse itseng tse etsang hore bolulo ba bona bo arohe libakeng tseo ho luloang ho tsona ka kakaretso. Baholo ba tla rata ho ba hlokolosi ka leha e le bafe phuthehong ea habo bona ba nang le litlhoko tse khethehileng tsa bophelo le hore ba etse litokisetso tse khethehileng esale pele bakeng sa ho ba hlokomela.

22 Tlhokahalo ea Lijo Kopanong: Ho bile le litlhaloso tse ngata tse ntle mabapi le melemo ea ho itlela le lijo tsa rōna. Mor’abo rōna e mong o ile a ngola: “Ka ho hlakileng ke khona ho bona molemo oa moea o moholohali ho sena. Nako eane eohle le matla joale li ka lebisoa litabeng tsa moea. Ha ke e-s’o utloe maikutlo leha e le afe a mabe.” Morali e mong oabo rōna o ile a ngola: “Ka mohlala, lōna barab’abo rōna lea re khothatsa re le Bakreste ka bomong hore re itlhahlobe le ho batla litsela tsa ho nolofatsa bophelo ba rōna le ho eketsa tšebeletso ea puso ea Molimo.” Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a ngola ka tokisetso ea pele ea tšebeletso ea lijo: “Tokisetso ea khale e ne e bakela palo e khōlō ea barab’abo rōna hore ba lahleheloe ke lenaneo lohle la kopano.” Mabapi le lijo tseo barab’abo rōna ba itletseng le tsona, moholo e mong o ile a ngola: “Ba ne ba e-na le seo ba se batlang, ’me ho ne ho sa hlokahale hore ba li emele meleng.” Qetellong, morali e mong oabo rōna o ile a ngola: “Ka mor’a mananeo ho ne ho e-na le khotso ebile ho khutsitse ’me ho ne ho e-na le moea oa nyakallo.” E, e mong le e mong a ka itlela le se lekaneng ho mo khorisa nako eohle ea thapama. Ba bangata ba hlalositse hore ba bile le nako e eketsehileng ea ho etela metsoalle.

23 Ho ke ke ha e-ba le tšebeletso ea lijo hape selemong sena. U ka ’na ua nka metsotso e seng mekae u hlahloba kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1995, serapeng sa 26, bakeng sa litlhahiso tsa lijo tse lumellanang le boemo tse matlafatsang tse ka nkuoang ha ho uoa kopanong. Ha ho tluoa le nama kopanong, ka kōpo hopola hore e na le ho bola ha ho chesa, ntle leha ho e-na le mokhoa oa ho e boloka e pholile. Likhalase kapa lino tse tahang ha lia lokela ho tlisoa mabaleng a kopano. Haeba li-cooler tse nyenyane li hlokahala, li tlameha ho kena tlas’a setulo sa hao. Hopola hore ka khefu ea motšehare ho na le nako e lekaneng ea ho ja le ho noa seo u tlileng le sona. Joaloka Liholong tsa rōna tsa ’Muso nakong ea liboka, kamehla re tlohela ho ja nakong ea mananeo a kopano. Kahoo re bontša tlhompho bakeng sa tokisetso ea borapeli le lijo tsa moea tseo ho fanoang ka tsona.

24 Haufinyane Likopano tsa Setereke tsa pele tsa “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” li tla qala. Na u se u qetile litokisetso tsa ho ba teng, ’me na hona joale u loketse ho thabela matsatsi a mararo a botsoalle bo thabisang le ba lintho tse ntle tsa moea? Ke thapelo ea rōna e tlohang botebong ba pelo hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao ba hore u be teng kopanong ea lehlabula lena.

[Lebokose le leqepheng la 10]

Likhopotso Tsa Kopano Ea Setereke

Kolobetso: Ba Eang Kolobetsong Ba Lokela Ho Lula Karolong Eo Ba E Khethetsoeng Pele Lenaneo Le Qala Hoseng Ha Moqebelo. Ho Hlokometsoe Hore Ba Bang Ba Apara Liaparo Tse Se Nang Seriti Le Tse Hlomphollang Ketsahalo Ena. E Mong Le E Mong Ea Rerang Ho Kolobetsoa O Lokela Ho Tla Le Liaparo Tse Hlomphehang Tsa Ho Kena Metsing Le Thaole. Baholo Ba Phutheho Ba Hlahlobang Lipotso Tse Bukeng Ea Tšebeletso Ea Rōna Le Ba Eang Kolobetsong Ba Tla Rata Ho Tiisa Hore E Mong Le E Mong O Utloisisa Lintlha Tsena. Ka Mor’a Puo Ea Kolobetso Le Thapelo Ka Sebui, Molula-setulo Oa Lenaneo O Tla Fana Ka Litaelo Tse Khutšoanyane Ho Ba Eang Kolobetsong Ebe Joale O Bolela Pina. Ka Mor’a Hore Ho Binoe Mola Oa Ho Qetela, Bahlokomeli Ba Tla Lebisa Ba Eang Kolobetsong Sebakeng Sa Qoeliso. Kaha Kolobetso Pontšong Ea Boinehelo Ba Motho Ke Taba Ea Lekunutu Le Ea Botho Pakeng Tsa Motho Ka Mong Le Jehova, Ha Ho Na Tokisetso Ea Ho Bitsoang Likolobetso Tsa Balekane Tseo Ho Tsona Ba Babeli Kapa Ho Feta Ba Eang Kolobetsong Ba Hakanang Kapa Ba Tšoaranang Ka Matsoho Nakong Eo Ba Kolobetsoang.

Libeche: Ka kōpo qhoaela beche ea 1996 kopanong ha u e-ea leha u khutla sebakeng sa kopano. Hangata sena se re nolofalletsa ho fana ka bopaki bo botle ha re ntse re tsamaea. U lokela ho iphumanela libeche le likoahelo ka phutheho ea heno. Ka kōpo odora esale nako kaha li ke ke tsa fumaneha kopanong. Se ke ua ema ho fihlela matsatsi a se makae pele ho kopano hore u botse ka likarete tsa hao le lelapa la hao. Hopola ho nka karete ea hao ea Advance Medical Directive/Release.

Marobalo: Re kōpa tšebelisano-’moho ea e mong le e mong ea sebelisang Lefapha la Marobalo. Bangoli ba liphutheho ba lokela ho tiisa hore liforomo tsa Kōpo ea Kamore li romeloa kapele atereseng e loketseng ea kopano. Haeba u ke ke ua hlola u sebelisa tokisetso ea bolulo e entsoeng ke Lefapha la Marobalo, u lokela hore hang-hang u tsebise mong’a ntlo kapa hotele le ba Lefapha la Marobalo la kopano e le hore kamore e ka abeloa motho e mong.

Lipina: Kaha ho bina ke karolo ea borapeli ba rōna, re khothalletsa bohle ho itlhakisa ka lipina tse latelang tseo e tlang ho ba karolo ea lenaneo: 159, 59, 26, 211, 215, 174, 123, 16, 207, 111, 42, 38, 127, 170, 8, 187, 15 le 212. Re buella hore liphutheho li itlhakise bonyane ka pina e le ’ngoe ka mor’a seboka.

Likoloeana Tsa Bana: Lefapha la Mollo le khothalletsa hore likoloeana tsena li se ke tsa kena ka holong kapa tsa behoa liphasejeng le litselaneng tsa holo kapa pakeng tsa mela ea litulo. Kaha letšoele le leholo la batho le baka tšubuhlellano, likoloeana tsa bana li ka ba kotsi e seng feela ho bana empa le ho motho ofe le ofe eo li ka mo khopang. Kahoo ka kōpo le se ke la kena le tsona ka holong. Leha ho le joalo, litulo tsa masea kapa tseo a behoang ho tsona ka koloing li lumeletsoe, kaha li ka faselletsoa litulong haufi le batsoali. Tšebelisano-’moho ea hao tabeng ena e tla ananeloa.

Tšebeletso ea Boithaopo: Kaha ho se ho se na tšebeletso ea lijo, ba bangata ba neng ba sebetsa lefapheng leo joale ba ka fumana hore ba ka ithaopela ho sebetsa kae-kae. Na u ka behella nako e itseng ka thōko kopanong bakeng sa ho thusa lefapheng le leng? Ho sebeletsa barab’abo rōna, esita le haeba ke ka lihora tse seng kae feela, e ka ba ho thusang haholo le ho tlisang khotsofalo e khōlō. Haeba u ka khona ho thusa, ka kōpo itlhahise Lefapheng la Tšebeletso ea Boithaopo kopanong. Bana ba lilemo tse ka tlaase ho 16 le bona ba ka etsa tlatsetso e ntle ka ho sebetsa tlas’a tataiso ea motsoali kapa motho e mong e moholo ea nang le boikarabelo.

Tlhokomeliso: Ka ho falimehela mathata a ka ’nang a hlaha, re ka ipoloka mathateng a sa hlokahaleng. Hangata masholu le batho ba bang ba bolotsana ba tla senyetsa batho ba leng hōle le tikoloho ea lehae la bona. Tiisa hore koloi ea hao e notletsoe ka linako tsohle, ’me le ka mohla u se siee letho le bonahalang le ka lekang motho hore a thuhe le ho kena. Masholu le bak’hothotsi ba rata lipokano tse khōlō. E ke ke ea e-ba bohlale ho siea lintho leha e le life tsa bohlokoa setulong. U ke ke ua tiisa hore e mong le e mong ea pel’a hao ke Mokreste. Ke hobane’ng ha u ka ba hohela ka ntho leha e le efe? Ho amohetsoe litlaleho tsa batho ba kantle ba ileng ba leka ho hohella bana hore ba tlohe sebakeng sa kopano. LULA U BONA BANA BA HAO KA LINAKO TSOHLE.

Lithelevishene le livideo tse fumanehang lihoteleng tse ngata li bontša mananeo a litšila, a bootsoa. Hlokomela leraba lena, ’me u se lumelle bana ho shebella thelevishene ba sa behoa leihlo kamoreng ena.

Ka kōpo u se ke ua founela kapa ua ngolla batsamaisi ba mehaho ea kopano u batla boitsebiso mabapi le litaba leha e le life tsa kopano. Haeba boitsebiso bo sa fumanehe ho baholo, u ka ngolla atereseng ea kopano e khethehileng, eo u ka e fuoang ke mongoli oa phutheho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela