Bontša Kameho ka Batho ba Thahasellang
1 Ka holimo ho lintho tsohle, Jehova o ’nile a bontša moea oa ho fana ka seatla se bulehileng ha a bontša kameho ka batho. Hase feela hore o fane ka lintho tse bonahalang ka bongata empa o re file le lintho tsa moea tseo re li hlokang le tseo re li thabelang. O amehile haholo ka rōna hoo a hlahlobang se leng lipelong tsa rōna.—Pes. 139:23.
2 Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a latela mohlala oa Ntate oa hae ka ho phethahetseng ka ho bontša kameho ka batho ba bang. Na u sa hopola monna ea ileng a re ho Jesu, “Morena, ha u rata, u na le matla a ho ’ntlafatsa”? Jesu o ile a araba, “Kea rata.” (Matt. 8:1-3) Ha Jesu a bona mosali oa mohlolohali ea hlomohileng, o ile a etsa joang? O ile a ema ho mo thusa. (Luka 7:11-15) Na u ka falimehela ho bontša kameho ka batho ba thahasellang?
3 Ha re etsisa Ntate oa rōna, Jehova, le Mora oa hae, Kreste Jesu, le rōna re tlameha ho bontša thahasello ea botho ho ba bang. Re etsa sena ka ho boloka tlaleho e nepahetseng ea ntlo le ntlo. Sena se kopanyelletsa ho ngola lebitso le aterese e nepahetseng ea motho ea thahasellang hammoho le sehlooho seo re ileng ra buisana le eena ka sona ketelong ea pele. Joale, pele u etsa leeto la ho boela, lokisetsa hantle. Haeba re ile ra siea limakasine ketelong ea pele, mohlomong leeto la rōna la ho boela le ka thehoa khopolong e itseng e bontšitsoeng ho se seng sa lihlooho tsa makasine. Hlokomela kamoo sena se ka etsoang ka teng.
4 Haeba u ile ua siea Molula-Qhooa oa October 1, 1992, ’me u ile ua buella sehlooho “Na Ruri Moloko oa Batho o Hloka Messia?,” u ka lokisetsa ho totobatsa Tšenolo 21:4 le Johanne 17:3 leetong la hao la ho boela.
Ka mohlala, ka mor’a ho bala Tšenolo 21:4, u ka ’na ua botsa:
◼ “Ke joang re ka fetohang karolo ea lefatše le joalo? [Emela karabo.] Mamela seo Messia a boletseng hore sea hlokahala e le hore re ka phela lefatšeng le kang lena.” Ebe u bala Johanne 17:3, u totobatse hore bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la khotso bo ka fumanoa ka ho ba le tsebo ka Molimo le Kreste. Haeba ho bonahala thahasello, leka ho qalisa thuto ka pampitšana Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso.
5 Batho ba ka arabela hantle ha u buisana le bona ka ntlha eo u e khethileng ho Tsoha! ea October 8, 1992, ho “U ka Hlōla Maikutlo a Fosahetseng.” Ha u etsa leeto la ho boela, u ka ’na ua theha puisano ea hao ho Ba-Filippi 4:6, 7.
U ka ’na ua botsa:
◼ “U lumela hore tharollo ea ho hlōla maikutlo a fosahetseng kajeno ke efe?” Leboha karabo, ebe u re: “Ka ho thahasellisang, Bibele e thathamisa litekanyetso tseo, haeba li sebelisoa, li tlatsetsang khotsong ea kelello le ea pelo. [Lebisa tlhokomelo lintlheng tse loketseng ho tsoa ho Ba-Filippi 4:6, 7.] Bibele e bua ka nako eo ka eona bohle ba tla phela ka melao-motheo ea Bibele ’me ho ke ke ha ba le maemo a bakang maikutlo a fosahetseng.” Joale u ka totobatsa mahlohonolo a mang a nakong e tlang ka ho hlahloba pampitšana Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso, joale u ka etsa hore puisano eo e fetohe thuto.
6 Ho thoe’ng haeba mong’a ntlo o se a ntse a na le e ’ngoe ea likhatiso tsa rōna? Ke hobane’ng ha u sa e sebelise ho qalisa thuto? Haeba ke buka ea Phela ka ho sa Feleng, phetla ho litaba tse kahare ebe u kōpa mong’a ntlo hore a khethe sehlooho seo a ka ratang hore le buisane ka sona. Joale u ka qalisa thuto ka ho bua ka serapa se le seng kapa tse peli.
7 Ho bontša kameho ka batho ba thahasellang ka ho lokisetsa hantle le ka ho etsa maeto a atlehileng a ho boela ho bontša hore re baetsisi ba Molimo le Kreste, ’me re batla hore ba bangata kamoo ho ka khonehang ba bolokehe.—2 Pet. 3:9.