Mokhoa oa hore U Latsoe Khotso ea Molimo Haholoanyane
“Oho! hoja u ka lemoha litaelo tsa ka! khotso ea hao e ka ’na ea phalla joale ka nōka; ho loka ha hao ho ka tlala joale ka maqhubu a leoatle.”—ESAIA 48:18.
1. Ho hlokahala eng haeba re tla latsoa khotso ka botlalo kamoo re lokelang?
BA KOPANELANG ka mehla boithutong ba phutheho ba Bibele ka thuso ea makasine ona ba hlokomela bohlokoa ba khotso eo Molimo o fanang ka eona, ’me ba batla khotso eo. Ha ho pelaelo hore ba bangata baa e thabela. Empa hase bohle ba e latsoang ka botlalo joalokaha ba lokela. Hobane’ng? Mabapi le ba neng ba tla ba le khotso ea Molimo, Jehova o re: “’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang, ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona. Oho! hoja u ka lemoha [“ua ela hloko,” NW] litaelo tsa ka! khotso ea hao e ka ’na ea phalla joale ka noka; ho loka ha hao ho ka tlala joale ka maqhubu a leoatle.”—Esaia 48:17, 18.
2. (a) Poleloana “ho ela hloko” e fana ka maikutlo afe? (b) Ke litaelo tse kae tsa Molimo tseo re lokelang ho li ela hloko? (1 Johanne 5:3)
2 Ka ho hlakileng, mang kapa mang a ka rua molemo ka ho ba teng libokeng moo re buisanang ka Bibele. Empa ke feela ba elang hloko litaelo tsa Jehova, ba itšebelisetsa tsona ’me ba lumellana le tsona, ba thabelang kannete khotso ea Molimo. Na ho na le libaka tseo ho hlokahalang hore u etse hoo haholoanyane? (2 Petrose 1:2) Ha hoa lekana ho ela hloko litlhokahalo tse seng kae tsa Molimo e be joale re hlokomoloha tseo re fumanang hore lia re sitisa kapa li thata haholoanyane. Ha Diabolose a ne a leka ho eka Jesu Kreste hore a ee ka tsela ea hae ea monahano oa boithati, Jesu ka tieo a arabela: “Ho ngoliloe, ho thoe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.”—Mattheu 4:4.
3. Ke litšobotsi life tsa bophelo ba rōna tse tlamehang ho tlisoa tumellanong le litsela tsa Jehova haeba kannete re tla ba le khotso e khōlō?
3 Litaelo tsa Molimo li ama tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna. Pele ho tsohle, li ama kamano ea rōna le Jehova. E be joale li ama pono ea rōna ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa oona o bonahalang, tšebeletso ea Bokreste, tsela eo re tšoarang litho tsa malapa a rōna ka eona, le litšebelisano tsa rōna le batho ba lefatše. Ba elang hloko ka tieo litaelo tsa Jehova litabeng tsena tsohle, ke bona ba hlohonolofatsoang ka khotso e khōlō. A re nahaneng tse seng kae tsa lintho tse ka re thusang ho latsoa hoo ka borōna.
Na ho na le e ’Ngoe Litabeng Tsee e Hlokang Tlhokomelo ea Hao?
4. (a) Ke hobane’ng ha ho ba le thuto ea lehae ea Bibele kapa ho ea Holong ea ’Muso e se tiiso ea hore re khotsong le Molimo? (b) Ke eng e akarelletsoang ho lumeleng ho Jesu Kreste? (Johanne 3:36)
4 Na u sa tsoa qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Kapa na mohlomong u ile ua kopanela le phutheho ea moo ka likhoeli tse seng kae kapa lilemo tse seng kae? Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore u thabisitsoe ke ho ba le tsebo ea hore merero ea Molimo e phuthulohe ka pel’a hao. Empa ’nete ea hore motho o thabela thuto ea lehae ea Bibele kapa o thabisoa ke ho ea Holong ea ’Muso ha e pake hore o khotsong le Molimo. Bohle re tsoaletsoe sebeng, ’me re ka fumana khotso le Molimo ka Jesu Kreste feela. (Esaia 53:5; Liketso 10:36) Ho lumela feela tjee ho Jesu ha ho tlise khotso eo. Hoa hlokahala hore ka borōna re ananele hore re hloka topollo, hore re lumele molemong oa sehlabelo sa Jesu, e be re fana ka bopaki ba tumelo eo ka ho utloa litaelo tsa hae. (Jakobo 2:26) E ’ngoe ea litaelo tseo Jesu a faneng ka tsona ha a le lefatšeng e bile hore bao e neng e tla ba barutuoa ba hae ba kolobetsoe metsing. (Mattheu 28:19, 20) Na u qoelisitsoe tšoantšetsong ea boineelo ba hao ho Jehova ka Jesu Kreste?
5. Ke hobane’ng ha boineelo le kolobetso e le tsa bohlokoa hore re be khotsong le Molimo?
5 Na ho na le ho hong bophelong ba hao ho u etsang ea sa tšoaneleheng bakeng sa kolobetso? Haeba u tseba hore ho teng, kapa haeba ha u ntse u ithuta u ithuta hore ho teng, u se ke ua lieha ho lokisa litaba. Lemoha hore boikutlo leha e le bofe kapa boitšoaro leha e le bofe bo ka etsang hore motho e be ea sa tšoaneleheng bakeng sa kolobetso le bona ke tšitiso ea ho ba le khotso le Molimo. Nka bohato ka potlako ha monyetla o sa ntse o le teng. Joalokaha ho bontšitsoe ho 1 Petrose 3:21, ba fuoang letsoalo le letle ke Jehova Molimo ba qala ka ho ineela ho eena motheong oa tumelo sehlabelong sa Kreste, ba kolobetsoa tšoantšetsong ea ho ineela, ’me joale ba etsa thato ea Molimo. Joale ba ba le khotso e tsamaeang le letsoalo le letle ka lebaka la ho ba boemong bo amohelehang pel’a Molimo; ha ho tsela e ’ngoe hape eo e ka fumanoang ka eona. Ha e le hantle, ke qalo feela.
6. Ke hobane’ng ha boikutlo ba rona mabapi le liboka tsa phutheho bo amana le ho thabela ha rōna khotso?
6 Ho latelang, nahana ka hore na u ba teng kamehla hakae libokeng tsa phutheho le ho kopanela ho tsona kamoo u ka khonang. Na liboka tsee li na le sebaka bophelong ba hao seo u sa lumelleng hore se khathatsoe ke lefatše kapa mesebetsi e meng ea botho? Na u lokisetsa liboka ’me u ho nka e le tlotla ho nka karolo ho tsona? Lintho tsena le tsona, li ama ka ho tiileng ho thabela ha motho khotso. Hobane’ng? Hobane moea oa Molimo o na le batho ba oona ba phuthehileng, ’me khotso ke tholoana ea moea oo. (Ba-Galata 5:22) Ke libokeng tsena moo re thusoang ho utloisisa se hlokoang ke Jehova; ’me rea li hloka e le hore re ka etsa se khahlisang mahlong a hae. Le hona mona, rea ithuta kamoo re ka hōlisang khotso likamanong tsa rōna le batho ba bang—ka phuthehong, lapeng, sekolong le mosebetsing oa rōna oa boipheliso. Liboka tsa rōna ke e ’ngoe ea litsela tse ka sehloohong tseo Jehova a re rutang ka tsona, ’me joalokaha Mangolo a bontša, ke ba rutoang ke Jehova ba thabelang khotso e khōlō.—Esaia 54:13.
7. Ho hlokahala hore lintho tseo ho buisanoeng ka tsona libokeng tsa rona li lateloe ke eng?
7 Ntlha e amanang haufi-ufi le hoo e lokeloang ke hore re e hlokomele ke ho tsoela pele re sebelisa seo re ithutang sona bophelong ba rōna. Ha re batle ho tšoana le Baiseraele bao Jehova a itseng ba ne ba tla ‘utloa empa ba se ke ba utloisisa.’ (Esaia 6:9) Ho feta moo, na re batla ho tšoana le bao Jehova a ba hlalositseng ho Ezekiele—batho ba neng ba mamela moprofeta oa Jehova empa ba sa etse seo a se bolelang hobane ba ikhethetse ho phethahatsa litakatso tsa bona tse litšila kapa tsa lintho tse bonahalang? (Ezekiele 33:31, 32) Ha ho bapisoa, ba neng ba tla bokana tlung ea Jehova mehleng ea rōna e be baa amoheleha ba hlalosoa ba re: “Tlong, re nyolohele thabeng ea Jehova, tlung ea Molimo oa Jakobo, a tle a re rute litsela tsa hae, re tsamaee ka ’mila ea hae.” (Mikea 4:2) Haeba kannete re tebisa pelong thuto eo re e fumanang libokeng tsa rōna, haeba sebokeng se seng le se seng re hloaea bonyane ntlha e le ’ngoe eo rōna ka borōna re e hlokang ’me re sebeletsa ho eona, re tla kotula litholoana tsa khotso. Joalokaha Jesu a itse ho Luka 11:28: “Ho lehlohonolo ba utloang lentsoe la Molimo, ’me ba le boloka.”
8. Ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ka botlalo ho latela maemo a rōna ho ka re ruisa molemo joang?
8 E ’ngoe ea lintho tse hatisoang libokeng tsa rōna ke bohlokoa ba ho kopanela ka botlalo ho boleleng ’Muso oa Molimo le ho thuseng ba bang hore e be barutuoa. (Mattheu 24:14; 28:19) Mesebetsi ee e hlahelletse hakae bophelong ba hao? Haeba kannete re etse hloko seo Jehova a re bolellang sona ka Lentsoe la hae le ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae, rea tseba hore ona ke mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa o etsoang lefatšeng kajeno. (Tšenolo 14:6, 7) ’Me ke ’nete e tsebisahalang hore ba tšebeletsong ea nako e tletseng—hammoho le bao, le hoja e ke ke ea e-ba bo-pula-maliboho, ba chesehang kannete tšebeletsong—har’a rōna ke bona ba thabileng ka ho totobetseng. Khotso eo ba e thabelang ha e tšoane feela le lerotholi la metsi, empa joalokaha Jehova a boletse, e ba “joale ka nōka.” (Esaia 48:18) Na u na le eona? Re ka ba le eona bohle.
9. Ke eng e ka re thusang ho boloka khotso eo re e fuoeng ke Molimo le haeba re feta har’a mathata a boima haholo?
9 Leha ho le joalo, ho utloa ha rōna keletso ena eohle, ha ho etse hore re se ke ra hlaseloa ke likhatello tsa bophelo tsamaisong ea joale ea lintho. Empa ho sa tsotellehe hore na maemo a ka ba thata hakae, Molimo o re tiisetsa thuso ea oona e lerato haeba re retelehela ho oona. (1 Petrose 5:6, 7) Na re ithutile ho batla thuso ea Jehova le tataiso linthong tsohle tseo re li etsang, re retelehela ho eena ka bolokolohi ka thapelo ’me, ha re entse seo re ka se khonang ka maemo a thata, re lahlela lipelaelo tsa rōna ho Jehova, ’me ka tšepo re li siea ho eena? (Liproverbia 3:5, 6; Pesaleme ea 55:22) Ho Ba-Filippi 4:6,7 re khothaletsoa ka mofuthu: “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho. ’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.” A tokisetso e hlollang! Na u ithutile ho rua molemo ka botlalo khotsong ea Molimo e fumanehang ka mokhoa o joalo?
Phehella Khotso ka Linako Tsohle
10. Kamor’a ho batla khotso, ke eng e hlokahalang ho rōna?
10 Hang ha re e-na le khotso e joalo, re ke ke ra e tšoara habohlasoa. Ho hlokahala boiteko bo matla ho e boloka. Ke kahoo 1 Petrose 3:10, 11 e reng: “Ea lakatsang ho rata ho phela le ho bona matsatsi a monate, . . . a batle khotso, a e phehelle.” Kamor’a ho batla pakane le ho e fumana, motho e ne e tla ba sethoto hore a bapale ka pakane eo. Kamor’a ho batla khotso le ho e fumana, ho hlokahala hore re e sireletse linthong tse ka ’nang tsa e senya. Ho feta moo, re lokela hore ka mafolo-folo re phehelle lintho tse tlatsetsang khotsong eo.
11. (a) Ke boikutlo bofe bo ka ’nang ba bea kamano ea rōna le Jehova kotsing? (b) Ke neng re lokelang hore ka sebele re kōpe thuso ea Molimo mabapi le meleko? (Mattheu 6:13)
11 Haeba re finyelletse khotso le Molimo ka mekhoa eo o e lokiselitseng, ho hlokahala hore re be hlokolosi hore re se ke ra senya kamano eo ka ho khutlela mekhoeng ea sebe. Ha e le hantle, kaha bohle ha rea phethahala, bohle re etsa libe. Empa ho kotsi ha motho a lokafatsa ka ho eena boikutlo le liketso tseo Molimo o li nyatsang. Ha ho thuse letho ho sisinya mahetla e be u re, “Ke kamoo ke leng kateng.” (Ba-Roma 6:16, 17) Ho hlokahala hore re bakele liphoso ho e-na le ho li lokafatsa, ’me joale re lokela ho kōpa Molimo tšoarelo motheong oa tumelo ea rōna sehlabelong sa Jesu. Hape ho hlokahala hore re ithute ho retelehela ho Molimo bakeng sa thuso pele re fosa, ho e-na le ho leka ho loana ntoa re le bang, qetellong re ineela, ’me joale re kōpa tšoarelo. Ka thuso ea Molimo, re ka atleha ho “apara motho e mocha, ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo, ho lokeng le khalalelong ea ’nete.”—Ba-Efese 4:20-24.
12. (a) Ho thabela khotso, ke likamano life hape tse hlokang tlhokomelo? (b) Ke eng e hlokoang ho rōna ntlheng ee?
12 Ha e le hantle, ho thabela khotso, ho boetse ho ama likamano le batho ba bang. Bakreste ba ’nete ba sebeletsa Molimo e le karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng, ke ‘boena.’ (1 Petrose 2:17) Joalokaha Jesu a boletse hore e ne e tla ba ’nete ka balateli ba hae, ba hlahelletse ka ho ratana ha bona. (Johanne 13:35) Empa ha ho lea mong ho bona ea phethahetseng. Ka lebaka la ho se phethahale ha rōna le ha ba bang, ho ka ’na ha hlokahala hore re rapele ka tieo mabapi le maemo a itseng ’me re sebetse ka thata ho rarolla mathata. Ba-Heberu 12:14 ea re phehella: “Phehellang ho ba le khotso le batho bohle.” ’Me likamanong tsa rōna le baena ba rōna le bo-khaitseli ba rōna ba Bakreste, ho na le tlamo e khethehileng ea ho phehella khotso. Ka ho toba, 1 Ba-Thessalonika 5:13 e re: “Lulisanang hammoho ka khotso.” Hoo ha ho bolele feela hore motho a ithibe a se ke a iphetetsa empa ho ba moholisi ea mafolo-folo oa khotso, ea nkang bohato ba pele ho boloka khotso le ho ba ea utloisisang ho ineela thahasellong ea khotso.—Ba-Efese 4:1-3.
13. (a) Ho hōlisa khotso le ba sa lumelang, re ka etsa joang, empa re bontša joang hore khotso le Molimo e tla pele? (b) Ho ka ba bonolo joang hore re be le khotso ha re pota-potiloe ke merusu?
13 Leha ho le joalo, ka ntle ho phutheho hase e mong le e mong ea utloisisang ho ba le khotso. Kahoo, ka sebele, Ba-Roma 12:18 ea eletsa: “Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle.” Empa boiteko ba rōna ba ho hōlisa khotso ha bo akarelletse ho sekisetsa mabapi le litlhokahalo tse lokileng tsa Jehova. Re ka ’na ra lokisa linako tseo re etsang lintho tse itseng ka tsona, empa rea tseba hore e ka ba bothoto ho tlohela ho ba teng libokeng tsa phutheho kapa ho se kopanele tšebeletsong ea tšimo e le hore re ka boloka khotso le balekane ba lenyalo kapa seng. ’Me rea tseba hore Jehova o ne a ke ke a ananela hore re kopanele mekhoeng eo e seng ea bomolimo le bao re sebetsang le bona kapa bao re kenang sekolo le bona e le hore re ka amoheleha ho bona. Rea hlokomela hore khotso ea sebele ke ea bao pele ho tsohle ba thabelang khotso le Molimo, ba ratang molao oa Jehova le ba tsamaeang litseleng tsa hae. Ke khotso eo eo re e nkang e le ea bohlokoa ho feta tsohle. (Pesaleme ea 119:165) Ke ’nete hore re ka ’na ra pota-potoa ke merusu. Ba sa lumelang ba ka ’na ba ngangisana le ho loantšana; mohlomong ba ka ba ba re hlapaola ka lebaka la tumelo ea rōna. Empa rea tseba kamoo Lentsoe la Molimo le re rutileng ho itšoara kateng. Ka ho phehella tsela e tumellanong le litsela tse lokileng tsa Jehova, ha re amohuoe khotso eo e leng ea bohlokoa haholo.—Bapisa Pesaleme ea 46:1, 2.
14. Le haeba ka borōna re feta har’a mahloriso, ke eng e re nolofaletsang ho tsoela pele re phuthulohile ’me re e-na le pono e khanyang?
14 Bosiung ba ho qetela pele ho lefu la hae, Jesu o boleletse baapostola ba hae ba tšepahalang: “Ke le boleletse taba tseo, hore le be le khotso ho ’na. Le tla ba le mahlomola lefatšeng; le mpe le bete lipelo; ke hlōtse lefatše.” (Johanne 16:33) E, re hlile re feta har’a mahlomola. Joaloka Bakreste, re feta mahlorisong a mefuta e sa tšoaneng. Re ka ’na ra hatelloa, ’me ba bangata ba hlokofatsoa ke ho kula ho matla. Empa khotso ea Molimo e re boloka har’a sena sohle. Kaha re rutiloe ke Jehova, rea tseba hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba hlorisoa. Ha re lefifing la hore na ke hobane’ng ha ho e-na le khatello le hore na ke hobane’ng ha re kula. Hape rea tseba hore na bokamoso bo tšoere eng. Rea tseba hore topollo e tla ba teng ka lebaka la bophelo bo tšepahalang ba Jesu le lefu la hae la sehlabelo. Ho feta moo, rea tseba hore ho sa tsotellehe mathata ao re ka ’nang ra thulana le oona hona joale, re ka retelehela ho Molimo ka thapelo ka tšepo ea hore o re hlokometse ka lerato ’me o tla re boloka ka moea oa oona.—Ba-Roma 8:38, 39.
15. Ke ’nete joang hore khotso e fumanoang ka lebaka la Kreste ha e tšoane le eo lefatše le fanang ka eona?
15 Ka ho loketseng, ho Johanne 14:27 Jesu o itse: “Ke le siela khotso; ke le fa khotso ea ka; ha ke le fe kamoo lefatše le fang kateng. Lipelo tsa lōna li se ferekane ’me li se tšohe.” Ke ’nete ka sebele hore lefatše ha le na letho le tšoanang le khotso eo Molimo o fanang ka eona ka Jesu Kreste. E re nolofaletsa hore re be matla har’a maemo a neng a ka etsa hore ba bang ba felloe ke tšepo eohle.
16. (a) Ke tebello efe e larileng ka pele ho bao hona joale kannete ba nkang khotso eo Molimo o fanang ka eona e le ea bohlokoa? (b) Re ka bontša joang hore re nka khotso eo e le ea bohlokoa?
16 Ke bokamoso bo hlollang hakaakang bo larileng ka pele ho bohle bao hona joale ba amohelang khotso e tsoang ho Molimo le ba e phahamisang kamoo e tšoanetseng bophelong ba bona! Haufi lefatše leo e leng sera sa Molimo le tla tloha le feta. Ka nako ea teng pōpo eohle e tla kopanngoa ka botlalo khotsong ka litlhokahalo tsa ho loka tsa ’Musi oa Bokahohle. E se eka teboho ea rōna bakeng sa tebello e khōlō e ka re susumeletsa hore re sebetse tumellanong e feletseng le eona hona joale. E se eka bohle re ka mamela ka hloko thuto ea Jehova re etse hore litaelo tsa hae li hlongoe ka tieo lipelong tsa rōna e le hore re ka rata litsela tsa hae kannete ’me re etse seo a se hlokang. Joalokaha Liproverbia 3:1, 2 e re: “Mora oa ka, u se ke ua lebala thuto tsa ka, pelo ea hao e ke e boloke likeletso tsa me, ’me u tla ekelletsoa ke tsona litšiu, le lilemo, le ho phela le khotso.”
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Ho latela Esaia 48:18, ho hlokahala eng haeba re tla ba le khotso e khōlō?
◻ Ke ka ho etsa lintho life re tlang ho latsoa khotso ea Molimo haholoanyane?
◻ Ke eng e lebeletsoeng ho rōna mabapi le ho boloka khotso le baena le bo-khaitseli ba rōna?
◻ Re ka boloka khotso joang le ha re pota-potiloe ke ba sa lumelang?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Kolobetso
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Ho ba teng libokeng ka mehla
Ho sebelisa seo re ithutang sona
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ea tšimo
Ho jarisa Jehova liphahlo tsa rōna