Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 4/15 maq. 22-25
  • Ho Ipaka Ba ‘Chesehela Mesebetsi e Metle’ Kenya

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ipaka Ba ‘Chesehela Mesebetsi e Metle’ Kenya
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Bo-pula-maliboho ba Pele Ba Hleka Tsela
  • Khōlo e Eketsehileng
  • Mehlala e Metle ea Cheseho
  • Moea oa Bopula-maliboho
  • Thoriso—E Tsoang Melomong ea “Bana”
  • Ho Lebelletsoe Keketseho e Khōloanyane
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 4/15 maq. 22-25

Ho Ipaka Ba ‘Chesehela Mesebetsi e Metle’ Kenya

“SENA ke seo ke ’nileng ka se batla bophelo bohle ba ka!” ho boletse monna e mong oa Mohindu hoba a be ho e ’ngoe ea likopano tsa haufinyane tsa Lipaki tsa Jehova Kenya, Afrika. “Hona ke ntho e ’ngoe e khethehileng.”

O ile a susumetsoa ke eng ho bua joalo? O itse, “Batho ba mebala e mengata hakana, limelo, le linaha—bohle ba kopane ka bolokolohi ka bopaki ba kameho bakeng sa e mong ho e mong.” Empa hoo ho ka etsahala joang lefatšeng le arohaneng hakaale le le khethollanang ka merabe hakaale? Ke eng e isitseng bonngoeng bo joalo le kopanong e joalo ea moea Kenya?

Bo-pula-maliboho ba Pele Ba Hleka Tsela

Morao koana ka 1931, Frank le Gray Smith ba tsamaea ka sekepe ho tloha Afrika Boroa ho ea Mombasa ka mabokose a libuka a 40. Ho tloha moo ba nka leeto le khathatsang le le kotsi ho ea Nairobi, moo ba ileng ba aba libuka tsohle tseo ba neng ba e-na le tsona ka nako e ka etsang khoeli. Ba tšoaroa ke malaria ka bobeli, ’me Frank a shoa—a tšepahetse ho isa qetellong. Hamorao selemong sona seo, Robert Nisbet le David Norman ba ba latela ka leeto le tšoanang, ba aba mabokose a 200 a lingoliloeng Afrika Bochabela. Ka tsela eo lipeō tsa pele tsa ’nete tsa lengoa Kenya.

Joale ka 1935, Gray Smith le mosali oa hae, hammoho le Robert Nisbet le ngoan’abo George, ba tsoa ho latela thahasello e fumanoeng. Lekhetlong lena Robert a tšoaroa ke feberu ea typhoid. Ba bang ba ile ba khathatsoa ke malaria le feberu ea blackwater. Khanyetso le litaelo tsa ho ntšoa naheng eo ke puso ea bokoloni tsa phaella mathateng a bona. Ho sa tsotellehe tsena tsohle, bo-pula-maliboho bana ba pele ba chesehang ba ile ba aba libuka tse ngata haholo, ba rala motheo bakeng sa khōlo. Ka mohlala, lilemo tse ka bang 30 hamorao, Paki e ’ngoe e sebetsang tšimo e kathōko Kenya e ile ea makala ha e fumana monna ea nang le buka Reconciliation. Ngoan’abo o ne a ile a e fumana ka 1935. Monna enoa o ile a tsoela pele ’me hona joale ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.

Khōlo e Eketsehileng

Ha ea ba ho fihlela ka 1949 ha Paki ea pele, Mary Whittington, a tla ho tla lula Nairobi, motse-moholo oa Kenya. O ne a kolobelitsoe England selemo feela pele ho moo. O ne a tseba hanyenyane ka ho ba mong, lithibelo le ho hanyetsoa tseo a neng a tla tloha a thulana le tsona. Empa, o bile le thabo ea ho bona ‘e monyenyane a ata ho isa seketeng.’ (Esaia 60:22) Kajeno, a le lilemo li 73, o ntse a sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla.

Bill le Muriel Nisbet, liithuti tsa pele tsa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower hore li romeloe Kenya, ba fihla ka 1956. Ka nako eo, ho ne ho atile ho aroloa ka merabe, ’me tsamaiso ea bokoloni e ne e e-na le melao e thibelang tšebetso ea boboleli le ho lekanyetsa boholo ba liboka hore li se ke tsa feta batho ba robong. Kahoo mosebetsi oa ba ha Nisbet o ne o lekanyelitsoe tšimong ea ba basoeu le lipuisanong tse sa rereloang le batho ba Maafrika. Leha ho le joalo, khōlo ea e-ba teng.

Ka 1962 mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ile oa ngolisoa ka molao. Hang kamorao ho moo, ka 1963, puso ea bokoloni ea fela, kahoo ho bula monyetla bakeng sa keketseho e tsoelang pele ea mosebetsi oa rōna oa Bokreste. Joale lingoliloeng li ne li ka hatisoa ka puo ea Swahili, ’me baholo ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba fuoa matla ke ’muso a hore ba tiise manyalo. Ha esale ho tloha ka nako eo, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa sebelisoa ho thusa banyalani ba ka bang 2 000 hore ba tiise manyalo a bona ka molao.

Ka 1972 moaho oa liofisi o mocha o motle oa lekala, o botleng Nairobi, o ile oa neheloa. (O ile oa atolosoa kamorao ho moo.) Joale Kenya e ne e hlomelletsoe hamolemo bakeng sa ho tsamaisa mosebetsi oa ’Muso linaheng tse leshome tsa Afrika Bochabela tse tlas’a tlhokomelo ea eona le ho fana ka libuka tse hlokahalang ka lipuo tse sa tšoaneng tsa moo.

Mehlala e Metle ea Cheseho

Baboleli ba litaba tse molemo Kenya ba bontša ‘ho chesehela mesebetsi e metle’ ho neng ho hlokomeloa har’a Bakreste ba lekholo la pele la lilemo. (Tite 2:14) Ha ba lumelle mathata hore a ba sitise ho thusa ba bang ho fumana tsebo e nepahetseng ea Bibele.

Ketsahalong e ’ngoe, Paki e ’ngoe e ile ea fumana kōpo e tsoang ofising ea lekala hore e etele monna e mong ea thahasellang ea foufetseng, ea neng a phela bohōle ba lik’hilomithara tse 26. Kamehla Paki eo e ne e nka leeto ka baesekele ho ea tšoara thuto ea Bibele le eena. Le hoja monna enoa a bile har’a menahano e fosahetseng le khatello, hona joale ke Paki ka boeena, ka cheseho o bolella ba bang ka tšepiso ea Molimo ea Paradeise e tsosolositsoeng ha le mahlo a lifofu a tla tutubolloa.—Esaia 35:5.

Libakeng tse ling, ho ile ha etsoa boiteko bo boholo ho ea libokeng tsa Bokreste. Mosali e mong ea lilemo li 70 kamehla o tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 10 ho ea libokeng tsa beke le beke. Tseleng, o tšela e ’ngoe ea linōka tse kholohali tsa Kenya, le hoja likoena li ntse li ipatile haufi. Ka linako tse ling maqhubu a ba matla hoo a batlang a mo fefola. Empa leha ho le joalo, o nka mokete oa lijo tsa moea o tšoanela boiteko bo joalo. Ke mohlala o totobetseng hakaakang oa cheseho!

Mohlala o mong o motle oa cheseho le kananelo o ile oa fanoa ke Paki e ’ngoe e ileng ea tsamaea lihora tse robong ho ea kopanong ea potoloho. Ke hobane’ng a ile a etsa joalo, le hoja a ne a e-na le chelete e lekaneng bakeng sa ho lefella bese? A susumelitsoe ke lerato, o ile a fa thuto ea hae ea Bibele chelete eo e le hore le eona e ka ea thabela lenaneo la kopano! E, lerato le ‘cheseho bakeng sa mesebetsi e metle,’ tse theiloeng tsebong e nepahetseng ea Bibele, li bonoa ka ho hlakileng Kenya.

Moea oa Bopula-maliboho

Cheseho ena e ’nileng ea bontšoa ka tšebeletso ea bopula-maliboho ba nako e tletseng ka tsela e ntseng e ikhetha. Ba bangata ba thabetse tšebeletso ena ho sa tsotellehe maemo a boima. Pula-maliboho e mong e monyenyane oa kamehla o sebeletsa karolong e chesang le e mongobo motseng o lebopong la leoatle oa Mombasa. Lilemo tse ’maloa tse fetileng, maoto a hae a ile a pongoa ka lebaka la kotsi ea teraka. Ha a ntse a le sepetlele, a nahana ho ipolaea ’me a kōpa mooki hore a mo fe ente e bolaeang, empa mooki a hana ho ho etsa. Hoba a lokolloe, a fumana Lipaki ’me a qala ho ithuta Bibele le tsona. Hona ha lebisa kolobetsong ea hae le bophelong bo bocha tšebeletsong ea nako e tletseng. O tletse cheseho le teboho.

Bo-’mè ba bangata ba nang le boikarabelo ba malapa le bona ba fetohile bo-pula-maliboho ba kamehla. Har’a bona ho na le ea nang le bana ba bararo. O na le lefu le lebe la phallo ea mali hape ke lehoeleha. O tlameha ho sebetsa nako eohle, ’me monna oa hae hase Paki. Empa, ke pula-maliboho ea thabileng. Koana, hase bo-’mè feela ba kopanelang tšebeletsong ea bopula-maliboho ba kamehla; haufinyane, ntate ea nang le bana ba robeli le ea sebetsang mosebetsi oo ho ntšanoang ka lichifi, le eena o ile a nka monyetla ona oa tšebeletso.

Ba bangata ba sa khoneng ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla ba khanya ke moea oa bopula-maliboho. Ba sheba menyetla ea ho kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho ba thusang, ba qetang lihora tse 60 mosebetsing oa ho bolela khoeli e ’ngoe le e ’ngoe.

Ka ’Mesa 1984, le ka 1985, ba fetang karolo ea boraro ea bahoeletsi bohle Kenya ba ile ba kopanela mokhoeng o mong oa tšebeletso ea nako e tletseng. Phutheho e ’ngoe e ne e e-na le bahoeletsi ba 73 ba ileng ba ngolisa e le bo-pula-maliboho ba thusang khoeling eo, ba sebetsa hammoho le bo-pula-maliboho ba kamehla ba bahlano. Litho tse ling tse 28 tsa phutheho tsa e-ba le lihora tse 64,6 ka karolelano, le hoja ba bangata ba bona ba ne ba sa kolobetsoa. Ka lebaka leo, ho ile ha tsamaisoa kakaretso ea lithuto tsa Bibele tse 233!

Lilemo ha li ipake e le tšitiso. Nkhono e mong ea lilemo li 99 o ile a nka tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang. Ho sa tsotellehe ho fokola ha ’mele oa hae, ka sebete o etsa hore leseli la hae le khanyetse ba banyenyane le ba baholo. (Mattheu 5:16) Ka boiteko ba hae, ba bang ba ’maloa ba ile ba thusoa ho ba baboleli ba ’Muso, ’me ka thabo ba hopola boinehelo le moea oa bopula-maliboho tsa nkhono enoa. E, ‘ho chesehela mesebetsi e metle’ joalo ho khannetse ba bangata hore ba hlaolele moea oa bopula-maliboho.

Thoriso—E Tsoang Melomong ea “Bana”

Ba banyenyane le bona, le hoja ba s’o kolobetsoe, ka thabo le ka thahasello ba tsamaea le batsoali ba bona ho isetsa batho ba bang litaba tse molemo tse tsoang ho Molimo oa ’nete. (Mattheu 21:16) Nakong ea phutuho e khethehileng, ngoanana ea lilemo li ’nè le halofo o ile a sebetsa le batsoali ba hae tšimong e kathōko. O ile a qeta lihora tse 160 tšebeletsong ea tšimo khoeling eo, a tsamaisa libuka tse 27, libukana tse 66, le limakasine tse 47 ho batho ba neng ba thahasella Bibele!

‘Ho chesehela mesebetsi e metle’ hona ho bonoa le likolong. Sebakeng se seng kathōko ho Nairobi, moshanyana oa sekolo sa mathomo, eo ’mè oa hae a neng a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, o ile a khona ho thusa tichere ea hae ho kena tseleng e isang bophelong bo sa feleng. Sehlopheng, ha tichere e phahamisa taba ea bophelo kamor’a lefu, moshemane enoa e monyenyane ka bonolo a bolela hore ’mè oa hae o mo rutile ntho e ’ngoe e fapaneng, e theiloeng Bibeleng. Hona ha tsosa thahasello ea tichere. A kopana le ’mè oa moshemane enoa, ea ileng a mo isa ho Paki e nang le tsebo e batsinyana. Hona joale tichere ka boeona e jala ’nete ea Bibele ho ba bang, re leboha sebete sa enoa e monyenyane. Ke mohlala o motle hakaakang oa cheseho e teng har’a bana ba Bakreste kajeno!

Ho Lebelletsoe Keketseho e Khōloanyane

Ba fetang halofo ho baahi ba Kenya ba sa ntsane ba lokela ho utloa litaba tse molemo tsa ’Muso. Ka lebaka la bohōle, masimo a mang a kathōko a ka koaheloa hang feela ka selemo. Ha Lipaki li fihla libakeng tse joalo, ho tloaelehile hore li lumelisoe ka mantsoe ana: “Le ne le ntse le le kae? Re le hlolohetsoe.” Joale, kamor’a ho paka moo ka matsatsi a ’maloa kapa libeke ’me nako e fihla ea hore re tsamaee, motho ka mong oa ameha ke ho utloa lipolelo tse kang: “Joale le sa boetse le re siea hape? Re tla tsoela pele joang?” Ka lehlohonolo, litokisetso li se li entsoe ho ea etela boholo ba batho bana ba lapileng moeeng.

Kajeno, ho na le basebeletsi ba ’Muso ba 3 686 Kenya. Moketeng oa Sehopotso oa 1986 oa lefu la Kreste, ho bile teng ba 13 067. Palo eo e ka mena palo ea Lipaki ka makhetlo a mane! Bao e neng e le matahoa, ba lenyokonyane, baeta-pele ba mekhatloana, masholu, le ba sebetsanang le meea e khopo, le ba bang ba entse liphetoho tse khōlō bophelong ba bona ’me hona joale ba tsamaea litseleng tsa ’nete. Hoo ho re bolella eng ka bokamoso?

Ka ho hlakileng, ho ka lebelloa keketseho e kholoanyane. E, batho Kenya ba arabela hantle ‘litabeng tse molemo tsa ’muso. (Mattheu 24:14, NW) Ba bangata ba ikopantse le Lipaki tsa Jehova—batho ba “chesehelang mesebetsi e metle.” Ka lebaka la mesebetsi eo, ba ema e le batho ba ikhethang, ba lokolohile mekoallong ea morabe le litšitisong tse ling tsa ho ba bonngoeng ba ’nete. Kannete, hona ke “ntho e ’ngoe e khethehileng.”

[Limmapa tse leqepheng la 22]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

KENYA

Nairobi

Mombasa

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Baeti ba likete ba buang Swahili ba bile teng Kopanong ea “Baboloki ba Botšepehi” ka Tšitoe 1985

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Litšoantšiso tsa Bibele ka Swahili le Senyesemane li ile tsa bea bamameli leseling

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Kolobetso ea pontšeng e fane ka bopaki ba tlhohonolofatso ea Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela