Ho Sebetsana le Boikutlo
Ke Phephetso ea sebele ho sebetsana le boikutlo ba rōna. Mocha o pheta phihlelo ea hae: “Ke ne ke ikutloa ke thabile, empa ka motsotso o latelang ke ne ke ikutloa ke tepeletse habohloko. Ka linako tse ling ke ne ke sa tsebe le hore na ke ikutloa joang. Ho ne ho tšoana le ha ke lahlehile lefifing le letšo. Ke ne ke sitoa ho itlhalosa le hore na maikutlo a ka e ne e le afe ho sa tsotellehe hore na ke bua le mang, haesita le ’na ke ne ke sa a tsebe. Ke ne ke ikutloa eka batho ba mpotolohileng ha ba ntsotelle, haholo-holo bao ke kenang sekolo le bona, hobane ke ne ke se motle hakaalo. Qetellong boikutlo bona bo ne bo ntšulafaletsa bophelo, ’me ka qala ho itlhoea le botho ba ka.”
Ngoanana enoa a fumana buka Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. Oa ngola, “E ne e le monate haholo, eaba ke lakatsa ho bala khaolo ‘Ho Fetela Bosaling,’ Ke ne ke sa kholoe seo ke se balang hobane khaolo e ne e hlalosa hantle kamoo ke neng ke ikutloa kateng morao tjena, ’me ea fana ka karabelo. E bile ho khothatsang haholo ho bala hore ke ho loketseng ho ikutloa ka tsela ena. Ke feela hore ke tsebe tsela e nepahetseng ea ho sebetsana le hona.”
Ntle ho ho thusa bacha ho sebetsana le boikutlo ba bona, buka ena e bua ka litaba tse ling tse kang ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ’me e arabela lipotso, Na bacha ba lokela ho noa lino tse tahang? le, Na ba lokela ho kopanela liphate pele ho lenyalo? Amohela buka ena ka R1,80 feela ka ho tlatsa le ho romella setlankane sena.
Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata e maqephe a 192, Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. Ke kentse R1,80.