Ea Holimo-limo O Khethehile
EA HOLIMO-LIMO. Na u lumela ho eena? Ho sa tsotellehe hore linaheng tse ngata batho ba tsoile likereke, ba limillione ba sa ntsane ba lumela ho Ea matla ’ohle le Ea molemo eo ba ka retelehelang ho eena, haholo-holo ha ba tepeletse.
Ka mohlala, Afrika ho na le malumeli a mangata a libaka ka bomong a fapaneng haholo, le a rapelang melimo ea mabitso a mefuta-futa. Leha ho le joalo, boholo ba batho bo lumela ka tieo ho Ea Holimo-limo ea “khethehileng” le eo “e leng eena feela molaoli oa bokahohle.”
Joalokaha ho boletsoe bukeng ea Dr. Peter Becker Tribe to Township, ’moleli ea seng a hōlile oa Mosotho oa Afrika Boroa o ile a re: “Ntate ea seng a hōlile le ntate-moholo . . . ba ne ba tseba ka Molimo, khale le pele baromuoa ba e-tla, Molimo o Holimo-limo o bōpileng lintho tsohle . . . Na hoa tsotelleha hore rōna [Basotho] re mo bitsa Molimo, Mazulu a mo bitsa Nkulunkulu, Maxhosa, a mo bitsa Thixo . . . ?”
Ha e le hantle, mabitso a mangata aa ferekanya. Mohlomong u tla lumela hore Molimo oa bokahohle o lokela hore e be Molimo o le mong bakeng sa batho bohle ’me o lokela ho ba le lebitso le akaretsang. Pokello e bululetsoeng ea libuka tsa boholo-holo, Bibele, e hlomphuoa lefatšeng ka bophara. E re: “Ba tle ba tsebe hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u ’notši lefatšeng lohle.” (Pesaleme ea 83:18) Kahoo, ho latela Bibele, Ea Holimo-limo o na le lebitso le khethehileng.
Molimo o inotši ona ke Oa mofuta ofe, joalokaha Bibele e senola? “Litsela tsa hae kaofela li lokile”; ke “Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete”; “o tletse mohau le lereko”; “hase Molimo oa moferefere, empa e le oa khotso”; “Molimo ke lerato.”—Deuteronoma 32:4; Exoda 34:6; Jakobo 5:11; 1 Ba-Korinthe 14:33; 1 Johanne 4:8, TLP.
Bibele e boetse e senola hore Jehova ke eena feela ea lokelang ho rapeloa. E, kaha o khethehile, ke ka toka a batlang boinehelo bo khethehileng. (Exoda 20:5) Jesu Kreste o itse: “Khumamela Morena [Jehova], Molimo oa hao, ’me u sebeletse eena feela.”—Mattheu 4:10.
Leha ho le joalo, Maafrika a mangata, ha a ipolela hore a lumela ho Ea Holimo-limo, a boetse a rapela melimo e mengata. Na hoo ho ke ke ha u fa maikutlo a hore ho na le pherekano e itseng ka hore na Molimo ke mang kapa hore na sebopeho sa oona ke sefe? Empa le likarolong tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana boleng bo hlakileng le bo khabane ba Molimo bo fifalitsoe ke ho o nka e le Molimo o hararo o le mong. Mohlomong u ’nile ua utloa hothoe hona ke Boraro-bo-bong bo Halalelang, thuto ea mohlolo le eo ho leng thata ho e utloisisa. Ka mohlala, bukana The Blessed Trinity e re: “Thuto ea Boraro-bo-bong bo Halalelang . . . ke sephiri . . . Ha ho na mabaka a ka e pakang . . . E bile e ke ke ea pakoa hore ke ntho e ka etsahalang.a (Mongolo o tšekaletseng ke oa bona.) Bukana ea eketsa: “Ka baka leo, bopaki ba hore ke sephiri bo bontšoa ke hore e ka ho tšenolo, Mangolong a Halalelang.”
Empa na Mangolo a Halalelang a hlile a ruta thuto ee? Na Ea Holimo-limo ke batho ba bararo ho Molimo o le mong?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Catholic Truth Society ea London.