Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 6/15 maq. 22-23
  • Panama e Nyakallela Mosebetsi oa Eona oa ho Haha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Panama e Nyakallela Mosebetsi oa Eona oa ho Haha
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Phephetso ea ho Haha
  • Hase Tora ea Babele
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 6/15 maq. 22-23

Panama e Nyakallela Mosebetsi oa Eona oa ho Haha

MERERO ea ho haha ha e mecha Panama. Ho ea qalong ea lekholo lena la lilemo, ho ile ha qaloa mosebetsi oa ho haha leliboho le leholo le parolang naha ena e mochophoro ka lehare, le kopanya maoatle a Atlantic le Pacific. Morero ona o moholohali oa ho haha o ile oa fumanela Panama e nyenyane lebitso “mateano a litsela tsa lefatše.”

Ka la 18 Pherekhong, 1986, mosebetsi oa ho haha oa mofuta o mong o ile oa phethoa. Ka letsatsi leo, Lipaki tsa Jehova li ne li tšoere lenaneo la ho khakola mehaho e mecha ea tsona ea ofisi ea lekala. Ha ba 211 feela ba bile le hona ho ba teng ka bobona lenaneong la khakolo, ba bang ba likete ba ile ba mamela ka mehala ea fono-fono. Ka mohahong o mocha ho lula basebeletsi ba ntlo-kholo, baromuoa hape ho na le khatiso.

Leha ho le joalo, ho hahuoa ha mehaho ena, ke karolo feela ea ‘lenaneo le leholo la kaho’ la moea le ’nileng la etsoa Panama ho tloha qetellong ea lekholo la bo-19 la lilemo. Ka nako eno litholoana tsa ’nete ea ’Muso li ile tsa jaloa mona. Selemong sa 1957, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba sekete kapa ho feta moo ba “litaba tsena tse molemo” Panama. (Mattheu 24:14, NW) Ofisi e nyenyane ea lekala le lehae la baromuoa tse ileng tsa ahoa ka selemo seo li ne li lekane, Empa ka lilemo tse 20 palo ea Lipaki e ne e eketsehile hararo! Ka hona ka Loetse 1982, Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova sa ananela hore ho hahuoe ofisi e ncha ea lekala.

Sebakeng sefe? Hoo e ka bang lik’hilomithara tse 19 kantle ho Panama City sebakeng se setle se shebileng ka letšeng.

Phephetso ea ho Haha

Empa polane ea mohaho e ne e tla etsoa ke mang? O ne o tla hahuoa joang hona ke bo-mang? Ba hopotse mantsoe a Pesaleme ea 127:1, baena ba tsoela pele, ba tseba hore Jehova o ne a tla ba thusa ho hlōla litšitiso tsena tse bonahalang eka li ke ke tsa hlōloa.

Ho ile ha etsoa polane ea nakoana e bontšang hore na ho tla hlokahala sebaka se sekae bakeng sa ofisi, ntlo ea polokelo ea libuka, polokelo ea lingoliloeng, khatiso e nyenyane le moo basebeletsi ba ntlo-kholo ba tla lula teng. Ho ile ha akarelletsoa Holo ea ’Muso e khōlō. Basebeletsi ba etsang lipolane ntlo-kholo ea Mokhatlo oa Watch Tower, Brooklyn, New York, ba nka ho tloha moo ka ho etsa polane ea mohaho o neng o tla khahlanyetsa litlhokahalo tsena.

Joale ha latela phephetso ea ho haha hasebele. Lipaki tsa moo tsa ithaopa ka makholo-kholo. Baena ba United States le bona ba fana ka tsebo le litšebeletso tsa bona. Ka nako ea libeke tse tšeletseng feela, ho ne ho se ho fihlile bathusi ba 230, ho akarelletsa le ba bang ba tsoang linaheng tsa Amerika Hare.

Baena ba moo ba ile ba thabela ho bula matlo a bona. Lelapa le leng le bile la tsoa ka nakoana ho ea lula tenteng e le hore le ka amohela baithaopi ba 11. Ba bang ba neng ba e-na le libese tse nyenyane tsa sekolo ba lokisetsa makoloi a ho tsamaisa basebetsi bana. Empa ba bang ba kopanela ho lokisetsa lijo tse sa lefelloeng ka makhetlo a 30 000 tse neng li fepuoa batho hona setšeng sa mohaho. Ba sebetsang ka thata tlas’a letsatsi le bataolang, ba ne ba fuoa hangata lino tse khathollang tse entsoeng ka peineapole, lilamuni, lipapaya le limango, hammoho le lebese la kokonate, hore ba inyorolle.

Hase Tora ea Babele

Mosebetsi o ile oa tsoela pele ka potlako. Ka libeke tse peli marako kaofela a ne a nyolotsoe ho ea fihla mokatong oa bobeli, litšiea tse ling tsa tšepe li ne li emisitsoe, ’me sebaka sa Holo ea ’Muso mokatong oa bobeli sa tšeloa konkreiti. Mosebetsi oa ho kenya lipompo le motlakase oa etsoa ka nako e le ’ngoe le ho haha, ho lila, le ho kenya lifenstere le mamati. Ha ruleloa ka nako e ka tlaase ho khoeli, ka nako e nepahetseng hantle bakeng sa ho sireletsa puleng e ileng ea na ka matla—e sa tloaelehang bakeng sa nako ena ea selemo.

Ho bile le mathata a mang a itseng. Ka linako tse ling, ho ne ho e-ba teng baithaopi ba ka bang 800, ’me ho ne ho hlokahala tlhophiso e matla hore kaofela ba be le mosebetsi oo ba ka o etsang. Ho feta moo, boholo ba baena ba baeti ba ne ba sa tsebe Spanishe. Ho e-na le hore hona ho emise mosebetsi oa kaho, joaloka Toreng ea Babele e tummeng hampe, baena ba pakahatsa tholoana ea moea—’me ba thusoa ke batoloki ba itseng.—Ba-Galata 5:22, 23.

Tšebetsong ena eohle, ho ile ha hatisoa litaba tsa moea. Liboka tsa kamehla tsa phutheho li ne li tšoareloa setšeng sa mohaho, ’me ho ne ho beeloa nako ka thōko bakeng sa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Hape ho ne ho e-na le linako tsa boikhathollo, ho bona libaka le meketjana ea boikhathollo. Empa haholo-holo baena ba ne ba ile moo ho ea sebetsa, ’me mehaho ea phethoa ka potlako!

Puong ea hae ea khakolo, John Booth oa Sehlopha se Busang o ile a phetha litaba ka bokhabane, a re: “Ke eng se tla tsoa mohahong oo ’ohle oo re ’nileng ra o haha? E, re hahela bokamoso ba ka ho sa feleng. E seng hore mohaho ona o tla ema ka ho sa feleng, empa phello ea mohaho ona le mosebetsi oa baena naheng ena eohle le lefatšeng lohle e tla ba batho ba tla phela ka ho sa feleng.” Hase ho makatsang hore e be Lipaki tsa Panama li nyakallela mosebetsi oa tsona o ntseng o hōla kamehla oa ho haha!

[Limmapa tse leqepheng la 22]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Panama

Panama City

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela