Mok’hatholike Oa e Thabela
E mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a ba le bothata ba lebili le tsoileng moea sebakeng se kathoko se Virginia, U.S.A. A kokota monyako oa ntlo e ’ngoe e haufinyane. Mofumahali oa ntlo a mo lumella ho kena e le hore a ka letsetsa ba lokisang makoloi. Hamorao Paki ea romella lengolo la teboho, ea kenyelletsa le mpho ea buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Taba e latelang ke karolo ea karabelo eo e e fumaneng:
“Ke rata ho u bolella ka ho toba le ka botšepehi. Ke Mok’hatholike. Ha mang kapa mang a fihla monyako oa ka a tšoere Molula-Qhooa kapa pampitšana leha e le efe e ’ngoe, ke leka ho se li amohele. Haeba ke qobelloa ho li nka, ke li lahlela ka moqomong oa lithole. Bok’hatholike bo ile ba kenngoa maling a ka ho tloha ha ke sa le ngoana.
“Leha ho le joalo, ke ile ka khahloa ke buka ea lōna hobane e ne e e-na le ‘Paradeise’ sehloohong sa eona le kahobane e baleha ka mokhoa o hlakileng le o bobebe. Lipotso tse botlaaseng ba leqephe li khothaletsa ho bala, litšoantšo e ne e le tse nkhahlang. Ke ratile leqephe la 11 ka ho khetheha hobane ke ntse ke leka ho etsetsa linonyana le liphoofolo paradeise e joalo. Ke na le likhama, mebutlanyana, li-chipmunk, mesha, likalakunu tse hlaha le linonyana tsa mefuta eohle. . . .
“Ruri le finyelletse ho hong ka ho etsa hore Mok’hatholike a bale buka ea bolumeli bo bong. Che! Kea belaela hore ke tla ke ke sokolohele bulumeling bo bong. Empa Buka eona kea e bala, ’me le monna oa ka oa e bala hona joale. Ke sa boela ke leboha!”
Buka ena e ntle e na le maqephe a 256, ao ka boholo a lekanang le a makasine ena, ’me e tletse litšoantšo tse fetang 150, boholo ba tsona li le mebala e metle. Romella feela R4,50; e nyenyane ke R2,25.
Ka kōpo romellang buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, poso e lefelletsoe. Tšoaea lebokose le loketseng ho bontša hore na u batla buka e khōlō ka R4,50 [ ] kapa u batla e nyenyane ka R2,25 [ ] ’me u kenye chelete e lekaneng.