Bohale—Ke Eng?
“KA HO hatella neo ea hao eo u e filoeng ke Molimo ea ho halefa, ua ipolaea.” Ho elelitse joalo taba e qotsitsoeng makasineng ea Newsweek. Ho bonahala eka ka lilemo-lemo, lingaka tse ngata tsa mafu a hlooho li ’nile tsa tumisa khopolo ea hore ho se hlahatse bohale ho ka tlisa likhathatso tse kang phallo ea mali, lefu la pelo, khatello ea maikutlo, ho ferekana, le bokhoba ba lino tse tahang.
Ka lehlakoreng le leng, Bibele e ’nile ea eletsa ka likete-kete tsa lilemo: “U kokobetse bohale ba hao, u tele khalefo.” (Pesaleme ea 37:8) Qeto ea Bibele e toba taba: “U se ke ua potlakela ho halefa moeeng oa hao: hobane khalefo e hanella sefubeng sa lithoto.”—Moeklesia 7:9, King James Version.
Ke mang ea nepileng, litsebi tsa lefatše kapa Bibele? Hantle-ntle bohale ke eng? Na ho hlahatsa bohale ho molemo ho rōna?
Ho Hlahatsa Bohale
“Bohale” ke lentsoe le akaretsang le hlalosang boikutlo bo matla kapa boitšoaro ba ho se thabe le ba ho hanyetsa. Ho na le mantsoe a mang hape, a senolang hore na bohale bo tebile hakae kapa hore na bo bontšoa joang. Khalefo e tukang e bontša bohale bo mabifi haholo. Ho fela pelo e ka ba ho senyang. Ho khopeha ho ka ’na ha bolela ho halefa ka lebaka le utloahalang. Hangata ho khena ho fana ka maikutlo a boiphetetso kapa a ho hlokofatsa.
Hangata khalefo e toba taba: Re halefa ka baka la ntho e ’ngoe. Empa hore na re senola khalefo ea rōna joang kapa re sebetsana le eona joang ho etsa phapang e khōlō.
Ka ho thahasellisang, le hoja litsebi tse ling li tsitlallela hore ho hlahatsa bohale ho molemo, lithuto tsa morao-rao tsa mafu a kelello li bontša hore batho ba bangata ba itumellang ho hlahatsa bohale ba bona ba hlokofatsoa ke ho ikhella fatše, khatello ea maikutlo, boikutlo ba letsoalo le molato, ho ba manganga haholo, kapa ho ferekana. Ho feta moo, “ho intša bohlōkō ba pelo,” kapa “ho phatloha ka bohale,” mohlomong ho tsamaea le likomang, ho hoeletsa, ho bokolla, kapa le hona ho hlokofatsa ’meleng, hangata ho baka mathata a mangata ho feta ao ho a rarollang. Motho ea halefileng o halefa le ho feta, ’me ho hahoa maikutlo a bohlōkō ka ho ba bang.—Liproverbia 30:33; Genese 49:6, 7.
Ha re hoeletsa ’me re peroha ka bohale, hangata ha re fumane liphello tseo re tšepang ho li fumana hobane hangata motho e mong o qholotsoa hore a iphetetse. Ka mohlala, ha re re mohlomong ha u ntse u khanna koloi ea hao, mokhanni e mong o etsa ntho e ’ngoe e u khopisang. Ha u mo arabela, ua hoeletsa ’me u letsa phala ea koloi ea hao. Ho bonolo hore ho kharuma ha hao ho qholotse motho eo u mo halefetseng hore a iphetetse. Ka linako tse ling, mahlomola a se a ’nile a hlaha boemong bo joalo. Ka mohlala, monna e mong Brooklyn, New York, o ile a bolaoa ha ho ntse ho phehiloe khang ka sebaka sa ho paka makoloi seterateng. Bibele e totobatsa bothata ha e re: “Motho ea bohale o butsoela likhang; ea phakisang ho halefa, libe tsa hae li ba ngata.” (Liproverbia 29:22) Ke ho bohlale hakaakang ho latela keletso ee: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. . . . Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle”!—Ba-Roma 12:17, 18.
Kahoo, ho hlahatsa bohale ba rōna ha ho re thuse likamanong le batho ba bang. Empa na ho molemo ho rōna ’meleng? Lingaka tse ’maloa li fihletse qeto ea hore ha ho joalo. Liphuputso li bontšitse hore batho ba sekametseng ho halefa ba na le phallo ea mali e khōlō ka ho fetisisa. Ba bang ba tlalehile hore bohale bo hlahisitse mahlaba a pelo, ho opeloa ke hlooho, mokola, ho tepella, kapa ho sitoa ho bua. Ka lehlakoreng le leng, Monei-bophelo oa rōna oa hlalosa: “Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho.” (Liproverbia 14:30) Jesu o itse: “Ho lehlohonolo ba bopang khotso, hobane ba tla bitsoa bana ba Molimo.”—Mattheu 5:9, TLP.
Lisosa Tsa Bohale
Lisosa tse ling tsa ho halefa ke ha ho hlaseloa boitlhompho ba rōna, re nyatsetsoa lintho tsa rōna tsa botho, re rohakoa, tšoaro e mpe, le ho ferekana ho se nang mabaka. Ha batho ba halefile, ba fetisa molaetsa o matla: “U tšosa thabo ea ka le tšireletseho ea ka! Ua ntlotlolla! U nkamoha boitlhompho ba ka! U nka monyetla ka ’na!”
Ka linako tse ling batho ba sebelisa bohale ho koahela ntho e ’ngoe e itseng. Ka mohlala, moshanyana e mong ea lilemo li 14 Motse-moholo oa New York o ne a lula a halefile kamehla a be sale a kene lintoeng. Ka thuso ea ngaka, moshemane a qetella a lumetse hore: “Le kamohla ke ne nke ke ka re, ho lokile, ke hloka thuso, ke batla motho eo nka buang le eena . . . Seo u se tšohileng ke hore batho ba ke ke ba u rata.” Kahoo, hoo a neng a hlile a ho batla e ne e le tlhokomelo le lerato.
Banyalani ba bang California ba ne ba omana makhetlong ’ohle ao ka ’ona mosali a neng a chakela motsoalle oa hae oa ngoanana. Boitšoaro ba monna ba ho halefa ba baka boitšoaro bo tšoanang ho mosali. Sebokeng seo ba neng ba eletsoa ho sona, monna a qetella a boleletse mosali ntho e ’ngoe eo le kamohla a neng a e-s’o ka a e bolella motho le ea mong. Ha mosali oa hae a tsamaea a le mong, esita leha e le ka nakoana feela, botebong ba pelo ea hae o tšoha hore a ka ’na a mo siela ruri kahobane ntate oa hae a ne a mo lahle ha a sa le monyenyane. Ha mosali a utloisisa lebaka le ipatileng la ho halefa ha monna oa hae—ho tšaba ho lahloa—ho ile ha mo thusa hore a tlohele ho mo halefela ’me a mo tiisetse lerato la hae.
Ka hona, bohale e ka ’na ea e-ba letšoao la ho hong. Mabakeng a joalo, ka ho khetholla sesosa sa bona se ipatileng, re ka ithuta ho sebetsana le bona ka mokhoa o nepahetseng.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Lingaka tse ’maloa li fihletse qeto ea hore ho hlahatsa bohale ho kotsi bakeng sa bophelo