Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 7/15 maq. 21-23
  • Bibele ea William Tyndale bakeng sa Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele ea William Tyndale bakeng sa Batho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele—Buka e Hanetsoeng
  • Tyndale—Mofetoleli ea se Nang Tsebo?
  • Phetolelo e Nepahetseng
  • Mosebetsi oa Tyndale Ha e-ea ba oa Lefeela
  • Ho Eloa Hloko Qetellong
  • William Tyndale—Monna ea Neng a E-na le Ponelo-pele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Karolo 2—Kamoo Bibele e Tlileng ho Rōna Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ba ile ba Ananela Phetolelo ea Bibele ea William Tyndale
    Lihlooho Tse Ling
  • Ba ne ba Rata Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 7/15 maq. 21-23

Bibele ea William Tyndale bakeng sa Batho

E NE e le ka letsatsi le leng ka Motšeanong selemong sa 1530.a Jarete ea kereke ea St. Paul e London e ne e tletse batho. Ho e-na le ho potoloha litafole tsa barekisi ba libuka le ho buisana ka litaba tse ncha le ho seba joale ka mehleng, ho ne ho le pepenene hore batho ba ne ba tšoenyehile. Ho ne ho utloahala ho luma ha mollo bohareng ba jarete. Empa e ne e se mollo o beselitsoeng kantle o tloaelehileng. Banna ba bang ba ne ba qhalla libuka tse tletseng liroto mollong. Ho ne ho chesoa libuka!

Le tsona libuka tseo e ne e se tse tloaelehileng. E ne e le Libibele—“Testamente e Ncha” ea William Tyndale le Pokello ea Libuka tse hlano tse ngotsoeng ke Moshe—tsa pele tsa ho hatisoa ka Senyesemane. Ka ho makatsang, Libibele tseo li ne li chesoa ka taelo ea Mobishopo oa London, Cuthbert Tunstall. Ha e le hantle, o ne a sentse chelete e ngata a reka likopi tsohle tseo a ka li fumanang. Ekaba ke eng e neng e le phoso ka Libibele tseo? Ke hobane’ng ha Tyndale a ile a li etsa? ’Me ke hobane’ng ha ba boholong ba bile ba ea boholeng boo e le ho li felisa?

Bibele—Buka e Hanetsoeng

Likarolong tse ngata tsa lefatše kajeno, ho reka Bibele e batla e le ntho e bonolo. Empa hase kamehla ho ’nileng ha e-ba joalo. Esita le lekholong la bo15 la lilemo le mathoasong a lekholo la bo16 la lilemo Engelane, Bibele e ne e talingoa e le thepa ea kereke, buka e lokelang ho baloa feela litšebeletsong tsa sechaba le ho hlalosoa feela ke baprista. Leha ho le joalo, hangata se neng se baloa se ne se e-tsoa Bibeleng ea Selatine, eo batho ba tlaase ba neng ba ke ke ba e utloisisa kapa ba e khona. Kahoo, seo ba neng ba se tseba ka Bibele e ne e le feela lipale le lithuto tsa boitšoaro tse neng li etsoa ke baruti.

Empa e ne e se feela batho ba tlaase ba neng ba se na tsebo ea Bibele. Kamoo ho tlalehiloeng, nakong ea puso ea Morena Edward VI (1547-53) mobishopo oa Gloucester o ile a fumana hore har’a baruti ba 311, ba 168 ba ne ba ke ke ba pheta Melao e Leshome ’me ba 31 ba ne ba sa tsebe hore na e fumaneha hokae ka Bibeleng. Ba mashome a mane ba ne ba ke ke ba pheta Thapelo ea Morena ’me ba ka bang 40 ba ne ba sa tsebe moqapi oa eona. Ke ’nete hore John Wycliffe o ile a ngola Bibele ka Senyesemane ka 1384, ’me likarolo tse sa tšoaneng tsa mangolo tse hlalositsoeng ka tsela e ’ngoe, joaloka Litlaleho tsa Melaetsa, le Lipesaleme, li ne li le teng ka puo eo. Leha ho le joalo, Bibele e ne e le buka e hanetsoeng ka ho ke keng ha qojoa.

Maemo a kang ana a ile a etsa hore Tyndale a fihlele qeto ea ho etsa hore batho ba buang Senyesemane ba fumane Bibele. O ngotse, “Ke ile ka hlokomela kamoo ho ke keng ha khoneha kateng ho kholisa batho ba sa rutehang ’neteng efe kapa efe, ntle le hore Lengolo le behoe ka ho hlaka ka pel’a mahlo a bona ka puo ea habo bona.”

Empa ka ho fetolela Bibele Senyesemaneng, Tyndale o ile a itlisetsa khalefo ea ba boholong. Hobane’ng? Hobane khale hoo e ka bang ka 1408 lekhotla la baruti le ile la kopana Oxford, Engelane, ho ea etsa qeto ea hore na batho ba tlaase ba ka lumelloa ho ba le likopi tsa Bibele ka puo ea habo bona bakeng sa ho itšebelisetsa eona. Karolo ea qeto eo e baleha tjena: “Ka hona re laela le ho fihlela qeto ea hore ho tloha joale ho ea pele ho se be motho ea tla fetolela karolo leha e le efe ea Lengolo le halalelang Senyesemaneng kapa puong leha e le efe e ’ngoe a sa fuoa tumello . . . kotlo e le ho khaoloa kerekeng, ho fihlela phetolelo e amehang e amoheloa ke mobishopo oa ‘diocese,’ kapa lekhotla la setereke kamoo boemo bo ka hlokang kateng.”

Nako e fetang lilemo tse lekholo hamorao, Mobishopo Tunstall a sebelisa taelo ena ha a chesa Bibele ea Tyndale, le hoja Tyndale a ne a ile a batla tumello ea Tunstall pejana.b Ka maikutlo a Tunstall, phetolelo ea Tyndale e ne e e-na le liphoso tse ka bang 2 000 ’me ka hona e ne e “le kotsi sechabeng, e nyeliseha, ’me e ka khelosa likelello tse fokolang.” Empa na hoo e ne e le lebaka ka lehlakoreng la mobishopo hore a ka lokafatsa ho e chesa ha hae? Na Tyndale e ne e hlile e le mofetoleli ea fokolang, a fokolloa ke tsebo e hlokahalang ea thuto Seheberung, Segerikeng, le Senyesemaneng? Tyndale e ne e le mofetoleli ea nang le tsebo hakae?

Tyndale—Mofetoleli ea se Nang Tsebo?

Le hoja ka nako eo kutloisiso ea Seheberu le Segerike e ne e se seo e leng sona kajeno, Tyndale o ne a utloisisa lipuo tsena hantle ha a bapisoa le liithuti tse ngata tsa nakong ea hae. Se etsang hore mosebetsi oa Tyndale e be o hlahelletseng ke hore ha a ka a sebelisa feela Bibele ea Selatine e bitsoang Vulgate le phetolelo ea Sejeremane ea Lutere. O ile a khutlela morao mongolong oa Segerike o ileng oa hatisoa ka lekhetlo la pele ka 1516 ke Erasmus. Hape, Tyndale ha a ka a lebala morero oa hae: ho etsa hore Mangolo a be bonolo ho lekana hore motho feela ea sa rutehang a ka a bala, ho isa ho “moshemane ea lemang tšimo.” Kahoo mokhoa oo a ngolang ka oona le maele li hlakile ’me li bonolo, empa li matla. Hape ha ho pelaelo hore khetho ea hae ea mantsoe e tletseng bophelo e bontša thabo eo a ileng a e fumana ha a phetha boikarabelo boo.

Kahoo ke ’nete ha re re “Tyndale e ne e le mofetoleli eo boahloli ba hae bo neng bo le botle ka ho sa tloaelehang. A sebetsa tlas’a maemo a mabe ka ho sa tloaelehang, mehleng ea hae ea ha tsebo ea lipuo tsa Bibele e ne e sa pharalla haholo, o ile a etsa liphetolelo tse ileng tsa bea mohlala bakeng sa bafetoleli bohle ba Senyesemane ba ileng ba latela.”—The Making of the English Bible, ea Gerald Hammond, maqephe 42, 43.

Phetolelo e Nepahetseng

Litabeng tsa ho nepahala, Tyndale o boetse a bea mohlala o babatsehang. Ka mohlala, ha a fetolela Seheberu o ile a leka ho fetolela lentsoe ka lentsoe ka hohle kamoo a ka khonang empa a ntse a boloka mokhoa oa ho ngola Senyesemane o bonolo le o phollatsi. O ne a ela hloko hore a phete tlhaloso e feletseng ea Seheberu ka ho pheta-pheta ha sona lentsoe “le” ho hokahanya lipoleloana polelong. (Bona Genese khaolo ea 33 ho King James Version, e batlang e bolokile mantsoe a Tyndale ka ho feletseng.) O ile a ba hlokolosi haholo moelelong ’me a qoba ho eketsa kapa ho siea ho hong mongolong o simolotseng, le hoja ho hlalosa ka mantsoe a sele e ne e le mokhoa o sebelisoang ho bafetoleli ba bangata ba nakong eo.

Khetho ea Tyndale ea mantsoe e ne e entsoe ka hloko haholo ’me e nepahetse. Ka mohlala, o ile a sebelisa “lerato” ho e-na le “mohau,” “phutheho” bakeng sa “kereke,” le “moholo” ho e-na le “moprista” moo ho loketseng. Hona ho ile ha befisa ba ratang ho nyatsa-nyatsa joaloka Sir Thomas More hobane ho ile ha fetola mantsoe a neng a se a hlonephuoa ho latela neano. Moo taba e simolotseng e neng e tlama hore lentsoe le pheta-phetoe, Tyndale o ne a le seli ho le pheta. Ho etsa papiso: Ho Genese 3:15, phetolelo ea hae e bua habeli ka ‘ho hatakela’ ho entsoeng ke peō ea mosali le ho entsoeng ke noha.c

Tyndale o ne a boetse a ikarabella bakeng sa ho hlahisa lebitso la botho la Molimo, Jehova, Bibeleng ea Senyesemane. Joalokaha mongoli J. F. Mozley a hlokometse, Tyndale o le sebelisitse “ka makhetlo a fetang mashome a mabeli” liphetolelong “tsa hae tsa Testamente ea Khale.”

Ha re hetla morao liphellong tsa boiteko ba Tyndale le litšoaneleho tsa bona tse tšoarellang, boahloli bona ba kajeno bo akaretsa mosebetsi oa hae hantle: “Ho tšepahala ha Tindale, ho ba motho ea nang le ’nete, le botšepehi bo feletseng, ho toba taba ha hae ka mokhoa o bonolo, ho nolofatsa lipolelo ha hae ho hlollang, mokhoa oa hae oa ho ngola o itekanetseng, li fane ka seriti mantsoeng a hae a ’nileng a itlhahisa liphetolelong tsohle tsa morao. . . . Likarolo tse robong ho tse leshome tsa Authorized New Testament [King James Version] e ntse e le tsa Tindale, ’me tsa hae e ntse e le tsona tse ntle ka ho fetisisa.”—The Bible in Its Ancient and English Versions, leqephe 160.

Mosebetsi oa Tyndale Ha e-ea ba oa Lefeela

E le ho baleha ho hlorisoa ke ba boholong, Tyndale a balehela karolong e khōlō ea lefatše la Europo ho ea ntšetsa pele mosebetsi oa hae. Empa qetellong a tšoaroa. A ahloletsoe thuto ea bokhelohi, o ile a khangoa ’me a chesetsoa thupeng ka Mphalane 1536. Thapelo ea hae ea ho qetela e ne e re: “Morena [Molimo], bula mahlo a Morena oa Engelane.” O ne a sa tsebe hore na ke ka pele hakae boemo bo neng bo tla fetoha. Ka Phato 1537, nako e ka tlaase ho selemo kamorao ho lefu la Tyndale, Morena Henry VIII a fana ka tumello ea Bibele eo ka tloaelo e tsejoang e le Bibele ea Mattheu. A laela hore e rekisoe ka bolokolohi le ho baloa ’musong oa hae.

Bibele ea Mattheu e ne e le eng? Moprofesa F. F. Bruce oa hlalosa: “Ha e hlahlojoa e bonahala ka botlalo e le pokello ea Tyndale ea Libuka tse Hlano tse ngotsoeng ke Moshe, phetolelo ea Tyndale ea libuka tsa pale tsa Testamente ea Khale ho fihlela ho 2 Likronike . . . phetolelo ea Coverdale ea libuka tse ling tsa Testamente ea Khale le Libuka tse ling tseo e seng Karolo ea Mangolo a Bululetsoeng, le Testamente e Ncha ea Tyndale ea 1335.” Ka hona, mongoli o tsoela pele, “e ne e le ketso ea bohlokoahali ea toka . . . hore e be Bibele ea pele ea Senyesemane ea ho hatisoa tlas’a tumello ea Morena e be Bibele ea Tyndale (ho fihlela moo phetolelo ea Tyndale e neng e feletse teng), esita le haeba e ne e-so ho be bohlale ho e amahanya le lebitso la Tyndale phatlalatsa.”

Ka lilemo tse ling tse seng kae, lintho li ne li tla fetoha ka ho feletseng. Ha khatiso ea phetolelo e tsejoang e le Great Bible—Bibele ea Mattheu e ntlafalitsoeng—e ne e lokolloa ka 1541 ’me ho laeloa hore e abjoe kerekeng e ’ngoe le e ’ngoe Engelane, leqephe le nang le sehlooho le ne le kenyellelitse polelo ena: “E ile ea hlahlojoa le ho nyakureloa ka taelo ea morena e moholo, ke bo-ntate bababatsehi ho Molimo, mobishopo Cuthbert oa Duresme, le mobishopo Nicholas oa Rochester.” E, ‘Mobishopo enoa oa Durham’ e ne e se e mong haese Cuthbert Tunstall, eo pele e neng e le Mobishopo oa London. Eena ea neng a ile a hanyetsa ka mabifi mosebetsi oa Tyndale joale o ne a fana ka tumello ea ho lokolloa ha Great Bible, eo e neng e ntse e le mosebetsi oa Tyndale ka kotloloho.

Ho Eloa Hloko Qetellong

E ka ’na ea e-ba ho makatsang kajeno ho bala ka toantšano e joalo ka baka la Bibele le lehloeo ho bafetoleli ba eona. Empa mohlomong ho hlollang ke ’nete ea hore, ho sa tsotellehe boiteko ba bona, bahanyetsi ba hlōlehile ho thibela Lentsoe la Molimo hore le fihle ho batho ba tlaase. Moprofeta Esaia o itse: “Joang boa omella, palesa ea foforeha, empa lentsoe la Molimo oa rōna le tiile ka ho sa feleng.”—Esaia 40:8.

Tyndale le ba bang ba ile ba sebetsa ba okametsoe ke moriti oa lefu holim’a lihlooho tsa bona. Empa ka ho etsa hore Bibele e fumanehe ho batho ba bangata ka maleme a habo bona, ba ile ba ba bulela tebello, e seng ea lefu, empa ea bophelo bo sa feleng. Joalokaha Jesu Kreste a itse: “’Me bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Johanne 17:3) Kahoo, e se eka re ka baballa Lentsoe la Molimo le ho ithuta lona ka matla.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Liketsahalo tse tšoanang le tse hlalositsoeng mona li ile tsa etsahala ka 1526 le ka linako tse ling.

b Bakeng sa lintlha tse eketsehileng ka bophelo ba Tyndale le lingoloa tsa hae, bona Molula-Qhooa oa Motšeanong 15, 1982, maqephe 10-14.

c Bafetoleli ba bangata ba mehleng ena ba sitoa ho hlokomela leetsi la Seheberu le phetiloeng mona ka moelelo oa lona o habeli. Ka hona bakeng sa “ho ntša kotsi . . . ho ntša kotsi” (New World Translation; Revised Standard Version), ba sebelisa “khoba . . . otla” (The Jerusalem Bible; New International Version), “khoba . . . lōma” (Today’s English Version), “hatakela . . . otla” (Lamsa), kapa “khoba . . . ho ipata e emetse ho hlasela” (Knox).

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]

Ho tsoa setšoantšong sa khale sa Bibliothèque Nationale

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela