Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 7/15 maq. 25-27
  • ‘Ho Tšoasa Batho’ Artic

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Tšoasa Batho’ Artic
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Ho Tloha Sehleke-hlekeng se Seng ho ea Ho se Seng
  • Karabelo e Mofuthu Arctic e Leqhoa
  • Phihlelo e Matlafatsang
  • Ho Tsoela Pele le Leeto
  • Leeto le sa Lebaleheng
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 7/15 maq. 25-27

‘Ho Tšoasa Batho’ Artic

Lehlabula le leng le le leng, ba bangata ba Lipaki tsa Jehova ba bolela “masimong a sa abjoang”—libaka tse ka mathōko tseo ho tsona ho se nang liphutheho tse theiloeng. Ba bangata ho bona ke batho ba sebetsang le bana ba likolo ba qetang nako ea bona ea phomolo ba etsa joalo. Ba bang ke bopula-maliboho ba nako e tletseng ba atolosang tšebeletso ea bona. Ba latsoa thabo ea ho tlisa litaba tse molemo ho batho ba kathōko le ho tlisoa haufi-ufi le malapa a bo bona le banab’abo bona ba moea. Ena ke tlaleho ea leeto le joalo ka leboea le hōle.

BUTLE-BUTLE seketsoana se tšoasang litlhapi se bitsoang Skagstein sa tloha koung ea likepe. E ne e le pejana lehlabula le thoasa. Moea o pholileng hantle oa bochabela o ne o ekethehisa leoatle ’me o tlisa moea o khathollang monkong oa litlhapi le oa oli ea litlhapi tsa herring. Re eme seketsoaneng, ra tsoka matsoho re lumelisa Båtsfjord, motse o moholohali oo ho tšoasoang litlhapi ho oona ka Bochabela ho Finnmark, Norway.

Ba ka seketsoaneng seo re ne re le robeli. Øivind le Åshild ba ne ba tle Båtsfjord lilemo tse 11 pejana ho tla thusa ka mosebetsi oa ho bolela tšimong ena e sa abjoang. Hona joale, ha ba fallela sebakeng se seng, ho ne ho hōla phutheho ea bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 40 mona. Sehlopha seo kaofela se ne se entsoe ka moqhobi, Jarle (setsebi sa ho tšoasa litlhapi e bile e le pula-maliboho ka linako tse ling tsa selemo), bo-khaitseli ba babeli ba bo-pula-maliboho, e mong e le moqhobi oa khofu, e mong e le mosebetsi oa feme, ’me e mong e le mosebeletsi oa ofisi ea Lehae la Bethele la Norway. Ke eng e neng e bokelletse sehlopha see hammoho? Hona ba ne ba tla qala leeto la mofuta ofe?

Ho Tloha Sehleke-hlekeng se Seng ho ea Ho se Seng

Lekhetlong lena Jarle o ne a sa tsoa ho ea tšoasa litlhapi. Re ne re rerile ho tloha sehleke-hlekeng se seng ho ea ho se seng le ho tloha koung e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ka Skagstein ho tloha Båtsfjord ka leboea le hōle ho ea Brønnøysund seterekeng sa Nordland. Re ne re tla be re koahetse sebaka se fetang halofo ea lebopo la Norway. Hobane’ng? Hobane, libaka tse ngata ho tsena li ka finyelloa feela ka seketsoana se khethehileng, ’me ke hang feela kamor’a lilemo tse ’maloa Lipaki tsa Jehova li etelang libakeng tsena ka molaetsa oa ’Muso. Re ne re entse qeto ea ho ea ‘tšoasa batho’ libakeng tsena tse kathōko.—Mattheu 4:18, 19.

Seketsoana sa tsoa khohlong e tebileng ea Båtsfjorden ’me sa leba bophirimela se iphaphathile le lebopo bosiu kaofela. E ne e le la pele Phupu. Letsatsi la har’a mpa ea bosiu, le koahetsoeng ke maru, le ne le chabile ka mahlaseli a batlang a le maputsoa le a masesaane. Likete-kete tsa linonyana tsa leoatle (sea gulls le kittiwake) li ne li bonahala lilomong tsena. Ho ipopa le ho aleha ha leoatle le bulehileng ho ne ho nepahetse, ho latela moqhobi oa sekepe. Empa ho rōna batho ba lulang hae, le ne le batla le befile.

Hoseng ho hlahlamang ra atamela koung ea Honningsvåg. Mona ke hona moo ‘ho tšoasa’ ha rōna—mosebetsi oa ho bolela—ho neng ho lokela ho qala. Batho ba Norway ka leboea ba tumme ka ho amohela baeti. Ha re boletse morero oa thomo ea rōna hakhutšoanyane, hangata ho ne ho thoe re lule setulong sa kichene ’me re fuoe kofi. Joale re ne re lokela ho fana ka tlaleho e feletseng ea hore na re bo mang, re tsoa hokae, mosebetsi oa rōna ke ofe, lebitso la seketsoana sa rōna le hore na se boholo bo bokae, hore na re se re tšoasitse litlhapi ho tla fihlela joale, le hore na re se re saletsoe ke leeto le lekae. Ke feela kamor’a ho hlahlathela ho joalo re neng re ka kena ntlheng ea sebele ea leeto—litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.

Karabelo e Mofuthu Arctic e Leqhoa

Na molaetsa o ne o tla ipiletsa ho batho baa ba sehleke-hlekeng se ka leboea ho Arctic Circle ka lik’hilomithara tse 480? Hantle-ntle ba ne ba amehile ka eng? Hantle feela ka ntho eo hohle batho ba amehileng ka eona: ho hloka toka ha kahisano, ho hloka mosebetsi, chelete, mathata a lelapa le a botho. Ba ne ba boetse ba tšoenyehile ka boemo ba lefatše bo befileng—likamano tsa leboea le boroa le ntoa ea bochabela le bophirimela.

Re ne re nolofalloa ke ho supa tharollo ea Bibele—’Muso oa Molimo. ’Me e ne e le ho putsang hakaakang ho bona ho felloa ke tšepo ka bokamoso le ho tlala lipelaelo ho fela ’me ho nkeloa sebaka ke thabo le tšepo! Batho ba bangata ba libakeng tsena tse hōle ba ile ba rapella ’Muso ho tloha boseeng, empa ha ho mohla ba kileng ba hla ba utloisisa hore na thapelo e joalo e bolela eng. (Mattheu 6:9-13) Re ile ra siela ba bangata ba phelang sehleke-hlekeng libuka tsa Bibele ’me ra etsa tokisetso ea ho ngollana le bona e le hore re ka hōlisa thahasello ea bona.

Le hoja e ne e le lehlabula, mocheso le mohatsela li ne li supa 2 ka holim’a ntlha ea khoamo Rolvsøy, ’me ho ne ho foka moea o matla. A qhaqhasela ’me a itinkelelitse ka jase ea hae, e mong oa baena a atamela monna e mong ea neng a eme lebopong la leoatle.

Monna eo a botsa, “U hatsetse?”

Moena a tsilatsila, “Eh . . . ”

“Tlo koano ’me u tl’o fumana ntho e ’ngoe e chesang eo u ka e jang le eo u ka e noang!”

Ka hare ho ntlo eo, moena a isoa ka kicheneng, moo mosali oa monna eo a neng a tšoarehile kateng.

Monna eo a botsa, “Na u na le kofi bakeng sa monna eo?”

O ile a fuoa kofi le lihlepho tsa bohobe, jeme e entsoeng ka mofuta oa monokotšoai hona lapeng moo le tlhapi ea salmone. Kamor’a moqoqo o monate, moena a ba siela libuka tse ling tsa Bibele eaba o fetela ho motho ea latelang, a futhumetse ’me a khothetse. Liphihlelo tse joalo e ne e le tsa ho pakela batho ba nang le botsoalle le ba amohelang baeti libakeng tsena tse hōle le tse kathōko.

Phihlelo e Matlafatsang

Ha Skagstein e phunyeletsa maqhubu ho tloha sehleke-hlekeng se seng ho ea ho se seng, sehlopha sena se ne se akhotsoa ’me se thulana. Batho ba robeli ba phelang hammoho haufi-ufi ka matsatsi le ka libeke seketsoaneng se bolelele ba limithara tse 12 kapele ba ithuta litšobotsi tse ikhethang tsa e mong ho e mong. Re ile ra ithuta ho phelisana hammoho le ho nahanelana. Makukuno a ile a batalatsoa, ’me botho ba rōna ba Bokreste bo ile ba hloekisoa. (Ba-Kolosse 3:9, 10) Kahoo phihlelo ena e ipakile e le e putsang haholo.

Re ne re buisana ka temana ea Bibele ea letsatsi hammoho ’me re qoqa ka liphihlelo tsa letsatsi leo. Re ne re ee re hlahlobe se builoeng le se entsoeng le se ka beng se builoe le ho etsoa. Hona ha re susumelletsa ho etsa boiteko bo boholo hore re be ba atlehang ha re bua le batho. Ba banyenyane le ba bacha ba fumana keletso le khothatso tse utloahalang hore ba atolohe tšebeletsong ea bona.

Bjørn ea lilemo li 27 o itse: “Ke ’nile ka nahana ka tšebeletso ea nako e tletseng ho tloha ha ke kolobetsoa. Nakong ea leeto la rōna, takatso le sebete tsa ho ‘leka Jehova’ tsa hōla ka ho ’na hanyane ka hanyane. Ke latsoitse hore na re ka tšepa Jehova haholo hakae. Leeto lena le ile la ’nolofaletsa ho kenela mosebetsi oa bopula-maliboho.”—Malakia 3:10.

Leeto lena hape le re thusitse ho bona ka ho hlakileng haholoanyane hore na mehla e potlakile hakae. Metse e mengata eo re ileng ra e etela e ne e e-shoa butle-butle. Litsi tsa ho tšoasa litlhapi li ne li koaloa. Liposo le mabenkele li ne li koaloa. Batho ba ne ba khathatsehile ha ba bona bacha ba fallela litoropong le metseng e meholo bakeng sa ho fumana menyetla, ba siea matlo a matle a macha le tsela ea bophelo ea khale. Lefatšeng lohle ba limillione ba hloka matlo ’me baa lapa. Mona u fumana matlo a feela le lijo tse ngata tse tsoang leoatleng. Empa, ha ba bapisoa ke ba fokolang ba li batlang. Sena sohle ke bopaki bo khutsitseng ba hore lefatše le hloka botsitso.

Ho Tsoela Pele le Leeto

Leeto le ile la tsoela pele lehlakoreng le ka leboea ho Sørøya ho ea Kvænangen. Libakeng tse ling moo re ileng ra emisa teng, re ile ra tlameha ho tsamaea ka likeiti. Empa libakeng tse ling, Skagstein e ne e ka tsamaea hantle e ikhohlile ka lebopo. Batho ba bangata ba sebaka seo ba tšolohela moo ho tla bona hore na baeti bana bao ba sa ba tsebeng ke bo-mang hobane ho hang re ne re sa shebahale joaloka batšoasi ba litlhapi ho bona. Ha ba fumana hore re Lipaki tsa Jehova tse tlang ka litaba tse molemo tse tsoang Bibeleng, hangata ho ne ho latela meqoqo e phelang.

Hoba re koahele sebaka sena, ra leba Tromsø, moo ba bang ba rōna ba neng ba tla ba Kopanong ea Setereke ea “Khotso ea Bomolimo.” Karolo ena ea leeto ruri e ne e le phihlelo e khethehileng. E ne e le bosiu, empa letsatsi le ne le chabile har’a mpa ea bosiu e ka le ea masela-libata. Ho ea ka ho le letona, lihlekehleke tse khōlō le tse nyenyane li ne li eme li le moriting. Ho le letšehali, lithaba tse koahetsoeng ke lehloa li ne li phatsima letsatsing. Boemo ba leholimo bo ne bo itekanetse, ’me leoatle le ne le tšoenngoa feela ke ho eketheha ho honyenyane. Tsohle li ne li khutsitse li thotse, ntle le molumo o etsang morethetho oa enjene le ’mino o thabisang oa sea-le-moea sa rōna. E ne e le moea o monate hakaakang!

Kamor’a kopano Tromsø, ho ile ha e-ba le phetoho e nyenyane sehlopheng. Joale leeto la tsoela pele, re ikhohlile ka Senja ’me re phunyeletsa sehlopha sa lihlekehleke Vesterålen ho ea Bodø ebe joale re leba tlaase Brønnøysund, moo re qeteletseng teng. Libakeng tse ngata ha re le tseleng, tse kang Rødøy, re ile ra kopana le batho bao le kamohla ba neng ba s’o ka ba bua le Lipaki tsa Jehova. E ne e le lilemo esale ho ne ho eteloe moo ka boboleli, ’me hona joale moloko o mocha o ne o se o hōlile.

Leeto le sa Lebaleheng

Nakong eo re fihlang Brønnøysund, e ne e le bofelong ba Phato. Ha re hetla morao libekeng tseo re li qetileng re palame Skagstein, ruri e ne e le leeto le sa lebaleheng. Leetong lena re ne re qetile kakaretso ea lihora tse 880 re bolela litaba tse molemo ’me re tsamaisitse libuka tse 126 le limakasine tse 1 026, hape ra fumana lipeeletso tse 12 bakeng sa Molula-Qhooa le Tsoha! Peō e ngata ea ’Muso e ne e jetsoe libakeng tsena tse nang le baahi ba qakolohaneng.

“E ne e le phomolo e molemohali eo nkileng ka ba le eona!” ho boletse e mong oa bahoeletsi ba bacha ea ileng a nka leeto leo. Ba bileng le tokelo ea ho kopanela leetong lena ba ile ba lumela ka pelo eohle. Re ikutloa hore e ne e se phomolo e molemo feela empa e ’ngoe ea tse molemo haholo moeeng le hore ke e ’ngoe ea lintho tse putsang haholo tseo re kileng ra li etsa.

[’Mapa o leqepheng la 25]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

SWEDEN

FINLAND

U.S.S.R.

Brønnøysund

Rødøy

Bodø

NORWAY

Senja

Tromsø

Kvænangen

Sørøya

Rolvsøy

Honningsvåg

Båtsfjord

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela