Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 11/15 maq. 10-15
  • Ke Masoha empa ba Felletse bakeng sa Tšebeletso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Masoha empa ba Felletse bakeng sa Tšebeletso ea Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokhabo oa Bophelo ba Bokreste
  • Ho ba ea Felletseng Bakeng sa Tšebeletso
  • Batho ba Leng Lenyalong ba “Pelo li Peli”
  • Na Motho ea Leng Lenyalong ha a Fella?
  • Ho ba Lesoha Bakeng sa ’Muso
  • Babatsang Bakreste ba Masoha
  • Bosoha—Tsela e Putsang ea Bophelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Bosoha—Monyako o Lebisang Tšebetsong e se Nang Litšitiso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ke Masoha Ebile ba Khotsofetse Tšebeletsong ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na U Tla ‘Lula U Phela,’ Joaloka Jeremia?
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 11/15 maq. 10-15

Ke Masoha empa ba Felletse bakeng sa Tšebeletso ea Molimo

“Ea fanang ka boroetsana ba hae lenyalong, o etsa hantle, ’me ea sa faneng ka bona lenyalong o etsa hantle ka ho fetisisa.”—1 BA-KORINTHE 7:38, NW.

1. Ke joang lenyalo le ipakileng e le tlhohonolofatso?

HA HO mohla Jehova a ileng a lebella hore monna oa pele a lule e le lesoha. Ho e-na le hoo, Molimo o ile oa bōpela Adama molekane oa lenyalo, moqali oa leloko la batho. (Genese 2:20-24; Liketso 17:26) ’Me lenyalo le ipakile e le tlhohonolofatso e kaakang! Le fane ka botsoalle, le nolofalitse ho thusana ha batho, ’me ebile tokisetso e hlomphehang ea ho hlahisa bana, ’me le tlatselitse haholo thabong ea batho. E, esita le bafumanehi le batho ba hatelletsoeng ba thabela seo chelete e ke keng ea se reka—lerato la lenyalo!—Sefela sa Lifela 8:6, 7.

2, 3. (a) Ke pono efe eo buka e ’ngoe ea bolumeli ebileng le eona ka bosoha le lenyalo? (b) Ho ea ka Mangolo, lenyalo le lokela ho talingoa joang?

2 Leha ho le joalo, ba bang ba talima lenyalo ka tsela e fapaneng. Buka e ’ngoe ea bolumeli e re: “Bosoha ke molao o neng o tlama baruti Kerekeng ea Bophirima o neng o thibela ba keneng lenyalong hore ba se beoe matsoho le hore ba khethetsoeng mesebetsi e itseng ka kerekeng ba se nyale. O ne o akarelletsa le tlamo ea ho boloka bohloeki bo phethahetseng tlas’a kano. Mabaka a sena ke ana: ba beiloeng matsoho ba ka sebeletsa Molimo ka boikemisetso bo boholo ba bosoha (1 Ba-Kor. 7:32), le hore ka ho phela bophelo bo joalo ba boitšoaro ba ho boloka boemo ba boroetsana, e leng bo halalelang le bo phahameng haholo ho feta ho kena lenyalong. Ho NT [Testamente e Ncha] boemo ba bosoha kapa ba boroetsana bo buelloa haholo ho feta lenyalo.”—The Catholic Encyclopedia, e hlophisitsoeng ke Robert C. Broderick.

3 Na ka sebele ho ka etsahala hore bosoha bo qobelloang e be ‘bo halalelang haholo le bo phahameng haholo ho feta lenyalo’? E seng ho latela “Testamente e Ncha,” eo ho Jerusalem Bible ea K’hatholike e reng: “Moea o boletse ka ho hlakileng hore linakong tsa bofelo ho tla ba le ba bang ba tla koenehela tumelo ’me ba ikhethele ho mamela meea le lithuto tse thetsang tse tsoang ho bodiabolose, ’me sesosa sa sena etlaba mashano a boletsoeng ke baikaketsi bao matsoalo a bona e kang a chesitsoe ka tšepe e chesang: ba tla re lenyalo le thibetsoe, ’me ba behe melao e thibelang ho ja lijo tseo Molimo o li entseng hore ba lumetseng le ba tsebang ’nete ba li amohele ka teboho.” (1 Timothea 4:1-3) Ha e le hantle, lenyalo ke mpho e tsoang ho Molimo, e molemo.—Ruthe 1:9.

4. Ka baka la 1 Ba-Korinthe 7:38, ho hlaha potso life?

4 Le hoja lenyalo e le mpho e tsoang ho Molimo, moapostola Pauluse o ngotse: “Ea fanang ka boroetsana ba hae lenyalong o etsa hantle, ’me ea sa faneng ka bona lenyalong o etsa hantle ka ho fetisisa.” (1 Ba-Korinthe 7:38, NW) Ke hobane’ng ha Pauluse a bontšitse hore ho molemo ha motho a lula e le lesoha? Na lesoha le lokela ho ikutloa le sa fella? ’Me na bosoha ekaba bo putsang?

Mokhabo oa Bophelo ba Bokreste

5. Mokhabo oa bophelo ba Bokreste e lokela ho ba ofe?

5 Ho sebeletsa Jehova e tlameha ho ba mokhabo oa bophelo ba rōna ba Bokreste, ebang re masoha kapa re kene lenyalong. Tšebeletso e halalelang e etsetsoang Molimo ka thabo e fana ka bopaki ba hore re itšetlehile ka oona e le Morena oa Bokahohle. Kutlo e feletseng le ho kopanela ka mafolo-folo tšebeletsong ea Bokreste ke litsela tse bontšang ho itšetleha ho joalo. (1 Johanne 5:2, 3; 1 Ba-Korinthe 9:16) Tšebeletso hammoho le liketso tse ling tse bontšang kutlo tse leng tumellanong le thato ea bomolimo li ka finyelloa haeba motho e le lesoha.

6. Ebang re lenyalong kapa re masoha, tšebeletso e mafolo-folo e re nolofaletsa ho etsa eng?

6 Hona joale baboleli ba evangeli ba ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso ho tlisa thoriso ho Jehova. ’Me ebang re kene lenyalong kapa re masoha, tšebeletso e mafolo-folo e re neha monyetla oa ho sebelisa bonyane matlotlo a rōna le matla tšebeletsong ea Molimo. Empa re tlameha ho laola maemo a rōna hore ho se be mohla re beang tšebeletso ea rōna boemong bo tlaase ho e-na le ho e bea boemong ba pele bophelong ba rōna. Re tlameha ho ‘batla ’Muso pele.’ (Mattheu 6:33) Re fumana thabo ha re tšoarehile lithahasellong tsa bomolimo ho e-na le lithahasellong tsa botho.

Ho ba ea Felletseng Bakeng sa Tšebeletso

7. Re na le mohlala ofe o bontšang hore Mokreste oa lesoha ekaba ea felletseng bakeng sa tšebeletso?

7 Bakreste ekaba ba felletseng bakeng sa tšebeletso ebang ke masoha kapa ba lenyalong. Kahoo boemo ba bosoha ke motheo oo ho sa hlokahaleng hakaalo hore o fetoloe. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 7:24, 27.) Lentsoe la Molimo ha le lumellane le pono ea batho ba merabe e meng ba bolelang hore monna ha a finyelle boemo ba hae bo phethahetseng haeba a sa nyala. Kreste o shoele e le lesoha, ’me monyaluoa oa moea leholimong ke eena feela mosali eo Jehova a lumelletseng Jesu ho ba le eena. (Tšenolo 21:2, 9) Leha ho le joalo, le hoja Mora oa Molimo e ne e le lesoha, ebile mohlala o ka sehloohong oa motho ea felletseng bakeng sa tšebeletso.

8. Joalokaha Pauluse a bontša, ho ba lesoha ho nea motho eng?

8 Ha e le hantle, ho ba lesoha ho nea motho tokoloho e khōloanyane le nako bakeng sa tšebeletso. Ha Pauluse a buella bosoha, o itse: “Nka rata hore le hloke pelaelo. Ea sa nyalang o hlokomela tseo e leng tsa Morena, le kamoo a ka khahlisang Morena kateng . . . Ea sa nyaloang o hlokomela tsa Morena.” (1 Ba-Korinthe 7:32-34) Sena se sebetsa ho Bakreste ba masoha le ba kileng ba nyala empa maemo a bona a fetohileng, a ba khutliselitse boemong ba bosoha.—Mattheu 19:9; Ba-Roma 7:2, 3.

9. Mohlala oa Jesu o bontša joang hore ho ba lesoha ha ho etse hore motho ebe ea sa fellang bakeng sa tšebeletso ea Bokreste?

9 Ho finyella khōlo ’meleng, kelellong le moeeng, ho tlisa boemo bo feletseng bakeng sa tšebeletso ea Molimo. Jesu Kreste o ne a sa hloke molekane oa lenyalo hore e be ea felletseng bakeng sa karolo ea ho ba Mosebeletsi e Moholo oa Molimo le eo topollo e neng e tla fanoa ka eena. (Mattheu 20:28) E le lesoha, Jesu o ne a lokolohile ho sebelisa matla a hae kaofela tšebeletsong ea hae. Boemo ba hae bo ne bo fapane haholo le tloaelo ea Sejode, e neng e buella haholo lenyalo le bana. Ho sa tsotellehe hoo, Jesu o ne a tšoaneleha hantle ho phetha mosebetsi oa hae oo a o neiloeng ke Molimo. (Luka 3:23; Johanne 17:3, 4) Kahoo, ho ba lesoha ha ho etse hore motho ebe ea sa fellang bakeng sa tšebeletso ea Bokreste.

Batho ba Leng Lenyalong ba “Pelo li Peli”

10. Ka baka la tlamo ea “nama e le ’ngoe,” Pauluse o boletse eng ka ba leng lenyalong ha ba bapisoa le masoha?

10 Ho fapana le batho ba masoha, Bakreste ba leng lenyalong ba lokela ho hahamalla tšebeletso ba ntse ba hopola tlamo ea bona ea “nama e le ’ngoe.” (Mattheu 19:5, 6) Ka lebaka la tlamo eo le boikarabelo ba eona bo sa tšoaneng, Pauluse o boletse hore, banyalani ba “pelo li peli.” O ngotse: “Ha ke lakatse ha le ka tšoenyeha. Ea sa nyalang o hlokomela tsa Morena, hore na a ka khahlisa Morena joang. Empa ea nyetseng o hlokomela tsa lefatše, hore na a ka khahlisa mosali oa hae joang, ’me kahoo o pelo li peli. Mosali ea sa nyaloang, kapa moroetsana, o hlokomela tsa Morena, hore a tle a halalele ’meleng le moeeng. Empa mosali ea nyetsoeng o hlokomela tsa lefatše, hore na a ka khahlisa monna oa hae joang. Ke le bolella tsena ho le thusa, e seng ho le khina; empa e le hore le batle ho lōkelang, le ikakhele mosebetsing oa Molimo ka setōtsoana.”—1 Ba-Korinthe 7:32-35, TLP.

11. Pauluse o ne a bontša eng ho 1 Ba-Korinthe 7:23-35?

11 Ho hlakile hore, bakeng sa bophelo bo se nang litšitiso tse ngata, Pauluse o ile a buella bosoha. Mohlomong le eena e ne e le mohlolohali ea khethileng hore a se nyale hape. (1 Ba-Korinthe 9:5) Leha ho le joalo, o tsebile hore ho na le mathata a tsamaisanang le bophelo ba lenyalo lefatšeng lena. O ne a bontša ka tokoloho e khōloanyane eo Bakreste ba masoha ba ka e thabelang le kamoo lithahasello tsa balumeli ba leng lenyalong li sa tšoaneng litabeng tsa nama le moea. Motho ea leng lenyalong ha a buse ’mele oa hae ka ho feletseng, hobane eena le molekane oa hae ke nama e le ’ngoe ’me kahoo o na le tokelo ’meleng oa hae. (1 Ba-Korinthe 7:3-5) Ka baka la sena, Pauluse ka nepo o boletse hore Mokreste oa lesoha a ka tseba ho halalela, ke hore, o lokolohile ka ho feletseng ’me o boloketsoe ho sebelisoa ke Jehova ka ho toba, ’meleng le moeeng.

12. Hobane a se na molekane oa lenyalo, motho oa lesoha a ka etsa eng?

12 Moea oa Mokreste oa lesoha, kapa tšekamelo ea hae ea kelello, li mo susumeletsa tšebeletsong ea ’Muso oa Molimo e mafolo-folo, e hlokang litšitiso. Kahobane ho se molekane oa lenyalo ea nang le taolo e itseng ’meleng oa hae, a ka latela moea, kapa tšekamelo ea kelello ea hae le pelo. A ka tšoareha haholo tšebeletsong ea Jehova ka ’mele o feletseng le kelello. Kahoo monna kapa mosali oa lesoha o boemong bo molemohali ba ho lebella ho thabisa Morena feela a lokolohile haholoanyane. Ka nepo re ke ke ra iketsa mekhelo ho seo Pauluse a se boletseng, hobane Jehova o bone ho le molemo hore se ngoloe bakeng sa ho re ruta.

Na Motho ea Leng Lenyalong ha a Fella?

13, 14. Ke tsela efe e fosahetseng e nyelisang tlamo ea “nama e le ’ngoe” e tla etsa hore motho ea keneng lenyalong ebe ea sa fellang bakeng sa tšebeletso ea Bokreste?

13 Banyalani ba bang ba Bakreste ba hlokomoloha lenyalo la bona ka khopolo e fosahetseng ea hore ba ka etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Molimo. Ka mohlala, mosali a ka qala ho iketsetsa liqeto kantle ho monna oa hae linthong tsa bohlokoa. Monna a ka tšoareha haholo mesebetsing ea phutheho. Tlas’a maemo a joalo, ba ka fihlela qeto ea hore ba etsa hantle haholo tšebeletsong ea Jehova. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ba nkile tsela e nyelisang tlamo ea bona e le “nama e le ’ngoe.” Haeba ho joalo, hoo ho ke ke ha khahlisa Jehova.

14 Ha e le hantle, ho nyelisa tlamo ea “nama e le ’ngoe” ho tla etsa hore motho ea leng lenyalong e be ea sa fellang bakeng sa tšebeletso ea Bokreste. Lenyalo ha le eketse ho phethahala ha tšebeletso empa le fokotsa tlhokomelo eo motho a neng a ka e lebisang tšebeletsong. (Bapisa Luka 14:16, 17, 20.) Leha batho ba leng lenyalong ba batla ho khahlisa Molimo le ho ba basebeletsi ba oona ba felletseng, ba tlameha ho phelela litlamo tsa bona tsa lenyalo.

Ho ba Lesoha Bakeng sa ’Muso

15. (a) Ke tšobotsi efe eo Bakreste ba masoha ba lokelang ho e hlaolela? (b) Ke ntlha efe ea motheo eo Pauluse a e boletseng ka lenyalo le bosoha ho 1 Ba-Korinthe 7:36, 37?

15 Erekaha bahlanka ba Jehova ba leng lenyalong ba lokela ho phelela litlamo tsa bona tsa lenyalo, Bakreste ba masoha ba lokela ho hlaolela ho khotsofalla boemo ba bona bo felletseng ba bosoha. Joalokaha Pauluse a itse: “Ha e le masoha le basali ba bahlolohali, ke re ho bona: Ho ka ba molemo ho bona ho lula joale ka ’na [ba sa nyala]. Ha u tlameletsoe ho mosali, u se ke ua batla tokoloho. Ha u sa ka ua tlamelloa ho mosali, u se ke ua batla mosali.” (1 Ba-Korinthe 7:8, 27) Ka thuso ea Jehova, u le lesoha, hlaolela boemo bo tsitsitseng boo Molimo o u nolofaletsang bona. Ho fetola boemo bona ka tsela leha e le efe ha e-ea lokela ho ba qeto e sa kang ea hlahlojoa, kapa taba feela ea moetlo kapa e be bohato bo nkuoang ka baka la tšusumetso ea lithaka. Ho e-na le hoo, e lokela ho tiisoa ke tlhokahalo ea Mangolo, hobane Pauluse o itse: “Haeba mang kapa mang a nahana hore o itšoara ka tsela e sa lokang bosoheng ba hae, ’me a fetile palesa ea bocha, ’me ho lokela ho ba joalo, a etse seo a se ratang; ha a etse sebe. Ba kene lenyalong. Empa haeba mang kapa mang a ema a tsitsitse pelong ea hae, a sa hloke hoo, empa a e-na le taolo ea ho etsa seo a se ratang ’me a entse qeto ena pelong ea hae, ea hore a boloke bosoha ba hae, o tla be a etsa hantle.”—1 Ba-Korinthe 7:36, 37, NW.

16. (a) “Ho feta palesa ea bocha” ho bolela eng? (b) Bakreste ba lulang e le masoha ba lokela ho kholiseha ka eng?

16 Kahoo Pauluse o bontšitse hore hase phoso ho nyala haeba motho a itšoere ka tsela e sa lokang bosoheng ba hae, le hoja ho se na pelaelo hore moapostola a ne a sa bue ka sebe se tebileng. Joalokaha a boletse pelenyana, “Ho molemo ho nyala ho e-na le ho chesoa ke takatso.” (1 Ba-Korinthe 7:9, NW) Ha e le hantle, o ne a buella lenyalo tlas’a maemo a joalo haeba motho a “fetile palesa ea bocha,” a fetile nako eo ka eona takatso ea botona kapa botšehali e qalang ho ba matla. Haeba motho e moholo a e-na le “taolo ea ho etsa seo a se ratang” ’me a entse qeto e tiileng pelong ea hae ea ho etsetsa bosoha sebaka, o tla be a etsa hantle. Ho atleha bosoheng ha ho bolele ho hatella takatso e khathatsang le e matla ea lenyalo le bophelo ba lelapa. Ho e-na le hoo, Mokreste ea khethang ho lula e le lesoha o lokela ho kholiseha ka ho feletseng pelong ea hae hore ho boloka bosoha ho mo loketse ’me o lokela ho etsa boiteko leha e le bofe bo hlokahalang ho boloka boemo boo ka boitšoaro bo hloekileng. Mokreste ea etsang joalo o tla ba le litšitiso tse fokolang le bolokolohi bo boholoanyane ba ho sebeletsa Morena.

17. Ho latela mantsoe a Jesu, ke hobane’ng ha ba bang ba lula e le masoha?

17 Bakreste ba masoha ba tla thusoa ho boloka boemo ba bosoha haeba ba hlaolela khopolo ea Jesu Kreste. Le hoja e ne e le lesoha molokong o neng o buella lenyalo haholo, o sebelisitse nako ea hae le lineo tšebeletsong ea hae e ke keng ea phetoa hape. Joaloka Jesu, Mokreste oa lesoha a ka thabela mpho ea bosoha eo Molimo o e nehang ba e etsetsang sebaka. Mabapi le sena, Jesu o itse: “Ha se batho bohle ba etsetsang polelo sebaka, ha e se feela ba nang le neo. Hobane ho na le maqhalaha a tsoetsoeng a le joalo popelong tsa bo-’m’a ’ona, ’me ho na le maqhalaha a entsoeng maqhalaha ke batho, ’me ho na le maqhalaha a ikentseng maqhalaha ka baka la ’muso oa maholimo. Ea ka tsebang ho etsetsa polelo eo sebaka a ke a e etsetse sebaka.”—Mattheu 19:11, 12, NW.

18. Ke eng se thibelang “maqhalaha” hore a se nyale ka baka la ’Muso?

18 Jesu ha a ka a bolela hore motho oa lesoha o phahametse motho ea leng lenyalong. Ha a ka a khothalletsa bosoha hore feela motho a iphelele a sa tsotelle letho, ’me ruri ha a ka a bo buella ka sepheo sa hore motho oa lesoha a tsebe ho lebisa tlhokomelo ea hae bathong ba bangata ba batona kapa ba batšehali. Che, empa ba iketsang “maqhalaha” ka baka la ’Muso ke batho ba hloekileng boitšoarong ba etselitseng hoo sebaka lipelong tsa bona. Ke eng se ba thibelang ho nyala? Ha se bohole bo itseng ’meleng empa ke takatso e matla ea ho itšebelisa ka botlalo kamoo ba ka khonang tšebeletsong ea Molimo. Tšebeletso ena ke ea bohlokoa ka ho fetisisa hona joale ha e sa le hoba ’Muso o hlongoe ka 1914, ’me “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” li lokela ho boleloa lefatšeng lohle hore e be bopaki pele ho bofelo bo potlakileng ba tsamaiso ena ea lintho e ahlōtsoeng.—Mattheu 24:14, NW.

Babatsang Bakreste ba Masoha

19. Ke eng seo Bakreste kaofela ba ka se etsang mabapi le ba lulang e le masoha ka baka la ’Muso?

19 Bakreste bohle ba lokela ho babatsa le ho khothatsa ba lulang e le masoha ka baka la ’Muso. Hobane ho ba lesoha “ho bolela ho hlokomela Morena kamehla ntle ho tšitiso.” (1 Ba-Korinthe 7:35, NW) Batsoali ba tla be ba etsa hantle ho ruta bana ba bona seo Bibele e se bolelang ka bosoha le menyetla ea bona bakeng sa tšebeletso ea Jehova. Kaofela ha rōna re ka khothatsa balumeli ’moho ba masoha ’me le kamohla re se fokolise qeto ea bona ea ho lula e le masoha ka baka la ’Muso.

20. Haeba u Mokreste oa lesoha, u lokela ho etsa eng?

20 Bakreste ba masoha ba ka thaba e le basebeletsi ba felletseng ba Molimo. Mehleng ena ea qetello, ba thabela ho kopanela mosebetsing ona o potlakileng oa ho bolela ka ’Muso. Ka baka leo, haeba u lesoha, thabela ho sebelisoa ke Jehova u le mosebeletsi oa Mokreste ea felletseng oa lesoha. ‘Sebeletsa polokeho ea hao ka tšabo le ka thothomelo, ha u ntse u khanya joaloka leseli lefatšeng, u itšoarelle ka thata lentsoeng la bophelo.’ (Ba-Filippi 2:12-16) Tšoareha ka lithahasello tsa ’Muso ha u ntse u lutse bonngoeng ba machaba ba Lipaki tsa Jehova le ho phetha tšebeletso ea Bokreste. Ho etsa joalo u le lesoha ke tsela e putsang ea bophelo, joalokaha re tla bona.

Likarabelo tsa Hao ke Life?

◻ Mokhabo oa bophelo ba Bokreste e lokela ho ba eng?

◻ Ke hobane’ng ha basebeletsi ba Jehova ba masoha ekaba ba felletseng bakeng sa tšebeletso ea Bokreste?

◻ Ke ka tsela efe motho ea leng lenyalong ekabang ea sa fellang?

◻ Ho ba “leqhalaha” ka baka la ’Muso ho bolela eng?

◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho khothatsa Bakreste ba masoha?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Le hoja e ne e le lesoha, moapostola Pauluse o ne a felletse

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Jesu ebile mohlala o moholo oa motho ea felletseng bakeng sa tšebeletso

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Na u babatsa ba lulang e le masoha ka baka la ’Muso?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela