Bokreste-’mōtoana bo Pepesoa e le Mohlohlelletsi oa Borapeli ba Bohata
“Sena ke sechaba se sa utloeng lentsoe la Jehova, Molimo oa sona, ’me ha se amohele taeo.”—JEREMIA 7:28.
1, 2. Jeremia o ile a itšoara joang kabelong ea hae eo a e neiloeng ke Molimo?
“MOLLO oa ho kholiseha ’nete ka tumelo ea hae o ne o chesa kahare ho eena; ho ne ho e-na le tšusumetso e mo khannelang ho bua ’nete, ho khalemela ka matla empa hape le ho tšehetsa.” Liithuti tse peli tsa Seheberu li hlalosa karolo e phethahalitsoeng ke Jeremia ka mantsoe ao. Le hoja kabelo ea hae e tsoang ho Molimo e ne e le e tšosang, o ne a tseba hore o ne a lokela ho phethahatsa boikarabelo ba hae ho sechaba sa Juda. Joalokaha eena ka boeena a ho hlalositse: “Lentsoe la Jehova le mphetohetse sekhobo le sesomo ka tsatsi le leng le le leng. Leha nka re: Ha ke sa tla hlola ke ’molela, leha e le ho bua ka lebitso la hae.” E, khatello le mahloriso li ile tsa batla li mo imela. Empa na o ile a tlohella?—Jeremia 20:8, 9a.
2 Jeremia o tsoela pele: “Eba ho na le ho kang mollo o chesang pelong ea ka, o kentsoeng masapong a ka. Ke khathala ke ho o boloka, kea sitoa.” (Jeremia 20:9b) Jeremia ha aa ka a tlohela thōmo ea hae ea ho phatlalatsa likahlōlo tsa Molimo ho Juda.—Jeremia 6:10, 11.
Jeremia oa Kajeno
3. Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba bontša boitšoaro bofe mabapi le kabelo ea bona?
3 Joaloka Jeremia, Kreste Jesu le barutuoa ba pele ba Bakreste ba ne ba phatlalatsa molaetsa o sa ratoeng oa ’Muso oa Molimo ho Bajode le lichaba ba sa tšabe letho. Le hoja Petrose le baapostola ba bang ba ne ba se ba ile ba kenngoa teronkong ka baka la boboleli, ka sebete ba ile ba arabela banģosi ba bona ba bolumeli: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.” Ka taelo ea ba bolohong ba bolumeli, ba ile ba shapuoa ka baka la sebete sa bona. Baapostola ba ile ba itšoara joang? “Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi ’ohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.”—Liketso 5:29, 40-42; Mattheu 23:13-33.
4. Ke bo-mang ba latetseng mohlala oa Jeremia lekholong lee la bo20 la lilemo, hona ba entse see joang?
4 Kahona Bakreste ba pele ba tlotsitsoeng ba ile ba itšoara joaloka Jeremia. Le hoja ba ne ba talimane le mathata a boima le lira tse manganga tsa bolumeli, ba ile ba phatlalatsa likahlōlo tsa Molimo. Hona joale, lekholong lena la bo20 la lilemo ke bo-mang ba latetseng mohlala oo? Ke bo-mang ba phatlalalitseng likahlōlo tsa Molimo pontšeng le ka ntlo le ntlo tsamaisong ee ea lintho ’me haholo-holo ba tšoantšetsang Jerusalema, Bokreste-’mōtoana? Bopaki ba histori bo ’nile ba phaellana ka lilemo tse fetang 68 ho bontša hore sehlopha sa kajeno sa Jeremia e bile sehlopha se senyenyane empa e le se sebete sa lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova. Bana ba ’nile ba eketsoa ’me ba tšehetsoa ke “bongata bo boholo ba batho” bo ntseng bo hōla ba metsoalle ea bona e limillione e ithaopileng ho tloha ka 1935, eo le eona e tsejoang e le Lipaki tsa Jehova. Ka lentsoe le kopaneng, ba ’nile ba phethahatsa karolo ea bona e kang ea Jeremia ka ho nyatsa bolumeli ba bohata e le sefi le khoebo ea bolotsana.—Tšenolo 7:9, 10; 14:1-5.
Bokreste-’mōtoana—Hobane’ng ha e le Moemeli oa Kajeno oa Jerusalema?
5. Ke ka litsela life Bokreste-’mōtoana bo tšoanang le Jerusalema ea boholo-holo?
5 Motho a ka ’na a botsa, ‘empa ke hokae moo re fumanang tšoano pakeng tsa Jerusalema oa boholo-holo le Bokreste-’mōtoana?’ Ka baka la boikutlo bo tšoanang le maemo a fumanoang har’a Bokreste-’mōtoana bo ikhohomosang kajeno. Ba tšepile ‘metse ea bona e halalelang’ le linģalo tse halalelang, tse kang Roma, Jerusalema, Canterbury, Fatima, Guadalupe, le Zaragoza, ha re bolela tse seng kae feela. Ba rata ho phahamisa likereke tsa bona tse khōlo tseo babishopo ba lulang ho tsona, mehaho e motopo ea likereke, litempele le likereke, ba ithorisa ka tsona kamoo e leng tsa khale kateng le ka mekhabiso ea tsona, joalokaha eka lintho tsena li li nea boemo bo bong bo khethehileng pel’a Molimo. Ba bile ba bolela hore mehaho ea bona ea bolumeli e ne e hahetsoe ‘ho tlotlisa Molimo.’ Empa, ke e mekae mehahong ee e hlileng e jarang lebitso la Jehova Molimo? Ho fapana le moo, motho o hopotsoa kamehla ka litsebi tsa meralo tse e ralileng, baetsi ba litšoantšo le babetli ba mekhabiso ba khabisitseng mehaho eo, barui ba e lefeletseng, kapa “bahalaleli” bao e nehetsoeng ho bona. Ho tšepa ha Bokreste-’mōtoana hore ke khale bo le teng le ho tšepa ha bona lineano ke ho thetsang feela joaloka ho tšepa ha Juda tempele ea eona e halalelang.—Jeremia 7:4.
6. Polelo e nyatsang ea Jesu ho baruti ba Bajode e sebetsa joang ho baruti ba Bokreste-’mōtoana?
6 Tumellanong le ho nyatsoa ha baprista le baprofeta ba Bajode ke Jeremia, ho ka thoe’ng ka baetapele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana kajeno? Ka ho toba ’nete joaloka Jeremia, Jesu o ile a fana ka tlhaloso ea baruti ba Bajode e tšoanelang baruti ba Bokreste-’mōtoana ho tla fihlela la kajeno: “Ha ba sebelise seo ba se rutang . . . Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang e etsoa ho hapa tlhokomelo . . . joaloka ho batla ho fumana sebaka sa hlompho meketeng le litulo tse ka pele masynagogeng.” (Mattheu 23:3-7, The Jerusalem Bible) Ke hangata hakaakang re bonang baruti ba hlahelletseng le baboleli ba hlohonolofatsa liboka tsa bopolotiki le tsa bochaba le liboka tsa lipapali ka boteng ba bona—’me ba arolelana litaba tse khōlō le bo-ralipolotiki!
7. (a) Baruti ba bang ba khelosa matšoele joang? (b) Baruti ba qobile phephetso efe?
7 Joale, mehleng ena ea lithelevishine, re na le baruti ba thelevishine ba sebelisang mokhoa oo oa phatlalatso ka mofuta o mong le o mong oa lipontšo tse feteletsang tsa mano le mokhoa oa ho hapa likelello tsa batho e le ho thetsa matšoele le ho honya mohlape lichelete. Polelo e nyatsang ea Jeremia ke e loketseng hakaakang le hona joale, hoo e ka bang lilemo tse 2 600 hamorao! “Hobane ba hlile ba ineela takatso ea ho rua kaofela, e monyenyane le e moholo; moprofeta le moprista e mong le e mong ba etsa bohata.” Ka nako e tšoanang, ha ho lea mong ho bona ea batlang ho amohela phephetso ea ’nete ea Bokreste, ho talimana le batho ka ho toba, ka ntlo le ntlo. Ke Lipaki tsa Jehova feela—sehlopha se tlotsitsoeng sa Jeremia le “bongata bo boholo ba batho”—tse amohetseng boikarabelo boo.—Jeremia 6:13; Liketso 20:20, 21.
Na Bokreste-’mōtoana bo Pholositsoe?
8. Ke hobane’ng ha Bokreste-’mōtoana bo lumela hore bo ke ke ba fihleloa ke Armageddone?
8 Baruti bona bana ba thelevishine ba robatsa sechaba ka boikutlo ba bohata ba tšireletseho ka ho sebelisa ha bona ba sa khetholle mapetjo a “ho tsoaloa la bobeli” le “hang ha u pholositsoe, u pholositsoe kamehla,” le thuto ea bolumeli. Batho ba limillione ba tsoang bolumeling bo bong le bo bong le mekheng ea Bokreste-’mōtoana ba ’nile ba etsoa hore ba lumele hore ba “tsoetsoe la bobeli” le hore ba “pholositsoe.” Bo-ralipolotiki ba se nang lihlong ka thabo ba ipolela ka ho tšoanang. E, lithatohatsi tsa bona tsa baruti li ba bolella hore ba na le khotso le Molimo hobane ba “pholositsoe”—’me ba bolela sena ho sa tsotellehe likarohano tsa bona tsa bolumeli, tsa bopolotiki, le tsa bochaba! ’Me batho baa ho rata, joalokaha ba ne ba ho rata mehleng ea Jeremia! (Jeremia 5:31, NW; 14:14) Ba nahana hore ba ke ke ba fihleloa ke kahlōlo ea Molimo ea Armageddone.—Jeremia 6:14; 23:17; 1 Ba-Korinthe 1:10; Tšenolo 16:14, 16.
9. (a) Ho ba ea “tsoetsoeng la bobeli” ho hlile ho sebetsa ho bo-mang? (b) Bibele e re’ng ka moea? (Bakeng sa lipotso tsena ka bobeli, fana ka tšehetso e eketsehileng ho tsoa ho Ho Bea Mabaka ka Mangolo.)
9 Leha ho le joalo, boithuto bo hloahloa ba Lentsoe la Molimo le ba lithuto tsa Kreste bo bontša hore ke lenane le fokolang feela le nang le kabelo tokelong ea ho tsoaloa la bobeli, ho tsoaloa ‘ka metsi le ka moea,’ ’me kahona ba tla ba le kabelo le Kreste pusong ea leholimo. (Johanne 3:3-5; Ba-Roma 8:16, 17; Tšenolo 14:1-3) “Bongata bo boholo ba batho” ba Bakreste ba ’nete kajeno ha bo hloke ho tsoaloa la bobeli, kaha tšepo ea bona ea bophelo bo sa feleng e le ea lefatšeng, e seng ea leholimo. (2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4) Ho feta moo, thuto ea Bokreste-’mōtoana e theiloe motheong oa bohata—oa hore motho o na le moea o sa shoeng o hlokang pholoho. Ha ho kae kapa kae ka Bibeleng moo ho tšehetsoang thuto e joalo, eo bonneteng e nkiloeng filosofing ea boholo-holo ea Magerike.a
Ha ba Thabele Lentsoe la Hae kapa Lebitso la Hae
10. Baruti ba bangata ba talima Bibele joang?
10 Ho na le lintlha tse ling tse tšoanang pakeng tsa Jerusalema oa boholo-holo le Bokreste-’mōtoana ba kajeno. Jeremia o ile a bolela: “Bonang! Lentsoe la Jehova ka bolona le fetohile thohako ho bona, lentsoe leo ba sa fumaneng thabo ho lona.” (Jeremia 6:10, NW) Baruti ba khetha ho qotsa bo-rafilosofi le bo-ramahlale, ho e-na le ho qotsa Lentsoe la Jehova. Ba bangata Bibele e ba hlabisa lihlong; ba bile ba e soma ka ‘ho etsa lipatlisiso tse tebileng tsa bonnete ba ho ngoloa ha eona, litlaleho tsa eona le tšimoloho.’ Ba bolela hore ke litšōmo le lipale tse hlahisoang e le buka e molemo. (Jeremia 7:28) Ha e le lebitso la Mongoli oa eona, baa le nena. Re na le bopaki bofe ba ho bolela tjee?
11. Ho na le phapang efe pakeng tsa Bokreste-’mōtoana le Jeremia tšebelisong ea bona ea lebitso la Molimo?
11 Le hoja litlhaku tsa Seheberu tse ’nè tsa lebitso la Molimo (יהוה) li hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 Mangolong a Seheberu, lebitso “Jehova,” kapa “Yahweh,” le nketsoe sebaka Libibeleng tse ngata tsa Senyesemane ke “MORENA” ea sa tsejoeng. Ka mohlala, lebitso leo le siiloe ka ho feletseng liphetolelong tsa hona joale tsa Bibele ka puo ea Seafrikaanse. Phetolelo ea Sepanishe ea Franquesa-Solé e ne e sebelisitse lebitso leo phetolelong ea eona eo ho simolotsoeng ka eona. Ha phetolelo ea eona e nchafalitsoeng e hatisoa, lebitso la Molimo le ne le se le nyametse, le nketsoe sebaka ke Señor (Morena). Hape le haeba liphetolelo tsa Bokreste-’mōtoana li akarelletsa lebitso la Molimo, baruti ba le sebelisa seoelo. Empa, Jeremia o ile a sebelisa lebitso la Molimo le khethollang ka makhetlo a 726 molaetseng oa hae oa boprofeta!b
“Mofumahali oa Leholimo” le Borapeli ba Litšoantšo
12-14. (a) Malapa a Bajode a ne a kenelletse mosebetsing ofe ka cheseho? (b) Jehova o ile a talima borapeli ba bona joang?
12 Re fumana ho tšoana ho hong ha re hlahloba molaetsa oa Jeremia ho Jerusalema. Ha Jehova a ne a bolella moprofeta oa hae hore a se ke a rapella sechaba, o ile a totobatsa lebaka. “Na ha u bone seo ba se etsang metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema? Bana ba roalla patsi, bo-ntat’a bona ba besa mollo, basali ba luba hlama.” Joale lelapa lohle le ne le kene morerong ofe ka cheseho? “Ho etsetsa mofumahali oa leholimo linkhoana”!—Jeremia 7:16-18; 44:15, 19.
13 Tlhaloso e ’ngoe ea Sejode e bolela hore: “Borapeli ba ‘mofumahali oa leholimo’ bo ne bo etsoa pepenene e bile e le ka cheseho.” Le hoja ho le thata ho ho lumela, sechaba sa Juda se ne se sebelisa borapeli ba litšoantšo, se rapela molimotsana oa bohedene, mohlomong molimotsana oa Babylona oa kemolo, Ishtare, molimo oa boraro sehlopheng se seholo sa melimo e meraro ea Babylona. Kapa “mofumahali” enoa e ne e ka ’na eaba e ne e le molimotsana oa Bakanana o tšoanang le oo, Ashtarothe.—1 Marena 11:5, 33.
14 Ho phaella borapeling bona ba molimotsana, ba ne ba kenella borapeling bo bong ba litšoantšo. Ka baka lena, Jehova o ile a ba nyatsetsa sena, a re: “Ba nkhalefisitse ke’ng ka litšoantšo tsa bona tse betliloeng, ka masaoana a lichaba?” Qoso eo e tsoela pele: “Ba sa ka ba utloa lentsoe la ka, ba sa ka ba tsamaea ka lona; ba mpa ba ’nile ba tsamaea ka bothata ba lipelo tsa bona le ka ho latela bo-Baale, kamoo ba rutiloeng kateng ke bo-ntat’a bona.” (Jeremia 8:19; 9:13, 14) Na Bokreste-’mōtoana bo oetse lerabeng le tšoanang?
15. (a) Re fumana boemo bofe mabapi le borapeli ba litšoantšo Bokreste-’mōtoaneng kajeno? Fana ka mehlala ea sebaka sa heno. (b) Bakreste ba ’nete ba nka boemo bofe mabapi le Maria? (Bona hape Ho Bea Mabaka ka Mangolo, maqephe 274-81.)
15 U ka etela hoo e ka bang kereke efe kapa efe kapa kereke e khōlo eo mobishopo a lulang ho eona—ea Boprostanta, K’hatholike, kapa ea Orthodox—’me u tla fumana bonyane litšoantšo tsa sefapano. Empa mebusong ea K’hatholike le ea Orthodox, ho na le litšoantšo tsa “moroetsana oa ka ho sa feleng Maria ea Halalelang, ’Mè oa Molimo oa ’Nete” a tšoantšitsoe a beiloe boemong bo fapa-fapaneng ba ’mele ka mekhoa e mengata bo se nang palo.c Tlotla e ’ngoe le e ’ngoe ea bophahamo e ntse e phaelloa holim’a hae, ho akarelletsa, “Mofumahali oa leholimo” le “Mofumahali oa bokahohle”!d Ka lehlakoreng le leng, sehlopha sa Jeremia, le hoja se hlonepha Maria joaloka ’mè oa Jesu le molumeli ea tlotsitsoeng, se bile hlokolosi ho latela keletso ea boapostola: “Itebeleng khahlanong le litšoantšo.”—1 Johanne 5:21, NW; Jeremia 10:14.
Boraro bo bong bo Nka Sebaka sa Morena ’Musi a le Mong Jehova
16. Ke thuto efe e ileng ea hleka tsela bakeng sa ho tlotlisoa ha Maria, hona joang?
16 U ka ’na ua botsa, ‘Empa ho tlile joang hore Maria a rapeloe tjee a be a tlotlisoe tjee?’ Ke ka baka la bohato bo bong ba kereke ea pele ea bokoenehi ba ho amohela barapeli ba bahedene. Khopolo ea melimo e meraro ho Molimo o le mong e ne e lumeloa hohle lefatšeng la bohedene. Baroma ba boholo-holo ba ne ba e-na le litempele ka lihlopha tsa lisele tse tharo “tse neng li nehetsoe ho sehlopha sa melimo e meraro e neng e kopane ka litumelo le borapeli. Ho ne ho le joalo ka tempele ea Jupiter Optimus Maximus e Capitol, e neng e khethetsoe sehlopha sa melimo e meraro ea Capitoline, Jupiter-Juno-Minerva.”e
17, 18. (a) Ke eng e patiloeng, e le ho lumella thuto ea Boraro-bo-bong hore e hōle? (b) Fana ka mabaka a eketsehileng a kholisang a tsoang ho Ho Bea Mabaka ka Mangolo.
17 E le ho hlohlelletsa thuto e ntseng e phahama ea “Boraro bo bong bo Halalelang ka ho Fetisisa” lekholong la boraro le la bone la lilemo, ho ile ha hlokahala hore kereke e K’hatholike e pate khopolo ea Seheberu e senotsoeng ka ho hlakileng haholo mantsoeng a Jeremia: “Ha ho ea joale ka uena, Jehova; u moholo, lebitso la hao le leholo ka baka la matla a hao. Empa Jehova ke Molimo oa ’nete, ke Molimo o phelang, ke Morena oa ka mehla le mehla.” Jesu o ile a tiisa kutloisiso eo ha a ne a qotsa mantsoe a Moshe: “Utloa, Iseraele! Molimo oa rōna ke Jehova, Jehova a ’notši.”—Jeremia 10:6, 10; Mareka 12:29, NW; Deuteronoma 6:4.
18 Ka thuso ea tumela-khoela ea Sejode ea ho se bitse “Yahweh,” kapa “Jehova,” tšebeliso ea lebitso la Molimo e ile ea lahloa ke Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi. Hona ho ile ha siea sekheo thutong ea bolumeli seo ‘Boraro bo bong bo Halalelang’ bo neng bo ka se koala.f
19. (a) Liphello tsa ho amohela Boraro-bo-bong ha Bokreste-’mōtoana e bile life? (b) Ho ile ha etsoa bolotsana bofe e le hore ho ka etsoa khang e kholisang ka Boraro-bo-bong?
19 Kahona, Bokreste-’mōtoana bo khethile ‘ho tsamaea kamor’a molimo o mong,’ molimo oa Boraro bo bong, oo Bajode le Kreste le Bakreste ba ’nete ba neng ba sa o tsebe ho hang. Hape ho tiisa sephiri sena sa ba bararo ho a le mong, bafetoleli ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba etsa bolotsana Bibeleng ea bona ea King James Version.g Ho feta moo, e le phello e neng e ka lebelloa ea thuto ea Boraro bo bong, karolo e khōlō ea Bokreste-’mōtoana le eona e oetse ho rapeleng kapa ho tlotliseng “mofumahali oa leholimo” oa bona.—Jeremia 7:17, 18, New International Version.
Baruti ba Hlohlelletsa Mahlōriso
20, 21. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba latetse tsela efe, ’me ke lipotso life tse loketseng?
20 Ha re talima se kaholimo, potso ea Jeremia e loketse baruti ba Bokreste-’mōtoana: “Le ka bolela joang, la re: Re ba bohlale, re na le molao oa Jehova? Ka ’nete, pene ea bohata ea bangoli e o entse leshano . . . Bonang, ba khesitse lentsoe la Jehova, ba na le bohlale bofe?” (Jeremia 8:8, 9) Ba hanne Jehova le baemeli ba hae, lipaki tsa hae. Feela joalokaha baprista le baprofeta ba ile ba hlōrisa Jeremia, kahoo baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ’nile ba hlohlelletsa karolo e khōlō ea mahlōriso a sehlōhō ka ho fetisisa a Lipaki tsa Jehova ho theosa le lekholo lena la lilemo.
21 Empa ke hobane’ng ha ba hlohlellelitse mahloriso aa? Lipaki li entse eng e phephelitseng khalefo ea bona le e ileng ea butsoela mollo oa bona? Sehlooho sa ho qetela letotong lena se tla hlahloba lipotso tseo le tse amanang le tsona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhahlobo e qaqileng ea lintlha tsena, bona maqephe 177-81, 316-17, 366-71, ho Ho Bea Mabaka ka Mangolo, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka ho patoa ha lebitso la Molimo, bona bukana e maqephe a 32 e boholo ba makasine Lebitso La Molimo Le Tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
c The Image of Guadalupe—Myth or Miracle?, ea Jody Brant Smith, leqephe 6.
d The Glories of Mary, ea Alphonsus de Liguori, leqephe 424.
e Las Grandes Religiones Ilustradas, (Malumeli a Maholo a Tšoantšitsoeng), leqephe 408.
f Bakeng sa thuto ea Boraro bo bong, bona Ho Bea Mabaka ka Mangolo, maqephe 90-112.
g 1 Johanne 5:7 e ekelitsoe ka bolotsana, ’me Mattheu 24:36, e hlokang “leha e le Mora,” ke ho siuoa ha mantsoe kathōko ka bolotsana. Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe ho The Emphatic Diaglott, leqephe 803, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., le The Codex Sinaiticus and The Codex Alexandrinus, leqephe 27, e hatisitsoeng ke Lekhotla la Batsamaisi ba Ntlo ea Polokelo ea Lintho tsa Khale ea Manyesemane.
Na U Sa Hopola?
◻ Sehlopha sa kajeno sa Jeremia se ile sa khetholloa joang?
◻ Lintho tse ling tse tšoanang pakeng tsa Jerusalema ea boholo-holo le Bokreste-’mōtoana ke life?
◻ Baruti ba ’nile ba robatsa batho joang hore ba lumele hore ba na le khotso le Molimo?
◻ Ke ho se tsotelle hofe le borapeli ba litšoantšo tse tšoanelang Bokreste-’mōtoana hantle?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ka 1938 Lipaki li ne li nyatsa bolumeli ba bohata
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Bokreste-’mōtoana bo tšepile linģalo tsa bona tse halalelang tse hlonepshoang ka baka la hore ke tsa khale feela joalokaha Bajode ba ne ba tšepile tempele
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Baruti ba thelevishine ba Bokreste-’mōtoana ba robatsa ba limillione hore ba lumele hore ba “pholositsoe” kapa ba “tsoetsoe la bobeli”