Paradeise ea Moea
HO PHOLLETSA le libuka tse ngata tsa boprofeta tsa Bibele, ho fumanoa litšepiso tse ngata tsa Molimo tse mabapi le ho khutlisoa ha Iseraele mafatšeng a botlamuoa ba eona ho khutlela lefatšeng la eona le ripitliloeng. Molimo o ne o tla etsa hore lefatše le neng le nyahlalitsoe le lengoe le ho jaloa, ho bea haholo, le ho tlala batho le liphoofolo; ho ne ho tla tsosolosoa metse ’me ho luloe ho eona, ’me batho ba ne ba tla re: “Lefatše leno, e neng e le lefeella, le fetohile le ka tšimo ea Edene.” (Ezekiele 36:6-11, 29, 30, 33-35; bapisa le Esaia 51:3; Jeremia 31:10-12; Ezekiele 34:25-27.) Leha ho le joalo, boprofeta bona bo boetse bo bontša hore maemo a paradeise a amana le batho ka bobona, bao, ka botšepehi ho Molimo, joale ba ka ‘hlomelang’ ’me ba atleha joaloka “lieike tsa ho loka,” ba thabela boiketlo bo botle ba moea joaloka “serapa se noselitsoeng,” ba tšoloheloa ke mahlohonolo a mangata a tsoang ho Molimo hobane o ba hauhetse. (Esaia 58:11; 61:3, 11; Jeremia 31:12; 32:41; bapisa le Pesaleme ea 1:3; 72:3, 6-8, 16; 85:10-13; Esaia 44:3, 4.) Batho ba Iseraele e kile ea e-ba tšimo ea merara ea Molimo, boleme ba hae, empa bobe ba bona le ho koenehela borapeli ba ’nete li ile tsa baka ho ‘hlohloreha’ ha tšoantšetso ha tšimo ea bona ea moea, esita le pele lefatše la bona le etsoa lesupi ka sebele.—Bapisa le Exoda 15:17; Esaia 5:1-8; Jeremia 2:21.
Sena ntle ho pelaelo se fana ka senotlolo sa ho utloisisa tlhaloso ea Pauluse ea pono (eo ho bonahalang a ile a ba le eona, kaha e thea karolo ea boitšireletso ba hae ho beng ha hae moapostola) eo ho buuoang ka eona ho 2 Ba-Korinthe 12:1-7. A nketsoe “leholimong la boraro,” motho ea bonang pono a kena ka “paradeiseng” ’me a utloa mantsoe ao ho leng thata ho a hlalosa. Hore paradeise ena e bonoeng e ne e ka bolela boemo ba moea har’a batho ba Molimo, joaloka tabeng ea Iseraele oa nama, ho ka bonoa ’neteng ea hore phutheho ea Bokreste e ne e boetse e le “boleme ba Molimo,” serapa sa hae sa moea sa merara, seo metso ea sona e leng ho Jesu Kreste se beang litholoana ho rorisa Molimo. (1 Ba-Korinthe 3:9; Johanne 15:1-8) E ne e emetse joalo sechaba sa Iseraele mohaung oa Molimo. (Bapisa le Mattheu 21:33-43.) Pono ea Pauluse, leha ho le joalo, ka ho utloahalang e ne e tlameha ho sebetsa nakong e tlang, e le ho bōpa ‘tšenolo.’ (2 Ba-Korinthe 12:1) E ne e le nako ea hore bokoenehi bo be teng ka hare ho phutheho ea Bokreste ’me bo ne bo se ntse bo qalile ho sebetsa mehleng ea Pauluse; bo ne bo tla fella ka boemo bo tšoanang le ba tšimo e tletseng lehola. (Mattheu 13:24-30, 36-43; Liketso 20:29; 2 Ba-Thessalonika 2:3, 7; bapisa le Ba-Heberu 6:7, 8.) Ka hona, pono ea Pauluse ea paradeise ka ho utloahalang e ne e ke ke ea sebetsa boemong bo joalo empa ho bonahala e ne e ka amana le ‘mohl’a kotulo’ ha Bakreste ba ’nete ba ne ba tla phuthoa ke bakotuli ba mangeloi ’me ba tla thabela mahlohonolo a enneng le nala ea moea e tsoang ho Molimo.
Leha ho le joalo, ho hlakile hore, boprofeta ba tsosoloso bo tlalehiloeng ke baprofeta ba Baheberu bo akarelletsa lintho tse tla phethahala ka sebele paradeiseng ea lefatše le tsosolositsoeng. Ka mohlala, ho na le litšobotsi, ho Esaia 35:1-7, tse kang ho phekoloa ha lifofu le lihlotsa, tse sa kang tsa phethahala ka ho toba ka mor’a tsosoloso ea hore ho khutluoe Babylona ea boholo-holo, kapa hona hore li ile tsa phethahala ka mokhoa o itseng paradeiseng ea moea ea Bokreste. E ne e ke ke ea e-ba ho loketseng ho Molimo ho susumetsa boprofeta bo kang bo ho Esaia 11:6-9, Ezekiele 34:25, le Hosea 2:18, ka sepheo sa hore feela bo be le moelelo oa tšoantšetso kapa oa moea, ntle le hore lintho tsena li phethahale ka ho toba phihlelong ea sebele ea bahlanka ba Molimo.