Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 5/1 maq. 23-28
  • Seo Lerato la Molimo le se Bolelang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo Lerato la Molimo le se Bolelang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšebeliso ea Sefapano Bolumeling
  • Sefapano sa Constantine
  • Na re ka Hlompha Ntho e Sebelisitsoeng Lefung?
  • Ho Khomarela Lentsoe le Bululetsoeng
  • “Boloka Litaelo Tsa Oona”
  • Na Ruri Jesu o Shoeletse Sefapanong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na Sefapano se Loketse Bakreste?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lebaka Leo ka Lona Bakreste ba ’Nete ba sa Sebeliseng Sefapano Borapeling
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Sefapano
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 5/1 maq. 23-28

Seo Lerato la Molimo le se Bolelang

“Seo lerato la Molimo le leng sona ke hore re bōlōke litaelo tsa hae.”—1 JOHANNE 5:3, “TLP.”

1. Re lokela ho bontša lerato ho Molimo joang, ’me phello e tla ba efe?

MABAPI le tlamo eo batho ba nang le eona ea ho rapela Molimo, Jesu o itse: “U tlameha ho rata Jehova Molimo oa hao ka pelo eohle ea hao le ka moea oohle oa hao le ka monahano oohle oa hao.” (Mattheu 22:37, NW) Re lokela ho bontša lerato lee joang? Bibele ea arabela: “Seo lerato la Molimo le leng sona ke hore re bōlōke litaelo tsa hae.” (1 Johanne 5:3, TLP) Ba etsang joalo ba tla fumana phello efe e ntle? Johanne o itse: “Ea lutseng leratong o lutse ho Molimo.”—1 Johanne 4:16b.

2. Ke mang feela ea lokelang ho fumana borapeli ba rōna?

2 Haeba re rata Molimo, re ke ke ra fana ka borapeli ba rōna ho sebopuoa sefe kapa sefe, se phelang kapa se shoeleng, empa re tla bo fa Molimo feela. (Luka 4:7, 8) Moapostola Petrose, esita le lengeloi, ba ile ba hana ho amohela borapeli ho batho. (Liketso 10:25, 26; Tšenolo 22:8, 9) Hape, Jesu o ile a bontša hore ’m’ae, Maria, ha aa lokela ho fuoa tlotliso leha e le efe ea borapeli, hobane tlotliso e joalo ke ea Molimo feela. (Luka 11:27, 28; Johanne 2:3, 4; Tšenolo 4:11) Ha motho a lebisa borapeli ba hae sebakeng se fosahetseng hoo ho tla fella ka ho ba khahlanong le litaelo tsa Molimo, hobane “ha ho motho ea ka tsebang ho sebeletsa marena a mabeli.”—Mattheu 6:24.

Tšebeliso ea Sefapano Bolumeling

3. Bokreste-’mōtoana bo talima tšebeliso ea sefapano joang?

3 Ho boetse ho na le lintho tse sa pheleng tseo haeba li hlonepshoa li ka ’nang tsa isa ho tlōleng litaelo tsa Molimo. E ’ngoe ea tse tummeng ka ho fetisisa ke sefapano. Ka makholo a lilemo se ’nile sa sebelisoa ke batho Bokreste-’mōtoaneng e le karolo ea borapeli ba bona. The New Encyclopædia Britannica e bitsa sefapano “letšoao la sehlooho la bolumeli ba Bokreste.” Nyeoeng ea lekhotla e neng e le Greece, Kereke ea Greek Orthodox e bile ea pheha khang ea hore ba latolang ‘Sefapano se Halalelang’ hase Bakreste. Empa na kannete sefapano ke letšoao la Bokreste? Se simolohile hokae?

4, 5. (a) Buka e hlalosang mantsoe e re’ng ka lentsoe stau·rosʹ, le fetoletsoeng e le “sefapano” Libibeleng tse ling tsa Sesotho? (b) Tšebeliso ea sefapano e simolohile hokae?

4 Ntho e sebelisitsoeng lefung la Jesu e boletsoe likarolong tsa Bibele, tse kang Mattheu 27:32 le 40. Mono lentsoe la Segerike stau·rosʹ le fetoletsoe e le “sefapano” Libibeleng tsa Sesotho. Empa stau·rosʹ e ne e bolela eng lekholong la pele la lilemo ha Mangolo a Segerike a ngoloa? An Expository Dictionary of New Testament Words, ea W. E. Vine, e re: “Stauros . . . ha e le hantle, e bolela palo e otlolohileng kapa thupa. Linokoane li ne li khokhotheloa thupeng e joalo bakeng sa ho bolaoa. Lereho [stau·rosʹ] hammoho le ketso stauroō, ho faselletsa thupeng kapa palong, ho tloha sethathong le lokela ho khetholloa ho sefapano se likarolo li peli se sebelisoang ke likereke. Sebopeho sa sona se simolohile Kalde ea boholo-holo, ’me se ne se sebelisoa e le letšoao la molimo Tammuze (kaha se bopehile joaloka Tau ea tšoantšetso, tlhaku e emelang lebitso la oona) naheng eo le linaheng tse ahisaneng le eona, ho akarelletsa Egepeta.”

5 Vine o tsoela pele ho re: “Bohareng ba lekholo la boraro la lilemo A.D. likereke li ne li se li suthile lithutong tse itseng tsa tumelo ea Bokreste, kapa li li sothile. Ho eketsa botumo ba tsamaiso ea likereke tsa bokoenehi bahedene ba ile ba amoheloa ka likerekeng ka ntle le ho nchafatsoa ka tumelo, ’me ba ile ba lumelloa hore ka kakaretso ba boloke lipontšo tsa bona tsa bohedene le matšoao a bona. Kahoo Tau kapa T, ka sebopeho sa eona se sebelisoang khafetsa, mola o parolang o theotsoe hanyenyane, e ile ea nkoa e emela sefapano sa Kreste.”

6, 7. (a) Lentsoe “cross” (sefapano) le tsoa hokae, ’me ke hobane’ng ha ho sebelisoa ha lona Libibeleng tsa Sesotho ho sa lokafatsoe? (b) Ho sebelisa ha Bibele lentsoe xyʹlon ho netefatsa joang hore stau·rosʹ e ne e le thupa e otlolohileng?

6 The Companion Bible, tlas’a sehlooho “Sefapano le Ho Thakhisoa,” e re: “Lentsoe la rōna la Senyesemane bakeng sa “cross” [sefapano] ke phetolelo ea crux ea Selatine; empa stauros ea Segerike ha e bolele crux joalokaha ‘thupa’ e sa bolele ‘seikokotlelo sa motho ea holofetseng.’ Homer o sebelisa lentsoe stauros leo e leng palo e tloaelehileng kapa thupa, kapa sekoto se le seng sa sefate. ’Me ona ke oona moelelo oa lentsoe leo ’me ke tsela eo le sebelisoang ka eona ho pholletsa le libuka tsohle tsa litsebi tsa Bagerike. Ha ho mohla le bolelang likoto tse peli tsa sefate tse fapantsoeng. . . . Ha ho letho ka T[estamenteng] e N[cha] ea Segerike le ka fanang ka moelelo oa likoto tse peli tsa sefate.”

7 Lentsoe le leng la Segerike, xyʹlon, le sebelisitsoe ka Bibeleng ho supa ntho e sebelisitsoeng ha Jesu a e-shoa. Lentsoe lena le thusa ho bontša hore stau·rosʹ e ne e le thupa e otlolohileng e se nang thupa e e parolang. Joalokaha The Companion Bible e bolela: “Lentsoe [xyʹlon] . . . ka kakaretso le bolela sekoto sa patsi se omelletseng, kapa sefate, bakeng sa libeso kapa morero leha e le ofe o mong. . . . Kaha lentsoe lena la morao [xyʹlon] le sebelisitsoe bakeng sa stauros ea pele, le re bontša hore moelelo oa ’ona o tšoana hantle. . . . Kahoo ho sebelisitsoe lentsoe [xyʹlon] . . . mabapi le mokhoa oo Morena oa rōna a shoeleng ka oona, ’me le fetoletsoe e le ‘sefate’ ho Liketso 5:30; 10:39; 13:29; Ba-Galata 3:13; 1 Petrose 2:24 [King James Version].”

8. Mehloli e meng e re’ng ka sefapano le tšimoloho ea sona?

8 Dictionnaire Encyclopédique Universel (Buka ea Boitsebiso bo Pharalletseng e Hlalosang Mantsoe) ea Sefora e re: “Ka nako e telele re ne re lumela hore sefapano, se talingoang e le letšoao la bolumeli, ka ho toba e ne e le sa Bakreste. Ha ho joalo.” Buka Dual Heritage—The Bible and the British Museum e bolela hore: “E ka ’na ea e-ba ho nyarosang ho tseba hore ha ho lentsoe le kang ‘sefapano’ ka Testamenteng e Ncha ea Segerike. Lentsoe le fetoletsoeng e le ‘sefapano’ ka mehla ke lentsoe la Segerike [stau·rosʹ] le bolelang ‘thupa’ kapa ‘palo e otlolohileng.’ Qalehong sefapano e ne e se letšoao la Bokreste; se nkiloe Egepeta le ho Constantine.” New Catholic Encyclopedia e re: “Setšoantšo sa lefu la topollo la Kreste Golgotha ha se hlahe litšoantšong tsa makholong a lilemo a pele a Bokreste. Bakreste ba pele, ba susumetsoa ke thibelo ea Testamente ea Khale mabapi le litšoantšo tse betliloeng, ba ne ba le leqe esita le ho tšoantša ntho e sebelisitsoeng [lefung] la Morena. . . . Sefapano se qalile ho tšoantšoa mehleng ea Constantine.”

Sefapano sa Constantine

9. ’Musi Constantine o amahanngoa le sefapano joang?

9 Constantine ke ’musi oa Roma ea ileng a tšoara Seboka sa Nicaea ka 325 C.E. ’me a se susumelletsa hore se amohele thuto eo eseng ea Mangolo ea hore Kreste e ne e le Molimo. O ile a etsa sena ho tiisa ’muso oa hae oa bahedene le Bakreste ba bakoenehi. The New Encyclopædia Britannica e re ka eena: “Mantsiboeeng a letsatsi leo ka lona Constantine a ileng a hlōla Maxentius ka 312, o ile a ba le pono ea ‘pontšo ea leholimo’ ea sefapano, eo a neng a lumela hore ke sesupo se tsoang ho Molimo sa tlhōlo ea hae.” Hape e bolela hore ka mor’a moo Constantine o ile a khothalletsa hore sefapano se hlonepshoe.

10. Ke hobane’ng ha ho sa utloahale kapa e se ho tumellanong le Mangolo ho lumela hore Molimo kapa Kreste o ile a fa Constantine “pontšo” e amang sefapano?

10 Leha ho le joalo, na Molimo o ne o ka fana ka pontšo ho moeta-pele oa mohedene ea neng a sa etse thato ea Molimo, le hona e le pontšo ea bohedene? Jesu o ile a khalemela batho ba habo ka ho batla lipontšo. (Mattheu 12:38-40, NW) Ho feta moo, ’musi enoa oa mohedene o ne a ntse a tšolla mali a se nang molato ka libetsa tsa lefatše hore a fumane bophahamo lipolotiking ’me, ka bolotsana ba lipolotiki, a lokisetsa polao ea beng ka eena le polao ea metsoalle e meng ea hae. Ka lehlakoreng le leng, Jesu o itse: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela.” (Johanne 18:36) Ke ka lebaka leo a ileng a laela Petrose: “Busetsa sabole ea hao selateng sa eona, hobane bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.”—Mattheu 26:52.

11. Ke eng e ileng ea susumelletsa Constantine ho khothalletsa tšebeliso ea sefapano?

11 Buka Strange Survivals e re ka Constantine le sefapano sa hae: “Hore ho ne ho e-na le morero oa lipolotiki boitšoarong ba hae hase hoo re ka ho belaellang; letšoao leo a ileng a le phahamisa le ne le khotsofatsa Bakreste ba lebothong la hae ka lehlakoreng le leng, le ma-Gaul [a bahedene] ka lehlakoreng le leng. . . . Ho ma-Gaul le ne le nkoa e le pontšo ea kamohelo ea molimo oa ’ona oa khanya,” molimo oa letsatsi oo a neng a o rapela. Che, ‘pontšo ea leholimo’ ea Constantine e ne e se na moo e amanang teng le Molimo kapa Kreste empa e metse bohedeneng.

Na re ka Hlompha Ntho e Sebelisitsoeng Lefung?

12, 13. Mabaka a mang ao ka ’ona sefapano se sa lokelang ho hlonepshoa ke afe?

12 Esita le haeba re iphapanyetsa bopaki ’me re nka hore Jesu o bolaetsoe sefapanong, na se lokela ho hlonepshoa? Che, hobane Jesu o bolailoe joaloka motlōli oa molao, joaloka banna ba neng ba khokhothetsoe ka thōko ho eena, ’me mokhoa oo a shoeleng ka oona o ne o mo nyelisa ka tsela e mpe ka ho fetisisa. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ke ke ba talima ntho e sebelisitsoeng polaong ea hae e halalela. Ho e hlompha ho ne ho tla bolela ho tlotlisa ketso e fosahetseng e etselitsoeng ho eona, polao ea Jesu.

13 Haeba motsoalle oa hao eo u mo ratang ka ho fetisisa a ne a ka ahloleloa lefu ka liqoso tsa bohata, na u ne u tla etsa setšoantšo sa ntho e sebelisitsoeng polaong (ha re re sekhoketsane se fanyehang batho kapa setulo sa motlakase kapa sethunya sa lebotho le thunyang) e be joale u aka setšoantšo seo, u khantša likerese ka pel’a sona, kapa u se roala molaleng oa hao e le mokhabiso o halalelang? Hoo hase ntho eo motho a ka e nahanang. Kahoo, hoa tšoana ka ho hlompha sefapano. ’Nete ea hore sefapano se simolohile bohedeneng e mpefatsa litaba le ho feta.

14. Re tlameha ho fihlela qeto efe mabapi le sefapano ha re talima bopaki ba lefatše le ba Bibele?

14 Ho hlompha sefapano hase Bokreste. Ha ho bontše lerato ho Molimo kapa Kreste empa ho soma seo ba se emelang. Ke ho tlōla litaelo tsa Molimo khahlanong le borapeli ba litšoantšo. Ho bontša hlompho ea borapeli ho letšoao la bohedene le keneng lekokong la Bokreste. (Exoda 20:4, 5; Pesaleme ea 115:4-8; 1 Ba-Korinthe 10:14) Ho talima letšoao la bohedene le halalela ke ho tlōla taelo ea Molimo: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? . . . Le se ke la ama sesila.”—2 Ba-Korinthe 6:14, 17.

Ho Khomarela Lentsoe le Bululetsoeng

15. Ke hobane’ng ha re lokela ho hana lineano tse khahlanong le Lentsoe la Molimo?

15 Likereke li bolela hore mekhoa e kang ho hlompha sefapano ke karolo ea “neano e halalelang.” Empa ha neano e e-ba khahlanong le Lentsoe la Molimo, ba ratang Molimo ba furalla neano. Seo kannete re se hlokang bakeng sa borapeli ba ’nete se se se ntse se akarellelitsoe ka hare ho Lentsoe la Molimo. Ho joalokaha Pauluse a ngoletse Timothea: “Etsoe le bonyenyaneng ba hao u hlile ua tseba Mangolo a Halalelang, a lokelang ho u hlalefisetsa ho bolokeha, ka ho lumela ho Jesu Kreste. Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.” (2 Timothea 3:15-17) Ha ho kae kapa kae moo Bibele e bolelang hore lineano tse hanyetsang Lentsoe la Molimo lia hlokahala bakeng sa ho bolokeha.

16. Jesu o ile a re’ng ho baeta-pele ba bolumeli ba Bajode mabapi le lineano tsa bona?

16 Hase ntho e ncha hore Mangolo a be khahlanong le neano ea batho. Nakong ea ha ho phethoa Mangolo a Seheberu a bululetsoeng ho fihlela ho tleng ha Jesu, baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba ile ba eketsa lineano tse ngata tsa molomo, tseo hamorao ba ileng ba li etsa mengolo e sa bululeloang ke Molimo. Hangata lineano tseo li ne li le khahlanong le Mangolo. Kahoo Jesu o ile a bolella baeta-pele ba bolumeli: “Le lōna, le tlōlela’ng molao oa Molimo ka mokhoa oo le o neanang na? . . . Le fetotse molao oa Molimo lefeela ka mokhoa oo le o neanang.” O ile a sebelisa Lentsoe la Molimo ho bona ha le re: “Ba nkhumamella lefeela, ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho.” (Mattheu 15:1-6, 9) Ha ho mohla Jesu a kileng a qotsa lineano tse joalo lithutong tsa hae. O ne a ipiletsa Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng le ngotsoeng.—Mattheu 4:4-10; Mareka 12:10; Luka 10:26.

17. Ke hobane’ng ha re ka kholoa Bibele e le eona seikokotlelo se tiileng sa tšepo ea rōna?

17 Molimo ha oa ka oa tlohella “lentsoe la bophelo” hore le bolokoe matsohong a sa sireletsehang a bo-ralineano ba bolumeli. (Ba-Filippi 2:15) Ho e-na le hoo, ka moea oa oona o halalelang o matla, o ile oa bululela ho ngoloa ha Bibele e le hore “ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.” (Ba-Roma 15:4) Ho bolela hore Bibele ha ea fella le hore ho hlokahala hore hape re itšetlehe ka monahano o sa tsitsang oa batho ba sa phethahalang, ba sa bululeloang, ke ho latola matla a Molimo. Ka sebele, ’Mōpi ea matla ’ohle, ea hlollang oa bokahohle o ne a ka ngola buka! ’Me o entse sena e le hore re ka ba le seikokotlelo se tiileng bakeng sa tšepo ea rōna le hore re se itšetlehe ka lineano tsa batho tse etsang hore batho ba tlōle litaelo tsa Molimo. Kahoo, Lentsoe la Molimo le re: “Le se ke la tlōlisa se ngoliloeng.” (1 Ba-Korinthe 4:6) Ba ratang Molimo kannete ba tla boloka keletso eo.—Bona le Liproverbia 30:5, 6.

“Boloka Litaelo Tsa Oona”

18. Haeba kannete re rata Molimo, re tlameha ho mamela taelo efe?

18 Johanne oa pele 5:3 e re: “Hobane ho rata Molimo, ke ha re boloka litaelo tsa oona.” Ha baeta-pele ba bolumeli ba tšela litaelo tseo ka metsi, kapa ba iphapanyetsa tsona, kapa ba beha lineano tsa batho tse khahlanong le tsona sebakeng sa tsona, joale ba etsa hore balateli ba bona ba be khahlanong le thato ea Molimo. Ka mohlala, nahana ka molao-motheo oa mantlha oa Bokreste: lerato. E ne e le karolo ea bohlokoahali ea thuto ea Jesu. O itse: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.”—Mattheu 22:39.

19. (a) Ke habohlokoa hakae hore Bakreste ba ’nete ba ratane? (b) Ke ka tsela efe “molao o mocha” oo Jesu a faneng ka oona mabapi le lerato o neng o fapane le oa khale?

19 Lerato lee la motho ho oa habo ke la bohlokoa hakae? Jesu o rutile hore Bakreste ba ’nete ba ka tsejoa ka lerato leo ba ratanang ka lona. O itse: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:34, 35) Ke ’nete, Molao o neng o filoe Iseraele ea boholo-holo o ne o akarelletsa taelo ea ho “rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Levitike 19:18) Empa se neng se le secha taelong ea Jesu e ne e le polelo ea hae, “joale ka ha ke le ratile.” Sena se ne se fa lerato la Bokreste matla a maholoanyane, hobane Mokreste o tlameha ho ikemisetsa esita le ho tella balumeli ’moho le eena bophelo ba hae, feela joalokaha Jesu a entse.

20. Ke bo-mang bao tlaleho ea histori ea lekholo lee la lilemo e ba tsebahatsang e le bona ba utloang taelo ea ho “ratana”?

20 Ka hona, kajeno bahlanka ba ’nete ba Molimo ba ka tsejoa ka tlamo ea lerato e ke keng ea khaoha, e kopanyang lefatšeng lohle. Mehleng ea rōna ke bo-mang ba bontšang ho utloa litaelo tsa Molimo tsa lerato joalo? Ke bo-mang ba ’nileng ba hlorisoa, ba kenngoa chankaneng, ba kenngoa likampong tsa mahloriso, kapa ba ahloleloa lefu hobane ba ke ke ba nkela balumeli ’moho le bona lihlomo—kapa le bona ba sa lumelang—ba lichaba tse ling? Tlaleho ea histori ea lekholo lena la lilemo ea arabela: ke Lipaki tsa Jehova feela.

21. Ke tlaleho efe eo likereke tsa Bokreste-’mōtoana li e entseng mabapi le taelo ea ho rata balumeli ’moho?

21 Ka lehlakoreng le leng, ka makhetlo-khetlo malumeli a Bokreste-’mōtoana a ’nile a roba litaelo tsa Molimo mabapi le lerato. Lintoeng tsohle tsa lekholo lena la lilemo, baruti ba likereke tsa Bokreste-’mōtoana ba ’nile ba etella batho ba bona pele ho ea kopana mabaleng a ntoa ka mahlakore ka bobeli le ho bolaeana ka limillione. Maprotestanta a bolaile Maprotestanta a habo ’ona, Mak’hatholike a bolaile Mak’hatholike a habo ’ona, empa kaofela ba ne ba ipolela e le Bakreste. Empa Lentsoe la Molimo lea phatlalatsa: “E mong ha a re: Ke rata Molimo, ’me a hloea ngoan’abo, o leshano; hobane ea sa rateng ngoan’abo eo a ’monang, a ka tseba joang ho rata Molimo oo a sa o boneng? ’Me re filoe ke oona taelo ena, e reng: Ea ratang Molimo a rate le ngoan’abo.”—1 Johanne 4:20, 21.

22. Ho latela tlhaloso e ho 1 Johanne 3:10-12, batho ba likereke tsa Bokreste-’mōtoana ke bana ba mang, hona hobane’ng?

22 Lentsoe la Molimo le boetse le re: “Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Molimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ea sa etseng ho lokileng hase oa Molimo, leha e le ea sa rateng ngoan’abo. . . . Re ratane, ’me re se ke ra ba joale ka Kaine, e neng e le oa e mobe, ’me a bolaile ngoan’abo.” (1 Johanne 3:10-12) Likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ipolela hore ke bana ba Molimo, empa ho ke ke ha e-ba joalo, hobane ba hlompholla ka ho tšabehang litaelo tsa Molimo tsa lerato ’me ‘ba bolaea banab’abo bona.’ E tlameha e be ke bana ba “e mobe.” Kahoo, Lentsoe la Molimo le phehella bohle ba lipelo li tšepahalang ba leng malumeling a joalo: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.” (Tšenolo 18:4) Haufinyane Molimo o tla liha likahlolo tsa oona khahlanong le malumeli ’ohle a bohata. Ba a khomarelang ba tla oeloa ke tlokotsi ea ’ona. (Tšenolo 17:16) Ka lehlakoreng le leng, “ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.

U ne u Tla Arabela Joang?

◻ Ke hobane’ng ha lentsoe la Senyesemane bakeng sa “cross” (sefapano) e le phetolelo e fosahetseng ea lentsoe la Segerike stau·rosʹ?

◻ Ho hlompha sefapano ho simolohile hokae, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho ho hana?

◻ Jesu o behile mohlala ofe mabapi le lineano tsa bolumeli?

◻ Ke bopaki bofe bo tsebahatsang ba utloang litaelo tsa ho ba le lerato la bana ba motho?

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 25]

MOO SEFAPANO SE SIMOLOHILENG TENG

Nako e telele pele ho mehla ea Bokreste, mefuta ea sefapano e ne e sebelisoa hoo e batlang e le karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše e le matšoao a bolumeli

Crux Ansata e ne e sebelisoa ke Baegepeta ba boholo-holo e le letšoao la bophelo bo tlang

Crux Quadrata e ne e tšoantšetsa lintho tse ’nè tseo ho neng ho lumeloa hore lintho tsohle li bōpiloe ka tsona

Ho nahanoa hore Crux Gammata e ne e le letšoao la mollo kapa letsatsi; ka hona, la bophelo

Sefapano sa Selatine se tloaelehileng Bokreste-’mōtoaneng

Sefapano sena ke letšoao le emelang litlhaku tse peli tse qalang tsa Segerike tsa lentsoe “Kreste”

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Kreste o shoetse thupeng e otlolohileng, eseng sefapanong

[Litšoantšo tse leqepheng la 27]

“Ka molomo ba bolela hore ba tseba Molimo, empa ba o latola ka liketso.”—Tite 1:16

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela