Lebaka la Hore U be Teng Kopanong ea Setereke ea “Boinehelo ba Bomolimo”
Taeo e putsang ea matsatsi a mararo ea thuto a Bibele e u letetse Kopanong ea Setereke ea Lipaki tsa Jehova ea “Boinehelo ba Bomolimo” khoeling ena. Ka lipuo tse laeang le lipuisano le litšoantšiso, tataiso ea bohlokoa ea Bibele e tla fanoa. E-ba teng ka 9:50 hoseng ha pele ha kopano e simolla ka ’mino.
Lenaneo la letsatsi la pele le tla fana ka puo “Qoba Molomo o Utloisang Bohloko” le puo ea bohlokoa ka tšimoloho ea thuto ea Boraro-bo-bong. Thapama, batsoali ba tla amohela keletso ea boikarabelo ba bona ba boitšoaro bakeng sa ho neha bana ba bona letlotlo la moea. Ho latelang, bacha ba tla khothatsoa ho etsa Kreste mohlala oa bona le ho etsa hore ’nete e be ea bona. Lenaneo la letsatsi le tla koala ka puisano ea tokisetso e khōlō e entsoeng ka ho khethehileng bakeng sa ho thusa bacha.
Letsatsi la bobeli e tla ba letsatsi le tletseng taeo le tlang ho buella kolobetso hoseng ’me thapama lipuo tsa bohlokoa mabapi le Sehlopha se Busang sa Bakreste le kamoo re ka sebelisanang le sona kajeno. Lenaneo la thapama le tla phetha ka puo ea bohlokoa: “Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?”
Letsatsi la ho qetela hoseng, taeo e leng nakong e tla hlokomelisa ka “motho ea hlokang molao” le ho itlhokomela ho se faposoe ke lintho tse kang lijo le lino, boitlhopho le boikhathollo. (2 Ba-Thessalonika 2:3) Sena se tla lateloa ke tšoantšiso ea mehleng ea joale e hatellang bohlokoa ba ho ikokobeletsa Molimo. Joale, u ke ke ua rata ho fetoa ke puo ea phatlalatsa, “Topollo e Haufi ho Batho ba Boinehelo ba Bomolimo!”
Ka December, ho lokiselitsoe likopano tse fetang 16 Afrika Boroa feela, kahoo ho tla ba le e ’ngoe haufi le moo u lulang teng. Botsa Lipaki tsa Jehova moo u lulang teng bakeng sa nako le sebaka se haufi le uena.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Kopano ea setereke Verona, Italy