U se Fetoe ke Kopano ea Setereke ea “Tšepa Jehova”!
U letetsoe ke matsatsi a mararo a putsang, a tletseng taeo ea Bibele le botsoalle bo hahang ba Bokreste Kopanong ea Lipaki tsa Jehova ea Setereke ea “Tšepa Jehova.” Ka Tšitoe 1987 le Pherekhong 1988 likopano tse fetang 15 li lokiselitsoe likarolong tse fapaneng Afrika e ka boroa, kahoo ho tla ba le e ’ngoe haufi le moo u lulang teng. Lokisetsa ho ba teng ho tloha lenaneong le bulang le tla qala ka 10:20 hoseng ka Labohlano, ’me u be teng ho fihlela ho le koalang motšehare oa mantsiboea ka Sontaha.
Lenaneo le bulang le tla ikhetha ka puo e rutang “Batho ba Arotsoeng ka Morero Lefatšeng.” Motšehare oa mantsiboea, taeo e tobileng le e chorileng e tla tobisoa ho batsoali ’me hamorao e tobisoe ho bacha. Bacha ba tla thusoa ho itebela khahlanong le ho phela ho ka bitsoang “bophelo bo habeli.” Joale taba ena e tla phahamisoa ka tšoantšiso e susumetsang pelo ea mehleng ea kajeno.
Hoseng ha Moqebelo ho tla ikhetha ka puo ea boineelo le kolobetso, ’moho le taeo ka litsela tseo ka tsona re ka bontšang ho tšepa ha rōna Jehova, tumellanong le sehlooho sa kopano. “Ho Beleha Bana ka Kutloisiso Mehleng Ena ea Bofelo” e tla ba puo ea sehlooho lenaneong la motšehare oa mantsiboea, le tlang ho koaloa ka letoto la lipuo sehloohong “Lentsoe la Molimo lea Phela.”
Lenaneo la Sontaha le tla ikhetha ka puo “Nyonya Ka Ho Felletseng Tsela ea Bophelo e Lihlong ea Lefatše,” ’moho le tšoantšiso ea Bibele ea moaparo o khethehileng e bontšang ho potlaka ha mehla ea rōna. Motšehare oa mantsiboea, puo ea phatlalatsa, “Ke Mang Eo U Ka Mo Tšepang ka Sebele Mehleng ea Rōna e Tšosang?” e tla ba ntlha e ’ngoe ea bohlokoahali khanyang ea kopano.
Fumana ho Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno nako le sebaka tsa kopano e haufi ka ho fetisisa le uena.