U se Fetoe ke Kopano ea Setereke ea “Puo e Hloekileng”!
Uletetsoe ke matsatsi a mane a putsang a thuto ea Bibele. E-ba teng ha lenaneo le qala ka 1:30 thapama ka Labone. Thabela puo e susumetsang maikutlo “Na Metsoalle ea Hao ke Metsoalle ea Jehova?” hammoho le puo ea sehlooho, “Puo e Hloekileng Bakeng sa Lichaba Tsohle.” Puo e qetellang ea thapama, “Ho Boloka Bophelo ba Hao ka Mali—Joang?,” e tla arabela potso ena: Na ka sebele mali aa hlokahala ho boloka bophelo?
Lenaneo la Labohlano hoseng le qala ka 9:30. E-ba teng ho rua molemo puong e fatisisang “Kreste ‘O ne a Hloile ho Hloka Molao’—Na le Uena U ho Hloile?” le puo e susumetsang “Hana Likhopolo tse Inahaneloang tsa Lefatše, U Hahamalle Lintho tsa Sebele tsa ’Muso.” Thapama, ho tla fanoa ka likeletso tse sebetsang tsa litsela tsa ho phela ka chelete eo u nang le eona. Batsoali ba tla bontšoa kamoo ba ka phethahatsang litlamo tsa bona ka katleho haholoanyane, ’me tšoantšiso ea sejoale-joale e tla neha bacha tataiso e ntle haholo mabapi le ho kopanela mesebetsing e etsoang ka mor’a lithuto tsa sekolo.
Lenaneo la Moqebelo hoseng le tla fana ka puo ea boinehelo le kolobetso, hammoho le ho hlahloba tlhokahalo ea ho itima lintho tse ling e le hore ho ka etsoa thuto ea botho ea Bibele. “Koloi ea Jehova ea Leholimo E-ea Tsamaea” ke puo e susumetsang lenaneong la thapama. Hape, ho tla ba le likhopotso tse matla mabapi le boikarabelo ba rōna ba Bokreste ho thusa ba foufalitsoeng ke bolumeli ba bohata, ’me ho tla fanoa ka thuso e sebetsang ea ho phethahatsa boikarabelo bona.
U tla batla ho ba teng ka Sontaha hoseng ho utloa molaetsa o matla o tla fanoa khahlanong le Bokreste-’mōtoana le baruti ba bona. Molaetsa ona o tla lateloa ke tšoantšiso eo ho eona ho aperoeng liaparo tsa mehleng ea Bibele e theiloeng liketsahalong tse amang bophelo ba Jehu le Jonadabe. Joale, thapama, ikemisetse ho utloa puo ea phatlalatsa, “Re Kopantsoe ke Puo e Hloekileng.”
Ka November le ka December, ho lokiselitsoe likopano tse fetang 20 Afrika e ka boroa feela, kahoo ho tla ba le e ’ngoe haufi le moo u lulang teng. Botsa Lipaki tsa Jehova tsa moo u lulang teng ka nako le sebaka sa e haufi le uena.