E-ba Teng Kopanong ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho”!
MATSATSI a mararo a putsang a taeo ea Bibele a u emetse. E-ba teng ka Labohlano ka 10:20 hoseng ha kopano e qala ka lehlaso la ’mino. Thabela puo e bulang e reng, “Ke Hobane’ng ha re Nyarela ka Molaong o Phethahetseng oa Tokoloho?,” le karolo e phethang ea lenaneo la hoseng, e leng puo ea sehlooho: “Morero le Tšebeliso ea Tokoloho ea Rōna eo re e Fuoeng ke Molimo.”
Labohlano motšehare oa mantsiboea, Bakreste ba tla fuoa keletso ea hore ba phethe thōmo ea bona joaloka basebeletsi ba Molimo. “Na U Tšoarehile Mesebetsing e Shoeleng Kapa Tšebeletsong ea Jehova?” le “Batho ba Lokolohileng Empa ba tla Ikarabella” ke lihlooho tse peli har’a tse ling tse tla tšohloa. Khothatso ea hore motho a sebelise tokoloho ea hae ho sebeletsa Jehova e tla fanoa tšoantšisong eo ho eona batšoantšisi ba tla beng ba apere liaparo tse tšoanang le tsa mehleng ea Bibele. E tla be e thehiloe liphihlelong tsa Esdrase le batho ba neng ba e-na le eena ba ileng ba khutlela Jerusalema ka 468 B.C.E. ba tsoa Babylona ho ea nchafatsa tempele ea Molimo.
Lenaneo la Moqebelo hoseng le tla ba le lipuo tsa neheletsano e nang le likarolo tse tharo, “Tokoloho e Tsamaeang le Boikarabelo Tikolohong ea Lelapa.” Puo e phenyang maikutlo e reng “Ipoloke U Lokolohile ho Sebeletsa Jehova” e tla lateloa ke puo ea boinehelo le kolobetso tsa Bokreste. Motšehare oa mantsiboea ba bangata ba tla emela ka tebello e khōlō puo e reng “Na Lenyalo ke Senotlolo sa Thabo?” Lenaneo le tla phethoa ka ketsahalo e khethehileng eo ka ntle le pelaelo e tla tlisa thabo e khōlō ho barati bohle ba tokoloho.
U tla batla ho ba teng Sontaha hoseng hore u utloe puo ea neheletsano e nang le likarolo tse tharo e reng “Ho Sebeletsa Joaloka Batšoasi ba Batho.” Puo ena e tla tšohla setšoantšo sa Jesu sa letlooa le litlhapi ’me e tla bontša hore na ke karolo efe eo re ka bang le eona ho phethahaleng ha sona. Lenaneo la hoseng le tla phethoa ka lipuo tsa bohlokoa tse reng “Ho Ipoloka re Falimehile ‘Nakong ea Bofelo’” le e reng “Ke Mang ea Tla Pholoha ‘Nako ea Tlokotsi?’” Joale, motšehare oa mantsiboea, u ke ke ua rata ho fetoa ke puo ea phatlalatsa e reng, “Ho Thoholetsa Lefatše le Lecha la Molimo la Tokoloho.” Pele ho fanoa ka puo e susumetsang e phethang, ho tla ba le puisano ea sehlooho sa thuto ea Molula-Qhooa bakeng sa beke eo. Tloo le kopi ea hao ea makasine o tla beng o baloa bekeng eo.
Ho tloha ka September ho fihlela ka January, ho lokiselitsoe likopano tse fetang 20 tse tla tšoaroa Afrika Boroa feela, kahoo ho tla ba le e ’ngoe haufinyane le moo u lulang teng. Botsa Lipaki tsa Jehova tsa sebaka sa heno nako le sebaka sa e ’ngoe e haufi le uena.