Lea Amoheloa Kopanong ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho”!
TOKOLOHO! Lentsoe leo le utloahala hamonate hakaakang! Ha ho motho ea thabelang ho ba botlamuoeng kapa khōlehong. Lilemong tsa morao tjena ho bile le mehato e mengata e lebisang tokolohong ea lipolotiki eo ba bangata ba neng ba tšepile hore e tla ba teng ho feta lilemong leha e le life tse ka hopoloang.
Leha ho le joalo, feela joalokaha tokoloho ea lipolotiki e lakatseha, ho na le tokoloho ea bohlokoa le e lakatsehang haholo ho feta eo. Ke tokoloho eo Jesu Kreste, Mor’a Molimo, a buileng ka eona ha a re ho barutuoa ba hae: “Ekare ha le tiisetsa lentsoeng la ka, le tla ba barutuoa ba ka ka ’nete; le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:31, 32) Ena ke tokoloho litumelong tse fosahetseng tsa bolumeli, tokoloho tšabong ea motho, tokoloho bokhobeng bo isang litemallong tsa bobe, le linthong tse ling tse ngata.
Tokoloho ena ke eona eo e leng sehlooho sa Likopano tsa Setereke tsa “Barati ba Tokoloho” tse tla tšoaroa ke Lipaki tsa Jehova hohle lefatšeng ho qala lehlabuleng la 1991. Ho tloha selemong sa 1919, se ileng sa tšoauoa ka ho tlosoa ha lithibelo tsa ’muso ho ba etellang pele har’a bona, batho ba Molimo ba ’nile ba thabela tokoloho e eketsehang mabapi le borapeli ba bona bo hloekileng.
Ke ho loketseng haholo hore ebe taba ea tokoloho e ’nile ea totobatsoa ka lilemo likopanong tsa puso ea Molimo, ka lihlooho tse kang “Likopano tsa Puso ea Molimo tsa ‘Lichaba tse Lokolohileng’” le “Likopano tsa Setereke tsa ‘Bara ba Molimo ba Tokoloho.’” Tokoloho e boetse e tšohloa ka ho atolohileng likhatisong tse kang “’Nete e Tla le Lokolla” le Bophelo bo sa Feleng—Tokolohong ea Bara ba Molimo.
Tokoloho e fanoeng ke Molimo eo bahlanka ba Jehova ba nang le eona hase feela bakeng sa bophelo ba bona bo botle le thabo. Joalokaha re bala ho Ba-Galata 5:13: “Ha e le lōna, banab’eso, le bilelitsoe ho lokoloha, empa feela le se ke la etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama, le mpe le sebeletsane ka baka la lerato.” Kopano ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho” e tla re thusa ho utloisisa morero oa tokoloho ea rōna, e re nolofalletse ho tšoarella tokolohong ea rōna ea bohlokoa, ’me e re bontše kamoo re ka e sebelisang hamolemo ka teng.
Kopano e tla qala ka Labohlano hoseng ka 10:20 ka lenaneo la ’mino le tla etsa hore monahano oa rōna o lokele lijo tsa moea tse tla latela. Sehlooho sa letsatsi la pele se re “Ho Tseba ’Nete e re Lokollang,” se theiloeng ho Johanne 8:32. Lenaneo la hoseng le tla ba le mantsoe a kamohelo a molula-setulo le puo ea sehlooho e reng, “Morero le Tšebeliso ea Tokoloho ea Rōna eo re e Fuoeng ke Molimo.” Puo ena e tla totobatsa phapang pakeng tsa tokoloho ea Jehova e felletseng le tokoloho e lekanyelitsoeng eo Molimo o re nehang eona. E tla boela e re khothalletsa ho sebelisa hamolemo kamoo re ka khonang ka teng tokoloho eo re nang le eona. Lenaneo la motšehare oa mantsiboea le tla fana ka litšobotsi tse fapaneng tsa tokoloho ea rōna le tšebeletso ea rōna ’me le tla phetha ka tšoantšiso e reng, Ho Lokolleloa ho Ntšetsa Borapeli ba ’Nete Pele.
Sehlooho sa letsatsi la bobeli se re, “Ho Ema re Tiile Tokolohong eo re e Nehiloeng ke Molimo,” se theiloeng ho Ba-Galata 5:1, (NW). Lenaneo la hoseng le tla ba le lipuo tsa neheletsano tse tla bontša kamoo litho tsa lelapa ka bomong li ka thabelang tokoloho eo li e nehoang ke Molimo tikolohong ea lelapa. Ba itokiselitseng ho kolobetsoa ba tla ananela ka ho khethehileng mantsoe a mabapi le kamoo tokoloho e finyelloang ka boinehelo le kolobetso. Lenaneong la motšehare oa mantsiboea ho tla kopanyelletsoa le puisano e hapang maikutlo ea hore na ebe lenyalo ke senotlolo sa thabo kapa che. Ho tla boela ho e-ba le lipuo tsa neheletsano litšobotsing tse fapaneng tsa tokoloho ’me ho latele puo e phethang e lebisang tlhokomelo ho Moemeli ea ka Sehloohong oa Molimo bakeng sa ho fana ka tokoloho le bophelo bo sa feleng.
Sontaha ho na le sehlooho se reng “Ho Sebelisa Tokoloho ea Rōna Tumellanong le Moea oa Molimo,” se theiloeng ho 2 Ba-Korinthe 3:17, (NW). Lenaneo le tla ba le lipuo tsa neheletsano tse thahasellisang haholo tsa setšoantšo sa Jesu se tlalehiloeng ho Mattheu 13:47-50, se senolang kamoo Lipaki tsa Jehova li sebeletsang joaloka batšoasi ba litlhapi ka teng. Puo ea phatlalatsa motšehare oa mantsiboea e re “Ho Thoholetsa Lefatše le Lecha la Molimo la Tokoloho!” E tla lateloa ke tšobotsi e ncha bakeng sa kopano ea setereke: kakaretso ea thuto ea Molula- Qhooa bakeng sa beke eo. ’Me lenaneo le tla phetha ka khothatso ea Mangolo bakeng sa rōna kaofela hore re lule re hatela pele ho sebelisa hamolemo tokoloho ea rōna eo re e fuoeng ke Molimo boitšoarong ba rōna le ha re fana ka bopaki.
Ho barati bohle ba tokoloho, re re ka mantsoe a mopesaleme Davida: “Latsoang, le bone hoba Jehova o molemo!” (Pesaleme ea 34:8) Etsa sohle seo u ka se khonang ho ba teng kopanong ena. Tiisa hore u ba teng ho tloha lenaneong le bulang ka Labohlano hoseng ho fihlela ka puo e phethang ka Sontaha motšehare oa mantsiboea. Haeba u tla u e-na le takatso e ntle ea lijo tsa moea, u falimehetse ka ho felletseng tlhoko ea hao ea moea, u tla thaba ka sebele! (Mattheu 5:3) ’Me re se ke ra hlokomoloha molao-motheo ona, “Ea jalang haholo le hona o tla kotula haholo.” Sena se boetse se sebetsa tabeng ea hore na re lokisetsa ho ba teng ka tieo hakae nako e sa le teng, re mamela lenaneo ka hloko hakae ha le neheloa, ’me ke ka cheseho e kae re nkang litokelo leha e le life tsa tšebeletso ea boithaopo tse re bulehetseng mabapi le Kopano ea rōna ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho.”—2 Ba-Korinthe 9:6.