Ho Kopana le Barati ba Tokoloho e Fanoeng ke Molimo
LIPAKI TSA JEHOVA li ikhetha ka litsela tse ngata haholo. Ke tsona feela tse buang “puo e hloekileng.” (Sofonia 3:9, NW) Ke tsona feela tse kopaneng, tse nang le letšoao le khethollang la lerato le ileng la hlalosoa ke Jesu Kreste. (Johanne 13:35) ’Me ke tsona feela tse thabelang tokoloho eo Jesu Kreste a boletseng hore ’nete e tla e tlisa, joalokaha ho tlalehiloe ho Johanne 8:32: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”
Mantsoe ana ao Jesu Kreste, Mora oa Molimo, a neng a a lebisitse ho barutuoa ba hae, a ipakile e le ’nete. ’Me hona joale a ananeloa le ho feta ke bohle bao e leng Lipaki tsa Jehova ba ileng ba ba teng Likopanong tsa Setereke tsa “Barati ba Tokoloho.” Lenaneo la kopano le ba hlakiselitse litšobotsi tse sa tšoaneng tsa tokoloho ea bona, kamoo ba lokelang ho e sebelisa ka teng, boikarabelo bo tsamaeang le tokoloho ea bona, le kamoo ba hlohonolofalitsoeng ka teng ka hore ebe ke batho ba lokolohileng.
Likopano tsena tse nakong le tse sebetsang li qalile Karolong e ka Leboea ea lefatše ka June 7, 1991, Los Angeles, California, U.S.A. Lenaneo le ile la qala ka 10:20 hoseng ka lehlaso la ’mino, le ileng la lateloa ke pina le thapelo. Puo e bulang lenaneo e bile puo e matla e thehiloeng ho Jakobo 1:25. Ho ea ka The Jerusalem Bible, temana ena e baleha tjena: “Motho ea sa khaotseng ho sheba molaong oa tokoloho ’me a fetola hoo tloaelo ea hae—a sa mamele feela e be oa lebala, empa a sebelisa seo a ithutileng sona ka mafolo-folo—o tla thaba ho sohle seo a se etsang.” Joalokaha re icheba ka seiponeng hore re bone moo ho hlokahalang hore re ntlafatse ponahalo ea rōna, ka ho tšoanang re lokela ho phehella ho nyarela ka molaong o phethahetseng oa Molimo oa tokoloho ho hlokomela moo ho hlokahalang hore re etse liphetoho bothong ba rōna. ’Me re lokela ho phehella ho icheba ka har’a seipone seo.
Ho ile ha latela puo ea molula-setulo, “Lea Amoheloa, Lōna Bohle Barati ba Tokoloho.” Lipaki tsa Jehova li rata tokoloho, ’me li batla ho lula li lokolohile. Sebui se ile sa qotsa litsebi tsa lefatše tse bontšitseng hore tokoloho e ke ke ea ba teng ntle ho molao. E, Bakreste ha baa lokoloha ho etsa ntho eo ba e ratang empa ba lokolohile ho etsa thato ea Jehova. Ba batla ho sebelisa tokoloho ea bona ka botlalo empa eseng ho e sebelisa hampe. Haholo-holo ho tloha ka 1919 Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa thabela tokoloho e eketsehileng. Sebui se ile sa lokolisa kamoo ho ’nileng ha hatelloa tokoloho ka teng lihloohong tsa kopano le likhatisong tsa Bokreste. Bohle ba tlileng kopanong ba ne ba tla ithuta ka ho eketsehileng ka tokoloho e fanoeng ke Molimo le kamoo ba ka e sebelisang ka teng.
Litlhaloso tseo tse nakong li ile tsa lateloa ke lipuisano tsa sebui le barati ba tokoloho ba thabetseng ho ba moo kopanong. Likopano tse joalo ke linako tsa ho thaba, joalokaha mekete e meraro ea selemo le selemo Iseraeleng ea boholo-holo e ne e tšoauoa ka thabo e khōlō. Lipuisano tse ngata li ile tsa paka hore likopano ke linako tse hahang moeeng tsa thabo.
Joale ho ile ha latela puo ea sehlooho, “Morero le Tšebeliso ea Tokoloho ea Rōna eo re e Fuoeng ke Molimo.” Ho tsoa puong ena ba tlileng kopanong ba ile ba ithuta hore ke Jehova feela ea nang le tokoloho e felletseng hobane ke ’Musi ea Phahameng le ea matla ’ohle. Leha ho le joalo, molemong oa lebitso la hae le molemong oa libōpuoa tsa hae, ka linako tse ling o lekanyetsa tokoloho ea hae ka ho lieha ho halefa le ka ho bonahatsa boitšoaro. Libōpuoa tsohle tsa hae tse bohlale li na le bolokolohi bo lekanyelitsoeng, hobane li tlas’a Jehova ’me li behetsoe meeli ke melao ea hae ea tlhaho le ea boitšoaro. Jehova o li file bolokolohi e le hore li thabe empa haholo-holo ka sepheo sa hore li mo fe tlhompho le thabo ka ho mo rapela. Ka baka la ho sebelisa bolokolohi ba tsona hantle, lefatšeng ka bophara Lipaki tsa Jehova li ithuetse botumo ba boitšoaro bo botle le cheseho tšebeletsong ea tsona.
Labohlano Motšehare oa Mantsiboea
“Na U Tšoarehile Mesebetsing e Shoeleng Kapa Tšebeletsong ea Jehova?” e bile sehlooho se susumetsang monahano se ileng sa bula lenaneo la motšehare oa mantsiboea ka Labohlano. Mesebetsi e shoeleng ha e akarelletse feela mesebetsi ea nama empa e akarelletsa le mesebetsi e meng e shoeleng moeeng, ea lefeela, e se nang molemo—e joaloka merero ea ho atisa chelete. Tabeng ena, boitlhahlobo bo tšepahalang boo motho a bo etsang ho eena ka boeena boa hlokahala ho bona haeba re beha ’Muso pele bophelong.
Puo e latelang e ne e e-na le khopolo e tšoanang, “Ho Phethahatsa Thōmo ea Rōna Joaloka Basebeletsi ba Molimo.” Sebui se ile sa bontša hore Bakreste ha baa lokela ho khotsofalla tšebeletso ea ho intša molato feela kapa ho finyella lihora tse hlokahalang. Ba lokela ho batla ho atleha litšobotsing tsohle tsa tšebeletso ea bona ea Bokreste. Lintlha tsena li ile tsa hatisoa ka matla ka lipontšo le lipuisano. Bohle ba ile ba khothalletsoa ho phethahatsa tšebeletso ea bona ka hohle kamoo ho ka khonehang.
Puong e reng “Batho ba Lokolohileng Empa ba Tla Ikarabella,” sebui se ile sa hatisa hore le hoja batho ba Jehova ba ananela tokoloho eo ’nete e ba tliselitseng eona, ba lokela ho hopola hore e tsamaea le boikarabelo. Ha baa lokela ho sebelisa tokoloho ea bona e le boikemelo ba ho etsa boitšoaro bo bobe, empa ba lokela ho e sebelisa ho rorisa Jehova. Joaloka Bakreste, ba ikarabella ho “balaoli ba phahameng” ’me ba boetse ba lokela ho sebelisana le baholo ba liphutheho. (Ba-Roma 13:1, NW) Ho feta moo, baa ikarabella ka moaparo oa bona, boitlhopho, le boitšoaro. Le ka mohla ha baa lokela ho lebala hore “motho ka mong ho rōna o tla ikarabela ho Molimo bakeng sa tsa hae.”—Ba-Roma 14:12; 1 Petrose 2:16.
Joale ho ile ha latela puisano e mabapi le tlhokahalo ea hore Bakreste bohle ba bontše “Ho Hloka Tšabo ha Bofelo ba Lefatše Lena bo Atamela.” Le hoja moloko oa batho o tšohile se ka ’nang sa tlisoa ke bokamoso, ho hlokahala hore Bakreste ba hloke tšabo e le hore ba tle ba phethe tšebeletso ea bona. Ho hloka tšabo ke phello ea ho tšepa Jehova, hobane ha Mokreste a tšaba ho soabisa Molimo, a ke ke a tšaba libōpuoa. Ho tseba mangolo a tšelisang ka hlooho ho ka matlafatsa motho hore a hloke tšabo. Ho boetse ho hlokahala hore bahlanka ba Molimo ba sebelise ka botlalo menyetla eohle ea ho kopana le balumeli-’moho e le hore ba ka ba matla moeeng ’me ba hloka tšabo. E mong le e mong o boetse o lokela ho hopola karolo eo thapelo e e phethang tabeng ea ho hloka tšabo. Ka ho lula ba hloka tšabo, Bakreste ba tla boloka kamano e ntle le Jehova Molimo.
Lenaneo la letsatsi la pele le ile la fella ka tšoantšiso e rutang haholo, Ho Lokolleloa ho Ntšetsa Borapeli ba ’Nete Pele. E ile ea bontša kamoo lelapa la kajeno le ileng la ithuta thuto ea bohlokoa ka teng ho Esdrase le lekhotla la hae la batho ba 7 000, ba ileng ba intša sehlabelo e le hore ba khutlele Jerusalema. E ile ea nolofalletsa e mong le e mong ea neng a le teng kopanong ho hlahloba lintho tse tlang pele bophelong ba hae le ho bona kamoo a ka eketsang litokelo tsa hae tsa tšebeletso. Tšoantšiso ena e ne e e-na le thuto ea bohlokoa ho ba baholo le ba banyenyane ka ho tšoanang.
Moqebelo Hoseng
Ka mor’a lehlaso la ’mino, pina, thapelo, le puisano ea temana ea letsatsi e nkiloeng Bibeleng, lenaneo la Moqebelo hoseng le ile la ba le puo ea neheletsano e nang le sehlooho se reng “Tokoloho e Tsamaeang le Boikarabelo Tikolohong ea Lelapa.” Karolong ea pele, “Kamoo Bo-ntate ba ka Etsisang Jehova,” bo-ntate ba ile ba eletsoa ka litsela tse fapa-fapaneng tseo ka tsona ba ka etsisang Ntate oa rōna oa leholimo. Timothea oa Pele 5:8 e ba laela hore ba se ke ba fana ka lintho tsa nama feela empa ba fane le ka lintho tsa moea. Ba etsisa Jehova ka ho ba matichere a matle a malapa a bona le ka ho fana ka taeo e lerato ha ho hlokahala. Lintlha tsena li ile tsa hlakisoa ke lipuisano tse ’maloa.
“Karolo ea Mosali e Tšehetsang” e bile karolo e latelang puong ena ea neheletsano. E ile ea qala ka ho hatisa hore mosali o na le boemo bo hlomphehang lelapeng la Bokreste, e leng boemo ba ho ba ea tšehetsang. See se mo hloka eng? Se hloka hore a ikokobetse ka ho loketseng, le ka mohla a se hatelle monna oa hae hore a etse ntho e batloang ke eena feela. Ho hlokahala hore a hlokomele litlamo tsa hae ho monna oa hae le bana ba hae hantle, ’me a ka fumana khotsofalo ea sebele ka ho boloka lehae la hae le hloekile le le makhethe. ’Me joaloka mosebeletsi oa Mokreste, a ka fumana menyetla e mengata ea ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Puisano ea sebui le lelapa le leng e ile ea hatisa bohlale ba keletso e joalo ea Mangolo.
Bacha ba ile ba fuoa tlhokomelo karolong e reng “Bana ba Mamelang le ho Ithuta.” Ka ho ruta bana ba bona ho mamela le ho ithuta, batsoali ba tlisetsa Jehova tlhompho ’me ba bontša lerato ho baena ba bona ba moea le ho bana ba bona. Tlamo e matla e tla ba teng pakeng tsa batsoali le bana haeba ba qeta nako ba le ’moho. Batsoali ba lokela ho hlomelloa ho arabela lipotso tsa bana ba bona le ho tsosa lenyora la bona la ho batla tsebo. Hape, lipuisano li ile tsa bontša kamoo sena se ka etsoang ka teng.
Ho ile ha latela keletso e ntle e reng “Ipoloke U Lokolohile ho Sebeletsa Jehova.” See se ka etsoa joang? Ka hore motho a ipoloke a lokolohile ho phehelleng mesebetsi ea lefatše, lintho tse senyang nako tseo motho a li etsang ka nako ea boikhathollo, le lipakane tsa lintho tse bonahalang. Jesu le moapostola Pauluse ba re behetse mehlala e metle ka ho intša sehlabelo. Ho hlokahala hore batho ba Jehova ba boloke leihlo la bona le le bonolo, le tsepame lithahasellong tsa ’Muso. Ha ho tluoa tabeng ea ho fumana lintho tse bonahalang, ho bohlale ho boloka chelete hona joale le ho reka hamorao ho e-na le ho reka hona joale le ho lefa hamorao. Bacha ba lokela ho itebela khahlanong le lipono tseo eseng tsa sebele mabapi le menyaka ea likamano tsa botona le botšehali le mesebetsi ea lefatše. Puisano le pula-maliboho oa lesoha e ile ea bontša mahlohonolo a tlisoang ke ha motho a ipoloka a lokolohile ho sebeletsa Jehova.
Lenaneo la Moqebelo hoseng le ile la fella ka puo e reng “Kenang Tokolohong ka Boinehelo le Kolobetso.” Ba eang kolobetsong ba ile ba hopotsoa hore le hoja pōpo e kentsoe bokhobeng ke bofetoheli ba Adama, Molopolli ea matla, Jesu Kreste, o butse tsela e isang tokolohong ka sehlabelo sa hae. Sebui se ile sa bontša se neng se ameha tabeng ea ho lokoloha ho etsa thato ea Molimo ’me sa totobatsa litlamo le mahlohonolo a tla fumanoa ke ba kolobetsoang.
Moqebelo Motšehare oa Mantsiboea
Lenaneo la Moqebelo motšehare oa mantsiboea le ile la qala ka potso e phenyang maikutlo “U Batla se Tla Hlahisetsa Mang Molemo?” Lefatše le bonahatsa moea oa Diabolose oa boithati. Leha ho le joalo, Bakreste ba tlameha ho etsisa moea oa ho intša sehlabelo oa Jesu Kreste. O behile mohlala o motle hakaakang! O ile a tela khanya ea leholimo eaba o etsa bophelo ba hae ba botho sehlabelo molemong oa rōna. Liphephetso tsa hore na re batla se tla hlahisetsa mang molemo li totobala ha ho e-na le ho se utloane har’a Bakreste khoebong kapa litabeng tsa lichelete, ha ho e-na le likhohlano tsa botho, joalo-joalo. Lintho tse joalo li beha lerato la Bokreste tekong. Empa ka ho batla se tla hlahisetsa ba bang molemo, ka sebele motho o tla hlokomela tlhohonolofatso e khōloanyane ea ho fana, ’me o tla fumana kamohelo ea Jehova.
Joale ho ile ha latela sehlooho se neng se amana le seo haholo se reng “Ho Hlokomela le ho Hlōla Bofokoli ba Moea.” Puo ena e ile ea hatisa tlhokahalo ea ho hlokomela matšoao a bofokoli ba moea le ho loana ka boikemisetso ntoeng ea ho hlōla Satane le maraba a hae. Bahlanka ba Jehova ba tlameha ho hlaolela lerato le tebileng ho eena le lehloeo bakeng sa ho hobe. Sena se hloka hore ba tsebe Jehova ka thuto ea botho ea Bibele ea ka mehla le ea lelapa. Ba tlameha ho qoba mefuta eohle ea boithabiso e tlotlisang pefo le boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. (Ba-Efese 5:3-5) Ho rapela ka mehla le ho ba teng libokeng le hona ke habohlokoahali bakeng sa hore re tle re atlehe ho hlōla bofokoli ba moea.
Mohlomong puo eo batho bohle ba neng ba sa khaotse ho bua ka eona ho feta puo leha e le efe e fanoeng kopanong ke e neng e e-na le sehlooho se reng “Na Lenyalo ke Senotlolo sa Thabo?” Ke bacha ba bangata hakaakang ba nahanang joalo! Empa sebui se ile sa hlakisa hore ho na le libōpuoa tse se nang palo tse tšepahalang tsa moea tse thabileng le hoja li se lenyalong, joalokaha le Bakreste ba bangata ba inehetseng ba ntse ba thabile le hoja ba se jokong ea lenyalo. Ho feta moo, banyalani ba bangata ha baa thaba, joalokaha lenane le phahameng la litlhalano le bontša. Ho hlokahala hore motho a nahanisise ka mahlohonolo a mangata ao Bakreste bohle ba inehetseng ba a thabelang e le hore a hlokomele hore lenyalo, le hoja e ka ba tlhohonolofatso, hase senotlolo sa thabo.
Puo ena e ile ea lateloa ke neheletsano e nang le sehlooho se reng “Tokoloho ea Bokreste Nakong ea Rōna.” Sebui sa pele se ile sa tšohla “Litšobotsi tsa Tokoloho ea Rōna ea Bokreste.” Litšobotsi tsena li akarelletsa tokoloho lithutong tsa bolumeli ba bohata tse kang Boraro-bo-bong, ho se shoe ha sephefumolohi sa motho, le tlhokofatso ea ka ho sa feleng. Ho boetse ho na le tokoloho bokhobeng ba sebe. Le hoja Bakreste ba sa phethahala, ba lokolohile litloaelong tse mpe tse kang ho tsuba, ho becha, botahoa, le boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. Ho boetse ho na le tokoloho ho hlokeng tšepo, hobane ba na le tšepo ea Paradeise e ba susumelletsang hore ba bolelle ba bang ka eona.
Sebui se latelang se ile sa botsa potso “Na Uena ka Bouena U Ananela Tokoloho e Joalo?” Ho ananela ho bontša ho nka ntho e le ea bohlokoa, ho e tšoara ka tlhokomelo. Hore a etse joalo, mohlanka oa Molimo o tlameha ho itebela khahlanong le teko ea ho tlōla meeli ea tokoloho ea Bokreste. Tokoloho ea lefatše ke leshano le mano, hobane e fella ka ho kena bokhobeng ba sebe le tšenyeho.
Sebui sa ho qetela puong ena ea neheletsano se ile sa bua ka sehlooho se reng “Barati ba Tokoloho ba Ema ba Tiile.” E le hore ba etse joalo, Bakreste ba tlameha ho lula haufi le batsoali ba bona ba leholimo, Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o kang mosali. Batho ba Jehova ba ke ke ba itumella hore ba khelosoe ke mashano a bokoenehi; ba tlameha ho furalla batho ba buellang boitšoaro bo bobe. E le hore Bakreste ba eme ba tiile tokolohong ea bomolimo, ba tlameha ho “phela ka Moea.”—Ba-Galata 5:25.
Puo ea ho qetela letsatsing leo e bile e thabisang haholo. E ne e e-na le sehlooho se reng “Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.” Jesu Kreste e bile motho e moholo ka ho fetisisa, hobane o ile a ama bophelo ba batho ka matla ho feta mabotho ’ohle a ntoa, likepe tsohle tsa ntoa, lipalamente tsohle, le marena ’ohle ha li kopantsoe hammoho. E ne e le Mora oa Molimo, ea kileng a phela leholimong pele a e-tla lefatšeng. Jesu o ne a etsisa Ntate oa hae oa leholimo hantle ho seo a neng a se bua le ho se ruta le kamoo a neng a phela ka teng hoo a neng a ka re: “Ea mponang o bone Ntate.” (Johanne 14:9) Jesu o ile a bontša hantle hakaakang hore “Molimo ke lerato”! (1 Johanne 4:8, BPN) Ka mor’a ho bua halelele ka litšoaneleho tsa Jesu, sebui se ile sa bolela hore letoto la lihlooho tsa “Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae” le ’nile la hatisoa ho Molula-Qhooa ho tloha ka April 1985. Ho arabela likōpo tsa batho ba bangata, joale Mokhatlo o ne o lokolla buka e ncha Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. E na le likhaolo tse 133 ’me e hatisitsoe ka mebala e mene. Ho hlophisitsoe boitsebiso bo letotong leo, ’me kaofela ha bona bo akarellelitsoe maqepheng a buka eo a 448. Ruri letsatsi lena la kopano le ile la qetella ka moea o phahameng o bontšang thabo!
Sontaha Hoseng
Qalong ea lenaneo la Sontaha hoseng ho ile ha ba le puo ea neheletsano e reng “Ho Sebeletsa Joaloka Batšoasi ba Batho.” Puo e reng “Ho Tšoasa Litlhapi—Tsa Sebele le tsa Tšoantšetso” e ile ea rala motheo bakeng sa lipuo tse ileng tsa latela. Sebui se ile sa bontša hore ka mor’a hore Jesu a etse hore batšoasi ba litlhapi ba tšoase litlhapi ka mohlolo, o ile a ba mema hore e be batšoasi ba batho. Ka nakoana, Jesu o ile a koetlisetsa barutuoa ba hae ho ba batšoasi ba batho, ’me ho qala ka Pentekonta ea 33 C.E., ba ile ba atleha ho thusa matšoele a banna le basali ho fetoha barutuoa.
Sebui se latelang se ile sa tšohla papiso ea letlooa e tlalehiloeng ho Mattheu 13:47-50. Se ile sa supa hore letlooa lena la tšoantšetso le akarelletsa Bakreste ba tlotsitsoeng le Bokreste-’mōtoana, le akarelletsa Bokreste-’mōtoana ka lebaka la mosebetsi o entsoeng oa ho fetolela, ho hatisa, le ho aba Libibele, le hoja boiteko bona bo ile ba bokella boieane ba litlhapi tse se nang thuso. Haholo-holo ho tloha ka 1919 ho bile le mosebetsi oa ho arola, ’me litlhapi tse se nang thuso li ile tsa lahloa, ha tse hlokahalang li ile tsa bokelloa liphuthehong tse kang likepe tse thusitseng ho sireletsa le ho boloka Bakreste ba ’nete bakeng sa tšebeletso ea Molimo.
Puo ea boraro, “Ho Tšoasa Batho Metsing a Lefatše Lohle,” e ile ea hatisa tlamo ea hore Bakreste bohle ba inehetseng ba kopanele mosebetsing oa ho tšoasa batho o etsoang lefatšeng ka bophara. Hona joale ba ka holimo ho 4 000 000 ba kopanela mosebetsing ona linaheng tse fetang 200, ’me lilemong tsa morao tjena ba ka holimo ho 230 000 ba ’nile ba kolobetsoa selemo le selemo. Batho bohle ba Jehova ba ile ba khothalletsoa ho ntlafatsa mahlale a bona a ho tšoasa batho, ’me ho ile ha buisanoa le “batšoasi ba batho” bao ka ho khetheha ba atlehang.
Puong e latelang, e neng e e-na le sehlooho se reng “Ho Ipoloka re Falimehile ‘Nakong ea Bofelo,’” sebui se ile sa thathamisa lithuso tse supileng tse teng bakeng sa ho thusa batho ba Molimo ho lula ba falimehile: ho loantša litšitiso, ho rapela, ho phatlalatsa temoso ea bofelo ba tsamaiso ena, ho khomarela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, ho itlhahloba, ho thuisa ka boprofeta bo phethahetseng le ho hopola hore poloko ea bona e haufi ho feta ha ba ne ba lumela.
Lenaneo la hoseng le ile la fella ka puisano e reng “Ke Mang ea Tla Pholoha ‘Nako ea Tlokotsi’?” Sebui se ile sa bontša kamoo boprofeta ba Joele bo ileng ba ba le phethahatso e itseng mehleng ea baapostola, le kamoo bo bang le phethahatso e eketsehileng hona joale, le kamoo bo tla phethahala ka ho felletseng nakong e tlang e haufi.
Sontaha Motšehare oa Mantsiboea
Lenaneo la motšehare oa mantsiboea le ile la qala ka puo ea phatlalatsa, “Ho Thoholetsa Lefatše le Lecha la Molimo la Tokoloho!” Puo ena e ile ea ntšetsa pele sehlooho sa kopano sa tokoloho. Ho ile ha bontšoa hore Lentsoe la Molimo le boletse esale pele ka lefatše le lecha moo ho tla ba le tokoloho khatellong e tlisoang ke likarolo tsa motheo tsa bolumeli ba bohata, tsa lipolotiki, tsa moruo, le tsa morabe. Ho tla boela ho be le tokoloho sebeng le lefung. Bophelo bo botle bo phethahetseng bo tla ba teng e le hore batho ba tle ba khone ho phela ka ho sa feleng ka thabo lefatšeng la paradeise. Ka hona, barati ba ho loka ba na le mabaka a utloahalang a ho boka Moetsi oa lefatše le lecha ka hore: “Rea u leboha Jehova, ka baka la tokoloho ea ’nete eo re e fumaneng qetellong!”
Puo ea phatlalatsa e ile ea lateloa ke ntho e ncha likopanong tsa setereke—puisano ea thuto ea beke eo ea Molula-Qhooa. Joale kopano e ile ea qetella ka puo le khothatso e susumetsang, “Barati ba Tokoloho, le ’Ne le Hatele Pele.” Ka bokhutšoaane sebui se ile sa bua ka lintlha tse khōlō tsa sehlooho sa kopano sa tokoloho. Se ile sa hatisa kamoo batho ba Jehova ba thabileng ka teng ka baka la tokoloho ea bona, sa thathamisa litsela tseo Bakreste ba entseng khatelo-pele ho tsona, ’me sa ba khothalletsa ho tsoela pele ba kopane e le hore ba ka kotula mahlohonolo a eketsehileng. Se ile sa qetella ka mantsoe ana: “Ha re ntse re etsa sena, e se eka Jehova a ka tsoela pele ho re hlohonolofatsa kaofela e le hore re ka ’na ra hatela pele joaloka barati ba tokoloho.”
“Hobane tse bōpiloeng li ne li beoe tlas’a ’muso oa bosaoana, e seng ka ho rata ha tsona, empa e le ka baka la ea li beileng ka tlas’a oona; tšepo e ntse e le teng ea hore le tsona tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.”—Ba-Roma 8:20, 21.
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Mocha ea neng a tlile kopanong Prague, Czechoslovakia
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
1. Ba eang kolobetsong ba ea moo ba tla kolobeletsoa teng Prague, Czechoslovakia
2. Ho kolobetsoa joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova Tallinn, Estonia
3. Likhatiso tse ncha li ile tsa tlisa thabo ho ba tlileng kopanong e neng e tšoaretsoe Usolye-Sibirskoye, Siberia
4. Ho lokolloa ha “New World Translation of the Holy Scriptures” ka Seczech le Seslovak kopanong e neng e tšoaretsoe Prague