Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 3/15 maq. 8-13
  • U se ke Ua Lahleheloa ke Morero oa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ke Ua Lahleheloa ke Morero oa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tokoloho eo Molimo o Nang le Eona
  • Meeli ea Tokoloho ea Batho
  • Ke Hobane’ng ha re Fuoe Tokoloho e Lekanyelitsoeng?
  • Tokoloho ea ’Nete e Entsoe Hore e Fumanehe
  • Ho se Lahleheloe ke Morero oa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo
  • Sebelisa Tokoloho ea Hao eo U e Fuoeng ke Molimo Hamolemo
  • Lea Amoheloa Kopanong ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho”!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Sebeletsa Jehova, Molimo oa Tokoloho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Batho ba Lokolohileng Empa ba Tla Ikarabella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • U ka ba le Tokoloho ea ’Nete Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 3/15 maq. 8-13

U se ke Ua Lahleheloa ke Morero oa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo

“Moo Moea oa Morena o leng teng, tokoloho e teng.”—2 BA-KORINTHE 3:17.

1. Ke hobane’ng ha Esaia 65:13, 14 e sebetsa ho Lipaki tsa Jehova?

JEHOVA ke Molimo oa tokoloho. ’Me tokoloho e fanoeng ke Molimo ke tlhohonolofatso e kaakang! Kaha bahlanka ba hae ba inehetseng ba na le tokoloho e joalo, mantsoe ana a ’Musi Morena Jehova a sebetsa ho bona: “Bonang, bahlanka ba ka ba tla ja, empa lōna le tla lapa; bonang, bahlanka ba ka ba tla noa, empa lōna le tla nyoroa; bonang, bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lōna le tla soaba. Bonang, bahlanka ba ka ba tla bina ka baka la thabo ea lipelo tsa bona, empa lōna le tla llisoa ke bohloko ba pelo, le bokolle ke moea o soabileng.”—Esaia 65:13, 14.

2. Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba atlehile moeeng?

2 Batho ba Molimo ba thabela boemo bona bo atlehileng moeeng hobane ba tataisoa ke moea oa oona, kapa matla a oona a sebetsang. Moapostola Pauluse o itse: “Morena ke Moea; ’me moo Moea oa Morena o leng teng, tokoloho e teng.” (2 Ba-Korinthe 3:17) Morero oa tokoloho e fanoeng ke Molimo ke ofe? ’Me ho hlokoa eng ho rōna hore re e sebelise ka botlalo?

Tokoloho eo Molimo o Nang le Eona

3. Molimo o na le tokoloho ea mofuta ofe, hona hobane’ng?

3 Jehova ke eena feela ea nang le tokoloho e felletseng. Ha ho le se seng sa libōpuoa tsa hae se ka sehelang tokoloho ea hae meeli hobane ke Molimo o Matla ’Ohle le ’Musi oa Bokahohle. Ho joalokaha monna ea tšepahalang Jobo a itse, ‘a ka thibeloa ke mang? Ke mang ea tla re ho eena: U etsa’ng?’ (Jobo 9:12) Ka ho tšoanang, Morena Nebukadnezare oa Babylona o ile a qobelloa ho lumela: “Ha ho e mong ea ka thibelang letsoho [la Molimo], a re ho eena: U etsa’ng na?”—Daniele 4:35.

4. Jehova o sehela tokoloho ea hae meeli joang?

4 Leha ho le joalo, melao-motheo ea Jehova e lokileng e sehela tokoloho eo e felletseng meeli. Sena se bonahetse ha Abrahama a bontša kameho ka baahi ba Sodoma ’me a botsa: “Hleka Moahloli oa lefatše a ke ke a etsa ka ho loka na?” Karabelo ea Molimo e bontša hore o hlokomela boikarabelo ba oona ba ho etsa se lokileng. O ne o ke ke oa timetsa Sodoma hoja ho ne ho e-na le baahi ba lokileng ho eona. (Genese 18:22-33) Molimo o boetse o sehela tokoloho ea oona meeli hobane lerato le bohlale ba oona li o etsa hore o liehe ho halefa ’me o sebelise boitšoaro.—Esaia 42:14.

Meeli ea Tokoloho ea Batho

5. Lintho tse ling tse sehelang tokoloho ea batho meeli ke life?

5 Le hoja Jehova a na le tokoloho e felletseng, ba bang bohle ba etsa lintho ba ipapisitse le meeli e sehiloeng ke tlhaho, matla a bona, le sebaka sa bona sa bolulo, hammoho le lintho tse kang nako eo batho ba baetsalibe ba e phelang hona joale e lekanyelitsoeng. Molimo o ile oa bōpa motho a e-na le tokoloho e phethahetseng eo a neng a tla e sebelisa a ipapisitse le meeli eo a e sehetsoeng ke Jehova. Ho na le mabaka a mang a ’maloa ao ka ’ona, tokoloho ea batho e sehetsoeng meeli, e seng e felletseng.

6. Ho ikarabella ho Molimo ho amana joang le tokoloho ea rōna?

6 La pele, tokoloho ea motho e sehetsoe meeli hobane Molimo o bōpetse motho hore a sebeletse morero oa Oona. Jehova ‘o loketsoe ke ho neoa khanya le tlhompho le matla hobane o hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hae li leng teng, li bileng li bōpiloe.’ (Tšenolo 4:11) Kahoo motho o ikarabella ho Moetsi oa hae, eo ka nepo a entseng melao eo batho ba lokelang ho tsamaisoa ka eona. Iseraeleng ea boholo-holo tlas’a Molao oa Moshe, Molimo o ne o hloka hore batho ba itseng ba bolaoe ha ba nyelisa lebitso la oona kapa ba tlōla molao oa Sabbatha. (Exoda 20:7; 31:14, 15; Levitike 24:13-16; Numere 15:32-36) Le hoja rōna joaloka Bakreste re se tlas’a Molao, tokoloho ea rōna e sehetsoe meeli hobane re ikarabella ho Jehova, e leng Moahloli, Monehi-molao, le Morena oa rōna.—Esaia 33:22, NW; Ba-Roma 14:12.

7, 8. (a) Melao ea matla a tlhaho e sehela tokoloho ea batho meeli joang? (b) Melao e meng ea Molimo e sehelang tokoloho ea rōna meeli joaloka batho ke efe?

7 La bobeli, tokoloho ea batho e sehetsoe meeli ke melao ea Molimo ea matla a tlhaho. Ka mohlala, ka baka la molao oa matla a tlhaho oa khoheli, motho a ke ke a itihela moahong o phahameng ntle le hore a intše kotsi kapa a ipolaee. Ka ho hlakileng, melao ea Molimo ea matla a tlhaho e sehela tokoloho ea motho ea ho etsa lintho tse itseng meeli.

8 La boraro, tokoloho ea batho e sehetsoe meeli ke melao ea Molimo ea boitšoaro. Mohlomong u se u hlokometse bonnete ba seo moapostola Pauluse a se ngotseng ho Ba-Galata 6:7, 8: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona. Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ea jallang Moea, o tla kotula Moeeng bophelo bo sa feleng.” Ntle ho pelaelo, melao ea Jehova Molimo ea boitšoaro le eona e sehela tokoloho ea rōna meeli, empa ho hlokahala hore re e mamele hore re fumane bophelo.

9. Ho ba ha rōna karolo ea mokhatlo oa batho ho sehela tokoloho ea rōna meeli joang?

9 La bone, tokoloho ea motho e sehetsoe meeli hobane ke karolo ea mokhatlo oa batho. Ka hona, o lokela ho ba le tokoloho ho isa bohōleng boo tokoloho ea hae e sa sitiseng ea ba bang ka ho hloka toka. Bakreste ba tlameha ho ikokobeletsa “balaoli ba phahameng” pusong, ho ba utloa hafeela ba sa hloke hore re tlōle melao ea Molimo. (Ba-Roma 13:1, NW; Liketso 5:29) Ka mohlala, re lokela ho utloa melao e amanang le ho lefa makhetho, lebelo leo re khannang koloi ka lona, joalo-joalo. Taba ea hore re tlameha ho utloa melao ea “Cesare” e bontša ka ho eketsehileng hore tokoloho ea rōna eo re e fuoeng ke Molimo ha se e felletseng.—Mareka 12:17; Ba-Roma 13:7.

Ke Hobane’ng ha re Fuoe Tokoloho e Lekanyelitsoeng?

10, 11. Ke hobane’ng ha Jehova a file batho tokoloho e lekanyelitsoeng?

10 Ke hobane’ng ha Molimo o file batho tokoloho e lekanyelitsoeng? Lebaka le leng ke hore ’Mōpi a be le libōpuoa lefatšeng tse neng li tla mo tlisetsa tlhompho le thoriso ka lipolelo tsa tsona tse ntle le boitšoaro. Batho ba ka etsa sena, empa liphoofolo li ke ke. Liphoofolo ha li tsebe letho ka boitšoaro, kaha li laoloa ke bohlale bo bōpelletsoeng ka ho tsona. U ka koetlisa ntja hore e se ke ea nka ntho e itseng, empa u ke ke ua e ruta hore ho utsoa ho fosahetse. Phoofolo eo liketso tsa eona li reriloeng esale pele e ke ke ea etsa liqeto tse tlisang thoriso le tlhompho ho Molimo, empa motho eena a ka ikhethela ka bolokolohi ho sebeletsa Moetsi oa hae a susumetsoa ke lerato le kananelo.

11 Molimo o boetse o fa batho tokoloho ena e le ho ba hlahisetsa molemo le ho ba tlisetsa thabo. Ba ka sebelisa tokoloho ea bona e lekanyelitsoeng ka ho khona ho qapa lintho, ho ba mosa le ho sebelisana ’moho le ba bang. Hape batho ba na le tokoloho ea ho ikhethela litabeng tse kang mosebetsi le bolulo. Kajeno, hangata maemo a moruo le a lipolotiki a sehela tokoloho eo ea ho ikhethela meeli, empa sena se bakoa ke meharo ea batho, e seng hobane e le tsela eo Molimo o bōpileng motho ka eona qalong.

12. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba le botlamuoeng?

12 Le hoja Jehova a file batho tokoloho e khōlō, batho ba bangata haholo kajeno ba botlamuoeng bo ferekanyang. Ho etsahetse’ng? Batho ba pele ba babeli, Adama le Eva, ba ile ba lahleheloa ke morero oa tokoloho e fanoeng ke Molimo. Ba ile ba tlōla meeli eo ba e sehetsoeng ke Molimo tokolohong ea bona ’me ba phephetsa bobusi bo loketseng ba Molimo holim’a bona joaloka ’Musi Morena, Jehova. (Genese 3:1-7; Jeremia 10:10; 50:31) Kaha ba ne ba sa khotsofalla ho sebelisa tokoloho ea bona bakeng sa ho hlompha Molimo, ba ile ba e sebelisa ka boithati, hore ba iketsetse qeto ea se nepahetseng le se fosahetseng ba sa itšetleha ka mang kapa mang, ka ho etsa joalo ba ikopanya le Satane bofetoheling ba hae khahlanong le Jehova. Leha ho le joalo, ho e-na le ho fumana tokoloho e eketsehileng, Adama le Eva ba baetsalibe, ba ile ba fumana lithibelo tse tiileng le ho ba botlamuoeng, e leng ho qepha ha tokoloho ea bona, le lefu qetellong. Bana ba bona ba ile ba futsa tahlehelo ena ea tokoloho. “Hobane bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.” “Moputso oa sebe ke lefu.”—Ba-Roma 3:23; 5:12; 6:23.

13. Ke hobane’ng ha Satane a ’nile a khona ho etsa batho makhoba?

13 Ka baka la bofetoheli bo bileng teng Edene, Adama le bana ba hae ba ile ba kena botlamuoeng ba Satane Diabolose. “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe”! (1 Johanne 5:19) Ke ka baka la matla a hae a phahameng Satane a ’nileng a thetsa batho bohle le ho ba etsa makhoba a ikarotseng ho Molimo. Ho feta moo, batho ba baithati ba ’nile ba busa batho ba bang ka ho ba ntša kotsi. (Moeklesia 8:9) Ka hona, kajeno, batho ka kakaretso ba botlamuoeng ba sebe le lefu, Satane le bademona ba hae, le litsamaiso tsa lefatše tsa lipolotiki, tsa moruo, le tsa bolumeli.

Tokoloho ea ’Nete e Entsoe Hore e Fumanehe

14. Tšepo ea batho ea ho fumana tokoloho ea ’nete e amana haufi-ufi le eng?

14 Ho fumana tokoloho sebeng, lefung, le ho Diabolose le lefatše la hae ho amana haufi-ufi le boikemisetso ba Molimo ba ho rarolla tseko ea bobusi ba oona ba bokahohle bo loketseng. Kaha Satane o hlahisitse tseko ena, Jehova o mo lumelletse hore a ’ne a be teng, feela joalokaha A ile a lumella Faro hore a tsoele pele a le teng ka nakoana. Sena o se entse e le hore Jehova a ka bonahatsa matla a hae ka ho felletseng le hore lebitso la hae le phatlalatsoe lefatšeng lohle. (Exoda 9:15, 16) Haufinyane Molimo o tla itlotlisa joaloka ’Musi oa Bokahohle ’me o halaletse lebitso la oona ka ho tlosa thohako e phahelletsoeng holim’a lona ke bofetoheli ba Satane, Adama, le Eva. Ka hona, batho ba tšabang Jehova ba tla lokolloa botlamuoeng ba sebe le lefu ’me ba tla kenngoa lefatšeng le lecha la ho loka le nang le tokoloho e fanoeng ke Molimo.—Ba-Roma 8:19-23.

15. Jesu o ile a phetha karolo efe ho khutlisetsoeng ha tokoloho ho batho?

15 E le hore Molimo o ka khutlisetsa tokoloho ho batho, o ile oa romela Mora oa oona lefatšeng e le motho. Ka ho ithaopela ho fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho, Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o ile a fana ka sehlabelo sa thekollo, e leng motheo bakeng sa ho lokolloa ha batho. (Mattheu 20:28) O ile a boela a bolela molaetsa oa tokoloho. Qalong ea tšebeletso ea hae, o ile a sebelisa mantsoe ana ho eena ka boeena: “Moea oa Morena Jehova o lutse ho ’na, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba malimabe taba tse molemo; o nthomile ho folisa ba robehileng lipelo, ho bolella ba tlamiloeng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho buloa ha eona.”—Esaia 61:1; Luka 4:16-21.

16. Ho ile ha hlokahala hore Bajode ba lekholong la pele la lilemo ba nke mehato efe e le hore ba ka fumana tokoloho ea ’nete?

16 Batho ba ne ba tla e fumana joang tokoloho eo? Jesu o itse: “Ekare ha le tiisetsa lentsoeng la ka, le tla ba barutuoa ba ka ka ’nete; le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” Ka hona, balateli ba Jesu ba thabetse tokoloho ea moea. (Johanne 8:31, 32, 36) Ho phaella moo, Jesu o ile a bolella ’musisi oa Moroma Ponse Pilato: “Ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete. E mong le e mong eo e leng oa ’nete, o utloa lentsoe la ka.” (Johanne 18:37) Bajode ba ileng ba amohela ’nete e neng e boleloa ke Jesu a bile a fane ka mohlala oa eona ba ile ba bakela libe tsa bona, ba lokisa tsela ea bona e fosahetseng, ba inehela ho Jehova, ’me ba kolobetsoa joalokaha Jesu a ile a kolobetsoa. (Mattheu 3:13-17; Liketso 3:19) Ka tsela ena ba ile ba thabela tokoloho e lekanyelitsoeng e fanoeng ke Molimo.

17. Ke hobane’ng ha Jehova a fa bahlanka ba hae tokoloho?

17 Haholo-holo Jehova o fa bahlanka ba hae ba tšepahalang tokoloho bakeng sa ho tlotlisa bobusi ba hae empa hape o ba fa eona bakeng sa boiketlo ba bona le ho ba hlahisetsa molemo. O ile a lokolla Baiseraele botlamuoeng Egepeta e le hore ba ka mo tlotlisa joaloka ’muso oa baprista, lipaki tsa hae. (Exoda 19:5, 6; Esaia 43:10-12) Ka ho tšoanang, Jehova o ile a ntša batho ba hae bokhobeng ba Babylona haholo-holo molemong oa ho tsosolosa tempele ea hae le ho tsosolosa borapeli ba ’nete. (Esdrase 1:2-4) Ha makhoba a tšoaseha boiketlong ba ’ona ba lintho tse bonahalang feela, Jehova o ile a romela moprofeta Haggai le moprofeta Zakaria hore ba a hopotse litlameho tsa ’ona ho Molimo. Ha tokoloho ea ’ona e fanoeng ke Molimo e se e behiloe boemong bo loketseng, sena se ile sa fella ka hore tempele e phethoe, tlotlisong ea Molimo, hape le bakeng sa boiketlo le katleho ho batho ba oona.

Ho se Lahleheloe ke Morero oa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo

18. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore bahlanka ba Jehova ba kajeno ha baa lahleheloa ke morero oa tokoloho ea bona eo ba e fuoeng ke Molimo?

18 Ho thoe’ng ka bahlanka ba Molimo ba kajeno? E le mokhatlo o hlophisitsoeng, ha baa lahleheloa ke morero oa tokoloho ea bona eo ba e fuoeng ke Molimo. Lilemong tsa bo-1870 ba ile ba qala ho lokoloha liphosong tsa Babylona le ho latsoa tokoloho ea Bokreste e eketsehileng. Sena se ne se le tumellanong le Liproverbia 4:18, e reng: “Tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.” Leha ho le joalo, joalokaha batho ba Molimo ba boholo-holo ba ile ba ba botlamuoeng ba Babylona ka nakoana, bahlanka ba Jehova ba kajeno ba ile ba kena botlamuoeng ba Babylona e Moholo ka 1918. (Tšenolo 17:1, 2, 5) Litho tsa ’muso oo oa lefatše oa bolumeli ba bohata li ile tsa thaba ha ‘lipaki tse peli’ tsa tšoantšetso li rapalletse ’me li shoele ka kutloisiso ea moea. Empa ka 1919 ka mosa oa Molimo o sa tšoanelang, bahlanka ba oona ba tlotsitsoeng ba ile ba tsosolosoa, ba lokoloha moeeng. (Tšenolo 11:3, 7-11) Ka ho sebelisa tokoloho ea bona eo ba e fuoeng ke Molimo, ba ile ba fetoha lipaki tse chesehang tsa Ea Holimo-limo. Ka hona, e ne e le ho loketseng hakaakang hore, ka 1931, ka thabo ba amohele lebitso le lecha la Lipaki tsa Jehova! (Esaia 43:10-12) Haholo-holo ho tloha ka 1935 Lipaki tse tlotsitsoeng li ’nile tsa kopana le “bongata bo boholo ba batho,” ba nang le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng. Le bona ha ba lahleheloe ke morero oa tokoloho ea bona eo ba e fuoeng ke Molimo.—Tšenolo 7:9-17.

19, 20. (a) Tsela e ’ngoe e ikhethang eo ka eona batho ba Jehova ba sebelisang tokoloho ea bona eo ba e fuoeng ke Molimo hamolemo ke efe? (b) Lipaki tsa Jehova li sebelisa tokoloho eo Molimo o li fileng eona hamolemo ka tsela efe e ’ngoe e ikhethang?

19 Batho ba Jehova ba sebelisa tokoloho ea bona eo ba e fuoeng ke Molimo hamolemo ka litsela tse peli tse ikhethang haholo. Tabeng ea pele, ba e sebelisa ho hahamalla tsela ea boitšoaro bo lokileng. (1 Petrose 2:16) ’Me ba na le botumo bo botle hakaakang! Ka mohlala, monna e mong o kile a kena ka Holong ea ’Muso e Zurich, Switzerland, ’me a re o batla ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ha a botsoa hore na lebaka le lefe, o ile a re khaitseli ea hae e ne e le Paki ’me e ne e khaotsoe ka baka la boitšoaro bo bobe. O itse: ‘Ke oona mokhatlo oo ke batlang ho ba setho sa oona—o sa lumelleng boitšoaro bo bobe.’ Ka lebaka le utloahalang New Catholic Encyclopedia e hlokometse hore Lipaki tsa Jehova li fumane botumo ba hore ke “se seng sa lihlopha tse itšoereng hantle ka ho fetisisa lefatšeng.”

20 Lipaki tsa Jehova li boetse li sebelisa tokoloho ea tsona eo li e fuoeng ke Molimo ka ho phethahatsa thōmo ea tsona ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, joalokaha Jesu a entse. (Mattheu 4:17) Ka mantsoe le ka lingoliloeng, ka mokhoa o reriloeng le o sa reroang, li tsebahatsa ’Muso oa Jehova. Ka ho etsa joalo li rua molemo o moholo ka ho matlafatsa tumelo ea tsona le ho etsa hore tšepo ea tsona e khanye. Ho feta moo, mosebetsi ona o sebeletsa ho li pholosa le ho pholosa ba li mamelang. (1 Timothea 4:16) Mabapi le mosebetsi ona, buka Dynamic Religious Movements e re: “Ho ka ba thata ho fumana litho tsa sehlopha leha e le sefe tse sebetsang ka thata bolumeling ba tsona joaloka Lipaki.”

21. Ho na le bopaki bofe ba hore Jehova o hlohonolofatsa tšebeletso ea bahlanka ba hae?

21 Jehova o re hlohonolofatsa hakaakang ha re phethahatsa morero oa tokoloho ea rōna eo re e fuoeng ke Molimo! Sena se bonoa tlalehong ea tšebeletso ea tšimo ea selemo se fetileng—tlhōrō ea bahoeletsi ba ’Muso ba ka holimo ho limillione tse ’nè, ’me ba ka bang limillione tse leshome ba bile teng Sehopotsong sa lefu la Jesu. Ho latela phuputso e ’ngoe, Ireland e bile le litlhōrō tsa bahoeletsi tse 29 tsa khoeli le khoeli tse latellanang; Mexico e bile le litlhōrō tse 78 ka likhoeli tse 80; ’me Japane e bile le litlhōrō tse 153 tse latellanang!

Sebelisa Tokoloho ea Hao eo U e Fuoeng ke Molimo Hamolemo

22. Sepheo sa lipotso tse ling tse phenyang maikutlo tseo re ka ’nang ra ipotsa tsona ke sefe?

22 Haeba u e mong oa Lipaki tsa Jehova tse inehetseng, na u sebelisa tokoloho eo Molimo o u fileng eona hamolemo? E mong le e mong oa rōna a ka ’na a ipotsa: ‘Na ke hlokolosi hore ke sebelise tokoloho ea ka eo ke e fuoeng ke Molimo e le hore ke qobe ho khopisa leha e le ofe ka boitšoaro bo bobe? Na ke utloa melao ea Cesare ka hloko, le hoja ke etelletsa molao oa Molimo pele? Na ke sebelisana le baholo ka botlalo ka phuthehong? Na ke sebelisa tokoloho ea ka eo ke e fuoeng ke Molimo ka botlalo boboleling ba litaba tse molemo? Na ka mehla ke ba le ‘ho hongata hoo ke ho etsang mosebetsing oa Morena’? Na ke hahamalla pakane ea lithuto tsa lefatše ho e-na le ho sebelisa tokoloho ea ka eo ke e fuoeng ke Molimo hamolemo ka ho atolosa tšebeletso ea ka, ho hahamalla boikarabelo bo boholoanyane ka phuthehong kapa tšebeletso ea nako e tletseng?’—1 Ba-Korinthe 15:58, NW.

23. Re lokela ho etsa eng e le hore re se ke ra lahleheloa ke morero oa tokoloho e fanoeng ke Molimo?

23 E se eka kaofela ha rōna re ka ‘latsoa, ’me re bone hore Jehova o molemo.’ (Pesaleme ea 34:8) A re mo tšepeng, re ipapise le melao ea hae, ’me re tlotlise lebitso la hae le halalelang ka ho tsebahatsa ’Muso oa hae ka cheseho. Hopola hore ba ‘jalang haholo le hona ba tla kotula haholo.’ (2 Ba-Korinthe 9:6) Ka hona, a re nehelaneng ka tšebeletso ea pelo eohle ho Jehova ’me re bontše hore ha rea lahleheloa ke morero oa tokoloho ea rōna eo re e fuoeng ke Molimo.

U ne U Tla Arabela Joang?

◻ Molimo o na le tokoloho ea mofuta ofe?

◻ Tokoloho ea batho e sehetsoe meeli efe?

◻ Tokoloho ea ’nete e ile ea etsoa hore e fumanehe joang?

◻ Re tlameha ho etsa eng e le hore re ka qoba ho lahleheloa ke morero oa tokoloho e fanoeng ke Molimo?

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Tokoloho ea batho e sehetsoe meeli ke lintho tse kang molao oa matla a khoheli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela