Batho ba Lokolohileng Empa ba Tla Ikarabella
“Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—JOHANNE 8:32.
1, 2. (a) Tokoloho e ’nile ea hlahella joang historing ea motho? (b) Ke mang feela ea lokolohileng ka hohle-hohle? Hlalosa.
TOKOLOHO. Leo ke lentsoe le matla hakaakang! Moloko oa batho o mamelletse lintoa le liphetohelo tse ngata haesita le pherekano ea sechaba e ke keng ea lekanngoa ka baka la takatso ea batho ea ho batla tokoloho. Ka sebele, The Encyclopedia Americana e re: ‘Tšimolohong ea tsoelo-pele ha ho khopolo e kileng ea phetha karolo ea bohlokoa ho feta tokoloho.’
2 Leha ho le joalo, ke batho ba bakae bao ka sebele ba lokolohileng? Ke ba bakae ba tsebang le hore na tokoloho ke eng? The World Book Encyclopedia e re: “Hore batho ba be le tokoloho e felletseng, ho tla tlameha hore ho se be le lithibelo tseleng eo ba nahanang ka eona, ba buang ka eona, kapa tseleng eo ba etsang lintho ka eona. Ba tlameha ho ela hloko hore na ba na le khetho efe, ’me ba tlameha ho ba le matla a ho etsa qeto khethong eo.” Motheong oa sena, na u tseba motho leha e le ofe eo ka sebele a lokolohileng? Ke bo-mang ba ka bolelang hore ha ba na “lithibelo tseleng eo ba nahanang ka eona, ba buang ka eona, kapa tseleng eo ba etsang lintho ka eona”? Ka sebele, ke motho a le mong feela bokahohleng bohle ea ka hlalosoang joalo—Jehova Molimo. Ke eena feela ea nang le tokoloho e felletseng. Ke eena feela ea ka etsang khetho efe kapa efe eo a ratang ho e etsa le ho e phethahatsa ntle le khanyetso ea letho. Ke eena ea “matla ’ohle.”—Tšenolo 1:8; Esaia 55:11.
3. Hangata batho ba thabela tokoloho ba itšetlehile ka maemo afe?
3 Ho batho ba tlaasana, tokoloho e ka ba e lekanyelitsoeng feela. Hangata e fanoa kapa e tšepisoa ke bolaoli bo itseng ’me e amana le ho ikokobeletsa ha rōna bolaoli boo. Ka sebele, hoo e batlang e le tabeng e ’ngoe le e ’ngoe, motho a ka lokoloha hafeela a ela hloko bolaoli ba motho ea mo fileng tokoloho. Ka mohlala, batho ba phelang “lefatšeng le lokolohileng” ba thabela melemo e eketsehileng, e kang tokoloho ea ho tsamaea, tokoloho ea ho bua, le tokoloho ea bolumeli. Ke eng se tlisang tokoloho ee? Ke melao ea naha. Motho a ka thabela tokoloho eo hafeela a utloa molao. Haeba a sebelisa tokoloho ea hae hampe ’me a tlōla molao, balaoli ba tla mo nka e le ea ikarabellang, ’me tokoloho ea hae e ka fokotsoa haholo ke ho ahloleloa ho kena teronkong.—Ba-Roma 13:1-4.
Tokoloho ea Bomolimo—E Tsamaea le Boikarabelo
4, 5. Barapeli ba Jehova ba thabela tokoloho ea mofuta ofe, ’me o tla ba nka ba ikarabella bakeng sa eng?
4 Lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a bua ka tokoloho. O ile a re ho Bajode: “Ekare ha le tiisetsa lentsoeng la ka, le tla ba barutuoa ba ka ka ’nete; le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:31, 32) O ne a sa bue ka tokoloho ea ho bua kapa tokoloho ea bolumeli. Ka sebele o ne a sa bue ka ho lokoloha khatellong ea Roma, hoo Bajode ba bangata ba neng ba ho laba-labela. Che, ena e ne e le ntho ea bohlokoa haholoanyane, tokoloho e sa tlisoeng ke melao ea batho kapa khopolo ea moeta-pele ea itseng oa motho, empa ke tokoloho e tlisoang ke ’Musi ea phahameng oa bokahohle, Jehova. E ne e le tokoloho tumela-khoeleng, tokoloho ho hlokeng tsebo ha bolumeli, le ho eketsehileng ho feta moo. Tokoloho e fanoang ke Jehova ke tokoloho ea sebele, ’me e tla ba teng ka ho sa feleng.
5 Moapostola Pauluse o itse: “Morena ke Moea; ’me moo Moea oa Morena o leng teng, tokoloho e teng.” (2 Ba-Korinthe 3:17) Ka makholo a lilemo Jehova o ’nile a sebelisana le batho e le hore qetellong batho ba tšepahalang ba ka thabela mofuta oa bohlokoa le o phahameng ka ho fetisisa oa tokoloho ea batho, “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Ba-Roma 8:21, NW) Ho sa le joalo, Jehova o re fa tekanyo e itseng ea tokoloho ka ’nete ea Bibele, ’me o re nka re ikarabella haeba re sebelisa tokoloho eo hampe. Moapostola Pauluse o ngotse: “Ha ho sebopuoa se seng pepeneneng ho oona; empa tsohle li hlobotse, li senohile mahlong a eo re nang le litaba le eena.”—Ba-Heberu 4:13.
6-8. (a) Adama le Eva ba ne ba thabela tokoloho ho eng, ’me ba ne ba ka tsoela pele ba e-na le tokoloho e joalo ho itšetlehiloe ka eng? (b) Adama le Eva le bana ba bona ba lahlehetsoe ke eng?
6 Ho ikarabella ho Jehova ho ile ha totobala ha batsoali ba rōna ba pele ba batho, Adama le Eva, ba sa phela. Jehova o ile a ba bōpa ba e-na le mpho ea bohlokoa ea boikhethelo. Hafeela ba sebelisa boikhethelo boo ka mokhoa o bontšang boikarabelo, ba ne ba thabela mahlohonolo a mang, a kang tokoloho tšabong, tokoloho ho kuleng, tokoloho lefung, le tokoloho ea ho atamela Ntate oa bona oa leholimo ka letsoalo le hloekileng. Empa ha ba sebelisa boikhethelo ba bona hampe, seo sohle se ile sa fetoha.
7 Jehova o ile a beha Adama le Eva tšimong ea Edene, ’me e le hore ba thabe o ile a ba fa litholoana tsa lifate tsohle tse tšimong—ntle ho se le seng. Litholoana tsa sona o ile a ipolokela tsona; e ne e le “sefate sa ho tseba botle le bobe.” (Genese 2:16, 17) Ka ho ithiba hore ba se ke ba ja tholoana ea sefate seo, Adama le Eva ba ne ba tla amohela hore ke Jehova feela ea lokolohileng ho beha tekanyetso ea botle le bobe. Haeba ba etsa lintho ka tsela e bontšang boikarabelo ’me ba ithiba hore ba se je tholoana e hanetsoeng, Jehova o ne a tla tsoela pele ho ba fa tokoloho e ’ngoe.
8 Ka masoabi, Eva o ile a mamela tlhahiso e mano ea Noha ea hore eena ka boeena o lokela ho ‘tseba botle le bobe.’ (Genese 3:1-5) Pele o ile a ja tholoana e hanetsoeng, eaba hamorao ho latela Adama. Ka baka leo, ha Jehova Molimo a bua le bona tšimong ea Edene, ba ile ba hlajoa ke lihlong ’me ba ipata. (Genese 3:8, 9) E ne e se e le baetsalibe ba neng ba lahlehetsoe ke boikutlo ba tokoloho ea ho atamela Molimo bo tlisoang ke letsoalo le hloekileng. Ka baka la sena, ba boetse ba lahleheloa ke tokoloho ho kuleng le lefung, bakeng sa bona le bana ba bona. Pauluse o itse: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong [Adama], ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.”—Ba-Roma 5:12; Genese 3:16, 19.
9. Ke bo-mang ba tsejoang ka ho sebelisa hamolemo tekanyo e itseng ea tokoloho eo ba neng ba e-na le eona?
9 Leha ho le joalo, batho ba ne ba ntse ba na le boikhethelo, ’me ha nako e ntse e feta, batho ba bang ba sa phethahalang ba ile ba sebelisa tokelo ena ka tsela e nang le boikarabelo bakeng sa ho sebeletsa Jehova. Re boloketsoe mabitso a ba bang ba bona ho tloha mehleng ea boholo-holo. Banna ba kang Abele, Henoke, Noe, Abrahama, Isaaka, le Jakobo (eo hape a bitsoang Iseraele) ke mehlala ea batho ba ileng ba sebelisa tekanyo e itseng ea tokoloho eo ba neng ba e thabela ho etsa thato ea Molimo. ’Me phello ke hore ba ile ba tsoella hantle.—Ba-Heberu 11:4-21.
Tokoloho ea Batho ba Molimo ba Khethiloeng
10. Selekane seo Jehova a ileng a se etsa le sechaba sa hae se khethehileng se ne se itšetlehile ka maemo afe?
10 Mehleng ea Moshe, Jehova o ile a lokolla bara ba Iseraele—bao ka nako eo ba neng ba le limillione—bokhobeng Egepeta ’me a etsa selekane le bona hore e be sechaba sa hae se khethehileng. Tlas’a selekane sena, Baiseraele ba ne ba e-na le baprista le tsamaiso ea ho etsa mahlabelo a liphoofolo a neng a koahela libe tsa bona ka tsela e emelang ho itseng. Ka hona, ba ne ba e-na le tokoloho ea ho atamela Molimo ka borapeli. Ba ne ba boetse ba e-na le tsamaiso ea melao le litaelo tse neng li ba boloka ba lokolohile liketsong tsa tumela-khoela le borapeling ba bohata. Hamorao, ba ne ba tla amohela Naha e Tšepisitsoeng e le lefa, ka tiisetso ea hore Molimo o ne o tla ba thusa lireng tsa bona. Baiseraele ba ne ba tlamehile ho boloka Molao oa Jehova ho latela selekane seo. Baiseraele ba ile ba amohela boemo bona ka ho rata, ba re: “Tsohle tseo Jehova a li buileng re tla li etsa.”—Exoda 19:3-8; Deuteronoma 11:22-25.
11. Ho ile ha etsahala’ng ha Iseraele e hlōleha ho boloka karolo ea eona ea selekane le Jehova?
11 Ka lilemo tse fetang 1 500, Baiseraele ba ne ba le kamanong eo e khethehileng le Jehova. Empa nako le nako ba ne ba hlōleha ho boloka selekane seo. Ka makhetlo a mangata ba ne ba khelosoa ke borapeli ba bohata ’me ba kena botlamuoeng ba borapeli ba litšoantšo le tumela-khoela, kahoo Molimo o ile oa ba tlohella hore e be makhoba a lira tsa bona. (Baahloli 2:11-19) Ho e-na le ho thabela mahlohonolo a lokollang a tlisoang ke ho boloka selekane, ba ne ba otloa ka baka la ho se tlōla. (Deuteronoma 28:1, 2, 15) Qetellong, ka 607 B.C.E., Jehova o ile a tlohella sechaba hore se isoe bokhobeng Babylona.—2 Likronike 36:15-21.
12. Ke eng seo qetellong se ileng sa hlaka mabapi le selekane sa Molao oa Moshe?
12 Ena e bile thuto e bohloko. Ba ka be ba ithutile ho eona bohlokoa ba ho boloka Molao. Empa, lilemo tse 70 hamorao, ha Baiseraele ba khutlela naheng ea habo bona, ba ’nile ba hlōleha ho boloka selekane sa Molao ka ho loketseng. Hoo e ka bang lilemo tse lekholo ka mor’a hore ba khutle, Jehova o ile a re ho baprista ba Iseraele: “Empa lōna, le khelohile tsela, le khopisitse ba bangata ka molao; le sentse selekane sa Levi.” (Malakia 2:8) Ka sebele, esita le Baiseraele ba tšepahalang ka ho fetisisa ba ne ba sitoa ho finyella se hlokoang ke Molao o phethahetseng. Ho e-na le hore Molao o fetohe tlhohonolofatso ho bona, o ile oa fetoha “thohako” joalokaha moapostola Pauluse a boletse. (Ba-Galata 3:13) Ka ho hlakileng, ho ne ho hlokahala ho eketsehileng ho feta feela Molao oa Moshe hore batho ba sa phethahalang le ba tšepahalang ba tlisoe tokolohong e khanyang ea bana ba Molimo.
Boleng ba Tokoloho ea Bokreste
13. Qetellong ho ile ha fanoa ka motheo ofe o molemonyana oa tokoloho?
13 Ntho eo e eketsehileng e ne e le sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste. Hoo e ka bang ka selemo sa 50 C.E., Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba Galatia. O ile a hlalosa kamoo Jehova a ba lokollotseng ka teng bokhobeng ba selekane sa Molao eaba o re: “Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka eona, ’me le se ke la boela la bofshoa jokong ea bohlanka.” (Ba-Galata 5:1) Jesu o ile a lokolla batho ka litsela life?
14, 15. Jesu o lokolotse balumeli ba Bajode le balumeli ba batho bao e seng Bajode ka litsela life tse hlollang?
14 Ka mor’a lefu la Jesu, Bajode ba ileng ba mo amohela joaloka Messia le ba ileng ba fetoha barutuoa ba hae ba ile ba ba tlas’a selekane se secha, se ileng sa nka sebaka sa selekane sa khale sa Molao. (Jeremia 31:31-34; Ba-Heberu 8:7-13) Tlas’a selekane sena se secha, bona—le balumeli bao e neng e se Bajode bao hamorao ba ileng ba kopana le bona—ba ile ba fetoha karolo ea sechaba se secha, sa moea se ileng sa nka sebaka sa Iseraele oa nama joaloka sechaba se khethehileng sa Molimo. (Ba-Roma 9:25, 26; Ba-Galata 6:16) Ka baka leo, ba ile ba thabela tokoloho eo Jesu a e tšepisitseng ha a re: “’Nete e tla le lokolla.” Ntle le ho ba lokolla thohakong ea Molao oa Moshe, ’nete e ile ea lokolla Bakreste ba Bajode lineanong tsohle tse boima tseo baeta-pele ba bolumeli ba neng ba ba behetse tsona. E boetse ea lokolla Bakreste bao e seng Bajode borapeling ba litšoantšo le ba tumela-khoela boo ba neng ba bo sebelisa pele. (Mattheu 15:3, 6; 23:4; Liketso 14:11-13; 17:16) ’Me ho ne ho sa na le ho eketsehileng.
15 Jesu, ha a bua ka ’nete e lokollang, o itse: “Ka ’nete-nete ke re ho lōna: E mong le e mong ea etsang sebe, ke mohlanka oa sebe.” (Johanne 8:34) Kaha Adama le Eva ba ile ba etsa sebe, motho e mong le e mong ea kileng a phela e bile moetsalibe ka hona ke mohlanka oa sebe. Motho feela ea neng a se joalo ke Jesu, ’me sehlabelo sa Jesu se ile sa lokolla balumeli bokhobeng boo. Ke ’nete hore ba ne ba ntse ba sa phethahala, ’me e le baetsalibe ka tlhaho. Leha ho le joalo, joale ba ne ba ka bakela libe tsa bona ’me ba kōpa tšoarelo motheong oa sehlabelo sa Jesu, ba kholisehile hore likōpo tsa bona li tla utluoa. (1 Johanne 2:1, 2) Motheong oa sehlabelo sa Jesu sa thekollo, Molimo o ile oa ba bolela ba lokile, ’me ba ne ba ka o atamela ka letsoalo le hloekileng. (Ba-Roma 8:33) Ho feta moo, kaha sehlabelo se ile sa bula tebello ea ho tsohela bophelong bo sa feleng, ’nete e bile ea ba lokolla tšabong ea lefu.—Mattheu 10:28; Ba-Heberu 2:15.
16. Tokoloho ea Bokreste e ne e pharalletse joang ho feta tokoloho leha e le efe e fanoang ke lefatše?
16 Ka tsela e hlollang, tokoloho ea Bokreste e ile ea bulehela banna le basali ho sa tsotellehe hore na boemo ba bona ke bofe, motheong oa botho. Mafutsana, batšoaruoa, esita le makhoba, ba ne ba ka lokoloha. Ka lehlakoreng le leng, balichaba ba phahameng ba ileng ba hana molaetsa oa Kreste ba ne ba ntse ba le bokhobeng ba tumela-khoela, sebe, le ho tšaba lefu. Le ka mohla ha rea lokela ho phetsa ho leboha Jehova bakeng sa tokoloho ena eo re e thabelang. Ha ho letho le lekanang le eona leo lefatše le ka fanang ka lona.
Ba Lokolohile Empa Baa Ikarabella
17. (a) Ba bang lekholong la pele la lilemo ba ile ba lahleheloa ke tokoloho ea Bokreste joang? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho thetsoa ke tokoloho e bonahalang e le teng lefatšeng la Satane?
17 Lekholong la pele la lilemo, ho ka etsahala hore Bakreste ba bangata ba tlotsitsoeng ba ne ba thabela tokoloho ea bona ’me ba boloka botšepehi ho sa tsotellehe hore na ba hlaheloa ke eng. Leha ho le joalo, ka masoabi ba bang ba ile ba latsoa tokoloho ea Bokreste le mahlohonolo ’ohle a eona eaba baa e lahla, ba khutlela bokhobeng ba lefatše. Hobane’ng? Ntle ho pelaelo tumelo ea ba bangata e ile ea fokola, eaba ‘ba suthela hōle.’ (Ba-Heberu 2:1) Ba bang ‘ba ile ba lahla tumelo le letsoalo le letle ’me tumelo ea bona ea senyeha.’ (1 Timothea 1:19) Mohlomong ba ile ba oela lerabeng la lintho tse bonahalang kapa mokhoeng oa bophelo ba boitšoaro bo bobe. Ke habohlokoa hakaakang hore re lebele tumelo ea rōna le ho e haha, re lule re tšoarehile thutong ea botho, botsoalleng, thapelong, le mosebetsing oa Bokreste! (2 Petrose 1:5-8) E se eka le ka mohla re ke ke ra phetsa ho ananela tokoloho ea rōna ea Bokreste! Ke ’nete hore ba bang ba ka ’na ba lekoa ke mokhoa oa ho iketsetsa bōrata oo ba o bonang ka ntle ho phutheho, ba nahana hore batho ba lefatšeng ba lokolohile haholoanyane ho re feta. Leha ho le joalo, ka sebele se bonahalang eka ke tokoloho lefatšeng ha e le hantle ke ho hloka boikarabelo feela. Haeba re se makhoba a Molimo, re makhoba a sebe, ’me ho ba makhoba a sebe ho na le moputso o babang.—Ba-Roma 6:23; Ba-Galata 6:7, 8.
18-20. (a) Ba bang ba ile ba fetoha ‘lira tsa thupa ea tlhokofatso’ joang? (b) Ba bang ba ile ‘ba etsa tokoloho ea bona tšireletso ea bobe’ joang?
18 Ho phaella moo, lengolong la hae le eang ho Bafilippi, Pauluse o ile a ngola: ‘Hobane ba bangata bao ke seng ke ba boletse ho lōna hangata, le joale ke sa ba bolela ka ho lla, ba tsamaeang e le lira tsa thupa ea tlhokofatso ea Kreste.’ (Ba-Filippi 3:18) E, ho ne ho e-na le batho bao e neng e le Bakreste ba ileng ba fetoha lira tsa tumelo, mohlomong ba fetoha bakoenehi. Ke habohlokoa hakaakang hore re se latele tsela ea bona! Ho phaella moo, Petrose o ngotse: “Etsang ka mokhoa o tšoanelang balokolohi, e seng ka ho etsa bolokolohi ba lōna tšireletso ea bobe, le mpe le ipee bahlanka ba Molimo.” (1 Petrose 2:16) Motho a ka etsa tokoloho ea hae tšireletso ea bobe joang? Ka ho etsa libe tse tebileng—mohlomong ka sekhukhung—feela a ntse a kopanela le phutheho.
19 Hopola Diotrefe. Johanne o itse ka eena: “Diotrefe, ea ratang ho ba oa pele [ka phuthehong], ha a re amohele. . . . E re a sa amohele baena, o thibela le ba ratang ho ba amohela, a be a ba leleke kerekeng.” (3 Johanne 9, 10) Diotrefe o ile a sebelisa tokoloho ea hae e le tšireletso ea takatso ea hae ea boithati.
20 Morutuoa Juda o ngotse: “Har’a lōna, ho khukhunetse batho ba bang, bao tsuo ea bona e seng e le khale e ngotsoe; ke batho ba hlokang borapeli, ba fetolang mohau oa Molimo oa rōna bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng eena ’Musi a ’notši, le Morena oa rōna.” (Juda 4) Le hoja batho bana ba ne ba kopanela le phutheho, ba ne ba e-na le tšusumetso e senyang. (Juda 8-10, 16) Ho Tšenolo re bala hore liphuthehong tsa Pergame le Thyatire, ho ne ho e-na le lihlotšoana tsa bokhelohi, borapeli ba litšoantšo, le boitšoaro bo bobe. (Tšenolo 2:14, 15, 20-23) Ke ho sebelisa tokoloho ea Bokreste hampe hakaakang!
21. Ba sebelisang tokoloho ea bona ea Bokreste hampe ba letetsoe ke eng?
21 Ba sebelisang tokoloho ea bona ea Bokreste hampe ka tsela ee ba letetsoe ke eng? Hopola se ileng sa etsahalla Iseraele. Iseraele e ne e le sechaba sa Molimo se khethiloeng, empa qetellong Jehova o ile a e lahla. Hobane’ng? Hobane Baiseraele ba ile ba sebelisa kamano ea bona le Molimo e le tšireletso ea bobe. Ba ne ba ithorisa ka hore ke bara ba Abrahama empa ba hana Jesu, Peō ea Abrahama le Messia ea khethiloeng oa Jehova. (Mattheu 23:37-39; Johanne 8:39-47; Liketso 2:36; Ba-Galata 3:16) “Iseraele oa Molimo” ka kakaretso e ke ke ea ipaka e le e sa tšepahaleng joalo. (Ba-Galata 6:16) Empa Mokreste leha e le ofe ea bakang tšilafalo moeeng kapa boitšoarong qetellong o tla tobana le taeo kapa kahlolo e boima. Kaofela ha rōna rea ikarabella bakeng sa tsela eo re sebelisang tokoloho ea rōna ea Bokreste ka teng.
22. Ba sebelisang tokoloho ea bona ea Bokreste molemong oa ho ba makhoba a Molimo ba fumana thabo efe?
22 Ho molemo hakaakang ho ba makhoba a Molimo ’me re lokolohe ka sebele. Ke Jehova feela ea fanang ka tokoloho eo e hlileng e leng ea bohlokoa. Liproverbia e re: “Mora oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.” (Liproverbia 27:11) A re sebeliseng tokoloho ea rōna ea Bokreste tlotlisong ea Jehova. Haeba re etsa joalo, bophelo ba rōna bo tla ba le morero, re tla thabisa Ntate oa rōna oa leholimo, ’me qetellong re tla ba har’a ba thabelang tokoloho e khanyang ea bara ba Molimo.
Na U ka Hlalosa?
◻ Ke mang feela ea lokolohileng ka hohle-hohle?
◻ Adama le Eva ba ile ba thabela tokoloho ea mofuta ofe, ’me ke hobane’ng ha ba ile ba lahleheloa ke eona?
◻ Baiseraele ba ne ba thabela tokoloho efe ha ba boloka selekane sa bona le Jehova?
◻ Ba amohetseng Jesu ba ile ba thabela tokoloho efe?
◻ Ba bang lekholong la pele la lilemo ba ile ba lahleheloa ke tokoloho ea bona ea Bokreste kapa ba e sebelisa hampe joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Tokoloho eo Jesu a faneng ka eona e ne e le molemo ho feta tokoloho leha e le efe e ka fanoang ke motho