Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 10/1 leq. 21
  • Ba Ile ba Fumana Lebaka la ho Fetoha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ile ba Fumana Lebaka la ho Fetoha
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ke ne ke Ichekela Lebitla”
    Bibele e Fetola Batho
  • Seo re Lokelang ho se Tseba ka Likenke
    Tsoha!—1998
  • Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 10/1 leq. 21

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Ba Ile ba Fumana Lebaka la ho Fetoha

NA LITHO tsa lihlopha tsa marabele le batho ba mabifi ba ka fetola boitšoaro ba bona? Ke eng e ka ba thusang ho etsa joalo? Liphetoho tse khōlō boitšoarong li ka etsoa joalokaha ho bonoa ntlheng ea Saule oa Tarese, ea ileng a fetoha ha a ne a hlorisa Bakreste pele a fetoha Mokreste ka boeena. Ka mor’a moo o ile a tsejoa e le moapostola Pauluse. (Ba-Galata 1:13, 14; 1 Timothea 1:13) Ho tlalehoa liphetoho tse khōlō ka ho tšoanang ho tsoa Kenya.

◻ Mohlankana e mong e ne e le setho sa sehlopha sa marabele tikolohong ea Nairobi ’me o ile a romeloa Kenya bophirimela ho ea fuputsa menyetla ea ho utsoa libankeng moo. O ile a lula le monna-moholo e mong ’me a fumana qubu ea limakasine tsa khale tsa Tsoha! ka tlung ea hae. Mohlankana eo o ile a hapeha haholo ke ho bala limakasine tsena hoo a ileng a lebala ka ho felletseng ka merero ea hae ea ho utsoa libankeng. Ha a se a balile ntho e ’ngoe le e ’ngoe, o ile a kōpa tse eketsehileng, eaba monna-moholo o ’molella hore e ’ngoe e tla fihla ka poso ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse peli. Ho tloha ka nako eo ho ea pele mohlankana eo o ile a kōpa motho ea mo amohetseng hore a ee posong letsatsi le leng le le leng ho ea sheba limakasine tse eketsehileng. Khabareng, o ile a etsa qeto ea ho lahla litsela tsa hae tse mpe, ho latela seo a neng a ithutile sona limakasineng, le ho fetoha Paki ea Jehova. O bile a qala ho bolella baahelani hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Hamorao, pula-maliboho e mong ea khethehileng o ile a sebetsa tšimo eo ’me a makala ha a fumana mohlankana enoa ea ipolelang hore ke Paki. Thuto ea Bibele e ile ea qalisoa le eena, a fumana khōlo, ’me kajeno ke pula-maliboho oa ka mehla. Tsebo e nepahetseng ea Bibele e ile ea mo fa lebaka la ho fetola bophelo ba hae.

◻ Monna e mong Argentina o ile a boela a fumana lebaka la ho fetola tsela ea hae ea bophelo e mabifi. Ka lilemo tse 20 o ’nile a hlekefetsa mosali oa hae eo e neng e le Paki. Ho boleloa hore o bile a cheka mokoti ka jareteng ea hae a ba a hloma sefapano holim’a ’ona hore a tle a bolaee motho ea neng a utsoa likhoho tsa hae hore a tle a mo epele moo. Ka lebaka la boitšoaro ba monna enoa bo soabisang, baahisani bohle ba ile ba mo koekoetla.

Molebeli oa potoloho o ile a mo etela. Ha molebeli oa potoloho a botsa monna enoa hore na a ka rata ho ithuta Bibele, o ile a makala ha monna enoa a re o tla thabela ho ithuta Bibele. Moena o ile a ithuta le eena bukana e boholo ba makasine Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Monna enoa o ile a hatela pele tsebong ea Bibele le kutloisisong ea moea. Hona joale o ba teng libokeng tsohle. O rata liboka le ho kopanela le baena haholo hoo a ileng a re, “Mona ke moo ke ratang ho phela teng.”

Phetoho ho monna enoa e ile ea bonahala ka ho babatsehang hoo baahisani ba ileng ba botsa mosali oa hae hore na o phekotsoe ke ngaka efe. Ha a hlalosa hore o fetohile ka lebaka la ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, moahisani e mong o ile a thahasella hoo a ileng a kōpa thuto ea Bibele. Moahisani e mong o ile a etsa peeletso ea makasine o mong oa rōna.

Tsebo e nepahetseng ea Bibele e ile ea fa banna bana lebaka la ho fetola tsela ea bona ea bophelo, ’me e ka thusa mang kapa mang ea lakatsang bophelo bo nang le moelelo haholoanyane hona joale le tšepo bakeng sa bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la thabo la Molimo.—Johanne 17:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela