Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 5/8 maq. 5-8
  • Seo re Lokelang ho se Tseba ka Likenke

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo re Lokelang ho se Tseba ka Likenke
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ba Kenellang Likenkeng ka Lona
  • Ho Thata ho Tsoa ho Tsona
  • Bophelo bo Molemonyana bo ka Finyelloa
  • Na ke Lokela ho Kena Kenkeng?
    Tsoha!—1991
  • Nka Itšireletsa Joang Tlhaselong ea Kenke?
    Tsoha!—1991
  • Ho Sireletsa Bana ba Rōna Likenkeng
    Tsoha!—1998
  • Tlokotsi e ja Setsi
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 5/8 maq. 5-8

Seo re Lokelang ho se Tseba ka Likenke

Wade, eo e kileng ea e-ba setho kenkeng ea California, o itse: “Re ne re le bashemane feela ba neng ba lula tikolohong e le ’ngoe. Re qalile sekolong sa mathomo hammoho. Re ile ra mpa ra sitoa feela ho etsa liqeto tse nepahetseng.”

HANGATA likenke li qala eka ke lihlopha tsa baahisani feela. Bacha ba ka holimonyana ho lilemo tse leshome kapa ba ka tlaasana ho tsona ba khobokana sekhutlong sa seterata. Ba etsa lintho hammoho ’me ba ikopanya e le hore ba itšireletse sehlopheng se seng sa baahisani se batlang se tiile ho feta sa bona. Empa ka mor’a nakoana sehlopha sa bona se qala ho theohela boemong ba litho tse ling tsa sona tse mabifi ka ho fetisisa, ’me se qala ho kenella liketsong tse kotsi tsa botlokotsebe.

Kenke e ’ngoe ea lireng e tsoang tikolohong e ’ngoe e ka ’na eaba e nkile sehlopha se secha e le sa lireng. Khalefo joale ea lebisa pefong. Barekisi ba lithethefatsi ba sebelisa kenke ho rekisa lithethefatsi tse seng molaong. Liketso tse ling tsa botlokotsebe tsa latela.

Luis o ne a le lilemo li 11 ha metsoalle ea hae e theha kenke. Ha a le lilemo li 12 o ile a qala ho sebelisa lithethefatsi. Ha a le lilemo li 13 o ile a tšoaroa ka lekhetlo la pele. O ile a kenya letsoho bosholung ba likoloi, ho thuhuoeng ha matlo le bosholung ba likhoka. ’Me o ne a kena teronkong khafetsa ka lebaka la lintoa tsa likenke le merusu ea likenke.

Ka linako tse ling re ka ’na ra makatsoa ke bao e bang litho tsa likenke. Martha, seithuti sa sekolo se phahameng se bohehang le se sebetsang hantle lithutong tsa sona, o ne a fumana limaraka tse ntle ’me a itšoere hantle sekolong. Leha ho le joalo, e ne e le moeta-pele oa kenke e neng e rekisa matekoane, heroine le k’hok’heine. O ile a fetola bophelo ba hae ka mor’a hore a tšosoe ke ha e mong oa metsoalle ea hae a thunngoa ka makhetlo a ’maloa ’me a bolaoa.

Lebaka Leo ba Kenellang Likenkeng ka Lona

Ka ho makatsang, litho tse ling tsa likenke li bolela hore li kenella ho tsona hobane li batla ho ratoa. Li ne li batla moea oa botsoalle bo molemo le katamelano oo li sa kang tsa o fumana lapeng. Koranta e bitsoang Die Zeit ea Hamburg, Jeremane, e bolela hore bacha ba leka ho fumana tšireletso eo ho seng moo ba ka e fumanang teng likenkeng tsa seterateng. Eric, eo e kileng ea e-ba setho sa kenke, o bolela hore haeba u sa fumane lerato ka lapeng, “u tsoela ka ntle ho ea batla ho hong ho molemonyana.”

Ntate e mong, eo e kileng ea e-ba setho sa kenke, o ngotse ka phihlelo ea hae ea bocheng: “Ke ne ke kena teronkong khafetsa ka lebaka la boitšoaro bo sa laoleheng, ho loana ka kenke, ho baka morusu ’me qetellong ka lebaka la ho leka ho bolaea motho ka ho mo thunya a ntse a khanna.” Hamorao, ha a se a e-na le mora, Ramiro, o ile a hlokela moshemane enoa nako. Ha Ramiro a hōla, le eena o ile a kenella kenkeng, ’me mapolesa a mo tšoara ka mor’a ntoa ea kenke. Ha ntate oa hae a mo phehella hore a tsoe kenkeng, o ile a tleroha: “Hona joale e se e le eona lelapa leso.”

Mooki e mong sepetleleng sa Texas, ea buileng le bacha ba 114 ba ileng ba thunngoa hoo e ka bang ka holimonyana ho selemo, o ile a re: “Hoa makatsa. Ha ke hopole eka nkile ka utloa le ea mong oa bona a kōpa hore ho bitsoe ’mè oa hae kapa setho leha e le sefe sa lelapa labo.”

Kamoo ho bonahalang kateng, hase bana ba tsoang likarolong tse futsanehileng feela tsa motse ba kenellang likenkeng. Lilemong tse ’maloa tse fetileng, makasine e ’ngoe ea Canada e bitsoang Maclean’s e ile ea qotsa mantsoe a mapolesa a reng a fumane bacha ba tsoang tikolohong e ruileng ka ho fetisisa hammoho le ba tsoang tikolohong e futsanehileng ka ho fetisisa ba le kenkeng e le ’ngoe. Bacha bana ba tsoang limelong tse sa tšoaneng ba kopane hammoho ka sepheo se tšoanang—ba batla boikutlo ba katamelano ea lelapa boo ba sa bo fumaneng lapeng.

Libakeng tse ling bacha ba hōla ba e-na le boikutlo ba hore ho ba setho sa kenke ke tsela e tloaelehileng bophelong. Fernando ea lilemo li 16 o ile a hlalosa: “Ba nahana hore ho kenella ha bona kenkeng ho tla ba thusa ho rarolla mathata a bona. Baa nahana: ‘Ke tla iphumanela metsoalle. E meholo e bileng e nkang lithunya. E tla ntšireletsa, ’me ha ho motho ea tla nketsa letho.’” Empa ka mor’a nakoana litho tse ncha tsa kenke li fumana hore ho kena ha tsona kenkeng ho li etsa bahlaseluoa ba ka sehloohong ba lira tsa kenke ea tsona.

Hangata likenke li fumanoa litikolohong tseo ho tsona ho nang le chelete e fokolang le lithunya tse ngata. Litlaleho tsa litaba li bua ka liphaposi tsa boithutelo tsa metse e meholo tseo ho tsona ho liithuti tse ling le tse ling tse tharo tse peli ho tsona li phelang malapeng a motsoali a le mong. Ka linako tse ling, motsoali oa seithuti ke ea lemaletseng lithethefatsi ea ka ’nang a se ke a robala lapeng bosiu, ’me seithuti sa tlameha ho isa ngoana oa sona ea se nang ntate setsing sa tlhokomelo ea bana pele sona se e-ea sekolong hoseng.

’Musisi oa California, Pete Wilson, o ile a re: “Re na le bothata bo tšabehang hobane bana ba bangata ba hōla ba se na bo-ntate, ba se na mehlala ea bo-ntate ba ba fang lerato, khalemelo, tataiso le litekanyetso tse lokelang ho lateloa—ba se na boikutlo ba hore na ke hobane’ng ha ba lokela ho itlhompha le ho hlompha ba bang.” O bolela hore ho hlōleha hona ha bacha ba bang ho bontša kutloelo-bohloko ho ba bang ke lona lebaka le etsang hore ba “khone ho bulula motho e mong [ka ho mo bolaea ka ho mo thunya] ba sa ikoahlaee le hanyenyane feela.”

Le hoja ho haella ha katamelano ea lelapa, koetliso ea botho le mohlala o loketseng oa boitšoaro e le mabaka a ka sehloohong ho hōleng ha likenke, ho boetse ho na le mabaka a mang a amehang. A akarelletsa mananeo a TV le libaesekopo tse bontšang ho sebelisa pefo e le tharollo e bonolo ea mathata, batho bao hangata ba reng bafutsana ke ba hlōlehang ’me ba lula ba ba hopotsa hore ba ke ke ba khona ho etsa lintho tseo ba bang ba li etsang le lenane le ntseng le eketseha la malapa a motsoali a le mong ao ho ’ona ’mè e mocha ea imetsoeng ke mosebetsi a tlamehang ho loanela ho hlokomela ngoana kapa bana ba se nang tataiso. A mang a mabaka ana kapa kaofela ha ’ona, ’me mohlomong le a mang a eketsehileng, a lebisitse keketsehong ea tlokotsi ena ea lefatše lohle ea likenke tsa seterateng.

Ho Thata ho Tsoa ho Tsona

Ke ’nete hore ka mor’a nako e itseng, litho tse ling tsa kenke lia tsoa kenkeng ea tsona, ’me li tšoareha mesebetsing e meng. Tse ling li lula le beng ka tsona sebakeng se seng ’me kahoo li qobe bophelo ba kenke. Empa hangata, ho tsoa kenkeng ha ho bonolo hakaalo.

Hangata, litho tsa kenke li tlameha ho khakhathoa ke litho tse ling tse ’maloa pele li ka lumelloa hore li tsoe kenkeng li ntse li phela. Ha e le hantle, batho ba bang ba ileng ba batla ho tsoa likenkeng tse itseng ba ile ba tlameha ho thunngoa. Haeba ba pholohile, ba lumelloa ho tsoa! Na hore motho a tsoe kenkeng o tšoanela hore a tšoaroe hampe joalo?

E mong eo e kileng ea e-ba setho sa kenke o hlalosa lebaka leo a ileng a batla ho tsoa kenkeng ka lona: “Metsoalle ea ka e mehlano e se e shoele.” Ka sebele, bophelo ba ho ba setho sa kenke bo ka ba kotsi ka tsela e makatsang. Makasine ea Time e ile ea tlaleha mabapi le e mong eo e kileng ea e-ba setho kenkeng ea Chicago: “Lilemong tse supileng tseo e bileng setho ka tsona, o ile a thunngoa mpeng, a otloa hloohong ka tšepe ea seporo sa terene, a robeha letsoho ntoeng ’me a kenngoa teronkong habeli ka lebaka la bosholu ba likoloi . . . Empa kaha joale o qeteletse a otlolotse metsamao ea hae, esita le bao e kileng ea e-ba metsoalle ea hae baa mo tsoma.”

Bophelo bo Molemonyana bo ka Finyelloa

Eleno, oa Brazil, e kile ea e-ba setho sa ma-Headbanger, kenke e neng e loana ka lithipa ’me ka linako tse ling ka lithunya. A ikutloa a sotlehile, o ile a ikhotsofatsa ka ho pshatla lintho le ka ho hlasela batho. Mosebetsi-’moho le eena o ile a bua le eena ka Bibele. Hamorao Eleno o ile a ea kopanong ea Lipaki tsa Jehova, moo a ileng a kopana le ba bang bao e kileng ea e-ba bo-mphato ba hae kenkeng le e mong eo e kileng ea e-ba setho sa kenke ea lireng. Ba ile ba lumelisana joaloka bara ba motho—ka tsela e fapaneng haholo le se ka beng se etsahetse nakong e fetileng.

Na see se hlile sea etsahala? Ruri sea etsahala! Haufinyane tjena, moemeli oa Tsoha! o ile a lula fatše le bao e kileng ea e-ba litho likenkeng tse khōlō tsa Los Angeles bao hona joale ba kopanelang le liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a ho bua lihora tse ’maloa, e mong oa bona o ile a khefutsa, a itšetleha ka setulo sa hae, ’me a re: “Bonang! Bao e kileng ea e-ba ma-Blood le ma-Crip ba lutse mona ba ratana joaloka bara ba motho!” Ba ile ba lumela hore ho fetoha ha bona batho ba mosa le ba lerato ho tloha ho beng litho tse sehlōhō tsa likenke ho tlisitsoe ke ’nete ea hore ba ithutile melao-motheo ea bomolimo ka ho ithuta Bibele ka hloko.

Na see se ka hla sa etsahala lilemong tsee tsa bo-1990? Na litho tsa likenke li ka hla tsa etsa liphetoho tse joalo hona joale? Li ka khona haeba li ikemiselitse ho hlahloba khothatso e matla e fanoang ka Lentsoeng la Molimo ’me li lumellanya bophelo ba tsona le melao-motheo ea Bibele. Haeba ho etsahala hore ebe u setho sa kenke, ke hobane’ng ha u sa leke ho etsa phetoho e joalo?

Bibele e re khothalletsa hore re “lahle botho ba khale bo lumellanang le tsela ea [rōna] ea pele ea boitšoaro” ’me re “apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.” (Baefese 4:22-24) Botho boo bo bocha bo hlaoleloa joang? Bibele e bolela hore “ka tsebo e nepahetseng,” botho ba motho bo ka “nchafatsoa ho ea ka setšoantšo sa [Molimo] ea bo bōpileng.”—Bakolose 3:9-11.

Na ke habohlokoa hakaalo ho leka ho etsa phetoho? E, ke habohlokoa! Haeba u setho sa kenke, mohlomong u tla hloka thuso bakeng sa ho etsa phetoho e joalo. Ho na le batho tikolohong ea heno ba tla thabela ho u thusa. Leha ho le joalo, hangata batsoali ba boemong bo molemo ba ho sebelisa tšusumetso e nepahetseng baneng ba bona. Kahoo, hona joale re tla hlahloba seo batsoali ba ka se etsang ho sireletsa bana ba bona likenkeng.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Bao e kileng ea e-ba litho tsa likenke tse loantšanang hona joale ba kopantsoe ke ’nete ea Bibele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela