Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 6/8 maq. 14-16
  • Na ke Lokela ho Kena Kenkeng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Kena Kenkeng?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšehetso le Botsoalle
  • U se ke Ua ‘Latela Letšoele’
  • Ho Phela ka Sabole
  • Ho Fumana Boikutlo ba Sebele ba ho Tsotelloa
  • Seo re Lokelang ho se Tseba ka Likenke
    Tsoha!—1998
  • Nka Itšireletsa Joang Tlhaselong ea Kenke?
    Tsoha!—1991
  • Ho Sireletsa Bana ba Rōna Likenkeng
    Tsoha!—1998
  • Tlokotsi e ja Setsi
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 6/8 maq. 14-16

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Lokela ho Kena Kenkeng?

Ha ke ne ke lutse ka kamoreng ea lilokara sekolong, bashemane bana ba ile ba tla ho ’na ’me ba qala ho nqholotsa. E mong oa bona o ile a nkotla ka setebele sefubeng. Ka eona nako eo ho ile ha hlaha e mong oa bashemane bao ke ba tsebang ba kenke e leng tikolohong ea rōna ’me a ntšehetsa. Ke ile ka nahana hore, ‘haeba nka kena kenkeng, mohlomong nka fumana tšireletseho ka mokhoa ona.’”—Greg.

LIKENKE lia hōla likolong le litikolohong tse ngata. Ka 1989 sepolesa se ile sa lekanyetsa hore Seterekeng sa Los Angeles U.S.A., feela ho na le likenke tse 600 tse nang le litho tse 70 000. Leha ho le joalo, likenke ha lia lekanyetsoa United States feela. Ka mohlala, makasine Maclean’s o tlalehile hore motseng oa Vancouver, Canada, ho na le likenke tse 13 tse nang le litho tse fetang 600.

Joaloka Greg, ba bangata ba kena likenkeng hore ba fumane tšireletseho pefong ea sekolo, ’me mehleng ena e mabifi, ha ho thata ho utloisisa hore ke hobane’ng ha bacha ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba na le tlhoko e joalo. Re lipaki tsa “ngatafalo ea bokhopo” lefatšeng ka bophara. (Mattheu 24:12) Leha ho le joalo, ho sa ntse ho na le mabaka a mang a etsang hore likenke tsa literateng e be tse nang le khoheli e matla ho bacha ba bang.

Tšehetso le Botsoalle

Bernard, eo e neng e le setho sa kenke oa hlalosa: “Ke ne ke hlile ke batla ho ba le metsoalle, ho ba le boikutlo ba ho tsotelloa ke motho e mong kapa sehlopha.” Marianne, ea ileng a kena kenkeng ea banana oa lumela hore o ile a etsa joalo “ka baka la matla a [hae] a ho laola ntho e itseng,” esita le “boemo ba lelapa” boo kenke eo e fanang ka bona.

Le hoja e le ’nete hore bacha ba bangata ba kena likenkeng hore ba tsebe ho sebetsana le ho tepella kapa bakeng sa nyakallo eo li ka fanang ka eona, ho bonahala eka bacha ba bangata ba kena likenkeng hore ba be le boikutlo ba ho tsotelloa le hore ba fumane tšehetso ea maikutlo, ba fumane metsoalle eo ba ka arolelanang le eona lintho hammoho. Hangata sena se etsoa hore se nkele boemo ba lelapa bo sa rateheng sebaka.

Bernard o bua tjena ka eena le litho tsa kenke ea bona: “Bongata ba rōna re ne re tsoa malapeng a qhalaneng. Ba bangata ba ne ba hōlisitsoe ke motsoali a le mong lelapeng le leholo ’me hangata e le ’mè feela. Kahoo ho ne ho se motho ea iphang nako ea ho bua le bona. Ba bangata ba ne ba tsoa malapeng ao ba neng ba hlekefetsoa ’meleng kapa ba khahlapetsoang ka puo le moo ho neng ho se motho ea tsotellang hore na ba na le maikutlo kapa che. Kahoo ba ile ba ikutloa hamolemo joaloka ’na hore ba ka tseba ho bua le motho e mong ’me a ba utloe.”

Ntlha ena e ile ea boela ea hlalosoa ke moeletsi oa bacha oa Canada, Lew Golding. O itse: “Bana ba nang le mathata lapeng ba kena kenkeng bakeng sa ho fumana tlhokomelo ea maikutlo.”

United States, likenke tse ngata li theoa ho latela moetlo le morabe. Kahoo likenke naheng eo li fana ka boipiletso bo eketsehileng ba ho tloaelana le batho ba nang le maikutlo a tšoanang mabapi le lijo, ’mino, puo, le lintho tse ling tse ngata. Ho bacha le ho batho ba baholo ka ho tšoanang takatso ea ho ikutloa u hlokahala le ho amoheloa ke ea tlhaho. Empa na kannete maikutlo ana le litlhoko tsena li ka khotsofatsoa ka ho kena kenkeng?

Liproverbia 17:17, (NW) e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.” Na litho tsa likenke li hlile li thabela botšepehi bo joalo le botsoalle ba sebele? Ho fapana le hoo, liphapang esita le lintoa har’a litho tsa kenke e le ’ngoe ke tse atileng haholo. Ka sebele, tikolohong e nang le khatello e khōlō eo likenke li sebeletsang ho eona likhopiso li ka hōla habonolo. Ho ba le pono e fapaneng ho ka hlalosoa e le ho se tšepahale. Bernard oa tlaleha: “Haeba re ne re ile ra qoaketsana, ke ne ke tlameha ho lula ke ntšitse mahlo linameng hobane ho ka ’na ha hlaha thipa kapa sethunya ka tšohanyetso. ’Me batho bana e ne e tlameha ho ba metsoalle ea ka! Bophelo ba kenke bo ile ba ntšiea ke soabile hobane ke ne ke se na metsoalle ea sebele.”

Ho joalokaha setho sa kenke se lilemo li 18 se eketsa: ‘Ha u na metsoalle leha e le efe esita le kenkeng ea lōna. U mong feela.’

U se ke Ua ‘Latela Letšoele’

“U se ke ua sala letšoele morao bakeng sa merero e khopo.” (Ekxoda 23:2, NW) Batho ba Molimo ba ile ba bolelloa sena mehleng ea boholo-holo, ’me sena se sebetsa hantle joaloka molao-motheo ho mocha leha e le ofe ea nahanang ka ho kena kenkeng. U ka ’na ua nahana hore kenke ke mokhoa oa ho itšireletsa kapa mohloli oa botsoalle. Leha ho le joalo, bonneteng, setho sa kenke se qobelloa ho phehella “merero e khopo” ka mokhoa oo se ke keng sa o qoba.

Mabapi le sena, The Globe and Mail e re: ‘Kenke e fetoha lelapa. Seo se boetse se bolela hore kenke ke eona e rerang hore boitšoaro bo amohelehang ke bofe. Lefatšeng la bacha ba hlokang tataiso ho qhekella, ho otla, le ho hleka-hleka batho ka likamano tsa botona le botšehali ke lintho tse ka etsoang.’

Ka 1989 feela, likenke tse Seterekeng sa Los Angeles li ile tsa ameha lipolaong tsa batho tse 570. ’Me e batla e le hohle moo ho nang le likenke ho nang le pefo. Boiteko leha e le bofe ba ho hana ho nka karolo bo hlile bo tla talingoa e le ho se tšehetse kenke kapa, ho hobe le ho feta, e le bokoala. Ketsahalong efe le efe, u ka iphumana u se u hlaseloa. Ho joalokaha setho se seng sa kenke se itse: “U ke ke ua re che ho [kenke] ea lōna.” Na boikutlo ba ho tsotelloa kapa ba tšireletseho bo loketsoe ke khatello e joalo?

Mongoli oa Liproverbia 1:10-15 oa arabela: “Mor’a ka, ekare ha baetsalibe ba rata ho u hoka, u se ke ua ba lumela: Ha ba re: Tloo le rōna, re e’o lalla ho tšolla mali, re chehe ba se nang molato, re ba bolaee feela . . . u ikopanye le rōna . . . Mor’a ka, u se ke ua ea ka tsela ea bona.”

Ho Phela ka Sabole

Hape, nahana ka liphello tse ka etsahalang bophelong ba hao bo botle le boiketlong ba hao. Setho se seng sa kenke se boletse hore ‘u tlameha ho ikemisetsa ho shoela litho tse ling tsa kenke ea lōna.’ ’Me hangata ho fella ka tsela eo.

Ho fapana le hoo, nahana ka thuto eo Jesu a e rutileng barutuoa ba hae bosiung boo a tšoeroeng ka bona. Jesu o ne a sa hlomela ’me o ne a tobane le sehlopha sa batho ba mabifi. Na Jesu o ile a batla hore barutuoa ba hae ba iketse khokanyan’a phiri ’me ba mo sireletse ka mabifi? Petrose o ne a nahana joalo. O ile a ntša sabole ea hae ’me a hlasela e mong oa banna ba sehlopha seo, a mo khaola tsebe. Leha ho le joalo, karabelo ea Jesu e tlameha ebe e ile ea makatsa Petrose. Jesu o ile folisa tsebe ea monna eo ka mohlolo ’me a re ho Petrose: “Busetsa sabole ea hao selateng sa eona, hobane bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.”—Mattheu 26:52.

Re fumana thuto efe? Ho hlomela bakeng sa ho itšireletsa ha ho khahlanong le mangolo feela, empa hape ke bothoto, ha ho sebetse. Maele a mang a ho hlalosa ka tsela ena: “Ha e le ea ntseng a batla bobe, bo tla mo oela holimo.”—Liproverbia 11:27, NW.

Ho Fumana Boikutlo ba Sebele ba ho Tsotelloa

Lilemong tse ka bang 50 tse fetileng, ho ile ha etsoa phuputso e ileng ea thathamisa mabaka a fapa-fapaneng a tlatsetsang mokhoeng oa ho thea likenke. Har’a mathata a ileng a thathamisoa e ne e le bophelo ba lelapa bo sa khotsofatseng, bofuma, baahisani ba tsekolohanang, le thuto e fokolang. Mosebetsi oa kenke ha oa ka oa thusa ka letho boemong bona, leha e le hore o hlile oa thusa bacha ba bolutu hore ba fumane metsoalle ea sebele. Leha ho le joalo, phutheho ea Bokreste e fana ka botsoalle le batho ba amehileng ka botebo ka lithahasello tsa hao. Ke hobane’ng ha u sa hlaolele botsoalle hona moo?

Leha ho le joalo, u ka itšireletsa joang haeba u lula sebakeng se tletseng likenke? Sehlooho sa nako e tlang se tla tšohla taba ena.

[Lebokose le leqepheng la 16]

‘Ke Ile ka Kena Kenkeng ea Seterateng’

“Ke ne ke le lilemo li 17. ’Na le metsoalle ea ka re ne re khathetse ke ho bona batho ba thunngoa, ba qhekelloa, le ho betoa tikolohong ea rōna. Re ile ra nahana hore haeba re ka qalisa kenke ea rōna, mohlomong re ka tseba ho thibela lintho tsena. Ka nako e tšoanang, ke ne ke batla boikutlo ba ho tsotelloa. Kahoo re ile ra thea kenke.

“Re ile ra qala ho lebela tikoloho ea rōna, ’me kapele likenke tse ling li ile tsa loana le rōna. Litho tse peli tsa kenke ea rōna li ile tsa hlaseloa ke kenke e hlōlisanang le rōna. E mong o ile a otloa ka bat ea baseball sefahlehong; e mong o ile a hlajoa ka thipa. Re ile ra phetetsa ho hloka toka hoo ’me kapele ra fetoha kenke e tšajoang ka ho fetisisa tikolohong eo.

“Leha ho le joalo, ke ile ka fumana hore litho tsa kenke hase metsoalle ea sebele. U ne u ke ke ua tšepa motho e mong le e mong. Ba bang ba ne ba ke ke ba u thusa ha u le khathatsong. Ba bang ba ne ba se na lipakane tse tšoanang le tsa ka—ba ile ba qala ho qhekella batho le ho ba bolaea ka ntle ho lebaka. Kahoo ke ile ka qala ho hloea tsela ea ka ea bophelo. Ke ne ke ikutloa hore Molimo o teng empa ka ipotsa hore na ke hobane’ng ha o lumelletse ho hloka toka ho hongata hakana. Ke ile ka boela ka ithuta sekolong hore kereke e ne e ikarabella bakeng sa Makhotla a Otlang Bakhelohi le ho timetsa tsoelo-pele eohle ea batho lebitsong la Molimo. Ke ile ka lumela hore malumeli ke ’ona a etelletseng pele bakeng sa ho etsa chelete.

“Ka letsatsi le leng ke ile ka rapela Molimo hore o nthuse ho fumana mokhatlo o hlophisitsoeng oo o o sebelisang. Ke ile ka phetla Bibele eo malome a neng a ’nehile eona ’me ka bala Liketso 20:20. E ne e bua ka ho ea ka ntlo le ntlo. Batho feela bao ke neng ke tseba hore ba etsa joalo e ne e le Lipaki tsa Jehova. Kahoo ke ile ka fumana moo Holo ea ’Muso e haufi e leng teng ’me ka ea teng hoseng ha letsatsi le hlahlamang. Ka mahlo a tletseng likeleli ke ile ka atamela e mong oa Lipaki ’me ka buela tlaase, ‘Ke batla ho ithuta.’ Ke ne ke fumane batho ba Molimo. Matsatsi a ka joaloka setho sa kenke a ne a felile.”—Mongoli, ea khethang hore a lule a sa tsejoe, hona joale o sebeletsa joaloka molebeli ea okamelang oa phutheho ea Lipaki tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ke hobane’ng ha u sa hlaolele botsoalle le batho ba hlileng ba amehileng ka botebo ka lithahasello tsa hao?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela