Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 5/8 maq. 3-5
  • Tlokotsi e ja Setsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlokotsi e ja Setsi
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlokotsi e Sithabetsang
  • Na ke Lokela ho Kena Kenkeng?
    Tsoha!—1991
  • Seo re Lokelang ho se Tseba ka Likenke
    Tsoha!—1998
  • Nka Itšireletsa Joang Tlhaselong ea Kenke?
    Tsoha!—1991
  • Ho Sireletsa Bana ba Rōna Likenkeng
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 5/8 maq. 3-5

Tlokotsi e ja Setsi

Robert e monyenyane o ne a le lilemo li 11 feela, ha a ne a fumanoa a oele ka phatla tlas’a borokho bo seng bo sa sebetse. O ne a e-na le masoba a mabeli a likulo ka seetseng. Ho lumeloa hore o ne a bolailoe ke litho tsa kenke ea hae ea bacha.

Alex ea lilemo li 15 o ne a le haufi le ho ba setho sa kenke ’me mohlomong a le haufi le ho shoa a sa le monyenyane. Empa o ile a bona ha motsoalle oa hae a e-shoa, ’me a nahana: ‘Ha ke batle ho qetella tjena.’

LIKENKE tsa seterateng tse mabifi, tse kileng tsa amahanngoa le likenke tse tummeng haholo tsa Los Angeles tse bitsoang ma-Blood le ma-Crip, li atile hohle lefatšeng. Empa ho sa tsotellehe hore na likenke tsena ke tsa hokae, li tšoana ka tsela e hlollang.

Lilemong tsa bo-1950, kenke ea Engelane ea “ma-Teddy Boy” e ile ea makatsa lefatše. The Times ea London e boletse hore e ne e sebelisa lilepe, lithipa, liketane tsa baesekele le libetsa tse ling ho “lematsa” batho ba se nang molato. ‘Ho ile ha qhoma lintoa tseo ho loanoang ka lithipa ho tsona, lik’hefi tsa qhaqhoa, libaka tse rekisang lijo tse bobebe tsa senngoa.’ Batho ba ile ba hlekahlekoa ka likamano tsa botona le botšehali, ba utsoetsoa, ba shapuoa, ’me ka linako tse ling ba bolaoa.

Die Welt ea Hamburg, Jeremane, e tlalehile hore haufinyane tjena bacha ba bang ba ile ba hlaseloa ke likenke tse tšoereng “melangoana ea baseball, lithipa le lithunya” nakong eo “ba eang disco kapa ba khutlelang hae” ka eona. Süddeutsche Zeitung ea Munich e bolela hore bo-ralekoroana ba Berlin ba hlasela motho leha e le ofe “ea shebahalang a fokola—batho ba se nang mahae, ba holofetseng le basali ba hōlileng ba seng ba sa sebetse.”

Mongolli oa Tsoha!, Spain, o tlalehile hore bothata ba likenke tsa bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 bo sa tsoa qala moo empa boa eketseha. ABC, e leng koranta ea Madrid, e ne e e-na le sehlooho se reng “Bo-ralekoroana—Boemo bo Bocha bo Tšosang Literateng.” Eo e kileng ea e-ba ralekoroana oa Spain, o boletse hore ba ne ba nkhella “melata, matekatse le basodoma.” O ile a phaella: “Bosiu bo se nang pefo [bo ne bo se na] thuso.”

Cape Times ea Afrika Boroa e bolela hore boholo ba tlōlo ea molao e mabifi e etsoang moo e “bakoa ke maemo a mabifi a likolohang likenke.” Buka e ’ngoe e hatisitsoeng Cape Town e bolela hore likenke tsa Afrika Boroa li fetohile “li-sammanama” metseng e futsanehileng ’me li “utsoetsa le ho beta batho ba litikolohong tsa habo tsona ’me li loanela libaka, limmaraka le basali le likenke tse ling.”

O Estado de S. Paulo, e leng koranta ea Brazil, e bolela hore likenke tsa moo li “ata ka tsela e tšosang.” E bolela hore li hlasela likenke tse ling tsa lireng, bacha ba tsoelang pele hantle, batho ba merabe e meng le basebetsi ba melata ba futsanehileng. E boetse e boletse hore ka letsatsi le leng likenke tse ’maloa li ile tsa khobokana, “tsa utsoetsa batho lebōpong . . . , tsa loantšana,” ’me tsa fetola tsela e khōlō ea Rio de Janeiro “lebala la ntoa.” Tlaleho e ’ngoe e tsoang Brazil e bolela hore lenane la likenke lea eketseha metseng e meholo e kang ea São Paulo le Rio de Janeiro hammoho le metseng e menyenyane.

Makasine e ’ngoe e bitsoang Maclean’s ea Canada e boletse ka 1995 hore ho ea ka likhakanyo tsa sepolesa, bonyane ho ne ho sebetsa likenke tse robeli tsa literateng Winnipeg, Canada. ’Me likoranta tsa United States li ile tsa phatlalatsa litšoantšo tsa litho tsa kenke e kentseng liphahlo le lepetjo tsa eona fesheneng likampong tsa Maindia a Amerika Boroa-bophirimela.

New York City, ho ile ha hlahella liketsahalo tse ngata tsa pefo tse amanang le likenke selemong se fetileng. Ho boleloa hore ho ne ho ameha litho tsa ma-Blood le ma-Crip, e leng likenke tseo qalong li neng li hlaheletse Los Angeles. Ho ea ka ramotse oa New York, pakeng tsa July le September, mapolesa a ile a tšoara batho ba 702 liketsahalong tse amanang ka ho toba le likenke tsa seterateng.

Bothata ha bo sa le metseng e meholo feela. Quad-City Times, e phatlalatsoang karolong e bohareng ea United States, e boletse ka “ho eketseha ha pefo e etsoang ke bacha ba lilemong tse ka tlaase ho tse 20, ho ata ha tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le boikutlo bo ntseng bo ata ba ho felloa ke tšepo.”

Tlokotsi e Sithabetsang

Ho boleloa hore kenke e ’ngoe e ile ea qala e le sehlopha sa metsoalle. Empa ha botumo ba moeta-pele oa eona bo ntse bo hōla, le mabifi a eona a ile a eketseha. Moeta-pele oa kenke eo o ne a lula ha nkhono oa hae, moo ho ileng ha thunngoa ka makhetlo a ’maloa, esita leha nkhono a ne a le ka hare. Koranta e ’ngoe e tlalehile hore ho ne ho e-na le masoba a 50 a likulo ntlong eo. Kamoo ho bonahalang kateng ho thunya hoo e ne e le ha boiphetetso khahlanong le liketso tseo ho thoeng kenke ea setloholo e ne e le molato ho tsona. Ho feta moo, moholoane oa moeta-pele eo oa kenke o ile a kenngoa teronkong ka lebaka la liketso tse amanang le kenke, ’me motsoal’ae, ea neng a tlohile sebakeng seo ho qoba pefo ’me a tlile ka ho chaka, o ile a thunngoa ke motho e mong ea neng a feta ka koloi.

Los Angeles, litho tsa kenke li ile tsa thunya koloi ’me tsa bolaea ngoana ea se nang molato ea lilemo li tharo eo ka phoso ’mè oa hae le mohlankana oa hae ba ileng ba thinyetsa ka tseleng esele. Kulo e ’ngoe e ile ea kena ka sekolong ’me ea otla tichere e neng e leka ho thusa liithuti ho ithuta e le hore li ntlafatse bophelo ba tsona. Ba bang ba bangata le bona ba bolailoe, bao ho seng moo ba neng ba kopana teng le likenke empa e bile liphofu tsa tsona. ’Mè e mong oa Brooklyn, New York, o ile a tsebahala tikolohong ea habo ka lebaka la boemo bo bohloko—ho lahleheloa ke bara ba hae bohle ba bacha ba bararo pefong ea likenke.

Ke’ng se bakileng tlokotsi ee ea lefatše lohle ea pefo e etsoang ke bacha, ’me re ka sireletsa bana ba rōna ba ratehang joang ho eona? Tabeng ea pele, likenke li qala joang, ’me ke hobane’ng ha bacha ba bangata hakaale ba kenella ho tsona? Lipotso tsena li tšohloa lihloohong tse latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Scott Olson/Sipa Press

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela