Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 5/8 maq. 8-11
  • Ho Sireletsa Bana ba Rōna Likenkeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sireletsa Bana ba Rōna Likenkeng
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Nka Mehato ea Tšireletso ke Habohlokoa Haholo
  • Kopanela Lintho le Bana ba Hao
  • Seo Bana ba Rōna ba Hlileng ba se Hlokang
  • Ho Fana ka Seo ba se Hlokang
  • Seo re Lokelang ho se Tseba ka Likenke
    Tsoha!—1998
  • Na ke Lokela ho Kena Kenkeng?
    Tsoha!—1991
  • Nka Itšireletsa Joang Tlhaselong ea Kenke?
    Tsoha!—1991
  • Tlokotsi e ja Setsi
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 5/8 maq. 8-11

Ho Sireletsa Bana ba Rōna Likenkeng

“Bana ba hloka batho ba ba tsotellang.”—Not My Kid—Gang Prevention for Parents.

HO LATELANG kamano ea rōna le Molimo, bana ba rōna ba har’a matlotlo a mang a bohlokoa ka ho fetisisa ho rōna. Re lokela ho bua le bona, ho ba mamela, ho ba kopa le ho netefatsa hore baa tseba hore ke ba bohlokoa haholo ho rōna. Re tlameha ho ba ruta lintho tse molemo—ho tšepahala le ho thusa ba bang, tsela ea ho phela bophelo bo khotsofatsang le kamoo ba ka bang mosa ho ba bang kateng.

Mookameli oa teronko ea bana ha a supa bothata bo boholo kajeno, o re: “Ha ho rutoe litekanyetso tsa boitšoaro ka lapeng.” Ka sebele re lokela ho lebisa tlhokomelo ea rōna ho etseng sena. Re lokela ho phela ka tsela eo re batlang hore bana ba rōna ba phele ka eona ’me re etse hore ba bone thabo eo tsela ena e e tlisang bophelong ba rōna. Haeba re sa ba rute litekanyetso tse nepahetseng tsa boitšoaro, ke joang re ka lebellang hore ba latele litekanyetso tse joalo tsa boitšoaro?

Makasine e phatlalletsoang matichere a likolo tsa Amerika e bitsoang Today, e bolela hore hangata likenke li hohela bacha ba “inkang e le lithoto” ’me ba “batla tšireletso, boikutlo ba ho ba karolo ea ho itseng le ho amoheloa ke metsoalle.” Haeba re hlile re neha bana ba rōna lintho tsena ka lapeng—tšireletso le boikutlo bo matla ba ho ba ba atlehang ka lapeng hammoho le bophelong—menyetla ea hore ba hoheloe ke litšepiso tsa bohata tse etsoang ke kenke e tla fokotseha.

Moeta-pele oa mapolesa a California lefapheng la thibelo ea likenke o bolela hore o bona ho makala lifahlehong tsa batsoali ha mapolesa a kokota monyakong oa bona ho tla ba bolella hore ngoana oa bona o kene khathatsong. Ba sitoa ho lumela hore ngoana eo ba neng ba nahana hore ba mo tseba hantle joalo ekaba o entse ho hong ho phoso. Empa ngoana oa bona o fumane metsoalle e mecha ’me o fetohile. Batsoali ba mpa ba sa hlokomela feela.

Ho Nka Mehato ea Tšireletso ke Habohlokoa Haholo

Batho ba phelang libakeng tseo ho tsona likenke li atlehang ba bolela hore bacha hammoho le batho ba baholo ba lokela ho sebelisa kahlolo e molemo ’me ba se ke ba phephetsa kapa ba sokela kenke. Qoba lihlopha tse khōlō tsa litho tsa kenke, ’me u se ke ua etsisa tsela eo li shebahalang kapa li itšoarang ka eona, ho akarelletsa feshene le ’mala oa liaparo tseo li li aparang. Ho li etsisa ho ka u etsa sera sa kenke e ’ngoe ea lireng.

Hape, haeba motho a apara kapa a itšoara joalokaha eka o batla ho ba karolo ea kenke eo, litho tsa eona li ka ’na tsa mo qobella hore e be e mong oa tsona. Bohlokoa ba ho tseba boitšoaro ba litho tsa kenke ea sebakeng seo u phelang ho sona bo ile ba bontšoa ke ntate e mong ea nang le bana ba bararo, Chicago. O ile a hlokomela: ‘Haeba ke roetse katiba ke e soaetse ka ho le letona, ba nahana hore kea ba tella.’ ’Me seo se ka lebisa pefong!

Kopanela Lintho le Bana ba Hao

’Mè e mong o ile a re: “Re tlameha ho hlokomela bana ba rōna—boikutlo ba bona le seo ba se etsang. Re ke ke ra khona ho ba thusa haeba re sa bontše thahasello ea botho bophelong ba bona.” E mong o boletse hore bothata ba likenke bo ke ke ba emisa ntle leha batsoali ba ka bo emisa. O ile a phaella: “A re ba rateng. Haeba ba lahlehile le rōna re lahlehile.”

Na re tseba metsoalle ea bana ba rōna, moo ba eang teng ka mor’a sekolo le moo ba bang teng ka shoalane? Ke ’nete hore hase ’mè e mong le e mong ea ka khonang ho ba teng lapeng ha bana ba hae ba fihla ho tsoa sekolong. Empa bo-’mè ba se nang balekane ba sebetsang ka thata ho lefa rente le ho fepa bana ba bona ba ka ’na ba khona ho etsa litokisetso le bo-’mè ba bang kapa le batho ba bang bao ba ba tšepang bakeng sa hore ba hlokomele bana ba bona nakong ea motšehare oa mantsiboea.

Monna e mong ea phelang sebakeng se nang le kenke e khōlō o ile a botsoa hore na o ne a ka sireletsa bana ba hae joang likenkeng. O boletse hore o ne a ka tsamaea le mora oa hae ho potoloha tikoloho eo ba phelang ho eona hore a mo bontše liphello tsa liketso tsa likenke. O ne a ka mo supisa mapetjo a ngotsoeng maboteng le mehaho e senyehileng ’me a mo bontša hore “sebaka seo ha se shebahale se sireletsehile le hore litho tsa likenke li mpa li khanna nako feela moo le hore ha li na letho leo li le etsang ka bophelo ba tsona.” O ile a phaella: “Joale, nka mo hlalosetsa hore ho phela ka melao-motheo ea Bibele ho ka mo thibela hore a be le qetello e joalo.”

Ntho e bonolo feela joaloka ho ba le thahasello ea sebele mosebetsing oa sekolo oa bana ba rōna e ka ba tširelo ho bona. Haeba sekolong sa bona ho e-na le mantsiboea kapa nako e ’ngoe eo batsoali ba memeloang ho etela liphaposing tsa boithutelo le ho bua le matichere, etsa bonnete ba hore ua ea. Tseba matichere a bana ba hao, a tsebise hore u amehile ka ngoana oa hao le hore u thahasella ho kena ha hae sekolo. Haeba sekolo se se na kemiso ea hore se eteloe, leka ho fumana menyetla eo u ka buisanang le matichere ka tsoelo-pele ea ngoana oa hao sekolong ka eona le kamoo u ka khonang ho a thusa kateng.

Phuputsong e ’ngoe e khōlō motseng o mong oa Amerika ho fumanoe hore bacheng bao malapa abo bona a neng a ba thusa kapa a ba khothalletsa ho etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae, ba etsang karolo ea 9 lekholong ba ile ba kenella kenkeng. Empa malapeng a neng a sa fane ka thuso e joalo, ke liithuti tse menang tseo ka makhetlo a mabeli—tse etsang karolo ea 18 lekholong—tse ileng tsa kenella kenkeng. Haeba lelapa la rōna le ratana ’me le momahane ’me le etsa lintho tse hahang hammoho, menyetla ea hore bana ba rōna ba tle ba hoheloe ke litšepiso tsa bohata tse etsoang ke likenke e tla fokotseha.

Seo Bana ba Rōna ba Hlileng ba se Hlokang

Bana ba rōna ba hloka lintho tse kang tseo re li hlokang le rōna—lerato, mosa le kameho e lerato. Bana ba bangata ha ho mohla ba kileng ba tšoaroa ka tsela e nang le boikutlo bo mofuthu le e lerato kapa ba bolelloa hore ba hlile baa tsotelloa. E se eka ho ke ke ha e-ba joalo le ka mohla ka bana ba rōna! Mohlomong re ka ba kopa, ra ba bolella hore rea ba rata, ’me ra leka ho bona hore ba phela ka boitšoaro boo re ba rutileng hore ba phele ka bona. Ke ba bohlokoa haholo ho rōna hore re ka ba tšoara ka tsela leha e le efe e ’ngoe.

Gerald, eo e kileng ea e-ba setho sa kenke, o ile a hlalosa: “Ke ne ke se na ntate eo nka tšepelang ho eena, kahoo ke ile ka retelehela ho likenke hore li koale sekheo seo se neng se le teng bophelong ba ka.” O ile a qala ho sebelisa lithethefatsi ha a le lilemo li 12. Empa ha a le lilemo li 17, ’mè oa hae o ile a qala ho ba le thuto ea lehae ea Bibele ea kamehla le Lipaki tsa Jehova. O ile a sebelisa melao-motheo e lokileng ea Bibele bophelong ba hae. Gerald o re: “Ke ile ka bona ho fetoha ha hae, ’me ka nahana, ‘Ntho ena e tlameha ebe ke ea bohlokoa.’” Mohlala oa ’mè oa hae o motle o ile oa mo susumelletsa hore a fetole bophelo ba hae.

Bana ba rōna ba lokela ho bona mohlala o motle ho rōna—oa hore re phela ka tsela eo re ba bolellang hore ba phele ka eona. Ba lokela ho ba le boikutlo bo botle ka lelapa labo bona, eseng ka seo le nang le sona, empa ka seo le se etsang. ’Me bana ba lokela ho thusoa hore ba ikutloe ba le motlotlo ka boitšoaro ba bona. Eo e kileng ea e-ba ’muelli oa molao seterekeng se seng sa Naha ea Los Angeles, Ira Reiner o beha taba tjena: “Re lokela ho ameha ka bana [ba rōna] pele ba kenella likenkeng.”

Ho Fana ka Seo ba se Hlokang

Hase lintho tse bonahalang tseo re li fang bana ba rōna tseo e leng tsa bohlokoa haholo. Seo e hlileng e leng sa bohlokoa ke ho ba thusa ho hōla hore e be batho ba baholo ba nang le lerato le ba tsotellang ba nang le litekanyetso tse ntle tsa boitšoaro. Bibele e bolela hore Jakobo ea lokileng o ile a bitsa bana ba hae ‘bana bao Molimo a ’nehileng bona.’ (Genese 33:5) Haeba re nka bana ba rōna ka tsela eo—ea hore ke limpho tseo Molimo a re fileng tsona—re tla sekamela ho ba tšoareng ka lerato le ho ba ruteng ho phela ka botšepehi, bokhabane le boitšoaro bo botle.

Kahoo, re tla etsa sohle se matleng a rōna ho phela bophelo ba rōna ka tsela e behang mohlala o nepahetseng ho bana ba rōna. Re tla ba neha boikutlo bo nepahetseng le bo hahang ba ho ba motlotlo ka lelapa labo bona, eseng ka lintho tse bonahalang tseo lelapa le nang le tsona, empa ka mofuta oa batho oo re leng oona. Kahoo, monyetla oa hore ba batle tšehetso ho batho ba literateng o tla fokotseha.

Ha a hetla morao bocheng ba hae, ntate-moholo e mong o re: “Le ka mohla ke ne nke ke ka etsa letho le soabisang lelapa leso.” O ile a lumela hore o ikutloa ka tsela ena hobane a ne a hlokomela lerato leo batsoali ba hae ba neng ba mo rata ka lona. Ke ’nete hore ho bontša bana ba bona lerato ho ka ’na ha e-ba thata ho bo-’mè le bo-ntate ba bang bao bona ka bobona ho seng mohla ba kileng ba bontšoa lerato ke batsoali ba bona. Leha ho le joalo, batsoali ba lokela ho loanela ho bontša bana ba bona lerato.

Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa hakaale? Hobane ho joalokaha makasine e bitsoang “What’s Up,” e hatisoang ke Utah Gang Investigators Association, e boletse hore “ha bacha ba ikutloa ba ratoa ’me ba sireletsehile—eseng ba sireletsehile licheleteng, empa ba sireletsehile maikutlong—litlhoko tse ba khannelang ho kenella likenkeng hangata lia fela.”

Babali ba bang ba ka ’na ba nahana hore malapa a lerato joalo ha a sa le eo. Empa a ntse a le teng. U ka fumana a mangata a ’ona liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ho pota. Ke ’nete hore malapa ana ha aa phethahala, empa a boemong bo molemo haholo: A ithuta seo Bibele e se buang mabapi le khōliso ea ngoana ’me a leka ka matla ho sebelisa melao-motheo ea bomolimo e ka Bibeleng bophelong ba ’ona. Ho feta moo, a ruta bana ba ’ona melao-motheo ena.

Lipaki tsa Jehova li lumellana le polelo e entsoeng ke The Journal of the American Medical Association: “Motho a ke ke a itšepisa ho atleha ho etsa hore . . . bacha ‘Ba hane’ ntho a sa ba fe ho hong hoo ‘Ba lumellanang’ le hona.” Ka mantsoe a mang, haeba re batla hore bana ba rōna ba lumele lintho tse molemo le tse hahang, re lokela ho ba tataisa ho ea ho tsona.

Ha ho le ea mong oa rōna ea ka ratang hore ka le leng a re, joaloka ntate e mong ea itseng: ‘Kenkeng ea hae, mora oa ka o ile a fumana botsoalle le tlhompho tseo ho seng mohla a kileng a li fumana pele.’ Leha e le hore ka le leng re batla ho utloa bana ba rōna ba re, joaloka mocha e mong ea itseng: “Ke ile ka kenella kenkeng hobane ke ne ke hloka lelapa.”

Rōna, batsoali, re tlameha ho ba lelapa leo. ’Me re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho bona hore bana ba rōna bao e leng ba bohlokoa ho rōna ba lula e le karolo ea lona e mofuthu le e lerato.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Seo Batsoali ba Amehileng ba ka se Etsang

✔ Qeta nako u le lapeng le bana ba hao, ’me le etse lintho hammoho le le lelapa

✔ Tseba metsoalle ea bana ba hao le malapa abo eona, ’me tseba moo bana ba hao ba eang teng le hore na ba tsamaea le mang

✔ Etsa hore bana ba hao ba tsebe hore ba lokolohile ho tla ho uena ka nako leha e le efe ka bothata leha e le bofe

✔ Ruta bana ho hlompha batho ba bang, litokelo tsa bona le maikutlo a bona

✔ Tšehetsa bana ba hao ka ho tloaelana le matichere a bona, ’me u tsebise matichere hore ua a ananela ’me u tšehetsa boiteko ba ’ona

✔ U se ke ua rarolla mathata ka ho tleroha kapa ka ho ba mabifi

Bana ba hao ba hloka kameho ea hao e lerato

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ho thahasella mosebetsi oa sekolo oa ngoana oa hao e ka ba tširelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela