Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 2/15 leq. 7
  • Ke Hobane’ng ha Jehova a Senotse Lebitso la Hae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Jehova a Senotse Lebitso la Hae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lebitso la Molimo
    Tsoha!—2017
  • Lebitso la Molimo ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Kamoo U ka Tsebang Molimo ka Lebitso
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 2/15 leq. 7

Ke Hobane’ng ha Jehova a Senotse Lebitso la Hae?

Buka e hlalosang “Testamente ea Khale” e hatisitsoeng ka 1964 Poland e ile ea arabela potso ena ka tsela e susumetsang monahano haholo. Ka tumello ea ho hatisa ea Kereke ea Roma e K’hatholike, Dr. Stanisław Łach, moprofesa Univesithing ea Lublin, o boletse:

“Batho ba lopollotsoeng ba ikarabella bakeng sa lebitso la Molimo pel’a batho.” E ne e le boikarabelo ba Baiseraele ho etsa boiteko e le ‘hore Balichaba ba ka hlohonolofatsa lebitso la Jahwe [Jehova] le hore ba se ke ba le nyefola.’ “Jahwe e na le seo e se bolelang . . . Lefatše le tla ahloloa ho itšetlehiloe ka tsela eo ka eona ho arabeloang ba bolelang lebitso leo.” Moprofesa o ile a phatlalatsa hore “lebitso Jahwe le tla ba leholo har’a lichaba . . . Le tla hasana lefatšeng lohle. Eo e ne e tla ba qetello ea . . . lebitso leo ho Moshe.”

E, joalokaha Malakia 1:11 (NW) e profeta: “‘Lebitso la ka le tla ba leholo har’a lichaba,’ Jehova oa makhotla o boletse.” ’Me kajeno ke bo-mang ba phatlalatsang lebitso leo lefatšeng ka bophara e le hore ‘e mong le e mong ea bitsang lebitso la Jehova a tle a bolokehe’? Lipaki tsa Jehova! Karabelo ea batho ho ‘batho bana ba khethetsoeng lebitso la hae,’ e, “ba bolelang lebitso leo,” ke taba ea lefu le bophelo ho bona. U arabela joang ho Jehova le Lipaki tsa hae?—Liketso 2:21, NW; 15:14, NW; bapisa le Malakia 3:16-18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela