Sierra Leone—Ho Tsetolla “Litaemane” Tsa Eona Tsa Bohlokoahali
KA SELEMO sa 1462, sehlopha sa batsamaisi ba likepe ba Mapotoketsi ba se nang tšabo ba ile ba theosa le moeli oa Afrika Bophirimela ho ea lik’hilomithara tse 890 nģa leboea ho equator. Ha baa ka ba tšosoa ke litšōmo tsa leoatle le letšo le tletseng liphoofolo tse tšabehang leo ho neng ho thoe le ka boroa ho Morocco. Ho feta moo, ha baa ka ba amohela tumelo e atileng ea hore letsatsi le bataolang le ne le chesa hoo leoatle le neng le bela haufi le equator.
Feela joalokaha batsamaisi bao ba likepe ba ne ba tšepile, likepe tsa bona tsa mapolanka ha lia ka tsa tuka malakabe, leha e le hore ba ile ba bona liphoofolo tse se nang lihlooho tse tšabehang tsa tšōmong. Ho e-na le hoo, ba ile ba fumana libaka tse lebōpong la leoatle tse nang le lehlabathe le lesoeu tse ntle tseo ka nģane ho tsona ho nang le lithaba tse phahameng tse ntšo, tse nang le meru e tlokomang. ’Me ha lipula tsa libaka tseo tse chesang li ne li e-na ka sekhohola lefatšeng le lehalima le tsekema sebakeng, sealuma se ne se thoathoaretsa se kirietsa lithabeng tseo joaloka ho puruma ha sebata se seng sa setona. Ka ho thahasellisang, banna bao ba likepe ba ile ba reha sebaka seo Sierra Leone—“Lithaba tsa Litau”!
Ha lilemo li ntse li feta, batho ba ile ba ithuta hore leruo la Sierra Leone le ne le sa felle botleng ba eona feela. Ho ne ho boetse ho e-na le lirafshoa: tšepe, bauxite, rutile, chromite, platinum, le khauta. Empa e bile feela ka 1930 ha ho e-ba le tšibollo e ileng ea etsa hore lefatše la khoebo le hlokomele naha ena e nyenyane. Ho ile ha fumanoa litaemane! Phepelo ea mabenyane ana a bohlokoa e ile ea ipaka ho ba e khōlō, e hohelang batho ba batlang lirafshoa ka likete-kete.
Ba bang ba hlile ba thonaka litaemane ka holimo ho lefatše. Mosali e mong o ile a fumana taemane e khōlō ha a ntse a hlatsoa liphahlo tsa hae molatsoaneng. Monna e mong o ile a tsetolla lebenyane le boima ba li-carat tse 153 ha a ntse a lema lipatata tšimong. Leha ho le joalo, ka karolo e khōlō, ho fumana majoe ana a bohlokoa ho ne ho hloka boiteko bo boholo. Ka mohlala, litaemane tse ling li patehile tlaase lefatšeng, li koahetsoe ke kimberlite, e leng mofuta o mong oa lejoe. Ho iphumanela tsona ho akarelletsa ho cheka, ho phatlola, ho thumakanya, le ho li arola majoeng a mang. Ho boetse ho hloka botsebi, tsebo, le mamello.
Le hoja mesebetsi e pharalletseng ea ho rafa litaemane e ntse e tsoela pele ho fihlela le kajeno, ho batla mabenyane a mofuta o fapaneng—litaemane tsa moea tseo e leng tsa bohlokoa bo boholo haholo—ho ’nile ha tsoela pele Sierra Leone ho tloha ka 1915. Ka selemo seo, monna e mong ea bitsoang Alfred Joseph o ile a tloha Barbados ’me a nka leeto ho ea naheng ena ka seketsoana se tsamaisoang ka mosi. Mona o ile a qalisa mosebetsi oa “ho batla,” e seng litaemane, empa oa ho batla batho ba neng ba lakatsa ho sebeletsa Molimo oa ’nete “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Ho batla hona ho ne ho etsoa ka tsela e tšoanang le e neng e etsoa ke Bakreste ba lekholong la pele la lilemo—“pontšeng le ka matlung.” (Liketso 20:20) Lilemo tse supileng hamorao, William R. Brown, eo le eena a neng a tsoa West Indies, o ile a sebetsa ’moho le Alfred Joseph mosebetsing ona.
Bofelong ba 1923, ho ne ho se ho theiloe phutheho e nyenyane motse-moholo, Freetown. Phutheho eo e ne e akarelletsa ba 14 ba sa tsoa kolobetsoa. Kajeno, batho ba 632 liphuthehong tse 30 ka mafolo-folo ba kopanela mosebetsing oa ho bolela phatlalatsa e le Lipaki tsa Jehova. Boiteko ba bona ba ho fumana le ho tsetolla ho ka ’nang ha bitsoa litaemane tsa moea tsa bohlokoahali tsa Sierra Leone bo tsoela pele ho fumana katleho e khōlō.
Babatli ba Mafolo-folo ba ’Nete
Barutuoa ba bang ba bacha ba Jesu Kreste ba ipakile ba tšoana le litaemane tse thonakiloeng habobebe feela ka holim’a lefatše. Ka mafolo-folo ba ile ba batla Lipaki tsa Jehova. E mong oa bana e ne e le motho ea lokisang moriri ea bitsoang Joan. O ile a letsetsa ntlo-khōlō ea Lipaki ea sebaka seo sa Freetown ’me a kōpa thuto ea Bibele.
Ke eng se ileng sa susumelletsa Joan ho etsa molaetsa oo oa thelefono? O re: Bophelong ba ka ha ke hopole nako eo ka eona ke neng ke sa batle Molimo. Ho tloha bongoaneng, nkile ka kopanela likerekeng tse ngata le lihlopha tsa bolumeli empa le ka mohla ke ne ke sa fumane khotsofalo ea moea.
“Hoo e ka bang lilemo tse leshome tse fetileng, ke ile ka tseba ka Lipaki, empa ntle ho lebaka la letho, ke ile ka ba le khopolo ea hore batho bana ba ne ba lokela ho qojoa joang kapa joang. Ha motsoalle e mong oa lelapa a fetoha Paki, ke ile ka etsa peeletso ea limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ke ile ka e etsa feela hore ke mo khahlise; le ka mohla ha kea ka ka ikhathatsa ho li bala. Ha e le hantle, ke ne ke li sebelisa ho hloekisa lifensetere tsa ka ka tsona! Eaba ho tla Tsoha! e ’ngoe e ileng ea hapa tlhokomelo ea ka. Sehlooho se sekoahelong se ne se bua ka tlhokahalo ea rōna ea hore re ratoe. [Leqephe la 24 tokollong ea Sesotho ea October 8, 1986.] Ke ile ka e bala ’me ke ne ke hlolletsoe ka ho teba. Ke eona makasine eno e ileng ea ntšusumelletsa ho kōpa thuto ea Bibele.” Joan o ile a etsa tsoelo-pele ka potlako ’me kapelenyana e ne e se e le Paki e kolobelitsoeng ea Jehova.
Motho e mong ea ileng a batla ’nete e ne e le mohlankana ea bitsoang Manso. O ne a batla ho ba moprista eaba o ea seminaring. Empa eitse ha a lemoha boikaketsi ba baruti ba hae, o ile a nyahama ’me a ikhula. Ho latelang, Manso o ile a qalisa ho ba teng libokeng tse ling tsa bolumeli. Ka letsatsi le leng ha a ntse a le tseleng ea hae a etela malom’ae e mong, o ile a bona buka e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower—Is the Bible Really the Word of God? E ne e le fatše ka qanthaneng ea metsi a seretse. Kaha sehlooho se ile sa khahla Manso, o ile a inola buka eo, a e omisa, ’me a e bala. O ne a fumane ’nete eo esale a e batla! Buka eo e ne e khothalletsa babali hore ba be teng libokeng Holong ea ’Muso ea sebaka ka seng. Ka hona Manso o ile a ea, a qalisa ho ithuta Bibele le Lipaki, ’me kapelenyana a kolobetsoa. Hona joale o sebeletsa e le ’moleli oa pula-maliboho oa nako e tletseng!
Ho Arabela Thusong e Nang le Mamello
Leha ho le joalo, barutuoa ba bang ba bacha ba ipakile ba tšoana haholo le litaemane tse kenelletseng ka hare-hare lejoeng. Ho ’nile ha hlokahala boiteko ba sebele ho ‘li tsetolla.’ Donald, eo e leng moholo oa Mokreste, o hopola mamello e neng e hlokahala ho thusa mosali ea bitsoang Martha. Oa bolela: “Le hoja a ile a lumela ho ithuta, ka linako tsohle o ne a etsa hore re eme nako e telele pele re ka qalisa. Ka linako tse ling eba o ne a tla boloka mesebetsi e ka beng e entsoe pejana ka boomo. Joale o ne a re kōpa hore re eme ho fihlela a e qetile. Ka linako tse ling re ne re ema nako e fetang hora. O ne a tšepile hore re tla nyahama e be rea tsamaea, empa beke e ’ngoe le e ’ngoe re ne re leka ho koahela bonyane boitsebiso bo bonyenyane bo utloahalang. Phello ea e-ba efe? Ka mor’a nako kananelo ea hae e ile ea hōla.
“Bothata bo bong e ne e le hore Martha a ee libokeng. Ke ne ke ee ke tle le Lipaki tse ling thutong ea hae ea Bibele e le hore a ka ikutloa a phutholohile ha a tlile Holong ea ’Muso. Empa o ile a ’na a lieha hoo e ileng eare ha a qetella a tlile, a neng a batla a se a tseba phutheho eohle!” Mamello e ile ea ba le moputso. Hona joale Martha o kolobelitsoe ’me o na le boemo bo botle ka phuthehong.
Qalong Pius o ne a hana ’nete. Nakong eo banyalani ba babeli ba baromuoa ba neng ba qalisa thuto ea Bibele le eena, Pius o ne a le lilemong tsa hae tsa bo-70, e ne e le setho se tšepahalang sa mokha o mong oa lipolotiki, ’me e ne e le ramatlotlo kerekeng ea habo. Baromuoa bao ba boletse: “O ne a phea khang ka mabifi ka ntlha e ’ngoe le e ’ngoe eo re neng re buisana ka eona. Beke e ’ngoe le e ’ngoe o ne a qala a kokobetse, empa butle-butle o ne a futhumala. Beke e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le ntoa, ’me hangata re ne re ikutloa eka re ka akha matsoho ’me re mo tele. Ntho ea sehlooho e ileng ea re boloka re ntse re khutlela ho eena ke hore ka mehla o ne a lokisetsa thuto ka botlalo.
“Ka mor’a ho etsa sena ka selemo, Pius o ile a re tsebisa hore o ne a entse qeto ea ho iketsetsa lipatlisiso a le mong. Kaha e ne e le tichere e seng e le pencheneng, o ne a tseba ho etsa lipatlisiso. Letsatsi le leng le le leng ka libeke tse peli, o ne a hloa thaba e eang tlung ea polokelo ea libuka tsa univesithi, moo a neng a ipokella ka libuka tsa litlhaloso tsa Bibele le libuka tsa litšupiso. Ka mor’a moo o ile a phatlalatsa tjena: ‘Joale ke kholisehile hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo esale le mpolella eona ke ’nete. Molimo hase Boraro-bo-bong, ha ho na mollo oa lihele, ’me ha ho na moea o sa shoeng. Esita le batho ba bang ka kerekeng ea ka ba lumela hore ho joalo.’ Ka mor’a moo, Pius o ile a tsoela pele ka potlako, a itokolla lipolotiking le kerekeng. Ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang, a qeta lihora tse 60 ka khoeli mosebetsing oa ho bolela, khafetsa kamoo a neng a ka khona ho fihlela lefung la hae ka 1987.
Baromuoa ba ileng ba ruta Pius, baa hopola: “Ntho e ’ngoe eo re neng re sa e tsebe ka nako e telele, ke hore ’mè oa hae o ne a kile a kopanela le Lipaki tsa Jehova. O ile a hopola ha a ne a e-tla le eena libokeng ha a ne a sa le monyenyane. Empa ka mor’a hore ’m’ae a shoe, o ile a itsamaela ka tsela ea hae a le mong. Ka mor’a ho kolobetsoa ha hae, Pius o ile a re: ‘Ke ikoahlaela feela hore e be ’mè a ke ke a mpona hona joale.’ Eaba sefahleho sa hae sea ela, ’me a phaella: ‘Empa o tla mpona lefatšeng le lecha!’”
Ho fihlela kajeno, ho batla litaemane le ho batla barutuoa ho ntse ho tsoela pele. Liphatlalatso tsa khoebo tsa mabenyane li ithorisa ka hore “litaemane ke tsa ka ho sa feleng.” Ho sa tsotellehe hoo, motho ea nang le lebenyane le joalo le khethiloeng ka hloko ha a khone ho le thabela ka ho sa feleng hobane ka ntle ho tokisetso ea Molimo ea pholoho, lefu ke qetello ea batho bohle ba baetsa-libe. (Johanne 3:16, 17) Ka hona mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Sierra Leone o kotulisa letlotlo la bohlokoa haholo ho feta litaemane feela tjee: bahlanka ba Molimo le barutuoa ba Jesu Kreste! ’Me Lentsoe la Jehova lea tšepisa: “Ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.
[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 22, 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
[Litšoantšo]
Har’a lipono tse kang tsena, baboleli ba ’Muso ba fumana litaemane tsa moea Sierra Leone