Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae
Phehisano ea Phahama
HA SHOALANE e sa tsoa tšoara, Jesu o ile a ruta thuto e ntle ea tšebeletso ea boikokobetso ka ho hlatsoa maoto a baapostola ba hae. Ka mor’a moo, o ile a thea Sehopotso sa lefu la hae le atamelang. Joale, haholo-holo ka baka la se qetang ho etsahala, ho hlaha ketsahalo e makatsang. Baapostola ba hae ba ameha phehisanong e matla ea hore na ke ofe ho bona ea bonahalang e le e moholo! Ka ho totobetseng, ena ke karolo ea khang e tsoelang pele.
Hopola hore ka mor’a hore Jesu a fetohe ka ponahalo e khanyang thabeng, baapostola ba ile ba phea khang ka hore na ke ofe har’a bona ea neng a le moholo ho bohle. Ho feta moo, Jakobo le Johanne ba ile ba kōpa maemo a hlahelletseng ’Musong, e leng ho ileng ha fella ka ho hloka kutloano ho tsoelang pele har’a baapostola. Joale, bosiung ba ho qetela a e-na le bona, e tlameha e be Jesu o soabile hakaakang ho ba bona ba entse khang hape! O etsa joang?
Ho e-na le ho omanya baapostola ka boitšoaro ba bona, ka mamello Jesu o boetse o behelana mabaka le bona: “Marena a lichaba aa li busa, ’me ba nang le matla holim’a tsona ba bitsoa Bafani. Empa, lōna ha lea lokela ho ba joalo. . . . Hobane e moholo ke ofe, ea sekameng tafoleng kapa ea sebeletsang? Na hase ea sekameng tafoleng?” Joale, a ba hopotsa mohlala oa hae, o re: “Empa ’na ke har’a lōna joaloka ea sebeletsang.”
Ho sa tsotellehe ho se phethahale ha bona, baapostola ba tiiselitse le Jesu litekong tsa hae. Kahoo o re: “Ke etsa selekane le lōna, joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso.” Selekane sena sa botho pakeng tsa Jesu le balateli ba hae ba tšepahalang se ba tlamahanya hammoho le eena ho kopaneleng bobusing ba hae ba borena. Ke palo e lekanyelitsoeng feela ea ba 144 000 e qetellang e kentsoe selekaneng sena sa ’Muso.
Le hoja baapostola ba fuoa tebello ena e babatsehang ea ho kopanela le Kreste pusong ea ’Muso, hajoale ba sa fokola moeeng. Jesu o re: “Bosiung bona le tla khopjoa bohle ho ’na.” Ha a bolella Petrose hore O mo rapelletse, Jesu oa phehella: “Hang ha u se u khutlile, u matlafatse banab’eno.”
Jesu oa hlalosa: “Bana ba ka, ke sa lutse le lōna ho se hokae, le tla mpatla, ’me joalo ka ha ke boleletse ba-Juda, ka re: Moo ke eang teng, lōna le ka sitoa ho tla, joale ke rialo le ho lōna. Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joalo ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”
Petrose oa botsa: “Morena, u ea kae?”
Jesu oa araba: “Moo ke eang teng, u ka sitoa ho ntatela joale; empa hamorao u tla ntatela teng.”
Petrose o batla ho tseba: “Morena, nka sitoa ke’ng ho u latela joale? Athe ke tla tela bophelo ba ka ka baka la hao.”
Jesu oa botsa: “U tla tela bophelo ba hao ka baka la ka na?” “Ka ’nete ke re ho uena: Uena, kajeno, ka bona bosiu bona, mokōkō ha o e-so ho lle habeli, u tla be u se u ntatotse hararo.”
Petrose o phea khang: “Leha ho ka thoe, ke shoe le uena, nke ke ka ba ka u latola.” ’Me ha barutuoa ba bang le bona ba bolela joalo, Petrose oa ithorisa: “Leha bohle ba ka khopjoa ho uena, ’na nke ke ka khopjoa le hanyenyane.”
Ha a bua ka nako eo a ileng a roma baapostola leetong la ho bolela Galilea ba sa nka mokotlana oa chelete le mokotla oa lijo, Jesu oa botsa: “Ha lea ka la hloka letho, na ha ho joalo?”
Baa araba: “Che!”
O re: “Empa joale ea nang le mokotlana oa chelete ha a ke a o nke ka ho tšoanang le mokotla oa lijo; ’me ea hlokang sabole a ke a rekise seaparo sa hae sa ka ntle ’me a e reke. Hobane ke le bolella hore sena se ngoliloeng se tlameha ho phethahala ho ’na, ka ho khetheha, ‘O balelletsoe le ba hlokang molao.’ Hobane se nkamang sea phethahala.”
Jesu o supa nako ea ha a tla be a khokhothetsoe le ba khopo, kapa ba hlokang molao. O bontša hape hore ka mor’a moo balateli ba hae ba tla tobana le tlhoriso e matla. Ba re: “Morena, bona! lisabole tse peli ke tsena.”
O re: “Ho lekane.” Joalokaha re tla bona, ho ba le lisabole ha bona haufinyane ho tla lumella Jesu ho ruta thuto e ’ngoe ea bohlokoa. Mattheu 26:31-35; Mareka 14:27-31; Luka 22:24-38, NW; Johanne 13:31-38; Tšenolo 14:1-3.
◆ Ke hobane’ng ha phehisano ea baapostola e le e makatsang hakaale?
◆ Jesu o sebetsana le phehisano ee joang?
◆ Ke eng se finyelloang ke selekane seo Jesu a se etsang le barutuoa ba hae?
◆ Jesu o fana ka molao ofe o mocha, ’me ke oa bohlokoa hakae?
◆ Petrose o bontša ho itšepa ho tlōlisa hofe, ’me Jesu o re’ng?
◆ Ke hobane’ng ha litaelo tsa Jesu mabapi le ho nka mokotlana oa chelete le mokotla oa lijo li fapane le tseo a faneng ka tsona pejana?