Na re Hlile re Hloka Lingoliloeng Tsa Pele-pele?
LILEMONG tse ka bang 3 500 tse fetileng, monna ea hōlileng oa Bochabela bo Hare o ile a hlophisa pale ea lefatše ho fihlela nakong ea hae. Mosebetsi oo, o ileng oa etsa libuka tse hlano tse telele, e tlameha e be e bile boiteko bo boholo haholo. Monna enoa o ne a le ka holimo ho lilemo tse 80 ha a qala tlaleho ea hae. Eena le sechaba sa habo ba ne ba se na lehae le tsitsitseng empa ba ne ba lelera ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng Lehoatateng la Sinai. Leha ho le joalo, qetellong seo monna eo ea hōlileng a ileng a se ngola e ile ea ba karolo ea buka ea bohlokoa ka ho fetisisa eo lefatše le kileng la e tseba.
Monna eo e ne e le Moshe, eo Molimo o neng o mo file tokelo ea ho etella pele sechaba sa boholo-holo sa Iseraele ho tsoa botlamuoeng naheng ea Egepeta. Libuka tse hlano tseo a ileng a li ngola kajeno li tsejoa e le Pentateuch, karolo e qalang ea Bibele e Halalelang. Moshe o ne a tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang. Ka baka leo, esita le kajeno re ka bala lingoliloeng tsa hae ’me ra fumana molemo o moholo oa botho. Empa ka linako tse ling batho baa botsa: ‘Na re ka hla ra kholiseha ka mantsoe a Moshe le bangoli ba bang ba Bibele? Na re na le libuka tsa pele-pele tseo ba li ngotseng ka letsoho? Haeba ha ho joalo, ho etsahetse’ng ka tsona? ’Me ke joang re ka tiisehang hore se ka Bibeleng e hlile ke seo bangoli ba eona ba ileng ba se ngola pele-pele?’
Thepa e Sebelisitsoeng
Ho na le mabaka a mangata a ho kholiseha hore litaba tsa Bibele ha lia fetoha ho tloha ha e ngoloa ka lekhetlo la pele. Ke ’nete hore ha re na libuka tsa pele-pele tse ngotsoeng ka letsoho ke bangoli ba Bibele. Empa ruri ha rea lokela ho lebella ho ba le libuka tseo. Hobane’ng? Ka baka la thepa eo li neng li ngotsoe ho eona, moetlo o itseng oa Bajode ba boholo-holo, le pale ea linako tse fetileng ho tloha ha li qala ho ngoloa.
Pele, nahana ka thepa e sebelisitsoeng. Tse ling tsa lintho tse ileng tsa ngoloa ha Bibele e ne e hlophisoa li ntse li le teng. Empa tse ngata ho tsena li ne li ngotsoe lejoeng kapa letsopeng, tse ka bolokehang ka linako tse telele. Leha ho le joalo, ho bonahala eka pele-pele Bibele e ne e ngotsoe holim’a ntho e ’ngoe e senyehang habobebe haholoanyane. Ka mohlala, lingoliloeng tse ling tsa mongoli oa Bibele Jeremia li ile tsa chesoa ke Morena Jojakime. (Jeremia 36:21-31) Matlapa a lejoe kapa letsopa a ne a ke ke a senyeha kapele ka tsela eo.
Kahoo, bangoli ba Bibele ba ile ba sebelisa thepa efe ea ho ngola? “Moshe a rutoa bohlale bohle joa ba-Egepeta,” ’me thepa ea ho ngola e neng e tloaelehile ka ho fetisisa Egepeta e ne e le loli. (Liketso 7:22) Ka hona, mohlomong Moshe o ile a ngola holim’a thepa ena e senyehang habobebe. Thepa e ’ngoe ea ho ngola e neng e tloaelehile ka ho fetisisa Bochabela bo Hare ke lekoko la phoofolo—letlalo la phoofolo e khōlō kapa la phoofolo e sa ntsaneng e le nyenyane. Mohlomong Jeremia o ile a ngola holim’a letlalo la phoofolo e khōlō. Letlalo la phoofolo e khōlō kapa loli li ne li tla cha ha Morena Jojakime a lahlela moqolo oa Jeremia mollong.
Ke ’nete hore boemong ba leholimo ba Egepeta bo chesang le bo omelletseng, libuka tsa loli tse ngotsoeng ka letsoho li ile tsa bolokeha ka likete tsa lilemo. Empa hoo hoa ikhetha. Ka tloaelo loli le letlalo la phoofolo e khōlō li senyeha habonolo. Setsebi Oscar Paret se re: “Mefuta ena e ’meli ea thepa ea ho ngolla ka tekanyo e matla ka ho tšoanang e behiloe kotsing ea ho senngoa ke mongobo, hlobo le mefuta e sa tšoaneng ea libōkō. Re tseba ho tsoa phihlelong ea letsatsi le leng le le leng hore na pampiri haesita le letlalo le thata la phoofolo e khōlō, li senyeha habonolo hakaakang ha li pepeselitsoe moea leha li le ka kamoreng e mongobo.”
Iseraeleng ea boholo-holo, moo boholo ba libuka tsa Bibele li entsoeng teng, boemo ba leholimo bo ne bo se botle bakeng sa ho boloka libuka tse ngotsoeng ka letsoho. Ka baka leo, bongata ba libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho tsa pele-pele mohlomong li ile tsa taboha khale koana. Esita le haeba ha ho joalo, ho na le moetlo oa boholo-holo oa Bajode o etsang hore e se be ho tšepisang hore li ne li ka bolokeha ho fihlela nakong ea rōna. Moetlo oo ke ofe?
Ho Epeloa ha Libuka Tse Ngotsoeng ka Letsoho
Ka 1896 setsebi se neng se phenyekolla ka har’a genizah e Cairo se ile sa fumana libuka tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho tse 90 000 tse ileng tsa fetola ka ho felletseng thuto ea pale ea Bochabela bo Hare. Genizah ke eng? ’Me e amana joang le libuka tsa Bibele tsa pele-pele tse ngotsoeng ka letsoho?
Genizah ke kamore eo ho eona Bajode ba linakong tsa pele ba neng ba beha libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse senyehileng ka baka la ho sebelisoa. Setsebi Paul E. Kahle sea ngola: “Bajode ba ne ba tloaetse ho beha mefuta eohle ea thepa e ngotsoeng le e hatisitsoeng likamoreng tse joalo tse lokisitsoeng ka hare ho masynagoge kapa pel’a ’ona; li ne li sa rereloa ho bolokoa joalokaha ho etsoa polokelong ea libuka, empa li ne li lokela ho lula moo li sa khathatsoe ka nako e itseng. Bajode ba ne ba tšohile hore esere lingoliloeng tse joalo tseo e ka ’nang eaba li ne li e-na le lebitso la Molimo li ka hlompholloa ke tšebeliso e mpe. Kahoo lintho tse joalo tse ngotsoeng—’me tsa ba tsa hatisoa hamorao—li ne li tlosoa nako le nako ho ea sebakeng se boleloang se halalela ’me li epeloa; ka baka leo li ile tsa senyeha. Ke ka seoelo feela Geniza ea Cairo e ileng ea lebaloa ’me tse ka hare ho eona tsa phonyoha qetello ea li-Geniza tse ling.”—The Cairo Geniza, leqephe 4.
Ho thoe’ng haeba buka ea pele-pele e ngotsoeng ka letsoho ea Bibele e ne e bolokehile ho fihlela nakong ea ha moetlo ona o hōla? Ha ho pelaelo hore buka eo e ngotsoeng ka letsoho e ne e tla senyeha ka baka la ho sebelisoa ’me e ne e tla be e se e epetsoe.
Liphetoho Paleng
Ha re nahana ka seo e ka ’nang eaba se etsahetse ka libuka tsa pele-pele tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele, lebaka la ho qetela le lokelang ho hopoloa ke pale e tletseng mefere-fere ea linaha tsa Bibele. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala ka libuka tse neng li ngotsoe ke monna ea hōlileng Moshe. Re bolelloa hore: “Eitse hobane Moshe a qete ho ngola litaba tsa molao oo bukeng, ho sa hlokoe leha e le ’ngoe, a laela ba-Levi, ba jarang areka ea selekane sa Jehova, a re: Nkang buka ena ea molao, ’me le e bee haufi le areka ea selekane sa Jehova, Molimo oa lōna.”—Deuteronoma 31:24-26.
Areka ea selekane e ne e le polokelo e halalelang e tšoantšetsang boteng ba Molimo har’a Baiseraele. E ile ea isoa Lefatšeng la Pallo (hammoho le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Moshe), moo e ileng ea bolokoa libakeng tse sa tšoaneng. Ka nakoana, e ile ea hapuoa ke Bafilista. Hamorao, Davida Morena oa Iseraele o ile a isa Areka Jerusalema, ’me qetellong e ile ea behoa ka tempeleng eo Morena Salomone a neng a e hahile moo. Empa Morena Akaze o ile a haha aletare ea bohetene ka tempeleng ’me qetellong a e koala. Morena Manasse o ile a e tlatsa borapeli ba bohetene.
Khabareng, ho ile ha etsahala’ng ka areka ea selekane le lingoliloeng tsa Moshe? Ha re tsebe, empa bonyane tse ling tsa tsona li ile tsa lahleha. Nakong ea Morena Josiase, ka tšohanyetso banna ba sebetsang tempeleng ba ile ba fumana “buka ea molao,” mohlomong e le tokomane ea sebele e ngotsoeng ke Moshe. (2 Marena 22:8) Boholo ba se ka hare ho eona ke se neng se sa tsejoe ke morena pele ho moo, ’me ho baloa ha sona ho ile ha susumelletsa tsosoloso e khōlō ea moea.—2 Marena 22:11–23:3.
Ka mor’a lefu la Josiase, batho ba Juda ba ile ba fetoha ba sa tšepahaleng hape ’me qetellong ba isoa Babylona. Tempele e ile ea senngoa, le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlokoa e neng e le ka ho eona e ile ea isoa Babylona. Ha ho na tlaleho ea hore na joale ho ile ha etsahala joang ka Areka kapa tokomane ea bohlokoa e fumanoeng nakong ea Josiase. Leha ho le joalo, lilemo hamorao, ha Bajode ba bangata ba neng ba khutletse naheng ea habo bona ba khothalletsoa ho haha Jerusalema hape le ho tsosolosa borapeli bo hloekileng, moprista Esdrase le ba bang ba ile ba ba balla phatlalatsa “buka ea molao oa Moshe.” (Nehemia 8:1-8) Kahoo, ho ne ho e-na le likopi tsa lingoliloeng tsa pele-pele. Li ne li simolohile kae?
Ho Kopitsa Lentsoe la Molimo
Moshe o boletse esale pele nako ea ha Iseraele e ne e tla busoa ke morena ’me a tlaleha taelo ena e khethehileng: “Etlare hobane a lule setulong sa borena ba hae, a ingolle buka ea molao oo, a nke litaba bukeng e leng ho baprista ba ba-Levi.” (Deuteronoma 17:18) Kahoo, likopi tsa Mangolo li ne li lokela ho etsoa.
Ho kopitsoa ha Mangolo qetellong ho ile ha fetoha mosebetsi o khethehileng Iseraeleng. Ha e le hantle, Pesaleme ea 45:1 e re: “Leleme la ka a le ke le be joale ka lesiba la mongoli ea masene.” Bakopitsi ba kang Shafane le Tsadoke ba ne ba boletsoe ka mabitso. Empa mokopitsi ea neng a tsebahala ka ho fetisisa oa linakong tsa boholo-holo ke Esdrase, ea ileng a boela a kenya letsoho ho ngoloeng ha lingoliloeng tsa Bibele tsa pele-pele. (Esdrase 7:6; Nehemia 13:13; Jeremia 36:10) Esita leha likarolo tsa morao tsa Bibele li ne li ngoloa, libuka tse neng li se li phethiloe li ne li ntse li kopitsoa le ho abuoa.
Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, likopi tsa Mangolo a Seheberu (ho tloha ho Genese ho ea ho Malakia) li ne li sa fumanehe Jerusalema feela empa hape ho bonahala li ne li fumaneha le masynagogeng a Galilea. (Luka 4:16, 17) Hōle koana Berea e Macedonia, Bajode ba nang le monahano o hlaphohileng ba ne ba khona ho ‘hlahloba Mangolo letsatsi le letsatsi’! (Liketso 17:11, NW) Ho fumanehang kajeno ke likopi tsa libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho tse 1 700 tse ngotsoeng pele Jesu a tsoaloa, esita le tse ka bang 4 600 tse ileng tsa hlophisoa ke barutuoa ba hae (ho tloha ho Mattheu ho ea ho Tšenolo).
Na likopi li ne li nepahetse? E, li ne li nepahetse haholo. Bakopitsi ba litsebi ba Mangolo a Seheberu (ba bitsoang Basofere) ba ne ba amehile haholo ka ho qoba liphoso life kapa life. Ho hlahloba mosebetsi oa bona, ba ne ba bala mantsoe haesita le litlhaku tsa buka e ’ngoe le e ’ngoe e ngotsoeng ka letsoho eo ba e kopilitseng. Kahoo, Jesu, moapostola Pauluse, le ba bang bao khafetsa ba ileng ba qotsa bangoli ba boholo-holo ba Bibele ba ne ba se na pelaelo ka ho nepahala ha likopi tseo ba neng ba li sebelisa.—Luka 4:16-21; Liketso 17:1-3.
Ke ’nete hore bakopitsi ba Bajode hammoho le bakopitsi ba Bakreste ba moraonyana e ne e se ba ke keng ba etsa liphoso. Liphoso li ile tsa kenella, empa likopi tse ngata tse ntseng li le teng li re thusa ho fumana liphoso tsena. Joang? Bakopitsi ba sa tšoaneng ba ne ba etsa liphoso tse sa tšoaneng. Kahoo, ka ho bapisa mosebetsi oa bakopitsi ba sa tšoaneng, re ka elelloa tse ngata tsa liphoso tsa bona.
Lebaka Leo re ka Kholisehang ka Lona
Ka 1947 ho bile le ho sibolloa ho sa lebelloang ha e meng ea meqolo ea boholo-holo mahaheng a pel’a Leoatle le Shoeleng. Meqolo ena e ile ea bontša kamoo ho kopitsoa ha Mangolo ho ’nileng ha nepahala ka teng. Har’a meqolo ho ne ho e-na le kopi ea buka ea Bibele ea Esaia e neng e ka ba ea nakong ea lilemo tse sekete pele ho moqolo ofe kapa ofe o neng o fumaneha pele ho moo. Leha ho le joalo, ho e bapisa ho ile ha bontša hore phapang feela pakeng tsa buka e ngotsoeng ka letsoho ea Leoatleng le Shoeleng le likopi tsa morao e ne e le linthong tse kang tatellano ea mantsoe le ho bolokoa ha melao ea puo. Moelelo oa se ngotsoeng o ne o sa fetoha ka mor’a lilemo tse sekete tsa ho kopitsa! Ka hona, malebana le se ngotsoeng Mangolong a Seheberu, setsebi William Henry Green se ne se ka re: “Re ka ’na ra bua re sa tšabe hore ha ho mosebetsi o mong oa boholo-holo o fetisitsoeng ka ho nepahala hakaalo.” Litlhaloso tse tšoanang li ile tsa etsoa ka ho fetisoa ho nepahetseng ha Mangolo a Bakreste a Segerike.
Ke ’nete hore e ne e tla ba ho thabisang ho fumana tokomane ea sebele eo Moshe kapa Esaia a e ngotseng. Empa ha re hlile ha re hloke lingoliloeng tsa pele-pele. Ntho ea bohlokoa hase tokomane empa ke se ka hare ho eona. ’Me ho makatsang ke hore ho sa tsotellehe ho feta ha makholo a lilemo a mangata a pherekano le ho kopitsoa hangata, re ka kholiseha hore Bibele e ntse e e-na le boitsebiso bo fumanoeng libukeng tseo tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho. Kahoo, polelo ena ea Mangolo e ipakile ho ba ’nete: “Nama eohle e joaloka joang, ’me khanya eohle ea eona e joaloka palesa ea joang; joang boa omella, ’me palesa ea pona, empa polelo ea Jehova e hlola ka ho sa feleng.”—1 Petrose 1:24, 25, NW.