Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 11/15 maq. 29-31
  • Kotulo e Khōlō e Tlia Thabo Taiwan

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kotulo e Khōlō e Tlia Thabo Taiwan
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Qaleho e Nyenyane ea ho Jala
  • Karabelo e Mofuthu ho Fapana le Thahasello ea Sebele
  • Tšusumetso ea Keketseho
  • Kotulo Har’a Lihlopha tsa Merabe
  • Kotulo e Tsoela Pele
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 11/15 maq. 29-31

Kotulo e Khōlō e Tlia Thabo Taiwan

TAIWAN ke sehleke-hleke se bolelele ba lik’hilomithara tse 390 le bophara ba lik’hilomithara tse 140. Kaha e na le baahi ba fetang 20 000 000, ke se seng sa libaka tse nang le sepenya sa baahi se seholo ka ho fetisisa lefatšeng. Baahi ba eona ba bangata ba bua Sechaena, kapa Mandarin Chinese kamoo baahi ba Bophirimela ba se bitsang ka teng. Empa lipuo tse ’maloa tsa Sechaena tse fapanang ho ea ka libaka le lipuo tse ka bang 13 tsa merabe e meng le tsona lia buuoa mona.

E le karolong ea Tropic of Cancer, Taiwan ke sehleke-hleke se nonneng haholo, se hlahisang kotulo e khōlō ea reisi le lijalo tse ling hoo se fetohileng sehleke-hleke se romelang lijo linaheng tse ling. Leha ho le joalo, ho na le kotulo ea mofuta o mong e tlisang thabo e khōlō ho ba kenelletseng ho eona. Ena ke kotulo ea moea ea ba arabelang hamolemo ‘litabeng tse molemo tsa ’muso.’—Mattheu 24:14, NW.

Qaleho e Nyenyane ea ho Jala

Mosebetsi oa ho jala peō ea ’nete ea Bibele Taiwan o ile oa qala lilemong tse ka bang 60 tse fetileng, ha moemeli oa Mokhatlo oa Watch Tower a ne a fihla moo a tsoa Japane ’me a nehelana ka lipuo tse ling tsa Bibele motse-moholo, Taipei. Mohlankana e mong oa Lejapane ea bitsoang Saburo Ochiai o ile a arabela hamolemo molaetseng oa ’Muso ’me kapele a qala ho buisana le ba bang ka oona. Hamorao, basebeletsi ba babeli ba nako e tletseng ba tsoang Japane ba ile ba qala ho sebetsa sehleke-hlekeng sena, ba jala peō ea litaba tse molemo. Qetellong, ba ile ba kenngoa teronkong ke baeta-pele ba sesole sa Japane ’me ba nehelana ka bophelo ba bona ka lebaka la ’Muso oa Molimo. Peō e ngata eo ba neng ba e jetse e ile ea mela ka potlako har’a morabe oa Amis, empa ho ile ha fumanoa thahasello e nyenyane har’a batho ba bangata ba Machaena ba phelang lebōpong le ka bophirimela la sehleke-hleke sena. Bongata ba bona ke Mabuddha kapa Matao.

Mosebetsi oa kotulo ea moea Taiwan o tsoetse pele ho tloha qalong eo e nyenyane, hoo kajeno sehleke-hleke sena se seng se fetohile tšimo e behang haholo. Ka mohlala, lilemong tse hlano tse fetileng, batho ba 529 ba ile ba kolobetsoa, ’me ba bangata ba bona ba ne ba tsoa har’a baahi ba Machaena. Sena se ile sa tlisa palo ea bahoeletsi ba ’Muso ba sehleke-keng sena tlhōrōng ea ba 1 552 ka 1989. E, Matao, Mabuddha, le ba ipolelang hore ke Bakreste baa arabela litabeng tse molemo ’me ba ithuta ka Jehova Molimo! Empa ho bua ka Bibele le batho ba limelo tse fapaneng joalo ho joang? ’Me liphello e bile life?

Karabelo e Mofuthu ho Fapana le Thahasello ea Sebele

Mosebetsi oa ho bolela Taiwan ke o putsang le o phephetsang hobane Machaena ke batho ba mofuthu ka tlhaho. Ka tloaelo, ba mamela baeti ka tlhompho. Ha ho fanoa ka libuka tsa Bibele, hangata li amoheloa feela ka lebaka la ho bontša mosa. Ka lebaka leo, basebeletsi ba bang ba nako e tletseng ba ile ba tsamaisa limakasine tse ka bang 300 kapa ba fumana lipeeletso tse 100 tsa likoranta tsa rōna ka khoeli e le ’ngoe. Ka lilemo-lemo, Libibele, libuka, limakasine, le lipampitšana tse ngata, li ’nile tsa sieloa batho. Kahoo, ke hobane’ng ha keketseho ea bahoeletsi ba ’Muso e ile ea lieha ha ho bapisoa?

Lebaka le leng le ama likhopolo tsa Confucius tse fetotseng mohopolo oa batho ka makholo a lilemo. Ho ea ka Confucius, ea “qobang Meea ka ho e hlompha, a ka bitsoa ea bohlale.”a Khopolo ke hore motho ea bohlale ha a kenelle haholo borapeling ba meea kapa melimo. Kahoo, ba bangata ba ka ’na ba laba-labela ho tseba ka molaetsa oa ’Muso, empa ke ba seng bakae feela ba batlang ho kenella thutong ea Bibele. Kahoo, le hoja Machaena a lumela meeeng e mengata le melimong e mengata, ba bangata ba bona ho hang ha ba na khopolo ea ’Mōpi ea phahameng ka ho fetisisa. Ho feta moo esita le batho ba tloaelehileng ba boleloang ka Bibeleng ba kang Abrahama le Davida ba ka ’na ba bolela ho fokolang ho bona. Ka baka leo, ha ho thata ho bona lebaka leo ka lona ho hlokahalang nako e ngata le mamello ho thusa batho mona ho amohela Bibele e le Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le ho hlaolela kamano ea botho le ’Mōpi, Jehova Molimo. Leha ho le joalo, ka tlhohonolofatso ea Jehova, boiteko bo joalo boa putsoa.

Tšusumetso ea Keketseho

Ka lilemo tse ngata, liphutheho tsa batho ba Jehova Taiwan li ’nile tsa sebelisa liholo tse hiriloeng bakeng sa liboka tsa tsona. Baholo ba phuthehong e ’ngoe ba ile ba hlokomela tlhokahalo ea sebaka se loketseng sa liboka ha motho ea thahasellang a khotsa: “Haeba le tšoere ’nete, ke’ng seo le se etsang ka har’a sebaka se tjee? Ke hobane’ng ha le se na sebaka se tsitsitseng seo ho kopaneloang ho sona?” Kahoo ka ho itšetleha ka Jehova, phutheho eo e ile ea qala ho batla sebaka se loketseng bakeng sa Holo ea ’Muso. Qetellong, ba ile ba reka likamore tse peli tse kopaneng mohahong o moholo, ’me hona joale ba na le Holo ea ’Muso e ntle.

Lilemong tse fetileng tse tšeletseng, Liholo tsa ’Muso tse 11 li ile tsa hahoa kapa tsa rekoa Taiwan. Boemong bo bong le bo bong, sena se ile sa fella ka kotulo e eketsehileng le palo e khōlō ea ba bang teng libokeng. Mohlala o mong e bile phutheho e motseng o ka boroa oa Tainan. Ka 1981 motse ona o moholo o nang le batho ba 600 000 o ne o e-na le phutheho e le ’ngoe feela e nyenyane e nang le bahoeletsi ba ’Muso ba 44. Ka baka la tlhokahalo e neng e le teng sehlopha sena se ile sa rera ho ikhahela Holo ea sona ea ’Muso. Ba e-na le tumelo ea hore Jehova o tla ba hlohonolofatsa, baena le bo-khaitseli ba ile ba tsoela pele ka morero oo le hoja holo eo e ne e tla bitsa liranta tse ka bang 520 000. Ba bang ba ile ba nehelana ka gauda eo ba e fuoeng e le mpho; ba bang ba ile ba chechisa maeto a bona a ho ea mose ho maoatle. E mong le e mong ka phuthehong o ile a fana ka tšehetso e felletseng. Ha baena ba ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower ba tseba ka morero ona, ba ile ba etsa qeto ea ho haha lehae la baromuoa ka holimo ho Holo ea ’Muso, kahoo ba ntša halofo ea litšenyehelo. Holo eo e ile ea phethoa ka nako ea lilemo tse peli. Phello? Ha Holo ea ’Muso e fela, palo eohle ea bahoeletsi e ne e se e fihlile ho 74! Hona joale, liphutheho tse peli, tse nang le kakaretso ea bahoeletsi ba 160, li sebelisa holo eo, ’me karolelano ea palo ea ba bang teng beke le beke libokeng ke 250. Hona joale liphutheho tseo tse peli li lokisetsa ho haha Holo ea ’Muso ea bobeli.

Kotulo Har’a Lihlopha tsa Merabe

Kotulo har’a lihlopha tsa merabe e lebōpong le ka bochabela la Taiwan e ’nile ea tsoela pele ho tloha qalehong ea mosebetsi oa ’Muso sehleke-hlekeng sena. Ba bang ba batho ba Amis ba ileng ba qala ho ithuta ’nete lilemong tse 50 tse fetileng ba sa ntsane ba le mafolo-folo. Ka lilemo-lemo, ba ile ba thulana le liphephetso tse ngata. Nakong ea ho haptjoa ha sehleke-hleke sena ke Japane Ntoeng ea II ea Lefatše, ba ile ba tlameha ho ithuta Sejapane. Ha sehleke-hleke sena se khutlisetsoa ho Chaena ka mor’a ntoa, ba ile ba tlameha ho ithuta puo ea Sechaena. Mathoasong a lilemo tsa bo-1960, ba ile ba talimana le teko ea mofuta o mong. Nakong eo ba bangata ba neng ba le ka sehloohong ba morabe oa Amis ba ile ba furalla mokhatlo o hlophisitsoeng o hloekileng oa Jehova ’me ba ipaka ba sa tšoanelehe ho kopanela le oona. Har’a sena sohle, sehlopha sa Lipaki tse tšepahalang se ile sa tsoela pele ho sebeletsa Jehova. Hona joale litloholo tse ngata tsa baena le bo-khaitseli bana ba hōlileng ba tšepahalang li etelletse pele mosebetsing oa boboleli.

Batho ba tsoang lihlopheng tsa merabe e meng le bona ba entse tsoelo-pele moeeng. Ka mohlala, ho na le sehlopha se tšepahalang sa bahoeletsi ba ’Muso har’a morabe oa Bunun. Bo-ntate moholo ba bang ba bona ba moraonyana e ne e le batho ba khaolang lihlooho tsa lira tsa bona lintoeng ’me ba li boloka e le litšoantšo tsa tlhōlo. Hona joale batho bana ba bolela molaetsa oa khotso oa ’Muso oa Molimo. Merabe ea Lukai le Paiwan le eona e ile ea amohela bopaki bo botle, ’me ba bangata har’a eona ba entse liphetoho tse khōlō bophelong ba bona. Ba Chu Fu o pheta phihlelo ea hae, o re:

“Ke ile ka hlahela sebakeng se lithaba sa Pingtung. Kaha ntate e ne e le morena oa morabe oa Lukai, batho ba ne ba atisa ho tlisa limpho tsa lijo, ka baka leo ho ne ho sa hlokahale hore re etse mosebetsi leha e le ofe o boima. Ka baka la tikoloho ena, ke ile ka ba le moea o moholo oa boikhantšo. Ke ile ka ba ‘morena’ oa sehlopha sa bacha ba litlokotsebe ba neng ba sokela batho le ho ba amoha chelete ka likhōka. Ke ne ke tšajoa motseng oa heso. Ha ke le lilemo li 22, ke ile ka nyala e ’ngoe ea likharebe tsa ka tse ngata. Empa bophelo ba boitšoaro bo bobe le ho noa haholo bo ne bo metse ka metso ho ’na hoo ke ileng ka fumana ho le thata ho amohela bophelo ba lenyalo. Kapele lenyalo la rōna le ile la qhalana, ’me ke ile ka khutlela mokhoeng oa ka oa khale oa bophelo.

“Nakong ena, mosali oa ka o ile a qala ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova. Ke ne ke se na thahasello ke bile ke inka ke le ea sa lumeleng ho Molimo. Leha ho le joalo, ka baka la boiteko bo tiileng le bo mafolo-folo ba mosali oa ka, ka 1973 ke ile ka lumela ho ea le eena kopanong ea machaba Taipei. Re ile ra lula le lelapa le le leng la Lipaki. Mosa oa khaitseli eo oa Lechaena le ho hloka leeme li ile tsa e-ba le phello e ke keng ea hlakoha ho ’na. Ha ke khutlela hae, ke ile ka qala ho ithuta Bibele ’me ka etsa boiteko bo tiileng ba ho fetoha. Ke ile ka kolobetsoa ka 1974.

“Ho tloha nakong eo, ho ’nile ha e-ba le liteko tse ngata. E ’ngoe e ile ea ba ho ithuta ho bala Sechaena. Ho itšehla thajana e ile ea ba teko e ’ngoe. Kaha ho ne ho se na baena ba hōlileng bao nka kopanelang le bona kapa bao nka batlang thuso ho bona, ke ile ka khothalletsoa ho itšetleha ka Jehova. Ke ile ka ithuta ho ikokobetsa le ho khomarela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Phello? Kajeno, litho tsohle tsa lelapa la ka li mafolo-folo ’neteng. Ke fuoe tokelo ea ho ba mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong, eo hona joale e nang le bahoeletsi ba 60 ba chesehang. Le hoja ke se na talenta efe kapa efe e khethehileng, Jehova o ile a hlohonolofatsa le ho tšehetsa boiteko ba ka mosebetsing oa kotulo.”

Kotulo e Tsoela Pele

Taiwan ke karolo e nyenyane feela ea tšimo ea lefatše lohle. Empa, mantsoe a Jesu, “Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae,” a boetse a ipaka e le ’nete mona. (Mattheu 9:37) Selemong se fetileng, ba 4 534 ba ile ba ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. ’Me ha kotulo e tsoela pele ho leba tlhōrōng, basebetsi ba ’nileng ba sebetsa ka thata Taiwan ba kotula mohoo oa thabo.—Bapisa le Pesaleme ea 126:5, 6.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a The Analects, vii 20, joalokaha e fetoletsoe ke Arthur Waley, ho The Analects of Confucius, 1938, Libuka tsa Khale, New York.

[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 31]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

JAPANE

CHAENA

TAIWAN

PHILIPPINES

[Litšoantšo]

Holo ea ’Muso e sa tsoa hahoa lebōpong le ka bochabela la Taiwan

Baboleli ba ’Muso ba tlisetsa ba bangata thabo naheng ena e talana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela