Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 4/1 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho ba Ileng ba Ngola ka Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • “Batho Feela ba Tloaelehileng ba sa Rutehang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Bao e Ileng ea E-ba Barutuoa ba Jesu
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Buka ea Bibele ea 41—Mareka
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 4/1 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Johanne 18:15 e bua ka morutuoa ea tsejoang ke moprista ea phahameng. Na enoa ke eena morutuoa eo pejana a ileng a baleha “a le feela,” joalokaha ho tlalehiloe ho Mareka 14:51, 52?

Che, ho bonahala hore motho ea neng a tsejoa ke moprista ea phahameng e ne e le moapostola Johanne, athe ke morutuoa Mareka ea ileng a baleha “a le feela.”

Ha re nka litlaleho tsena ka tatellano ea nako, re qala tšimong ea Gethsemane. Baapostola ba ile ba tšoha ha Jesu Kreste a ne a tšoaroa. “Barutuoa bohle ba mo tlohela, ba baleha.” Temana e latelang tlalehong ea Mareka e bontša phapang: “Mohlankana e mong o na a mo latela, a apere kobo ea bosiu feela; bahlankana ba mo tšoara; empa eena a ba tlohella kobo, a baleha a le feela.”—Mareka 14:50-52.

Kahoo, karabelo ea pele ea baapostola ba 11 e fapana le ea morutuoa ea sa boleloang ka lebitso, kahoo hoa utloahala ho etsa qeto ea hore e ne e se e mong oa baapostola. Ketsahalo ena e tlalehiloe feela Kosepeleng e ngotsoeng ke morutuoa oa pele Johanne Mareka, motsoal’a Barnabase. Kahoo, ho na le lebaka la ho lumela hore Mareka e ne e le “mohlankana e mong” ea ileng a qala ho latela Jesu ea tšoeroeng empa a baleha ka ntle ho kobo e ka holimo ha bongata bo leka ho mo tšoara.—Liketso 4:36; 12:12, 25; Ba-Kolosse 4:10.

Lekhatheng le leng bosiung boo, moapostola Petrose le eena o ile a latela Jesu, a le hōjana. Moelelong ona ho na le ho tšoana; morutuoa e mocha (Mareka) o qala ho latela Jesu empa oa ema, le hoja hamorao baapostola ba babeli ba ileng ba baleha ba tsoela pele ho latela Monghali oa bona ea tšoeroeng. Kosepeleng ea moapostola Johanne, rea bala: “Simone Petrose o na a latela Jesu, a e-na le morutuoa e mong; morutuoa eo o na a tsejoa ke moprista e moholo, ’me a kena le Jesu lebaleng la moprista e moholo.”—Johanne 18:15.

Moapostola Johanne o sebelisa lebitso “Johanne” ha a bua ka Johanne Mokolobetsi empa le ka mohla ha a ipitse ka lebitso. Ka mohlala, o ngola ka ‘morutuoa ea pakang taba tseo, ea li ngolileng.’ Ka ho tšoanang: “Ea boneng o pakile; bopaki ba hae ke ba ’nete; o tseba hobane o bolela ’nete, hore le lōna le tle le lumele.” (Johanne 19:35; 21:24) Hlokomela hape ho Johanne 13:23: “E mong oa barutuoa ba hae, eo Jesu a mo ratang, o ne a itšetlehile sefubeng sa Jesu.” Hoo ho etsahetse nakoana pele Jesu a tšoaroa. Hamorao letsatsing leo Jesu ea thakhisitsoeng o ile a qolla morutuoa e mong, eo Johanne a buang ka eena ka tsela e tšoanang: “Ha a bona ’m’ae le morutuoa eo a mo ratang a bapile le eena, [Jesu] a re ho ’m’ae: Mosali, bona, mora oa hao ke eo.”—Johanne 19:26, 27; bapisa le Johanne 21:7, 20.

Mokhoa ona o tšoanang oa ho se ipitse ka lebitso o bonahala ho Johanne 18:15. Ho feta moo, Johanne le Petrose ba kopantsoe tlalehong ea ka mor’a tsoho e ho Johanne 20:2-8. Mehlala ena e bontša hore moapostola Johanne e ne e le “morutuoa [ea neng] a tsejoa ke moprista e moholo.” Bibele ha e fane ka boitsebiso bo ka thōko hore na ke joang moapostola oa Mogalilea (Johanne) a tsebileng, le ho tsejoa, ke moprista ea phahameng. Empa ho tsejoa ha hae ke ba ntlo ea moprista e moholo ho nolofallelitse Johanne ho feta ho molebeli oa monyako le ho kena ka har’a mabala le ho etsa hore Petrose le eena a kene.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela