Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 5/15 maq. 3-4
  • Ke Eng se Bakang Mahlomola ka Lapeng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng se Bakang Mahlomola ka Lapeng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mabaka a Mang a Bakang Mahlomola ka Lapeng
  • Mahlomola ka Lapeng—Pontšo ea Linako
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na ho na le Lekunutu la Thabo ea Lelapa?
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Etelletsa Molimo Pele Bophelong ba Hao ba Lelapa!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Jehova, ‘Qhobosheane ea Rōna Nakong ea Mahlomola’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 5/15 maq. 3-4

Ke Eng se Bakang Mahlomola ka Lapeng?

BOB a hoeletsa: ‘O botsoa! Ke mohlokomeli oa ntlo e mobe ka ho fetisisa!’

Jean a mo kena hanong ka bohale: ‘Seo ehlile hase ’nete! Ha a ananele ntho leha e le ’ngoe eo ke lekang ho e etsa. Ke monna ea tšoaeang liphoso ho feta banna bohle bao nkileng ka kopana le bona.’

Ke’ng se ileng sa fosahala bophelong ba Bob le Jean?a Ba ne ba na le likhoeli tse ’nè feela ba le lenyalong la bona le lecha, empa le ne le se le le haufi le ho senyeha. Leha ho le joalo, taba ea bona hase mokhelo, hobane lipalo li bontša hore likhohlano li atile manyalong. Hona joale litsebi li re halofo ea manyalo ’ohle a macha United States a tla fella ka tlhalo. Lipalo tse nyahamisang ka ho tšoanang li fumanoa linaheng tse ling tse ngata. Leha ho le joalo, tlhalo ke karolo feela ea taba. Ha ho e-s’o be le palo e khōlō hakana ea malapa a nang le mahlomola a bakoang ke lintho tse sa tšoaneng.

Mabaka a Mang a Bakang Mahlomola ka Lapeng

Bana ba ameha haholo ha ho na le maemo a bakang mahlomola ka lapeng. Makasine oa Newsweek oa tlaleha: “Karolo ea boraro ea bana bohle ba hlahileng lilemong tse leshome tse fetileng [United States] mohlomong ba tla phela lelapeng la motsoali oa bobeli pele ba e-ba le lilemo tse 18. Ngoana a le mong ho ba bang le ba bang ba bane kajeno o hōlisoa ke motsoali ea se nang molekane. Hoo e ka bang bana ba 22 lekholong kajeno ba hlahile ka ntle ho lenyalo; karolo ea boraro ea bona ke bana ba bo-’mè ba lilemo tse ka tlaase ho 20.”

Ha se bolela sesosa se tšoanang le sena se bakang mahlomola ka lapeng, setsebi sa bana ba tšoeroeng hampe J. Patrick Gannon se re: “Liphuputso tsa morao-rao li bontša hore batho ba mashome a limillione ba hōletse malapeng a tsamaisoang ka mokhoa o fosahetseng ao ho ’ona pefo, ho nyalana ha batho ba amanang haufi-ufi, kapa tšoaro e mpe ea maikutlo e bakoang ke ho lemalla tahi li etsahala letsatsi le letsatsi.” Ha ho makatse hore bana ba bangata ba pepeselitsoeng lintho tse joalo ba ka ’na ba se ke ba tseba hore na ke joang ba ka qobang matšoenyeho a lelapa ha ba se ba hōlile.

Bashebelli ba bang ba ka ’na ba beha molato oa mahlomola a bang teng ka lapeng holim’a liphetoho tse etsahalang moruong, likamanong tsa sechaba, le boitšoarong tse tsekollotseng linaha tse tsoetseng pele mesebetsing e meholo. Ka mohlala, ho sebetsa ha basali ka bongata ho tlisitse ho hlophisoa bocha ha mesebetsi ea lelapa le boikarabelo hoo hangata ho tletlebisang. Bo-’mè ba chesehela ho ntlafatsa ho etsa mesebetsi ea boipheliso le hoja ba lieha hobane ba sa e tloaela, bo-ntate ka monyebe ba leka ka matla ho etsa mosebetsi oa ntlo, ’me bana ba fetohela bophelong ba litsi tsa tlhokomelo ea bana ba lla.

Malapa a mangata a tlas’a khatello e matla linaheng tse potolohileng lefatše. Motsoali e mong ea sebetsang o ile a bapisa sena le “ho phela boemong bo sa khaotseng ba qomatsi.” Ha ho makatse hore ebe hoo e ka bang halofo ea ba ileng ba botsoa lipotso nakong ea phuputso ea Gallup ea morao-rao ba boletse hore ‘kajeno malapa a Maamerika a boemong bo bobe ho feta lilemong tse leshome tse fetileng,’ ’me ke ba seng bakae feela ba neng ba lumela hore boemo bona bo ka ntlafala.

Ka baka leo mahlomola a bang teng ka lapeng ke litaba tseo ho buisanoang ka tsona ka mehla thelevisheneng le lipuisanong tsa sea-le-moea. Batho ka kakaretso ba laba-labela ho bala libuka tse fanang ka thuso ea botho tse buang ka lelapa, tse ling li fana ka tekanyo e itseng ea keletso e utloahalang le e sebetsang. Le hoja keletso ea ho ‘buisana ka bolokolohi haholoanyane’ kapa ho ‘arolelana maikutlo le ba bang’ e ka thusa, e haelloa ho thusa motho ho utloisisa sesosa sa sebele sa mathata a lelapa. Sehlooho se latelang se tla etsa joalo ’me se tla bontša kamoo ho ka sebetsanoang ka katleho le mahlomola a bang teng ka lapeng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho sebelisitsoe mabitso ao eseng a sebele ka morero oa ho boloka a bona e le lekunutu.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela