Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
Ho fana ka litšelo tsa mali ho ile ha rorisoa haholo joaloka mokhoa o sireletsehileng, o bolokang bophelo. Empa Dr. Alan A. Waldman oa hlalosa: “Ho hlokomela ho sireletseha ha lintho tse etsoang ka mali ka letsoalo le khutsitseng ho ile ha fetoha kapele ha ho fumanoa lefu le amanang le tšelo ea mali e leng AIDS.”
Empa AIDS hase eona feela kotsi e teng. Dr. Waldman oa hlalosa: “Liphetoho tse ling tse ngata li tlatselitse boikutlong ba hore ho na le likotsi tse ling tse sa tsejoeng le tse sa laoleheng tšebelisong ea mali a fanoang. Hona joale, esita le litaba tseo ka nako e itseng ho neng ho nahanoa hore li lokisitsoe—ka mohlala, ho sebetsa ha tlhahlobo ea bajari ba kokoana-hloko ea lefu la sebete la mofuta oa B—li ’nile tsa belaelloa.”—Diagnostics & Clinical Testing, July 1989.
Ka sebele, mali ke ntho e kotsi. Ka nako e tšoanang, mali aa hlokahala bakeng sa ho boloka bophelo. Mali a ka boloka bophelo ba hao joang? U tla rua molemo ha u hlahloba potso ena bukaneng e maqephe a 32 Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
Haeba u rata ho fumana kopi, re kōpa hore u tlatse u be u romele setlankane se ka tlaase mona.
Nka thabela ho amohela bukana e maqephe a 32 Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang? (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le sebakeng sa heno bakeng sa boitsebiso. Bona leqephe 2.)