Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Mokreste o lokela ho hana tšelo ea mali e laetsoeng kapa e lumelletsoeng ke lekhotla ka matla hakae?
Boemo bo bong le bo bong boa ikhetha, kahoo ha ho molao o le mong o akaretsang maemo ’ohle tabeng ena. Bakreste ba tsebahala ka ‘ho ntšetsa Cesare tseo e leng tsa Cesare’ ka tlhompho, ba utloa melao ea ’muso oa lefatše. Leha ho le joalo, ba utloisisa hore tlamo ea bona ea sehlooho ke hore ba “ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo,” ba se tlōle molao oa oona.—Mareka 12:17.
Ba-Roma 13:1-7, (NW) e tšohla kamano ea Bakreste le “balaoli ba phahameng” ba ’muso. Mebuso e joalo e na le matla a ho etsa melao kapa ho ntša litaelo, hangata e le ho sebeletsa boiketlo bo akaretsang ba sechaba. ’Me mebuso ‘e tšoere sabole’ ho hatella melao ea eona le ‘ho bontša khalefo ho ea etsang ho hobe ho ea ka melao ea eona.’ Kaha Bakreste ba ikokobeletsa balaoli ba phahameng, ba lakatsa ho utloa melao le litaelo tsa lekhotla, empa boikokobetso bona bo lokela ho lekanyetsoa. Haeba Mokreste a kōpuoa ho lumella ntho eo e tla ba tlōlo ea molao o phahameng haholoanyane oa Molimo, molao oa Molimo o tla pele; ke oona oa bohlokoa.
Melao e meng ea hona joale eo hangata e leng molemo e ka sebelisoa hampe ho fana ka tumello ea ho qobella Mokreste tšelo ea mali. Tabeng ena Bakreste ba lokela ho nka khato e tšoanang le eo moapostola Petrose a ileng a e nka: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
Jehova o ile a laela Baiseraele: “Ikemisetseng ka tieo hore le se ke la ja mali, hobane mali ke sephefumolohi ’me ha lea lokela ho ja sephefumolohi hammoho le nama.” (Deuteronoma 12:23, NW) Phetolelo ea Bibele ea Sejode ea 1917 e baleha tjena: “Feela u tiee tabeng ea ho se je mali.” ’Me Isaac Leeser o ile a fetolela temana ena ka hore: “Feela u tiee e le hore u se ke ua ja mali.” Na hoo ho utloahala joalokaha eka bahlanka ba Molimo ba ne ba lokela ho se tsotelle kapa ho se khathatsehe ka ho tšehetsa molao oa oona?
Ka mabaka a utloahalang Bakreste ba ikemiselitse ka ho felletseng ho utloa Molimo, esita le haeba ’muso o laela hore ba etse ho fapaneng. Moprofesa Robert L. Wilken oa ngola: “Bakreste ha baa ka ba hana tšebeletso ea sesole ea [Roma] feela empa ba ne ba ke ke ba amohela mosebetsi oa sechaba leha e le ho nka boikarabelo leha e le bofe ba ho busa metse.” (The Christians as the Romans Saw Them) Ho hana ho ne ho ka bolela ho khetholloa joaloka batlōli ba molao ba nyelisehang kapa ho ahloleloa ho ea lebaleng la boithabiso la Roma moo batho ba neng ba loana le liphoofolo teng.
Le kajeno Bakreste ba lokela ho tiea, ba ikemisetse ka tieo hore ba se ke ba tlōla molao oa Molimo, esita le haeba hoo ho ba pepesetsa kotsi mabapi le mebuso ea lefatše. Molao o phahameng ka ho fetisisa oa bokahohleng—molao oa Molimo—o hloka hore ba Bakreste ba qobe mali, joalokaha ba laeloa ho qoba bohlola (boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali). Bibele e bitsa lithibelo tsena “litaba tsena tse tšoanelang.” (Liketso 15:19-21, 28, 29) Molao o joalo oa Molimo ha oa lokela ho nkoa habobebe, joaloka ntho e ka utluoang feela haeba ho lumelleha kapa ho sa hlahise mathata. Molao oa Molimo o tlameha ho utluoa!
Kahoo, re ka utloisisa lebaka leo ka lona Mokreste e mocha ea boletsoeng leqepheng la 17 a ileng a bolella lekhotla hore “o nka tšelo ea mali e le tlhaselo ea ’mele oa hae ’me o e tšoantša le peto.” Na mosali leha e le ofe oa Mokreste, e-bang o monyenyane kapa o moholo, ka tsela e bonolo feela a ka lumella ho betoa, esita le haeba ho ne ho na le tumello ea molao ea hore bohlola boo bo ntšetsoe pele ka tlhaselo ea likamano tsa botona le botšehali?
Ka ho tšoanang, mocha ea lilemo li 12 ea qotsitsoeng hona leqepheng leo ha aa ka a siea pelaelo tabeng ea hore ‘o ne a tla loantša tšelo ea mali e laetsoeng ke lekhotla ka matla ’ohle ao a neng a ka ba le ’ona, le hore o ne a tla bokolla a loane, le hore o ne a tla ntša nale e kentsoeng sephakeng sa hae ’me a leke ho qhala mali a ka mokotleng o leketlileng ka holim’a hlooho ea hae.’ O ne a ikemiselitse ka tieo ho utloa molao oa Molimo.
Jesu o ile a tloha sebakeng se seng ha letšoele la batho le batla ho mo etsa morena. Ka ho tšoanang, haeba ho bonahala eka ho ka ’na ha fanoa ka tšelo ea mali e laetsoeng ke lekhotla, Mokreste a ka ’na a khetha ho qoba ho ba sebakeng seo bakeng sa tlōlo e joalo ea molao oa Molimo. (Mattheu 10:16; Johanne 6:15) Ka nako e tšoanang, ka bohlale Mokreste o lokela ho batla phekolo ea meriana e ka nkelang eo sebaka, ka hona a etse boiteko ba sebele ba ho boloka bophelo le ho phela hantle.
Haeba Mokreste a fela a entse boiteko bo matla ba ho qoba ho tlōla molao oa Molimo ka mali, balaoli ba ka ’na ba mo nka e le motlōli oa molao kapa ba mo qosa. Haeba hoo ho fella ka kotlo, Mokreste a ka e nka e le ho utloisoa bohloko ka lebaka la ho loka. (Bapisa le 1 Petrose 2:18-20.) Empa maemong a mangata, Bakreste ba qobile litšelo tsa mali ’me ka thuso ea tlhokomelo ea meriana e phekolang ka katleho ba ile ba fola, ’me ha hoa ka ha ba le liphello tse nkang nako e telele tsa mathata a molao. ’Me habohlokoahali, ba bolokile botšepehi ba bona ho Molimo e leng Monehi-Bophelo le Moahloli oa bona.