Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 4/15 maq. 10-15
  • Tšepahala ho Molimo ‘O Bonang Sephiring’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepahala ho Molimo ‘O Bonang Sephiring’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Talima ka Nģane ho Ponahalo ea Kantle
  • Kutlo e Lekiloe ka Mali
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mali—Aa Hlokahala Bakeng sa Bophelo
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Tsamaeang ka Mokhoa oo Jehova a le Rutang ka Oona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Tlhompho ea Bomolimo bakeng sa Mali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 4/15 maq. 10-15

Tšepahala ho Molimo ‘O Bonang Sephiring’

“U rapele Ntat’ao ea sephiring; ’me Ntat’ao ea bonang sephiring, u tla u putsa.”—MATTHEU 6:6.

1, 2. Ho ka bontšoa joang hore litaba tse bonahalang e ka ke lekunutu li ka pepeseha? (1 Samuele 21:7; 22:9)

LILEMONG tsa ho feta e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a letsetsa ngoan’abo mohala Long Island, New York. Erekaha ba ne ba fapane ka tumelo, a mo bolella ka tšepiso ea Molimo ea ho felisa bokhopo ba lefatše le ho tsosolosa maemo a paradeise. Ha puisano e fela khaitseli ea hae e koala mohala, a makatsoa ke ho utloa lentsoe le re’ng, “Butle, ke batla ho u botsa potso.”

2 E ne e le molaoli oa mehala. O ne a ntse a mametse, hobane mehleng eo ho ne ho le bonolo ho etsa joalo ka lisebelisoa tsa mehala, le hoja e ne e se botho e bile ho hanana le molao oa feme. Paki ea thaba hore e be mantsoe a eona a tsositse thahasello e joalo, ’me ea etsa litokisetso tsa ho e latela, le hoja e ile ea tšosoa ke hore puisano ea eona e ne e se lekunutu. E, ka linako tse ling ba bang ba bona le ho utloa seo re nahanang hore ke sephiri.—Moeklesia 10:20.

3. Ke ka kutloisiso efe bophelo ba Bakreste kamehla bo leng pontšeng?

3 Hona ha hoa lokela ho hlahisa mathata a maholo bakeng sa Bakreste ba ’nete, ba loanelang ho tšepahala ho Molimo ka linako tsohle. Moapostola Pauluse o itse: “Re pepesitsoe pel’a lefatše, le pel’a mangeloi, le pel’a batho.” (1 Ba-Korinthe 4:9) O ne a bua ka mokhoa o neng o atile mabaleng a lipapali moo batho ba neng ba loana le liphoofolo kapa le batho ba bang ka morero oa ho thabisa bashebelli. Pele ho ketsahalo ea ho qetela Baroma ba ne ba hlobolisa pontšeng batho ba neng ba tla loana ’me mohlomong ba shoe. Le kajeno Bakreste ba pontšeng ka pel’a beng ka bona ba sa lumelang, basebetsi ’moho, baahelani, le bao ba kenang sekolo le bona. Bashebelli ba ka ’na ba ba le maikutlo a matle kapa a mabe mabapi le Bokreste a theiloeng ho seo ba se boneng ho rōna.—1 Petrose 2:12.

4. Motho a ka ’na a ameha joang ka ho tseba hore ba bang ba mo shebile?

4 Ha re tseba hore ba bang ba re shebile, re ka ’na ra ema hantle, re kopanela takatso ea Pauluse: “Ha re lihele batho le ka nthoana e nyenyane, tšebetso ea rōna e tle e se ke ea nyatsuoa.” (2 Ba-Korinthe 6:3) Ho tseba ha rōna hore ba bang ba re shebile ho ka ’na ha tiisa boikemisetso ba rōna ba ho etsa se nepahetseng. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba re tobana le teko ea melao metheo ea Bokreste moo batho ba sa re boneng?

O Talima ka Nģane ho Ponahalo ea Kantle

5. Bophelo ba phatlalatsa le ba ka sephiring ba baeta-pele ba Bajode bo hlahisitse phapang efe?

5 Lekholong la pele la lilemo baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba Sejode kantle e ne e le batho ba mofuta o mong, ’me kahare e le ba mofuta o mong. Jesu a lemosa Thutong ea Thabeng: “Iponeleng, le tle le se ke la hlahisa ho loka ha lōna pontšeng ea batho, hore le bonoe ke bona.” (Mattheu 6:1, 2) Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba tšoana le mehope e hloekileng kantle empa “kahare ho tletse bosholu le bosenyi,” “joale ka mabitla a koetlisitsoeng, a nang le ponahalo e ntle, kanthebo kahare, a tletse masapo a bafu le ho bola hohle.”—Mattheu 23:25-28; bapisa Pesaleme ea 26:4.

6. Jehova o khona ho hlokomela eng ka rōna?

6 Mantsoe ao a lokela ho re thusa ho ananela hore Jehova o thahasella se fetang seo batho ba bang ba ka ’nang ba se bona. Jesu o elelitse: “Ha u rapela, kena phapusing ea hao, ’me ha u koetse monyako oa hao, u rapele Ntat’ao ea sephiring; ’me Ntat’a ea bonang sephiring, o tla u putsa.” (Mattheu 6:6) E, Molimo o ka utloa lithapelo tsa rōna ha re arohantsoe le batho ba bang. Ha ho letho leo Molimo o sa le boneng. O khona ho bona tšimoloho ea lehe le emolisitsoeng la motho, mohlomong a bala liphatsa tsa lefutso tseo hamorao li tlang ho bōpa libopeho tsa motho. (Pesaleme 139:15, 16; Genese 25:23) A ka ba a bala litšekamelo tsa sephiring tsa lipelo tsa rōna. (1 Samuele 16:7; 1 Marena 8:39; Jeremia 17:10; Liketso 1:24) Nahana hore na lintlha tsena li lokela ho re ama joang.

7. Ke hokae moo Mokreste a ka ’nang a ba le sebaka sa ho ntlafatsa?

7 Hore re be Bakreste ba ’nete re ile ra tlameha ho hlōla liphoso tse tebileng le libe tse tebileng, joalokaha ho entse Bakreste ba pele. (1 Ba-Korinthe 6:9-11; Liketso 26:20; 1 Petrose 4:1-4) Empa ho thoe’ng ka liphoso tseo batho ba bang ba sa li tsebeng? Hore liphoso tsena ha li tsebahale phatlalatsa hase hore ha li khōlō. Hona ho bontšitsoe ke mantsoe a Davida: “Ke tla felisa ea etselletsang motsoalle oa hae sephiring, nke ke ka mamella ea mahlo a leletseng, le ea pelo e makoko.” (Pesaleme ea 101:5) Le haeba ho entsoe sephiring, ho momameli a le mong feela, ho etselletsa ho ne ho le phoso. Ka hona Davida o ne a ke ke a khothalletsa sebe sena sa “sephiring.”

8. Re tseba joang hore phoso e patiloeng e ke ke ea feta Jehova a sa e hlokomela?

8 Leha e le hore mofosi o lokela ho ithetsa ka ho nahana hore Molimo “o bonang sephiring” o ke ke oa hlokomela phoso eo. Ha e le hantle, Molimo o ipakile hore o thahasella ha batho ba tšepahala leha liphoso tsa bona li sa tsebahale phatlalatsa. Hopola taba ea Akane. Baiseraele ba ne ba lokela ho timetsa Jeriko le baahi ba eona, Bakanana ba khopo. Ke silevera, gauda, le koporo feela tse neng li beheletsoe Jehova kathōko, bakeng sa letlotlo la sehalalelo sa Molimo. (Joshua 6:17-19) Leha ho le joalo, Akane a inehela molekong ’me a nka kobo e theko e boima, silevera e ’ngoe le gauda. A pata lintho tsena tlas’a tente ea hae, mohlomong a ikutloa hore ha ho ea tla tseba. Empa na o ile a thetsa Ea “Bonang sephiring”? Che. Molimo oa etsa hore sebe sa Akane se pepesoe, oa mo tlisetsa lefu le ba ntlo ea hae.—Joshua 7:1, 16-26.

9. Re tlameha ho etsa eng hore re fumane le ho boloka kamohelo ea Molimo?

9 Elihu o ile a hlalosa Jehova ka bohlale: “Hobane mahlo a oona a talimile mekhoa ea batho bohle, ’me o bona metsamao ea bona kaofela. Ha ho lefifi, ha ho moriti o motšo, moo ba sebetsang bokhopo ba ka ipatang teng.” (Jobo 34:21, 22) Joale, haeba re lakatsa ho fumana le ho boloka kamohelo ea Jehova Molimo, re tlameha ho batla ho phela ho ea ka melao metheo ea hae ha re tseba hore ba bang ba re shebile leha ho bonahala eka boitšoaro ba rōna bo patehile. Ka linako tsohle “mahlo a oona a talimile mekhoa ea batho bohle.”

10. (a) Pauluse o beile mohlala ofe o motle mabapi le boitšoaro bo patiloeng? (b) Ke libakeng life re lokelang ho itlhokomela hore re se etse liphoso ka sephiring?

10 Mokreste a ka ’na a feta tlas’a teko e siretseng barapeli ’moho le eena. Hoo ho etsahaletse Pauluse ha a le teronkong. Bajode ba ne ba mo qositse ka ho ‘ferekanya’ le ‘ho leka ho silafatsa tempele.’ (Liketso 24:1-6) Pauluse a paka ho hloka molato ha hae ka pel’a ’musisi oa Moroma Felix, eo borahistori ba re’ng o ne a le sehlōhō a bile a le boitšoaro bo bobe. Felix a kenya Pauluse teronkong “a tšepile hore Pauluse o tla mo nea chelete.” (Liketso 24:10-21, 26) Kaha moapostola o ne a tseba keletso ea Bibele ka ho se fane kapa ho amohela limpho ho susumetsa kahlolo, a ka be a ile a bea lebaka la hore ho fana ka tjotjo ho loketse hore a lokolloe. Kaha tjotjo e ne e tla pateloa ba bang ho ne ho sa hlokahale hore Pauluse a ka tšoenyeha ka ho ba khopisa. (Exoda 23:8; Pesaleme ea 15:1, 5; Liproverbia 17:23) Empa Pauluse ha a ka a nahana joalo. Mehleng ea kajeno batho ba Jehova ba bangata ba ’nile ba tobana le liteko tse ling, tse kang tse amang Molao oa Molimo ka mali, ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ka morero oa ho li khotsofatsa, tšebeliso e mpe ea joala. A re nahaneng hore na liteko tsena li ka tobana le uena, kapa baratuoa ba hao joang.

Kutlo e Lekiloe ka Mali

11. Motheo ke ofe bakeng sa boemo ba Mokreste ka tšebeliso ea mali?

11 Molao oa Molimo ka mali ka sebele ha o mocha kapa ha o lerootho. Ka ntate moholo oa rōna ea tsebahalang Noe, Jehova o ile a laela batho bohle: “Le se ke la ja nama e nang le bophelo ba eona, ke hore mali a eona.” (Genese 9:4) Ho halalela ha mali, a emelang bophelo bo tsoang ho Molimo, ho ile ha hatelloa Molaong oa Moshe. Mali a ne a ka sebelisoa aletareng, empa ho seng joalo a ne a ‘tšolleloa fatše joaloka metsi.’ (Levitike 17:11-14; Deuteronoma 12:23-25) Na thibelo ea ho sireletsa bophelo ka mali e ile ea tsoela pele kamor’a hore Molao oa Moshe o fele? E. Ho seo ba bang ba ka ’nang ba se bitsa seboka sa pele sa boeletsi sa Bokreste, baapostola le baholo (ba neng ba etsa sehlopha se busang) ba etsa qeto ea hore Bakreste ba tlameha ‘ho tela mali, le bofebe, le tse fenethiloeng [tse ntseng li na le mali], le mali.’ Tšebeliso e mpe ea mali e ne e tebile joale ka phoso ea likamano tsa botona le botšehali tse feteletseng.—Liketso 15:20, 21, 28, 29.

12. Bakreste ba pele ba nkile boemo bofe ka mali?

12 Bakreste ba pele ba ile ba utloa molao oa Molimo ka mali. Le hoja batho ba bang morao koo ba ne ba e-noa mali a ba neng ba loana mabaleng a lipapali “ho phekola” sethoathoa, Bakreste ba ’nete ba ne ba ke ke ba etsa joalo. Leha e le hore ba ne ba ka ja lijo tse nang le mali, leha ho hana ha bona ho ne ho bolela lefu ho bona le ho bana ba bona. E sa le ho tloha ka nako eo, liithuti tse ling tsa bolumeli le ba bang ba lumetse hore Bakreste ba tlas’a molao oa Molimo o hanelang ho tšehetsa bophelo ka ho ja mali.

13. (a) Ke hobane’ng ha ka nako e ’ngoe u ka ’na ua tobana le teko ka mali? (b) Re lokela ho hopola lebaka lefe le leholo la Bakreste ka ho se amohele mali?

13 Mehleng ea morao tjena ho tšeloa ha mali ho fetohile kofuto e ratehang ea bongaka. Kahoo Mokreste a ka ’na a tobana le teko e mo amang. Lingaka, baoki, ’me mohlomong le beng ka eena ba ka ’na ba mo khothalletsa ka matla hore a amohele mali. Ha e le hantle, batho ba nang le tsebo baa tseba hore ho tšeloa mali ka bohona ho fupere likotsi tse bolaeang. Makasine oa Time (la 5 Pulungoana, 1984) o boletse hore “Maamerika a ka bang 100 000 a tšoaroa ke lefu la sebete selemo le selemo ka ho tšeloa mali,” haholo-holo ka baka la “likokoanahloko tse ipatileng tse ka felisoang feela ha ’mele o ntša litšila tse ho oona.” Time e boetse ea tlaleha likotsi tse fetang 6 500 tsa Lefu le Fumanoeng le Senyang Tšebeletso ea ’Mele ea ho Itšireletsa (AIDS), tse ling li amana le “ho tšeloa mali.” Tlaleho e itse: “Ho e ka bang halofo ea mahlatsipa ana e shoele, le hoja qetellong ho ka ’na ha shoa karolo ea 90 lekholong kapa ho feta.” Lipaki tsa Jehova ha li tseke hore mali ke moriana o mobe. Le haeba lingaka li ne li ka fana ka tiiso ea hore ho tšela mali ho sireletsehile ka ho feletseng, Lentsoe la Molimo le re laela hore ‘re tele mali.’—Liketso 21:25.

14. Ke teko efe ea “sephiri” e amang mali eo u ka ’na ua tobana le eona?

14 Ak’u nahane haeba u bolelloa hore o hloka tšelo ea mali hampe. O ne o tla hopola molao oa Molimo ka mali, na ha ho joalo? ’Me qeto ea hao ea ho utloa Molimo, ho sa tsotellehe liphello tsa kapele tsa hona, mohlomong u ne u tla matlafatsoa ke Bakreste hammoho le uena ba le teng. (Bapisa Daniele 3:13-18.) Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ka lekunutung ngaka kapa moahloli a u qobella ho tšeloa mali, a bile a u bolella hore u mo lumelle ho jara boikarabelo boo kapel’a Molimo?

15. Lingaka tse ling le babusi ba bang ba na le maikutlo afe a fosahetseng ka boemo ba rōna ka mali?

15 Litlaleho tse tsoang linaheng tse fapaneng li bontšha hore ka linako tse ling lingaka, batsamaisi ba sepetlele, le baahloli ka phoso ba nahana hore Lipaki tsa Jehova li hana tšelo ea mali phatlalatsa empa lekunutung kapa ka hare li ikutloa ka ho fapaneng. Tabeng e ’ngoe moahloli a etsa qeto e se nang toka ka hore “taba e khōlō ha se mabaka a bolumeli ao [mokuli] a kholisehileng ka ’ona, empa o hana ho saena taelo e fanoeng pele bakeng sa tšelo ea mali. Ha a hanane le phekolo ena—leha ho le joalo, a ke ke a laela hore e sebelisoe.” Ho fapana le hoo, ho e-na le ho hana ka bofokoli ho ‘saena taelo ea tšelo ea mali,’ ka matla Lipaki tsa Jehova li rata ho saena litokomane tsa molao tse lokollang lingaka boikarabelong leha e le bofe bo amanang le ho hana ha tsona mali.a

16. Haeba motho e mong a u phehella ho amohela mali ka sephiring, ha u-ua lokela ho lebala eng?

16 Lingaka le baahloli ba ka ’na ba leka ho u susumelletsa ho amohela mali hobane ba bone batho ba malumeli a mang ba hana mehato e meng ea meriana empa joale ba e amohela ‘sephiring.’ Batsamaisi ba bang ba bile ba bolela hore ba tseba Paki e ileng ea lumela tšelo ea mali ka sephiring. Haeba hoo ho ile ha etsahala, e ka ’na eaba ho amme motho e mong ea neng a mpa a tloaelane le Lipaki tsa Jehova. Bahlanka ba ineetseng ba Molimo ba tseba hantle hore ha ho ho sekisetsa ho joalo ho ka phonyohang a sa ho hlokomela. Hopola ha Davida a etsa sebe se amang Bathe-sheba le Uria. Jehova a se bona kaofela ’me a romela molaetsa ka Nathane: “Uena [Davida], u entse ka sephiring, ’na ke tla etsa taba eo pontšeng ho Baiseraele bohle, le pontšeng ea letsatsi.” Joalokaha Molimo o boletse, hamorao Davida a utloa liphello tsa sebe sa hae sa ‘sephiring.’—2 Samuele 11:27–12:12; 16:21.

17. (a) Ho amohela tšelo ea mali ka sephiring ho ka bakela ba bang mathata joang? (b) HIalosa kamoo khaitseli e mong a ileng a ema a tiile tabeng ea mali esita le ka sephiring, le hore sena se felletse ka eng?

17 Lerato ho baena ba hao ba Bakreste le lokela hape ho u thusa ho hanela khatello ea ho lumela ho tlōla molao oa Molimo ka mali sephiring. Joang? Koana, haeba ngaka kapa moahloli a leka ho u qobella hore u amohele mali, esita le sephiring, u lokela ho nahana ka bothata boo u bo phaellang ho Paki e tla latela. Hlokomela phihlelo ena:

Khaitseli Rodriguez o ne a phekoloa lefu la ho tšoaetsoa. Joale a hla a kula haholo; ngaka ea hae ea hlokomela hore mali a lutlela ka hare ’me ea mo eletsa hore a potlakele sepetleleng se seholo. Khaitseli Rodriguez a bolella basebetsi ba ka kamoreng ea kokelo ea thuso e potlakileng: “Ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng, nke ke ka lumela tšelo ea mali.” A tšoarella ho sena ha baoki hamorao ba mo qobella ka ho bolela hore Lipaki tse ling li tšetsoe mali. Ka matsatsi a ’maloa khaitseli enoa a ’na a lahleheloa ke mali le ho fokola, qetellong a isoa Karolong ea Bakuli ba Apoloang ba Apesoa. Joale sepetlele sa bitsa moahloli oa Lekhotla le Phahameng la Naha.

Likhoeli tse seng kae hamorao holong e khōlō ea sepetlele, moahloli enoa a bua le lingaka tse fetang 150 sehloohong “Empa, Bophelo ke ba Mang, leha Re ka Etsa Eng?” Le eena, a bolela hore o kopane le batho bao pele ba neng ba hana mali empa ba ileng ba inehela hang ha moahloli a bitsoa. Leha ho le joalo ho thoe’ng ka Khaitseli Rodriguez? Moahloli o boletse hore ka sephiring o lekile ho mo kholisa hore a mo tlohelle ‘a jare boikarabelo’ ka hore a lumele ho tšeloa mali ka taelo ea lekhotla. Khaitseli o ile a etsa joang? Moahloli a bolella lingaka tse phuthehileng hore ka matla ’ohle ao Mofumahali Rodriguez a neng a ka ba le oona o ne a boletse hore a ke ke a amohela mali le hore a mo tlohele ’me a tsoe ka kamoreng. Ka baka leo, moahloli a hlalosa hore o ne a se na motheo bakeng sa ho laela mali khahlanong le litakatso tsa hae.

18. Re lokela ho hlakisa boikemisetso bofe tabeng ea mali, ’me mohlomong ka liphello life?

18 Hona ho hatisa bohlokoa ba ho hlakisa ka ho feletseng hore boemo ba rōna ka mali ha bo fetoloe. Baapostola ba hlile ba nka boemo bo tiileng joalo, ba bolela: “E ka khona re utloe Molimo, ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Taba ea Khaitseli Rodriguez e boetse e bontša phello eo Paki e inehelang e ka bang le eona ho ba bang. Ha a kula ’me a fokola ’meleng, o ile a tlameha ho tobana le khatello e khōloanyane hobane feela mohlomong e mong a ile a tlōla molao oa Molimo ka sephiring pejana. Ha e le hantle, ho tlōla hono hase sephiri ho “Moahloli oa lefatše.” (Genese 18:25) Ka thabo, Khaitseli Rodriguez ha a ka a sekisetsa ha a le sephiring joalokaha a sa sekisetsa ha a le pepeneneng. ’Me hamorao, a folile a hlalosetsa sona seboka seo sa lingaka boikemisetso ba hae ba ho tsoela pele a tšepahala ho Molimo.

19. Ka linako tsohle, re lokela ho falimehela ’nete efe?

19 Le rōna, re tlameha ho tšepahala ho sa tsotellehe hore na liketso tsa rona li pepeneneng kapa che. Jehova o thabela botšepehi bo joalo ’me o tla bo putsa; o tla arabela ka ho loka mesebetsing e entsoeng pepeneneng kapa lekunutung—ea ba sa tšepahaleng melaong ea hae. (Pesaleme ea 51:6; Jobo 34:24) Ka lerato o fana ka keletso e phethahetseng e tla re thusa ho hlōla liphoso leha e le life tse patiloeng tseo re nang le tsona, joalokaha re tla nahana ka hona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lipetlele tse ngata li sebelisa Foromo P-47 HO HANA HO LUMELA TŠELO EA MALI joalo ka ha e hatisitsoe ho Medicolegal Forms with Legal Analysis ea Mokhatlo oa Amerika oa Meriana

U ka Arabela Joang?

◻ Molimo o na le matla afe a lokelang ho ama liketso tsa rōna?

◻ Phihlelo ea Akane e lokela ho re ruta thuto efe ea bohlokoa?

◻ Ke kotsi efe e ka hlahang haeba Mokreste a tlola molao oa Molimo sephiring tabeng ea mali?

◻ U lokela ho etsa qeto efe mabapi le pono ea Jehova ka mali?

[Lebokose le leqepheng la 13]

Molao oa Molimo ka Mali o ntse o Nkuoa e le oa Bohlokoa

JOSEPH PRIESTLEY (1733-1804) o tsebahala e le ramahlale ea hlokolosi oa moea o hloekileng (oxygen), empa e ne e boetse e le seithuti sa bolumeli. O ngotse:

“Thibelo ea ho se je mali, e filoeng Noe, e bonahala e tlama litloholo tsohle tsa hae.” Mabapi le tlaleho ea hore thibelo ea Bokreste ka mali e ne e le ea nakoana feela, Priestley a phaella ka hore: “Ha ho pontšo, kapa bopaki, ba hore e ne e le ea nakoana, kapa hore ho ile ha boleloa nako ea hore na thibelo e tla fela neng. . . . Ka baka leo, haeba re hlalosa thibelo ena ea baapostola ka mokhoa oa Bakreste ba khale, bao ho ka thoe’ng ba e utloisitse hantle, ha ho qeto eo re ka e fihlelang ha e se feela, hore e ne e reretsoe e be e phethahetseng le ea kamehla.”

Ka 1646 A Bloody Tenet Confuted, or, Blood Forbidden (ho ngoloa ha mantsoe ha kajeno) ea hatisoa. Leqepheng la 8 ea phetha ka hore: “A re beeleng ka thoko mokhoa ona o sehlōhō oa ho ja bophelo ba liphoofolo joaloka ha o sebelisoa Engelane eohle, liphuling tse ntšo tse litšila tsa [mali], kaha re tla ipontša re le batho ba mohau, e seng libatana; kaha re ke ke ra fumanoa re le ba sa mameleng Molimo molaong o hlakileng joalo, empa re le bautloi ba thato ea hae, le baetsi ba lintho tse ntle tse nepahetseng mahlong a hae, kaha o tla re rata, . . . ’me re se tlosoe ho batho ba habo rōna, le hore Molimo o se ke oa re furalla ra sala bobeng.”

Thomas Bartholin e ne e le moprofesa oa lekholong la bo17 la lilemo lefapheng la mahlale Univesithing ea Copenhagen. Ha a ngola ka ‘Ho Sebelisoa ha Mali,’ a hlokomela: ‘Bao ba tsitlallelang ho sebelisa mali a batho bakeng sa ho phekola mafu a ka hare ba bonahala baa sebelisa hampe ’me ba etsa sebe se tebileng. Malimo a nyatsoa. Ke hobane’ng ha re sa nyonye ba silafatsang ’metso ea bona ka mali a batho? Hoa tšoana le ho amohela mali asele a tsoang mothapong o khaohileng, e bang ke ka molomo kapa ke ka ho sebelisa likofuto tsa tšelo ea mali. Baqapi ba tšebetso ena ba tšositsoe ke molao oa Molimo, o thibelang ho ja mali.’

Revelation Examined with Candour (1745) e sebetsana le litaelo tsa Molimo ka mali. E beile mabaka tjena: “Taelo eo Molimo ka seqo o e fileng Noe, ea phetoa ho Moshe, ea tiisoa ke baapostola ba Jesu Kreste; e fanoeng hang-hang kamor’a moroallo, ha lefatše le qala ho nchafala, joalokaha le ne le senyehile; ’me e le eona feela e fanang ka nako eo e kholo; ea phetoa ka mokhoa o tšosang, ho batho bao Molimo o ba arotseng ho batho ba bang, hore e be ba halalelang ho eena feela; ea phetoa ka phatlalatso e tšosang ea phetetso ea Molimo ho Bajode le ho basele ba neng ba ka rata ho e tlola; le ho tiisoa ka keletso ea lekhotla le tebileng haholo le le halalelang ho feta a kileng a lula holim’a lefatše; le sebetsa tlas’a tšusumetso e haufi ea Moea oa Molimo! Ea fetisoa ho tloha sebokeng se halalelang ho ea likerekeng tse ’maloa tsa lichaba tse haufi, ka matsoho a manģosa a hlomphehang joaloka babishopo ba babeli, le baapostola ba babeli . . . Ka mor’a sena, na ho na le motho ofe kapa ofe, ea tla rata ho khelosoa taelong ee? Na ho na le motho eo kelello ea hae e sebetsang hantle ea tla bolela hore taelo ena e fanoeng, e phetiloeng hakana, le e tiisitsoeng hakana ke Molimo ka seqo, ha e etse letho le hore ha e bohlokoa?”

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Boitšoaro ba Paki e ’ngoe bo ka ’na ba nolofalletsa e tla hlahlamang hore e tšepahale ho Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela