Ho Hlahloba Litšobotsi tsa Lehakoe la Molimo la Bohlokoahali—Bibele!
KA 1867 rapolasi oa Afrika Boroa ea bitsoang Schalk van Niekerk o ne a shebelletse bana ha ba bapala ka majoe. Lejoe le leng le neng le khanya ’me le le letle ka ho khethehileng le ile la mo khahla. ’Mè oa bana bao o ile a re: “U ka le nka, haeba u le rata.” Leha ho le joalo, van Niekerk o ile a isa lejoe lena ho motho ea ithutetseng majoe a rafshoang bakeng sa ho ea le hlahloba. Bana bana ba ne ba sa ka ba hlokomela hore ba ne ba ntse ba bapala ka daemane e khōlō e ka jang R2 400!
Na ho ka etsahala hore le uena u na le lehakoe la bohlokoa ka ho fetisisa empa u sa tsebe? Ka mohlala, ba bangata ba na le Bibele, joalokaha e le buka e rekisoang ka ho fetisisa, e fumanehang e felletse kapa e sa fella ka lipuo tse ka holimo ho 1 900. Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba e-s’o bale Bibele ’me kahoo ha ba tsebe haholo ka litaba tse ka har’a eona.
Bibele e ipolela hore e “bululetsoe ke Molimo” ’me ka hona ke Lentsoe la Molimo. (2 Timothea 3:16, NW; bapisa le 1 Ba-Thessalonika 2:13.) Ke letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa la moloko oa batho. Ka eona, re ithuta kamoo re ka fumanang se molemohali bophelong hona joale le, habohlokoa ka ho fetisisa, kamoo re ka fumanang bophelo bo sa feleng! (Johanne 17:3, 17) Na ho na le ntho leha e le efe e ka bang bohlokoa ho feta hoo?
Leha ho le joalo, e le hore motho a ka ananela lehakoe lena le likarolo tsohle tsa lona, o tlameha ho tloaelana le lona. Ha u e habanya ka lekhetlo la pele feela, sena se ka bonahala se le thata haholo. Etsoe Bibele ke pokello ea libuka tse fapaneng tse 66. Libuka tsena li tšoere eng? Na ho na le lebaka le itseng bakeng sa tatellano eo li hlahang ka eona? Haeba ho joalo, ke joang motho a ka fumanang litemana tse khethehileng ka Bibeleng?
Ho tloaelana le Bibele ke phephetso. Empa joaloka lehakoe la sebele, Bibele ea lumellana ’me e hlophisehile. Re ka bona seo haeba hakhutšoaane re nahanisisa ka litaba tse ka har’a eona.
Mangolo a Seheberu—A Supa Kreste
Ka tloaelo Bibele e arotsoe ka “Testamente ea Khale” le “Testamente e Ncha.” Leha ho le joalo, ana ke mabitso a sa lokelang, a fanang ka boikutlo ba hore “Testamente ea Khale” e siuoe ke nako ’me ha e-na bohlokoa bo bokaalo. Lebitso le loketseng haholoanyane bakeng sa karolo eo ea Mangolo e ka ba Mangolo a Seheberu, kaha karolo ena e ne e ngotsoe haholo-holo ka puo ea Seheberu. “Testamente e Ncha” e ile ea ngoloa ka Segerike lekholong la pele la lilemo C.E.; kahoo, ka ho loketseng haholoanyane e bitsoa Mangolo a Bakreste a Segerike.
Buka ea pele ea Bibele, Genese, e qala lilemong tse ngata haholo tse fetileng ha Molimo o bōpa maholimo le lefatše ’me hamorao o qala ho lokisa lefatše bakeng sa hore batho ba ahe ho lona. Banyalani ba pele ba batho ba bōptjoa ba phethahetse; leha ho le joalo, ba ikhethela tsela ea sebe, ka liphello tse bohloko ho bana ba bona. Leha ho le joalo, joaloka lehakoe le bonoang lefifing, Bibele e fana ka lehlaseli la tšepo bakeng sa moloko oa batho ba baetsalibe: “peō” eo qetellong e tla etsolla liphello tsa sebe le lefu. (Genese 3:15) Peō ena e tla ba mang? Genese e qala ka ho lokolisa leloko la Peō ena e tlang, e bua ka bophelo ba baholo-holo ba bang ba tšepahalang ba Peō, ba kang Abrahama, Isaaka, le Jakobo.
Exoda e tsoela pele ho hlalosa tsoalo ea Moshe. Ka litsela tse ngata bophelo ba Moshe bo tšoantšetsa ba Peō e tlang. Ka mor’a likotlo tse leshome, Iseraele e etsa Phallo e khōlō ho tloha Egepeta ’me e hlomamisoa joaloka sechaba se khethiloeng sa Molimo Thabeng ea Sinai. Levitike, joalokaha lebitso leo le bontša, e hlalosa litaelo tsa Molimo bakeng sa boprista ba Balevi Iseraele. Numere e bolela ka liketsahalo tsa ha Baiseraele ba ne ba baloa (ka palo ea sechaba) le ka liketsahalo tsa ha Iseraele e emisitse ka nakoana lefeelleng. ’Me joale, ha Iseraele e se e loketse ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, e amohela likhothatso tsa ho qetela tsa Moshe. Likhothatso tsena ke tsona tse tšohloang ho Deuteronoma. Moshe a supa Peō e tlang, o khothalletsa sechaba ho mamela ‘moprofeta eo Molimo o tla mo hlahisa.’—Deuteronoma 18:15.
Ho latela libuka tsa histori. Boholo ba libuka tsena bo hlophisitsoe ka tatellano ea nako. Joshua e hlalosa ho haptjoa le ho aroloa ha Naha e Tšepisitsoeng. Baahloli e pheta liketsahalo tse hlakileng tsa lilemo tse latelang ha Iseraele e busoa ke mokoloko oa baahloli. Ruthe e bolela ka mosali ea tšabang Molimo, ea phelang nakong ea baahloli ea fuoang tokelo ea ho ba nkhono oa Jesu Kreste.
Leha ho le joalo, nako ea puso ea Baahloli e fihla pheletsong. Samuele oa Pele e bolela ka puso e bohloko ea morena oa pele oa Iseraele Saule, kamoo moprofeta Samuele a neng a e bona ka teng. Samuele oa Bobeli e hlalosa puso e atlehileng ea Davida, mohlahlami oa Saule. Marena a Pele le a Bobeli joale li re tlosa pusong e khanyang ea Salomone ho re isa kholehong e bohloko ea sechaba sa Iseraele Babylona ka 607 B.C.E. Likronike tsa Pele le tsa Bobeli li akaretsa histori ena ho latela pono ea litaba ea sechaba se khutlileng kholehong ena. Qetellong, Esdrase, Nehemia, le Esthere li hlalosa kamoo Baiseraele ba khutlisetsoang naheng ea habo bona le histori e ’ngoe ea bona e hlahlamang.
Joale ho latela libuka tsa lithoko, tse nang le tse ling tsa lithoko tse monate ka ho fetisisa tse kileng tsa ngoloa. Jobo e fana ka setšoantšo se susumetsang sa botšepehi tlas’a ho utloisoa bohloko le moputso oa bona. Buka ea Lipesaleme e na le lipina tsa thoriso ho Jehova le lithapelo tse kōpang mohau le thuso. Libuka tsena li tšelisitse bahlanka ba Molimo ba bangata haholo. Ho ekelletsa moo, Lipesaleme li na le boprofeta bo bongata bo re behang leseling ka ho eketsehileng ka Messia ea tlang. Liproverbia le Moeklesia li senola likarolo tsa bohlale ba bomolimo ka thuso ea lipolelo tse khutšoanyane, ha Sefela sa Salomone e le thothokiso e ntle ka ho fetisisa ea lerato e tletseng moelelo o tebileng oa boprofeta.
Libuka tse latelang tse 17—ho tloha ho Esaia ho ea ho Malakia—haholo-holo ke tsa boprofeta. Kaofela ha tsona li na le lebitso la mongoli. Bongata ba boprofeta bona bo se bo bile le phethahatso e babatsehang. Bo boetse bo supa liketsahalo tsa bohlokoa tsa mehleng ea rōna le nakong e tlang e haufi.
Ka hona Mangolo a Seheberu a fana ka motsoako o hlollang ka sebōpeho sa ’ona le mokhoa oo a ngotsoeng ka ’ona. Leha ho le joalo, kaofela a na le sehlooho se tšoanang. Boprofeta ba ’ona, ho lokolisa maloko, le liketsahalo tse hlakileng li khanya ka bohlale bo sebetsang le moelelo oa boprofeta.
Mangolo a Segerike a Bakreste—Peō ea Hlaha
Ho se ho fetile lilemo tse likete tse ’nè ho tloha ha motho a oela sebeng. Ka tšohanyetso ho hlaha Peō eo e leng khale e emetsoe, Messia, Jesu, holim’a lefatše! Mangolo a Segerike a Bakreste a tlaleha tšebeletso ea motho enoa ea hlahelletseng historing ea batho libukeng tse ’nè tse fapaneng empa e le tse lumellanang, tse bitsoang Likosepele. Libuka tsena ke Mattheu, Mareka, Luka, le Johanne.
Litlaleho tsee tsa Kosepele li bohlokoa hakaakang ho Bakreste! Li bolela mehlolo e makatsang ea Jesu, lipapiso tsa hae tse nang le moelelo, Thuto ea hae ea Thabeng, mohlala oa hae oa boikokobetso, kutloelo-bohloko ea hae le kutlo e felletseng ho Ntate oa hae, lerato la hae ho “linku” tsa hae, ’me qetellong lefu la hae la sehlabelo le tsoho e khanyang. Ho ithuta Likosepele ho aha ka ho rōna lerato le tebileng ho Mora oa Molimo. Ka holim’a tsohle, re atametsoa haufi le ea rommeng Kreste—Jehova Molimo. Litlaleho tsena li tšoanela ho baloa khafetsa.
Liketso tsa Baapostola e ntšetsa pele seo Likosepele li se siileng. E tlaleha ka lilemo tse qalang tsa phutheho ea Bokreste ho tloha linakong tsa Pentekonta ho ea ho tšoaroeng ha Pauluse Roma ka 61 C.E. Bukeng ena, re bala ka Setefane, moshoela-tumelo oa pele oa Mokreste, tšokoloho ea Saule, eo hamorao a fetohang moapostola Pauluse, ho bokelloa ha basokolohi ba pele ba Balichaba, le maeto a thabisang a Pauluse a boboleli. Litlaleho tsena lia thabisa li bile li haha tumelo.
Joale ho latela mangolo a 21 kapa liepistole. A pele a 14 a ngotsoeng ke Pauluse, a rehelletsoe ka Bakreste kapa liphutheho tseo a neng a romeloa ho tsona; a mang ’ona a rehelletsoe ka bangoli ba ’ona—Jakobo, Petrose, Johanne, le Juda. Mangolo ana a tletse letlotlo le lekaakang la keletso le khothatso! A akaretsa thuto le phethahatso ea boprofeta. A thusa Bakreste ho lula ba arohile tikolohong e khopo eo ba lokelang ho lula ho eona. A hatella tlhokahalo ea ho hlaolela lerato la boena le litšoaneleho tse ling tsa bomolimo. A beha mohlala bakeng sa tlhophiso e loketseng ea phutheho, tlas’a boeta-pele ba banna ba hōlileng moeeng.
Joalokaha Mangolo a Seheberu a qetella ka boitsebiso ba boprofeta, ho joalo le ka Mangolo a Segerike. Tšenolo, e ngotsoeng ke Moapostola Johanne hoo e ka bang ka 96 C.E., e kopanya likhopolo tsa boprofeta le sehlooho se seholo sa Bibele—ho halaletsoa ha lebitso la Jehova ka ’Muso oa hae oa Bomessia. Letoto la lipono tse hlakileng le tšoantša timetso ea makhotla a bolumeli, a ntoa, le a lipolotiki a tsamaiso e bolileng ea Satane. Makhotla ana a nkeloa sebaka ke motse oa puso ea Kreste, o lebisang tlhokomelo ea oona tlhophisong ea litaba tsa lefatše. Tlas’a puso ena ea ’Muso, Molimo o tšepisa ho “hlakola meokho eohle . . . lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”—Tšenolo 21:4.
Joale, na ho na le pelaelo leha e le efe ea hore Bibele ke lehakoe le se nang sekoli, le bonahatsang khanya ea Molimo? Haeba ha u e-s’o e bale kaofela, ke hobane’ng ha u sa qale ho etsa joalo hona joale? U tla khahloa ke tumellano ea eona, u rutoe ke bohlale ba eona, u susumetsoe ke botle ba eona, ’me u thabisoe ke molaetsa oa eona. Ka sebele ke “mpho e phethahetseng . . . e tsoang ho Ntate oa maseli a leholimo.”—Jakobo 1:17, NW.
[Chate e leqepheng la 28, 29]
LETHATHAMO LA LIBUKA TSA BIBELE
Le bontša mongoli, sebaka seo a ngoletseng ho sona, nako eo ho ngoloa ho phethiloeng ka eona, le nako e akaretsoang ke liketsahalo tsa buka eo.
Mabitso a bangoli ba libuka le libaka tse ling tseo ba ngoletseng ho tsona ha a tiisoe. Lilemo tse ngata ke tse hakantsoeng feela, letšoao a. le emela “ka mor’a,” b. e emela “pele ho,” ’me c. e emela “hoo e ka bang ka.”
Libuka tsa Mangolo a Seheberu (B.C.E.)
Sebaka Seo e
Ngoletsoeng Ho Ngoloa ho Nako e
Buka (Ba)Mongoli ho Sona Phethiloe ka Akarelitsoeng
Genese Moshe Lefeelleng 1513 “Tšimolohong”
ho ea ho 1657
Exoda Moshe Lefeelleng 1512 1657-1512
Levitike Moshe Lefeelleng 1512 Khoeli e le
’ngoe (1512)
Numere Moshe Lefeelleng/ 1473 1512-1473
Lithoteng
tsa Moabe
Deuteronoma Moshe Lithoteng 1473 Likhoeli tse
tsa Moabe peli (1473)
Joshua Joshua Kanana c. 1450 1473-c. 1450
Baahloli Samuele Iseraele c. 1100 c. 1450-
c. 1120
Ruthe Samuele Iseraele c. 1090 Lilemo tse 11
tsa puso ea
baahloli
1 Samuele Samuele; Iseraele c. 1078 c. 1180-1078
Gade;
Nathane
2 Samuele Gade; Iseraele c. 1040 1077-c. 1040
Nathane
1 Marena Jeremia Jerusalema/ 580 c. 1040-911
Juda
2 Marena Jeremia Jerusalema/ 580 c. 920-580
Egepeta
2 Likronike Esdrase Jerusalema (?) c. 460 1037-537
Esdrase Esdrase Jerusalema c. 460 537-c. 467
Nehemia Nehemia Jerusalema a. 443 456-a. 443
Esthere Mordekai Susane, Elame c. 475 493-c. 475
Jobo Moshe Lefeelleng c. 1473 Lilemo tse
fetang 140
pakeng tsa
1657 le 1473
Lipesaleme Davida le c. 460
ba bang
Liproverbia Salomone; Jerusalema c. 717
Agure;
Lemuele
Moeklesia Salomone Jerusalema b. 1000
Sefela Salomone Jerusalema c. 1020
sa Salomone
Esaia Esaia Jerusalema a. 732 c. 778-a. 732
Jeremia Jeremia Juda/Egepeta 580 647-580
Lillo Jeremia Haufi le 607
Jerusalema
Ezekiele Ezekiele Babylona c. 591 613-c. 591
Daniele Daniele Babylona c. 536 618-c. 536
Hosea Hosea Samaria a. 745 b. 804-a. 745
(Setereke)
Joele Joele Juda c. 820 (?)
Amose Amose Juda c. 804
Obadia Obadia c. 607
Jonase Jonase c. 844
Mikea Mikea Juda b. 717 c. 777-717
Nahume Nahume Juda b. 632
Habakuke Habakuke Juda c. 628 (?)
Sofonia Sofonia Juda b. 648
Haggai Haggai Jerusalema 520 Matsatsi a 112
(520)
Zakaria Zakaria Jerusalema 518 520-518
Malakia Malakia Jerusalema a. 443
Libuka tsa Mangolo a Segerike a Bakreste (C.E.)
Sebaka Seo e
Ngoletsoeng Ho Ngoloa ho Nako e
Buka Mongoli ho Sona Phethiloe ka Akarelitsoeng
Mattheu Mattheu Palestina c. 41 2 B.C.E.
–33 C.E.
Mareka Mareka Roma c. 60-65 29-33 C.E.
Luka Luka Cesarea c. 56-58 3 B.C.E.
–33 C.E.
Johanne Moapostola Efese, c. 98 Ka mor’a
Johanne kapa haufi kenyelle-
le eona tso,
29-33 C.E.
Liketso Luka Roma c. 61 33-c. 61 C.E.
Ba-Roma Pauluse Korinthe c. 56
1 Ba-Korinthe
Pauluse Efese c. 55
2 Ba-Korinthe
Pauluse Macedonia c. 55
Ba-Galata Pauluse Korinthe c. 50-52
kapa
Antioke
ea Syria
Ba-Efese Pauluse Roma c. 60-61
Ba-Filippi Pauluse Roma c. 60-61
Ba-Kolosse Pauluse Roma c. 60-61
1 Ba-Thessalonika
Pauluse Korinthe c. 50
2 Ba-Thessalonika
Pauluse Korinthe c. 51
1 Timothea Pauluse Macedonia c. 61-64
2 Timothea Pauluse Roma c. 65
Tite Pauluse Macedonia (?) c. 61-64
Filemone Pauluse Roma c. 60-61
Ba-Heberu Pauluse Roma c. 61
Jakobo Jakobo Jerusalema b. 62
(Ngoan’abo
Jesu)
1 Petrose Petrose Babylona c. 62-64
2 Petrose Petrose Babylona (?) c. 64
1 Johanne Moapostola Efese, c. 98
Johanne kapa haufi
le eona
2 Johanne Moapostola Efese, c. 98
Johanne kapa haufi
le eona
3 Johanne Moapostola Efese, c. 98
Johanne kapa haufi
le eona
Juda Juda Palestina (?) c. 65
(Ngoan’abo
Jesu)
Tšenolo Moapostola Patmose c. 96
Johanne