‘Ho Phela ke Ntse ke Hopotse Letsatsi la Jehova ka Mehla’
JOALOKAHA HO BOLETSE LYLE REUSCH
KAMOO ke hopolang ka teng, bophelo ba rōna ba lelapa bo ne bo likoloha tumelong e matla ea lefatše le lecha la ho loka le tlang. ’Mè le ntate ba ne ba ee ba re balle Bibele moo e buang ka “maholimo a macha le lefatše le lecha” le moo e buang ka hore ‘khomo e tla fula le bere, tau e fule joang joaloka pholo, moshanyana a li etelletse pele.’ Ba ile ba li etsa hore e be tsa sebele, ’me ke ile ka ba ka ipona eka ke moshanyana eo.—2 Petrose 3:11-13; Esaia 11:6-9.
Lilemong tsa bo-1890 ntate-moholo oa ka, August Reusch, o ile a ithuta linnete tsa motheo tsa Bibele ka ho ngollana le Charles T. Russell. O ile a bolela libakeng tse ngata tse haufi le ha habo le sebakeng sa Northwest Territory se Canada, seo joale se bitsoang Yorkton, Saskatchewan. O ne a eletsa bara ba hae nako le nako: “Bashemane, hlokomelang selemo sa 1914!” Kholiseho ea hore letsatsi la Jehova le haufi haholo e ile ea susumetsa Ntate hore a be le boikutlo ba ho potlaka boo a ileng a ba le bona bophelo ba hae bohle, ’me eo e bile tsela ea ka ea bophelo.
’Mè le Ntate e ne e le mohlala o motle tabeng ea ho amohela baeti ka mofuthu. Sehlopha sa thuto ea Bibele sa Saskatoon, Saskatchewan, Pokano ea Liithuti tsa Bibele se ne se kopanela lapeng leso ka mehla. Basebeletsi ba tsamaeang (ba neng ba nka maeto a bolumeli) hangata ba ne ba fihlela heso. ’Na le ngoan’eso, Verne, le khaitseli ea ka, Vera, re ile ra rua molemo moeeng. Ka linako tsohle re ne re na le pono ea sebele ka molaetsa oa ’Muso le tlhokahalo e potlakileng ea ho bolella ba bang ka ’ona. (Mattheu 24:14) Ke ne ke sa hlokomele hore lilemong tse latelang ke ne ke tla sebelisa karolo e khōlō ea bophelo ba ka ke ntšetsa pele mosebetsi oa bana ba nkang maeto a bolumeli ka hore ke sebeletse ke le molebeli oa potoloho oa Lipaki tsa Jehova.
Ka 1927, Ntate o ile a fallisetsa lelapa motseng oa Berkeley, California. Joale, nakong ea ho theoha ho hoholo ha matla a chelete ka 1933, ke ile ka fumana mangolo a sekolo se phahameng. ’Na le ngoan’eso Verne, re ile ra nka hore re lehlohonolo hore ebe re ile ra fumana mosebetsi fekthering ea Ford Motor Company e Richmond, California. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng nakong ea selemo ka 1935, ke ile ka nahana: ‘Haeba ke tlameha ho sebetsa ka thata, ho molemo hore ke sebetse ka thata hore ke etse ntho ea bohlokoa.’ Letsatsing leo ke ile ka nehelana ka lengolo la ka la ho tlohela mosebetsi, ’me letsatsing le latelang ke ile ka ngola lengolo la kōpo ea ho sebeletsa Bethele, ntlo-khōlō ea lefatše lohle ea Lipaki tsa Jehova, e Brooklyn, New York. Ka mor’a hore ke be teng kopanong e thabisang, Washington, D.C., ka June 1935, ke ile ka amoheloa bakeng sa tšebeletso ea Bethele.
Tšebeletso ea Bethele
Nathan Knorr, mookameli oa fektheri, o ile a nkabela ho sebetsana le ho hlokomela mohaho. Ke ne ke sebetsa ke le mong. Kaha ke ne ke sa le mohlankana ea lilemo li 20, ke ile ka ikutloa ke le motho oa bohlokoa. Ke ne ke lalasa karolong efe le efe ea fektheri, ’me ho ne ho se ea mpotsang hore na ke etsa’ng. Moena Knorr o ne a ananela tsela eo ke neng ke etsa mosebetsi oa ka ka eona, empa o ile a hlokomela bothata bo boikutlong ba ka. O ile a sebetsa ka thata bakeng sa ho mphehella hore ke be le boikokobetso.
Leha ho le joalo, ho ile ha feta nako e telele pele ke hlokomela hore Moena Knorr o ne a hlile a leka ho nthusa. Kahoo ke ile ka soabela boikutlo ba ka ’me ka bontša boikemisetso ba ho ntlafatsa. Eo e bile qaleho ea kamano ea nako e telele, le e mofuthu pakeng tsa ka le Moena Knorr, eo ka January 1942 e ileng ea e-ba mookameli oa boraro oa Mokhatlo oa Watch Tower.
Ka ntle le ho etsa mosebetsi oa ho hlokomela mohaho, ke ile ka ithuta ho sebelisa mechini e mengata lefapheng le etsang libuka kapa ho thusa ho e sebelisa. Ka mor’a nako ke ile ka etsa mosebetsi oa ofisi, ke ne ke ngola le ho romela liodoro tsa mosebetsi fekthering eohle. Nako ea selemo le lehlabula selemong sa 1943 e ne e le linako tsa mosebetsi o mongata ka ho khethehileng le tse thabisang. Lefatše le ne le le bohareng ba Ntoa ea II ea Lefatše, ’me Lipaki tsa Jehova li ile tsa mamella ho hlekefetsoa, ho tšoaroa, ho kenngoa literonkong ka mefuta eohle ea liqoso tse se nang toka. Ka 1940 Lekhotla le Phahameng la U.S. le ne le ntšitse taelo ea hore likolo li qobelle liithuti hore li lumelise folaga. Sena se ile sa hlahisa leqhubu la pefo linaheng tse 44 ho tse neng li le 48 ka nako eo. Bana ba Lipaki ba ile ba lelekoa likolong, batsoali ba ile ba tšoaroa, ’me lihlopha tsa mahoo-hoo li ile tsa lelekela Lipaki ka ntle ho toropo. Batho ba ile ba thunngoa, ba bang ba ile ba tlotsoa ka sekontiri ba ba ba koaheloa ka masiba.
Ha Lipaki tsa Jehova li ntse li itoanela makhotleng, boholo ba lingoliloeng tsa litaelo tse entsoeng ke lekhotla, litokomane tseo ’muelli oa molao a fanang ka tsona lekhotleng pele a ea nyeoeng, le litokomane tse entsoeng ke basebetsi ba lefapha la molao la Mokhatlo li ile tsa tla ho ’na hore ke li hatise. Kaofela ha rōna re ile ra sebetsa lihora tse telele ka mor’a nako ea mosebetsi e le hore re ka phetha mosebetsi ka nako e behiloeng. Likahlolo tsa Lekhotla le Phahameng ka May le June ka 1943—ha Lipaki tsa Jehova li hlōla linyeoe tse 12 ho tse 13—e ile ea e-ba tlaleho e hlahelletseng historing ea molao. Ke thabela hore ke ile ka lemoha ka mokhoa o tobileng kamoo Jehova a ileng a bula tsela bakeng sa ho sireletsa le ho thea litaba tse molemo ka molao.—Ba-Filippi 1:7, NW.
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Mehleng eo, ka litsela tse ling re ne re sa itlhomella hantle bakeng sa ho phethahatsa mosebetsi o moholo o boletsoeng esale pele ho Mattheu 24:14, e leng, ‘ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle pele bofelo bo tla.’ Moena Knorr, joaloka mookameli oa Mokhatlo, o ile a bona tlhokahalo ea hore ho be le lenaneo la thuto. ’Na hammoho le baena ba bang bao e leng litho tsa lelapa la Bethele, ke ile ka fumana memo ea ho ngolisa bakeng sa “Thuto e Tsoetseng Pele ea Tšebeletso ea Puso ea Molimo.” Qetellong e ile ea fetoha Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, se ’nileng sa ba teng liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova ho tloha ka 1943.
Re ile ra kopanela ka kamoreng ea pokano ea lelapa la Bethele ka ’Mantaha mantsiboea, ka la 16 February, 1942, ’me Moena Knorr o ile a fana ka puo ea pele ea taeo. Sehlooho sa puo ea hae se ne se re “Libuka tse Ngotsoeng ka Letsoho tsa Bibele.” Moena T. J. Sullivan e ne e le molebeli oa sekolo ’me o ile a re fa keletso e re thusang ho ntlafatsa. Ka mor’a nako ke ile ka fuoa kabelo ena ea ho ba molebeli oa sekolo sa Bethele, eo ke ileng ka e nka e le tokelo e khōlō. Empa hape e ne e le nako ea ho fumana taeo.
Ke ne ke ile ka tšoaea moena e mong ea hōlileng liphoso ka ho tlōlisa ’me ka se ke ka bontša tlhompho e loketseng, kahoo Moena Knorr o ile a mpolella ka ho toba a re: “Ha ho motho ea ratang ha u sebelisa matla a hao ka mokhoa o khopisang.” Ha a se a ntlhaloselitse taba ena ka ho hlaka ’me ke se ke bile ke hlabiloe ke lihlong, mahlo a Moena Knorr a maholo a masootho a ile a bontša khauho. Ka lentsoe le mosa, o ile a bala Pesaleme 141:5: “Ea lokileng a ke a nkotle; hoo e tla ba mosa: ’me a ke a nkhalemele; hoo e tla ba oli ea boleng bo phahameng, e ke keng ea nkhakhaphehisa hlooho.” (King James Version) Ke ’nile ka sebelisa temana eo hangata ha e se e le boikarabelo ba ka ho fa ba bang keletso ea hore ba ntlafatse moo ba fositseng.
Pele Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se qala, ke ba ’maloa feela ho rōna ba neng ba e-na le monyetla oa ho bua phatlalatsa hangata. Ha Moena Rutherford a e-shoa, Moena Knorr o ile a sebetsa ka thata ho ntlafatsa matla a hae a ho bua. Kamore ea ka ea Bethele e ne e le hantle feela ka tlas’a moo a neng a lula, ’me ke ne ke ee ke mo utloe ha a ikoetlisetsa nehelano ea hae. O ne a bala puo ea phatlalatsa ka lentsoe le phahameng ka makhetlo a mangata, e reng “Khotso—Na e ka Tšoarella?” pele a fana ka eona kopanong ea Cleveland ka 1942.
Tseleng
Ka mor’a hore ke sebeletse Bethele ka lilemo tse 13, Moena Knorr o ile a mpha kabelo ea ho sebeletsa tšimong joaloka molebeli oa setereke. Ha a mpha litaelo mabapi le kabelo ea ka e ncha, o itse: “Lyle, kajeno u na le monyetla oa ho lemoha ka ho tobileng kamoo Jehova a sebelisanang le batho ba hae ka teng.” Ke ile ka qalisa mosebetsi oa ka oa ho ba molebeli ea tsamaeang ka May 15, 1948, ke ntse ke hopola sena ’me ke ne ke nkile mekotla e ’meli ea liphahlo ka letsoho. Pele ke qala mosebetsi oa setereke, ke ile ka sebeletsa joaloka molebeli oa potoloho ka likhoeli tse seng kae.
Sehlopha sa pele, kapa phutheho, seo ke ileng ka se sebeletsa ke sehlopha se senyenyane sa mahaeng se sebakeng sa Waseca, Minnesota. Ke ne ke ile ka ngolla Dick Cain esale pele, e leng mohlanka oa sehlopha (joalokaha molebeli ea okamelang a ne a bitsoa ka nako eo), hore a tl’o nkhahlanyetsa tereneng. E ne e le pula-maliboho ea khethehileng, ’me e le hore a ka fokotsa litšenyehelo, o ne a sa tsoa falla kamoreng eo a neng a e hirile, eo a neng a lula ho eona mariha, a falletse tenteng, eo e neng e le sebaka seo a lulang ho sona lehlabula. Leha ho le joalo, Minnesota ka May ha e e-s’o be nako ea lehlabula hantle! Bosiung boo, ha ke ntse ke qhaqhasela ka tenteng, ke ile ka ipotsa hore na ha e le hantle kea tšoaneleha bakeng sa ho phela ka tsela ena. Ke ile ka qeta libeke ke tšoeroe ke sefuba se matla, empa ke ile ka fola.
Lilemong tseo tsa pele ha ke ne ke etela liphutheho tse fapaneng le lipotoloho, ke ne ke lula malapeng a baena ’me ke ne ke sa lule sebakeng se le seng halelele. Ke ile ka fumana kamohelo ea mefuta e sa tšoaneng, ho akarelletsa le ho robala fatše ka kichineng holim’a litulo tsa ka kamoreng ea ho phomola tse kang libethe, likamoreng tse leng mokatong o ka holimo-limo le tse chesang tse se nang moea o hloekileng. Ka linako tse ling ke ile ka lula malapeng ao ho ’ona setho se seng sa lelapa se neng se hanyetsa seo re se lumelang. Sebakeng sa Wisconsin monna ea sa lumelang o ne a ncheba hampe beke eohle ha ke ne ke kena le ho tsoa lelapeng la hae. Bosiung boo ka bona a ileng a fihla hae a tahiloe, ke ile ka mo utloa a etsa tšoso ea ho “thunya ’nyeo eo,” ke ile ka etsa qeto ea ho tsamaea. Empa ke ne ke batla ke hlaheloa ke lintho tse sa thabiseng seoelo ’me li ne li etsa hore ke thabele kabelo ea ka le ho feta. Ke lintho tseo hamorao li ileng tsa ntšehisa.
Ke Fumana Molekane
Ke hopola hantle. Kopanong ea potoloho e neng e tšoaretsoe Tiffin, Ohio, ke ile ka kopana le moroetsana e motle, ea mahlo a masoothoana, Leona Ehrman, oa Fort Wayne, Indiana. Le eena o ne a hōletse tumelong ea Bokreste ’me e ne e bile pula-maliboho ea tšepahalang ka lilemo tse ’maloa. Ho tsamaea ka mehla ha hoa ka ha bula monyetla bakeng sa lefereho, empa re ile ra tsoela pele ho ngollana. Joale, ka 1952, ke ile ka ’motsa, “Na u tla ba molekane oa ka oa lenyalo?” eaba o re: “E, ke tla ba eena!” ’me ho ile ha fela ha ba joalo. Re ile ra nyalana. Hangata batho ba ’nile ba re botsa hore na ke hobane’ng ha re sa lule fatše re be le lehae ’me re thee lelapa, empa re ba bolella hore ha e le hantle re na le lelapa—banab’abo rōna, bo-ntate, le bo-’mè linaheng tse ka bang 44 tseo re ’nileng ra sebeletsa ho tsona.—Mareka 10:29, 30.
Ba bang ba ’nile ba re botsa, ‘Na ha le e-s’o khathale ’me le ikutloe eka le batla ho tlohela?’ E, ho ’nile ha ba joalo ka makhetlo a fetang le le leng. Empa pakeng tsa rōna re le babeli, ha e mong a ikutloa a nyahame, e mong oa mo tšehetsa. Ka nako e ’ngoe ke bile ka ngolla ngoan’eso, Verne, ke ’motsa hore na ho na le monyetla oa hore ke sebetse le eena mosebetsing oa hae oa ho ferefa. O ile a nkarabela ka hore haesale a lebelletse seo hobane re ne re le metsoalle e haufi ha re hōla. Leha ho le joalo, o ile a nkeletsa hore ke hlahlobisise qeto ea ka ka hloko. Eaba ke hopola mantsoe ao Moena Knorr a neng a a pheta-pheta ho litho tsa lelapa la Bethele: “Ha ho hloke boiteko bo bokaalo ho tlohela; empa hore u khomarele kabelo ea hao ho hloka sebete le botšepehi.” Eo e ne e ntse e le keletso e molemo.
Ha ho molebeli ea tsamaeang ea nyetseng ea neng a ka khomarela kabelong ea hae ka nako e telele ka ntle ho mosali ea tšepahalang le ea mo tšehetsang, joalokaha Leona a ipakile a le joalo ho ’na. Botho ba hae bo mofuthu le bo lerato le boikutlo bo bontšang thabo ka mehla liphuthehong bo entse hore a ratoe ke ba likete. Ha ke khathale ke ho ’molella kamoo ke mo ratang ka teng. E leng seo ke kholisehileng hore le sona se mo thusa ho khomarela mosebetsi.
Bopaki ba Tlhohonolofatso ea Jehova
Mosebetsi oa sehlooho oa molebeli oa setereke o amana haholo le kopano ea potoloho, moo a sebeletsang e le molula-setulo, sebui sa phatlalatsa, le molebeli oa sekolo beke ka ’ngoe. Tlhohonolofatso ea Jehova tokisetsong ena e bonahala tabeng ea hore likopanong tsa potoloho tse makholo tseo ke ’nileng ka ba molebeli oa tsona, ha ho le e ’ngoe e ileng ea hlōleha ho tšoaroa. Ke ’nete, tse ling li ’nile tsa sitisoa, empa ha ho le e ’ngoe e sa kang ea tšoaroa.
Sebakeng sa Wooster, Ohio, nakong ea selemo ka 1950, nakong eo ka eona ke neng ke kōpa hore ho binoe pina e koalang lenaneo la Moqebelo mantsiboea, sehlopha sa mahoo-hoo a bahanyetsi ba fetang sekete se ile sa bokana ka ntle ho holo eo kopano e neng e tšoaretsoe ho eona. Sehlopha sena se ne se tlile le mabokose a tšetseng mahe a bolileng hore se re betse ka ’ona ha re tsamaea. Kahoo re ile ra lemoha boemo bona ’me ra ntšetsa pele lenaneo ka lipina, liphihlelo, le lipuo tsa Bibele tsa tšohanyetso. Lipaki tsena tse 800 li ile tsa lula li khutsitse ’me li mamelletse.
Ka hora ea bobeli hoseng, ho ne ho bata ka ho fetelletseng. Joalokaha eka re lokisetsa ho tsamaea, bahlokomeli ba ile ba ntša mathopo ’me ba hlatsoa mahe a neng a pshatlehetse tseleng e ka pele. Sehlopha sa mahoo-hoo se ile sa bokana hape, sa tloha seemelong sa libese se haufi moo ho futhumetseng. Empa bahlokomeli ba ile ba sebetsa litaba ka tsela e fapaneng, ’me re ile ra qhala bamameli ka mokhoa o khutsitseng ba tsoa ka monyako o ka morao. Bohle ba ile ba fihla likoloing tsa bona ba sireletsehile. Tšitiso ea sehlopha sa mahoo-hoo e ile ea e-ba teng likopanong tse ling tsa Ohio, e leng Canton, Defiance, le Chillicothe. Empa pefo ea mahoo-hoo e ne e ntse e fokotseha, kaha liqeto tsa Lekhotla le Phahameng la U.S. tse re tšehetsang li ne li qala ho ba le tšusumetso ho ba se nang molao.
Ka mor’a nako ho kula ho ile ha etsa hore ke etse phetoho. Kahoo bohareng ba lilemo tsa bo-1970, ka mosa Mokhatlo o ile oa nkabela ho sebeletsa joaloka molebeli oa potoloho sebakeng se ka boroa ho California moo liphutheho li atamelaneng le moo libaka tsa tlhokomelo ea bophelo bo botle li fumanehang habonolo. Le hoja mesebetsi ea molebeli oa setereke e akarelletsa ho tsamaea haholoanyane le ho hlokomela lipotoloho tse ngata, mesebetsi ea molebeli oa potoloho e akarelletsa ho lokisetsa likopano tsa potoloho le ho aba likarolo tsa lenaneo le ho mamela hore na li tla fanoa joang kopanong. Ho phaella moo, ho hlokahala hore ho lokisetsoe Likolo tsa Tšebeletso tsa Bopula-maliboho le ho li tsamaisa. Kahoo mosebetsi oa balebeli ba tsamaeang, ebang ke ba setereke kapa ba potoloho, ke tsela ea bophelo ea nako e tletseng le e putsang.
Ke Ntse ke Lebelletse Letsatsi la Jehova
Kamoo ke hopolang ka teng lilemong tse fetang 70 tse fetileng, ke ’nile ka ba le boikutlo bo matla ba ho potlaka. Ke ’nile ka nahana hore Harmagedone e tla tla letsatsing le latelang la hosesane. (Tšenolo 16:14, 16) Joaloka ntate, le ntate oa hae, ke ile ka phela bophelo ba ka joalokaha moapostola a re phehella, ke ‘ntse ke hopotse ho ba teng ha letsatsi la Jehova ka mehla.’ Ke ’nile ka nahana hore lefatše le lecha le tšepisitsoeng ke ‘ntho ea sebele le hoja e e-s’o bonoe.’—2 Petrose 3:11, 12, NW; Ba-Heberu 11:1.
Tebello ena e ’nileng ea kenngoa ka ho ’na ho tloha boseeng e tla phethahatsoa haufinyane. “Khomo e tla fula le bèrè,” “tau e fule joang joaloka pholo,” le “ngoana oa lesea a li etelle pele.” (Esaia 11:6-9, BPN) Litšepiso tse joalo tse thobang pelo li tiisoa ke mantsoe a Jesu a eang ho Johanne a ho Tšenolo 21:5: “Ea lutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha. A ntoo re ho ’na: Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.”