Lithapelo Tseo ka Sebele li Tlang ho Arabeloa
HO NA le lithapelo tseo ka sebele li tlang ho arabeloa. Mofuta oa tsona o tšoantšitsoe mohlaleng oo Jesu Kreste a o fileng barutuoa ba hae ha a ne a re: “Ha ho le joalo, lōna rapelang tjena: Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe; ’Muso oa hao o tle; thato ea hao e etsoe lefatšeng joaloka leholimong.”—Mattheu 6:9-13, BPN.
Mantsoe ao a thapelo ea Jesu ea mohlala a ’nile a phetoa hangata ka makhetlo a limillione. Le hoja Kreste a ne a sa lebella hore balateli ba hae ba ’nete ba pheta-phete feela thapelo e joalo, likōpo tsa bona tse hlalosang maikutlo a tšoanang ka sebele li tla arabeloa. (Mattheu 6:7, 8) Kahoo, ho bolela eng ho halaletsa lebitso la Molimo? Ke hobane’ng ha ho rapelloa ’Muso oa oona hore o tle? ’Me ke hobane’ng ha ho kōptjoa hore thato ea Molimo e etsoe?
“Lebitso la Hao le Halaletsoe”
Jehova, “ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše kaofela,” ke Eo Jesu a neng a bua ka eena e le “Ntat’a rōna ea maholimong.” (Pesaleme ea 83:18, NW) Molimo e bile “ntate” oa Baiseraele ka ho ba lokolla botlamuoeng Egepeta le ka ho kena kamanong ea selekane le bona. (Deuteronoma 32:6, 18; Exoda 4:22; Esaia 63:16) Kajeno, Bakreste ba tlotsitsoeng ba na le tlhompho e lerato bakeng sa Jehova joaloka Ntate oa bona. (Ba-Roma 8:15) ’Me metsoalle ea bona, e nang le tšepo ea lefatšeng, ka ho tšoanang e rapela Jehova Molimo joaloka Ntate oa bona.—Johanne 10:16; Tšenolo 7:1-9.
Empa ke hobane’ng ha ho rapeloa hore lebitso la Molimo le halaletsoe? Haesale ho tloha ha batho ba babeli ba pele ba rabela tšimong ea Edene, qoso e ’nile ea phaelloa holim’a lebitso la Molimo. Karabelong ea thapelo e joalo, Jehova o tla tlosa thohako eohle e ’nileng ea phaelloa holim’a lebitso la hae la khopotso. (Pesaleme ea 135:13) O tla etsa sena ka ho tlosa bokhopo lefatšeng. Mabapi le nako eo, Molimo o itse ka moprofeta Ezekiele: “Ke tla itlotlisa, ke be ke ikhalaletse, ke itsebahatse mahlong a lichaba tse ngata; ’me ba tla tseba hoba ke ’na Jehova.”—Ezekiele 38:23.
Jehova Molimo oa halalela ’me o hloekile. Ka hona lebitso la hae le lokela ho halaletsoa, kapa le nkuoe e le le halalelang. O tla bontša ho halalela ha hae ka ho nka khato ea ho ikhalaletsa pel’a pōpo eohle. (Ezekiele 36:23) Ba lakatsang ho fumana mohau oa hae le bophelo bo sa feleng ba lokela ho hlompha Jehova ka tšabo e nang le tlhompho ’me ba halaletse lebitso la hae ka ho le boloka le khethehile ’me le phahame mabitsong a mang kaofela. (Levitike 22:32; Esaia 8:13; 29:23) Ka baka leo, Jesu o ile a bolella balateli ba hae ho rapela: “Lebitso la hao le halaletsoe” kapa “le bolokoe le halalela; le nkuoe joaloka le halalelang.” Re ka kholiseha hore Molimo o tla arabela karolo ena ea thapelo ea Jesu ea mohlala.
“’Muso oa Hao o Tle”
Jesu o ile a boela a bolella balateli ba hae ho rapela: “’Muso oa hao o tle.” Lithapelo tsa hore ’Muso oa Molimo o tle ka sebele li tla arabeloa. ’Muso ke bobusi ba Jehova ba bokahohleng joalokaha bo bontšitsoe ke ’muso oa Bomessia matsohong a Mora oa ’ona, Jesu Kreste, le metsoalle ea hae ea “bahalaleli.” (Daniele 7:13, 14, 18, 22, 27; Esaia 9:6, 7) Lipaki tsa Jehova li ile tsa paka ho tloha khale ho tsoa Mangolong hore Jesu o behiloe teroneng joaloka Morena oa leholimo ka selemo sa 1914. Ke hobane’ng, joale, ha e mong le e mong a lokela ho rapela hore ’Muso “o tle”?
Ha e le hantle ho rapella ho tla ha ’Muso ho bolela ho kōpa hore o tle khahlanong le bohle ba hanyetsang bobusi ba Molimo lefatšeng. Haufinyane “’muso [oa Molimo] . . . o tla robaka o felise mebuso eo [ea lefatše] kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44) Ketsahalo ena e tla tlatsetsa ho halaletseng lebitso la Jehova le halalelang.
“Thato ea Hao e Etsoe”
Jesu ha a tsoela pele o ile a laela barutuoa ba hae ho rapela: “Thato ea hao e etsoe lefatšeng joaloka leholimong.” Ena ke kōpo ea hore Jehova a nke khato tumellanong le thato ea hae bakeng sa lefatše. E tšoana le polelo ea mopesaleme: “See a se ratang kaofela, Jehova o se etsa maholimong le lefatšeng, maoatleng le malibeng kaofela. Ke eena ea tsosang maru lipheletsong tsa lefatše, ea nesang lipula ka lialuma, ea ntšang meea lipolokelong tsa hae; ke eena ea neng a otle matsibolo a Egepeta, ho qala ka batho ho isa ho makhomo. Har’a uena, Egepeta, o hlahisitse lipontšo le mehlolo e kileng ea loantša Faro le bahlanka ba hae kaofela. Ke eena ea timelitseng lichaba tse ngata, a bolaea marena a matla.”—Pesaleme ea 135:6-10.
Ho rapella hore thato ea Jehova e etsahale lefatšeng ke kōpo ea hore a phethe merero ea hae mabapi le qitikoe ena. Hona ho kopanyelletsa ho tlosa bahanyetsi ba hae ka ho sa feleng, joalokaha a ile a ba tlosa ka tekanyo e nyenyane mehleng ea boholo-holo. (Pesaleme ea 83:9-18; Tšenolo 19:19-21) Lithapelo tsa hore thato ea Jehova e etsoe ho pholletsa le lefatše le bokahohleng ka sebele li tla arabeloa.
Ha ’Muso o Busa
Ho e-na le bokhopo boo joale bo aparetseng mokhatlo oa batho, ke eng se ka lebelloang ha ’Muso oa Molimo o busa ’me thato ea Molimo e etsoa lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong? Ho ea ka moapostola Petrose, ho na le “maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” (2 Petrose 3:13) “Maholimo a macha” ke matla a lokileng a moea a busang—Jesu Kreste le majalefa ’moho le eena ’Musong oa leholimo a 144 000. (Ba-Roma 8:16, 17; Tšenolo 14:1-5; 20:4-6) “Lefatše le lecha” hase qitikoe e ’ngoe ea lefatše. Ho e-na le hoo, ke mokhatlo o lokileng oa batho ba phelang lefatšeng.—Bapisa le Pesaleme ea 96:1.
Ka tlas’a puso ea ’Muso, lefatše le tla fetoleloa paradeiseng ea lefatše lohle. (Luka 23:43) Joale khotso ea ’nete le nala li tla thabeloa ke moloko oa batho bohle ba utloang. (Pesaleme ea 72:1-15; Tšenolo 21:1-5) U ka ba har’a matšoele ao a thabileng haeba u le ’muelli ea tšepahalang oa puso ea Bomessia holim’a bafo ba lefatšeng ba ikokobelitseng. Babuelli ba puso e joalo ka botšepehi ba rapella ho halaletsoa ha lebitso la Jehova, ho tla ha ’Muso oa hae, le ho etsahala ha thato ea hae. Lithapelo tsa bona tse tlohang pelong ka sebele li tla arabeloa.