Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 9/15 maq. 24-27
  • Masimo a Soeufaletse Kotulo Brazil

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Masimo a Soeufaletse Kotulo Brazil
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Bo-pula-maliboho ba Nka Karolo Kotulong
  • Tšusumetso ea Baruti e Ama Kotulo
  • Boiteko bo Tsoelang Pele bo Ile ba Hlahisa Mahlohonolo
  • Bophelo Boa Fetoloa
  • Kopanela ka ho Felletseng Kotulong
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 9/15 maq. 24-27

Masimo a Soeufaletse Kotulo Brazil

“PHAHAMISANG mahlo, le bone hore masimo a soeufaletse kotulo. Mokotuli o se a amohela moputso, ’me lijo o li bokellela bophelo bo sa feleng.” (Johanne 4:35, 36, BPN) Mantsoe ao a Jesu Kreste a boprofeta ke ’nete kajeno libakeng tse hōle tsa naha e nammeng ea Brazil e Amerika Boroa.

Ka lilemo tse ngata Lipaki tsa Jehova Brazil li ’nile tsa thabela keketseho e ntle. Ka April 1990, bakotuli ba ’Muso ba ileng ba fihlela tlhōrō ea 308 973 ba ile ba khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 401 574. Ka la 3 March, 1991, batho ba 897 739 ka kakaretso ba ile ba kopana ho ikhopotsa lefu la Jesu, eena ea qalileng mosebetsi oa kotulo.

Ho sa tsotellehe liphello tse ntle hakaalo, karolo ea tšimo ea bona e ntse e emetse ho kotuloa. Batho ba ka holimo ho limillione tse hlano ba phela libakeng tsa Brazil moo mosebetsi oa boboleli o etsoang ke Lipaki tsa Jehova o fokolang haholo kapa o leng sieo ho hang. Ho etsoa eng ho atolosetsa kotulo libakeng tsee?

Bo-pula-maliboho ba Nka Karolo Kotulong

Nakong ea likhoeli tse tšeletseng, ofisi ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower e Brazil e ile ea romela baboleli ba nako e tletseng ba ’Muso—bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ba 100 le bo-pula-maliboho ba ka mehla ba 97—litoropong tse 97, boholo ba tsona li le karolong e ka bochabela ea naha e nang le baahi ba bangata. Bahoeletsi ba ’Muso ba tsoang liphuthehong tse fapa-fapaneng le bona ba ile ba ithaopela ho sebetsa libakeng tsena ka nako e khutšoaane. Ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba tlameha ho a hlōla, liphello e bile tse thabisang.

Ka mohlala, São João da Ponte, seterekeng sa Minas Gerais, bo-pula-maliboho ba ile ba etela tichere e rutang thuto ea bolumeli sekolong se seng hona moo. Ka mor’a ho utloa molaetsa, tichere eo e ile ea odara likopi tse 50 tsa buka Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona bakeng sa sehlopha sa eona sa katikisema. Tichere e ’ngoe e ile ea bolella bo-pula-maliboho ba neng ba se ba le haufi le ho tsamaea: “Ha lea lokela ho tsamaea, kaha le etsa mosebetsi o motle haholo mona. Ke lōna feela ba ka fanang ka tlhaloso e hlakileng ea Bibele.”

Hase e mong le e mong ea neng a thabela mosebetsi ona o motle. Ka mohlala, nahana ka lengolo le ileng la hatisoa koranteng ea hona moo (Diário de Montes Claros) tlas’a sehlooho se leqepheng la pele “Moruti o Qosoa ka ho Hlohlelletsa Pefo le Khethollo.” Lengolo le ne le re: “Ka kerekeng, [moruti] o na le tloaelo ea ho nyatsa batho ba latelang lihlotšoana tsa bokhelohi le malumeli a mang, esita le hoja baruti ba moo ba sa fane ka tataiso e lekaneng ea Bok’hatholike le Bokreste Kosepeleng ea ba tšepahalang. ’Miseng, o ile a bua basebeletsi ba Lipaki tsa Jehova ba toropong ena hampe, le hoja ba sa tšoare Mak’hatholike hampe.” Mongoli oa sehlooho seo (setsebi sa thuto ea bolumeli), a sa bontše bora bo joalo, o ile a ba teng puong ea Bibele e neng e fanoa ke bo-pula-maliboho ’me o ile a tla le ba bang ba thahasellang. Kaofela ha bona ba ile ba thabela liboka.

Baena ba bane ba tsoang Fortaleza ba ile ba tla Sehleke-hlekeng sa Fernando de Noronha ka sefofane, lik’hilomithara tse 400 ho tloha motseng o mong. Baahi ba 1 500 ba sehleke-hleke seo ba ne ba e-s’o fumane bopaki bo botle ka lilemo tse ka holimo ho 15. Ka matsatsi a leshome baena ba ile ba tsamaisa libuka tse 50 le limakasine tse 245 le libukana tse boholo ba makasine, ’me ba ile ba qalisa lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 15. Batho ba leshome le metso e ’meli ba ile ba ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste, se ileng sa ba nakong ea ketelo ea bona. Bo-pula-maliboho ba tšepa hore ka thuso ea Jehova haufinyane mosebetsi o tla hlomamisoa ka tieo moo. Baena ba bang ba nahanne ho fallela sehleke-hlekeng sena.

Tšusumetso ea Baruti e Ama Kotulo

Sehlopha sa bahoeletsi ba ’Muso ba Phutheho ea Arpoador e Rio de Janeiro se ile sa ithaopela ho qeta libeke tse peli se bolela litoropong tse ’maloa motseng oa Minas Gerais, o ka bang lik’hilomithara tse 200 ho tloha moo. Se ile sa thabela ho fumana hore batho ba moo ba rata ho amohela baeti ’me ba mosa. Banna ba ne ba e-na le tloaelo ea ho phahamisa likatiba tsa bona nako le nako ha ho buuoa ka Molimo kapa ka lebitso la oona, Jehova. Leha ho le joalo, ka lebaka la tlhompho ea bona e tebileng ho Molimo, ba ne ba susumetsoa habonolo ke baruti.

Toropong e ’ngoe moruti o ile a lemosa batho hore ba se mamele Lipaki tsa Jehova kapa ba se be teng libokeng tseo Lipaki li neng li rerile ho li tšoara. O ile a boela a lokisetsa hore ’Misa o khethehileng o be teng ka nako e tšoanang le ea liboka, ’me ’Misa o ile oa phatlalatsoa ka lerata le leholo ka sebuela-hōle ka ntle ho kereke ea hae. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boiteko ba hae, baahi ba moo ba 21 ba ile ba ba teng sebokeng, ho phaella ho baeti.

Toropo e haufi e ne e fapane le eo ka ho felletseng. Moo moruti o ile a bolella batho hore ba mamele ha Lipaki li ba etela. Phello e ile ea ba hore ba 168 ba ile ba ba teng libokeng tsa pele. Hamorao, moruti o ile a ba bolella hore ba hlokomele kamoo Lipaki tsa Jehova li ketekang Sehopotso ka teng hobane, joalokaha moruti a ile a bolela, “li se keteka ka tsela e loketseng.” Nakong ea libeke tse peli tsa mosebetsi oa boboleli ba ’Muso sebakeng sena, ho ile ha abuoa libuka tse 1 014 le limakasine le libukana tse boholo ba makasine tse 1 052.

Boiteko bo Tsoelang Pele bo Ile ba Hlahisa Mahlohonolo

Khoeli hamorao bahoeletsi ba ’Muso ba 34 ba ile ba khutla ho tla khanna lithuto tsa Bibele tseo ba neng ba ile ba li qala ketelong ea bona ea pele. Moholo oa Mokreste ea neng a etelletse pele o ile a ngola: “Ho ne ho thabisa ho bona batho ba thahasellang ba re amohela ka liteboho le ka meokho ea thabo mahlong a bona.” Khaitseli e mong o sa hopola hore mosali e mong o ile a tla ho eena le Lipaki tse ling ha ba ntse ba e-ja lijo tsa motšehare “a sekisitse meokho ’me a kōpa hore re tl’o ithuta le eena.” Mosali e mong o ile a ithuta hararo ka beke nakong eo Lipaki li neng li le moo ka eona. Lekhetlong ka leng, o ne a lokiselitse hantle ’me a emetse hore ho qalisoe thuto. Mosali eo o ile a bolela hore o ne a qalile ho rapela Molimo oa ’nete, Jehova. O ile a eketsa: “Pelong ea ka sena ke sona seo e leng khale ke se emetse.”

Hamorao, bo-pula-maliboho ba babeli ba ile ba abeloa ho ea thusa batho ba nang le thahasello sebakeng seo. Joaloka lekholong la pele la lilemo C.E., “ba neng ba e-na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng ba ile ba fetoha balumeli.” (Liketso 13:48, NW) ’Me joaloka mosali oa Mosamaria eo Jesu a ileng a mo fa bopaki selibeng sa Jakobo, ba ile ba qala ho bolella ba bang seo ba ithutileng sona. (Johanne 4:5-30) Kajeno bo-pula-maliboho ba babeli le ba bang ba tšeletseng ba sebetsang le bona, le batho ba 20 ka kakaretso ba ba teng libokeng tsa beke le beke.

Ba susumetsoa ke katleho ea mosebetsi ona o khethehileng, bahoeletsi ba 29 ba Phutheho ea Arpoador ba ile ba ea bolela toropong ea Mutum, lik’hilomithara tse ka bang 500 ho tloha moo. Moholo ea neng a tsamaisa sehlopha sena o itse: “Ka sebele kamohelo e ne e le e khethehileng. Batho ba bangata ba ile ba mamela ka hloko le ka thahasello hoo ho ileng ha qalisoa lithuto tsa Bibele tse 170, ’me re ikutloa hore tse ngata tsa tsona li tla tsoela pele.” Ka libeke tse peli bahoeletsi ba ile ba etsa mosebetsi oa boboleli ka nako e ka etsang kakaretso ea lihora tse 90 mohoeletsi ka mong ’me ba tsamaisa lingoliloeng tse ka bang 1 100 ho batho bao. Ba etsang tlhōrō ea ba 181 ba ile ba ba teng lipuong tsa phatlalatsa tse neng li fanoa ke baena.

Likhoeli tse ’maloa hamorao, phutheho e ile ea hira ntlo e ntle bohareng ba Mutum ho e sebelisa e le Holo ea ’Muso le lehae la bo-pula-maliboho. Karolo ea tlaleho ea pele e rometsoeng Mokhatlong ke bo-khaitseli ba babeli ba bo-pula-maliboho ba neng ba abetsoe ho sebetsa moo e ne e re: “Kaha ho se ho qalisitsoe lithuto tse ngata, re hloka bo-pula-maliboho ba eketsehileng. Esita le ha re fumana thuso ea baena ba tsoang Rio de Janeiro hang ka khoeli, mosebetsi o ntse o le mongata haholo. Beng ba matlo ba robong ho ba leshome bao re qoqang le bona ba re kōpa hore re khutle. Re boetse re hloka thuso bakeng sa ho tšoara liboka.” Hona joale pula-maliboho e ’ngoe e se e e-na le bona.

Bophelo Boa Fetoloa

E bile ho khothatsang haholo ho bona ’nete e mela ’me e hlahisa litholoana tse ntle. Motho e mong ea thahasellang o ile a ngola: “Ho fumana tsebo ena ea Bibele ke ntho e molemohali e kileng ea ntlhahela. Bophelo ba ka bo ntlafetse, ’me ha ho sa hlokahala hore ke noe lipilisi tsa lefu la methapo. . . . E se eka Jehova a ka le putsa bakeng sa sohle seo le nketselitseng sona.”

Mosali e mong o ile a re: “Ka sebele ke tsota tsela eo Jehova a butseng mahlo a ka ka eona. Le hoja ke ile ka shoeloa ke nkhono bekeng ena, hona joale ke na le tšepo ea ho ’mona hape. Ke tšepa hore ke tla kolobetsoa, empa ke batla ho itokisetsa hantle esale pele. E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa bakeng sa ho tla mona ho re bontša tsela e tšesaane e isang bophelong bo sa feleng.” Motho e mong hape o ile a re: “Ke rata ho le tsebisa hore ke khaolitse ho tsuba khoeling e fetileng. Ke thabetse makasine oo le nthomelletseng oona haholo. O ne o e-na le lintho tse ngata tse ntle ka har’a oona tse ileng tsa nthusa hore ke khaotse ho tsuba.” Ka sebele, kotulo e fana ka lebaka le letle la ho thaba.

Leha ho le joalo, mahlohonolo a joalo ha aa tla ka ntle ho ntoa. Ka mohlala, ha mosali e mong le morali oa hae ba qala ho ithuta, moruti oa sebaka seo o ile a ba lemosa hore haeba ba ka ea libokeng tsa Lipaki, o tla ba leleka kerekeng. Ha baa ka ba natsa tšoso eo, ’me ba ile ba ea libokeng. Eaba ba khesoa ke metsoalle ea bona ea pele, eo e meng ea eona e neng e ba qosa ka hore baa hlanya hobane “Jehova eo” ha a hlahe Bibeleng ea K’hatholike. Kaha mosali enoa o ne a sitoa ho fumana lebitso la Jehova Bibeleng ea hae ea K’hatholike, o ile a mema baahisani ba hae hore ba mo etele letsatsing leo a neng a tla ithuta le bo-pula-maliboho ka lona. Mosali e mong o ile a tla le phetolelo ea hae ea Bibele ea K’hatholike ea Paulinas. Ha a bala lebitso la Molimo mongolong o botlaaseng ba leqephe ho Exoda 6:3, o ile a amohela thuto ea Bibele lehaeng la hae.

Kopanela ka ho Felletseng Kotulong

Ho sebetsa tšimong e sa sebetsoeng khafetsa ho ile ha ba le phello efe ho basebetsi ka bobona? Mohoeletsi e mong oa ’Muso o itse: “Mosebetsi ona o matlafalitse tumelo ea rōna le kamano ea rōna le Jehova ’me o re thusitse ho hlahlobisisa lintho tse tlang pele bophelong ba rōna.” Mohoeletsi e mong o itse: “Nako eo ea matsatsi a 14 e ile ea eketsa lerato la ka ho baena ba ka, ba sebeletsang joaloka lelapa le le leng ka sepheo se le seng: ho batla batho ba eketsehileng ba ikokobelitseng. E ile ea etsa hore ke rate ba ileng ba amohela molaetsa oa rōna haholo, hangata ba sekisitse meokho, e leng ho bontšang lenyora la sebele bakeng sa ’nete. ’Me ka holim’a tsohle, ke ile ka latsoa lerato la Jehova ka ho re fa tokelo ea ho mo sebeletsa.”

Moholo ea ileng a kopanela boboleling tšimong e sa sebetsoeng khafetsa o ile a supa phapang e teng pakeng tsa bophelo moo le metseng e meholo. O itse: “Ha ho kamoo nke keng ka nahana kamoo bophelo ba baena ba bangata bo neng bo ka ntlafatsoa ke ho fallela mahaeng ka teng. Ho hang pefo ha e-eo mona. Bophelo litoropong tse nyenyane le tse lekaneng feela ha bo re lumelle feela ho phela ka chelete e nyenyane haholoanyane empa bo boetse bo re lumella ho ba le botsoalle bo eketsehileng le baena ba rōna le ho nehelana ka nako e eketsehileng mesebetsing ea moea. Na baena ba eketsehileng ba seng ba sa sebetse, batho ba bacha ba nang le boikarabelo bo fokolang ba lelapa, kapa baena bao mosebetsi oa bona o ba lumellang ho falla ba ka amohela tokelo ena e khethehileng ’me ba itlisetsa thabo ka bobona, ba tlisetsa Jehova thabo hammoho le baahisani ba bona?”

Tlaleho ena ea tšimo e sa sebetsoeng khafetsa Brazil e tiisa hore masimo a soeufaletse kotulo. Ka lilemo tse peli feela, mosebetsi tšimong ena o felletse ka liphutheho le lihlopha tse ka thōko tse ncha tse 191. Ho sa na le ho hongata ho setseng ho lokelang ho etsoa, empa ka sebele Jehova o tla tsoela pele ho fana ka mahlohonolo a hae ha bahoeletsi ba eketsehileng ba ’Muso ba nka karolo kotulong e behang litholoana. Na u ka ba le karolo e khōloanyane kotulong ee?

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 25]

Lipaki tse thabileng tse tsoang Rio de Janeiro li kopanela kotulong

[’Mapa]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

BRAZIL

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho paka mahaeng Minas Gerais

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela