Ho Batla Khotso ea Kelello
Ke seo mosali e mong oa Motseng oa Salt Lake, Utah, U.S.A., a ileng a bolela hore o ne a ntse a se batla bolumeling ka lilemo tse ngata. Oa ngola: “Ho fihlela likhoeling tse fetileng tse robeli, ke ne ke nahana hore le ka mohla nke ke ka fumana khotso ea kelello. Joale Lipaki li ile tsa nketela ka February. Ke likhoeli tse robeli ke ithuta le tsona, ’me kea hlokomela hore ke lōna feela ba lokisetsang batho bakeng sa ’Muso oa Molimo.”
Mosali enoa o ile a eketsa: “Ka tsatsi le leng motsoalle oa ka oa Paki o ile a mpha buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Ha ho buka eo nkileng ka e thabela ho feta ena. Ka sebele ke e ’ngoe ea likhatiso tse molemohali tsa Mokhatlo oa Watch Tower.”
Haeba u rata ho fumana kopi ea khatiso ena e ntle, re kōpa hore u tlatse u be u romele setlankana se ka tlaase mona.
Nka thabela ho amohela buka e sekoahelo se thata e maqephe a 192 Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le sebakeng sa heno ho fumana boitsebiso. Bona leqephe 2.)
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Boprofeta ba Daniele ba tlhahlamano ea mebuso ea lefatše bo ile ba phethahatsoa ka mokhoa o nepahetseng hoo bahlahlobisisi ba kajeno ba nahanang hore bo ile ba ngoloa ka mor’a hore bo phethahatsoe